“Ke Mang ea Tsebang Kelello ea Jehova?”
“‘Ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, e le hore a ka mo ruta?’ Empa re fela re e-na le kelello ea Kreste.”—1 BAKOR. 2:16.
1, 2. (a) Ke bothata bofe boo batho ba bangata ba bang le bona? (b) Re lokela ho hopola eng mabapi le tsela eo re nahanang ka eona le tsela eo Jehova a nahanang ka eona?
NA U kile ua fumana ho le thata ho utloisisa tsela eo motho e mong a nahanang ka eona? Mohlomong u sa tsoa kena lenyalong, ’me u utloa eka ho hang u ke ke ua khona ho utloisisa tsela eo molekane oa hao a nahanang ka eona. Ke ’nete hore banna le basali ba nahana ka tsela e fapaneng ’me ba bile ba bua ka tsela e fapaneng. Ha e le hantle, litsong tse ling, banna le basali ba bua puo e le ’ngoe ka litsela tse sa tšoaneng! Ho phaella moo, phapang e teng tabeng ea setso le puo e ka etsa hore batho ba nahane ba be ba etse lintho ka litsela tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ha u ntse u leka ho tseba batho ba bang hantle, u ba le menyetla e mengata ea ho qala ho utloisisa tsela eo ba nahanang ka eona.
2 Ka lebaka leo, ha rea lokela ho makalla hore ebe tsela eo re nahanang ka eona e fapane haholo le eo Jehova a nahanang ka eona. Jehova o ile a sebelisa moprofeta oa hae, e leng Esaia, hore a re ho Baiseraele: “Menahano ea lōna hase menahano ea ka, leha e le hore litsela tsa ka ke litsela tsa lōna.” Ka mor’a moo, ha Jehova a hlakisa taba ena o ile a phaella ka ho re: “Etsoe joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.”—Esa. 55:8, 9.
3. Re ka loanela ho ba le “kamano e haufi-ufi le Jehova” ka litsela life tse peli?
3 Leha ho le joalo, na see se bolela hore ha rea lokela le ho leka feela ho utloisisa tsela eo Jehova a nahanang ka eona? Che. Le hoja le ka mohla re ke ke ra utloisisa menahano eohle ea Jehova ka botlalo, Bibele e re khothalletsa hore re be le “kamano e haufi-ufi le Jehova.” (Bala Pesaleme ea 25:14; Liproverbia 3:32.) Tsela e ’ngoe eo re ka bang le kamano e haufi le Jehova ka eona ke ka hore re ele hloko re be re nahanisise ka mesebetsi ea hae e tlalehiloeng Lentsoeng la hae, e leng Bibele. (Pes. 28:5) Tsela e ’ngoe ke ka hore re tsebe “kelello ea Kreste,” eo e leng “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng.” (1 Bakor. 2:16; Bakol. 1:15) Ha re ipha nako ea ho ithuta litlaleho tsa Bibele le ho nahanisisa ka tsona, re ka qala ho utloisisa tsela eo Jehova a nahanang ka eona le hore na ke motho oa mofuta ofe.
Hlokomela Hore U se ke Ua ba le Mokhoa o Fosahetseng
4, 5. (a) Ke mokhoa ofe o fosahetseng oo re lokelang ho o qoba? Hlalosa. (b) Baiseraele ba ile ba nahana ka tsela efe e fosahetseng?
4 Ha re ntse re nahanisisa ka mesebetsi ea Jehova, re lokela ho qoba mokhoa oa ho ahlola Molimo re itšetlehile ka melao ea batho. Mokhoa ona ho buuoa ka ’ona ka tsela e sa tobang mantsoeng a Jehova a tlalehiloeng Pesalemeng ea 50:21, e reng: “U ile ua nahana hore ka sebele ke tla ba joaloka uena.” Ho joalokaha setsebi se seng sa Bibele se ile sa bua lilemong tse fetang 175 tse fetileng, ha se ne se re: “Batho ba tloaetse ho ahlola Molimo ba itšetlehile ka melao ea bona ba bile ba nahana hore Molimo o laoloa ke melao e tšoanang le eo ba nahanang hore batho ba lokela ho e boloka.”
5 Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lumella hore tsela eo re nkang Jehova ka eona e laoloe ke melao ea rōna le lintho tse batloang ke rōna. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Ha e le hantle, kaha tsela eo re shebang lintho ka eona ea haella ebile ha ea phethahala, ha re ntse re ithuta Mangolo, re ka ’na ra bona eka liketso tse ling tsa Jehova ha lia loka. Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba nahana ka tsela eo ba ba ba etsa qeto e fosahetseng mabapi le tsela eo Jehova a neng a sebelisana le bona ka eona. Hlokomela hore na Jehova o ile a re’ng ho bona: “Ka sebele le tla re: ‘Tsela ea Jehova ha ea loka.’ Ka kōpo, utloang, Lōna ba ntlo ea Iseraele. Na tsela ea ka ha ea loka? Na litsela tsa lōna hase tsona tse sa lokang?”—Ezek. 18:25.
6. Jobo o ile a ithuta thuto efe, hona re ka rua molemo joang mohlaleng oa hae?
6 Ntho e ka re thusang hore re qobe ho ahlola Jehova re itšetlehile ka melao ea rōna, ke ho hlokomela hore tsela eo re shebang lintho ka eona ea haella ’me ka linako tse ling e ba le liphoso tse tebileng. Ho ne ho hlokahala hore Jobo a ithute sena. Ha Jobo a ne a le mahlomoleng, o ile a nyahama ’me ka tsela e itseng a icheba boeena feela. O ile a lebala lintlha tsa bohlokoa. Empa ka lerato Jehova o ile a mo thusa hore a shebe lintho ka tsela e pharaletseng. Ka ho botsa Jobo lipotso tse fapaneng tse fetang 70, tseo Jobo a neng a ke ke a li araba, Jehova o ile a hatisa kamoo kutloisiso ea Jobo e neng e haella kateng. Jobo o ile a ikokobetsa ’me a fetola tsela eo a neng a sheba lintho ka eona.—Bala Jobo 42:1-6.
Re ka ba le “Kelello ea Kreste” Joang?
7. Ke hobane’ng ha ho hlahloba tsela eo Jesu a neng a etsa lintho ka eona ho re thusa hore re utloisise tsela eo Jehova a nahanang ka eona?
7 Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e bua le eo a neng a e etsa. (Joh. 14:9) Ka lebaka leo, ho hlahloba lintho tseo Jesu a neng a li etsa ho re thusa hore re utloisise tsela eo Jehova a nahanang ka eona. (Bar. 15:5; Bafil. 2:5) Joale, a re ke re hlahlobeng litlaleho tse peli tsa Kosepele.
8, 9. Joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 6:1-5, ke boemo bofe bo ileng ba etsa hore Jesu a botse Filipi potso, hona ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa joalo?
8 Nahana ka ketsahalo ena. E ne e le nakoana pele ho Paseka ea 32 C.E. Baapostola ba Jesu ba ne ba sa tsoa khutla leetong le monate la boboleli ho pholletsa le Galilea. Kaha ba ne ba khathalitsoe ke mosebetsi ona, Jesu o ile a ba isa sebakeng se ka thōko lebōpong le ka leboea-bochabela la Leoatle la Galilea. Leha ho le joalo, batho ba likete ba ile ba ba sala morao. Ka mor’a hore Jesu a phekole bongata bona a be a bo rute lintho tse ngata, ho ile ha hlaha bothata mabapi le litlhophiso. Batho baa bohle ba ne ba ka fumana lijo hokae sebakeng see se ka thōko? Ha Jesu a hlokomela boemo bona o ile a botsa Filipi, ea neng a tsoa sebakeng seo, a re: “Re tla reka mahobe hokae hore bongata bona bo boholo bo je?”—Joh. 6:1-5.
9 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a botsa Filipi potso ee? Na Jesu o ne a tsielehile hore na a etse’ng? Che. Hantle-ntle o ne a nahanne’ng? Ha a hlalosa, moapostola Johanne, eo le eena neng a le moo, o re: “[Jesu] o ne a bua sena ho mo leka, etsoe o ne a tseba seo a neng a le haufi le ho se etsa.” (Joh. 6:6) Jesu o ne a batla ho bona hore na barutuoa ba hae ba ne ba hatetse pele hakae moeeng. Ka ho botsa potso ena, o ile a etsa hore ba nahane ka taba eo a ba a ba fa monyetla oa hore ba bontše tumelo mabapi le seo a neng a ka se etsa. Empa monyetla ona o ile oa ba phonyoha ’me ba ile ba bontša hore tsela eo ba neng ba sheba lintho ka eona e ne e hlile e haella. (Bala Johanne 6:7-9.) Ka mor’a moo, Jesu o ile a ba bontša hore o ne a ka etsa ntho eo ba neng ba sa e nahana ho hang. Ka mohlolo o ile a fepa batho bao ba likete ba neng ba lapile.—Joh. 6:10-13.
10-12. (a) E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a etsetsa mosali oa Mogerike seo a neng a se kōpa hang-hang? Hlalosa. (b) Joale re tlil’o tšohla’ng?
10 Tlaleho ena e ka ’na ea re thusa hore re utloisise tsela eo Jesu a neng a nahana ka eona ketsahalong e ’ngoe. Nakoana ka mor’a ho fepa letšoele lena, Jesu le baapostola ba hae ba ile ba leba leboea, ka ntle ho meeli ea Iseraele, haufi le Tyre le Sidone. Ha ba le moo, ba ile ba kopana le mosali oa Mogerike ea ileng a kōpa Jesu ka tieo hore a phekole morali oa hae. Qalong, Jesu o ile a iphapanyetsa mosali eo. Empa ha a ntse a phehella, Jesu o ile a re ho eena: “Tlohela bana ba khore pele, kaha ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana le ho bo akhella lintjanyana.”—Mar. 7:24-27.
11 Ke hobane’ng ha qalong Jesu a ile a hana ho thusa mosali eo? Na Jesu o ne a mo leka joalokaha a ile a leka Filipi, ho bona hore na o ne a tla etsa’ng, ’me a mo fa monyetla oa hore a bontše tumelo? Le hoja ho sa ngoloa hore na molumo oa lentsoe la hae o ne o le joang, ha oa ka oa mo nyahamisa. O ile a bebofatsa papiso eo ka ho sebelisa lentsoe le reng “lintjanyana.” Kahoo, ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a etsa se neng se ka etsoa ke motsoali ea rerang ho fa ngoana seo a se kōpang empa a sa batle ho mo bontša, hobane a batla ho bona hore na ngoana eo o tiile hakae. Ho sa tsotellehe hore na mabaka e ne e le afe, ha mosali eo a se a bontšitse tumelo, ka pelo e tšoeu Jesu o ile a mo etsetsa seo a neng a se kōpa.—Bala Mareka 7:28-30.
12 Litlaleho tsena tse peli tsa Kosepele li re thusa hore re utloisise “kelello ea Kreste.” Joale a re ke re boneng hore na litlaleho tsena li ka re thusa joang hore re utloisise kelello ea Jehova hamolemo.
Tsela eo Jehova a Ileng a Sebelisana le Moshe ka Eona
13. Ho utloisisa tsela eo Jesu a nahanang ka eona ho re thusa joang?
13 Ho utloisisa tsela eo Jesu a nahanang ka eona ho re thusa hore re utloisise Mangolo ao ho ka ’nang ha e-ba thata ho a utloisisa. Ka mohlala, nahana ka mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Moshe ka mor’a hore Baiseraele ba etse namane ea khauta eo ba neng ba e rapela. Molimo o ile a re: “Ke talimile sechaba sena ’me bona! ke sechaba se melala e sataletseng. Kahoo joale ntlohele, hore bohale ba ka bo se tukele ’me ke se felise, ’me ke u etse sechaba se seholo.”—Ex. 32:9, 10.
14. Moshe o ile a re’ng ha a ne a utloa mantsoe a Jehova?
14 Ha tlaleho e tsoela pele e re: “Moshe a nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae ’me a re: ‘Ke hobane’ng, Jehova, ha bohale ba hao bo ka tukela sechaba sa hao seo u se ntšitseng naheng ea Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla? Ke hobane’ng ha Baegepeta ba tla re, “O ba ntšitse ka morero o mobe e le hore a ba bolaele har’a lithaba le ho ba felisa holim’a lefatše”? Bohla bohaleng ba hao bo tukang ’me u ikutloe u soabile ke bobe khahlanong le sechaba sa hao. Hopola Abrahama, Isaka le Iseraele bahlanka ba hao, bao u ba hlapanyelitseng ka uena, ka hore u re ho bona, ‘Ke tla atisa peō ea lōna joaloka linaleli tsa maholimo, ’me naha ena eohle eo ke le bontšitseng eona ke tla e fa peō ea lōna, e le hore ruri e e rue ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’ Eaba Jehova o qala ho ikutloa a soabile ka lebaka la bobe boo a neng a boletse hore o tla bo etsa ho sechaba sa hae.”—Ex. 32:11-14.a
15, 16. (a) Moshe o ne a e-na le monyetla ofe ka lebaka la seo Jehova a neng a se buile? (b) Jehova o ile a “ikutloa a soabile” ka tsela efe?
15 Na ruri ho ne ho hlokahala hore Moshe a tšoaee tsela eo Jehova a nahanang ka eona phoso? Le hanyenyane! Le hoja Jehova a ile a bolela seo a neng a rera ho se etsa, hase hore o ne a se a entse qeto ea makhaola-khang. Ha e le hantle, Jehova o ne a mpa a leka Moshe, joalokaha hamorao Jesu a ile a leka Filipi le mosali oa Mogerike. Moshe o ile a fuoa monyetla oa hore a ntše maikutlo a hae.b Jehova o ne a khethile Moshe hore e be mokena-lipakeng pakeng tsa Iseraele le Eena, ’me o ile a hlompha boemo boo A neng a khethile Moshe hore a sebeletse ho bona. Na Moshe o ne a tla lumella hore ho ferekana ho ame tsela eo a etsang lintho ka eona? Na o ne a tla sebelisa monyetla oo hore a khothalletse Jehova hore a lebale Iseraele ebe o etsa hore litloholo tsa Moshe e be tsona sechaba se matla?
16 Tsela eo Moshe a ileng a araba ka eona e ile ea bontša hore o ne a e-na le tumelo le tšepo ea hore Jehova o ne a tla etsa se lokileng. Seo se ile sa bontša hore o ne a amehile ka lebitso la Jehova ho e-na le ho icheba boeena feela. O ne a sa batle hore le nyelisoe. Ka tsela eo, Moshe o ile a bontša hore o ne a utloisisa “kelello ea Jehova” tabeng ena. (1 Bakor. 2:16) Phello e ile ea e-ba efe? Kaha Jehova o ne a sa lomahanya meno hore o ne a tla nka khato e itseng, tlaleho e bululetsoeng e bolela hore o ile a “qala ho ikutloa a soabile.” Ka Seheberu, poleloana ena e ka bolela feela hore Jehova ha aa ka a tlisa tlokotsi eo a neng a boletse hore o ne a rerile ho e tlisetsa sechaba seo sohle.
Tsela eo Jehova a Ileng a Sebelisana le Abrahama ka Eona
17. Jehova o ile a bontša mamello e khōlō joang mabapi le lintho tseo Abrahama a neng a amehile ka tsona?
17 Mohlala o mong o bontšang kamoo Jehova a fang bahlanka ba hae monyetla kateng oa hore ba bontše tumelo le tšepo ea bona, o amana le kōpo eo Abrahama a ileng a e etsa mabapi le Sodoma. Tlalehong eo, Jehova o ile a bontša mamello e khōlō ka ho lumella Abrahama hore a botse lipotso tse robeli tse latellanang. Neng-neng, Abrahama o ile a ipiletsa ka ho re: “Ha ho utloahale hore u etse ka mokhoa ona, u bolaee motho ea lokileng le ea khopo hoo ho tlang ho etsahala ho motho ea lokileng joalokaha ho etsahala ho ea khopo! Ha ho utloahale bakeng sa hao. Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?”—Gen. 18:22-33.
18. Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a ileng a sebelisana le Abrahama ka eona?
18 Re ithuta’ng tlalehong ee mabapi le tsela eo Jehova a nahanang ka eona? Na ho ne ho hlokahala hore Abrahama a behele Jehova mabaka e le hore a ka etsa qeto e nepahetseng? Che. Ho hlakile hore Jehova a ka be a ile a hlalosa mabaka a qeto ea hae ho tloha qalong feela. Empa ka ho botsa lipotso tsena, Jehova o ile a fa Abrahama nako ea hore a amohele qeto eo, a be a utloisise tsela eo A nahanang ka eona. Sena se ile sa boela sa fa Abrahama monyetla oa hore a utloisise kamoo qenehelo le toka ea Jehova e leng khōlō kateng. Ka sebele, Jehova o ile a sebelisana le Abrahama joaloka motsoalle.—Esa. 41:8; Jak. 2:23.
Seo re Ithutang Sona
19. Re ka etsisa Jobo joang?
19 Re ithutile’ng mabapi le “kelello ea Jehova”? Re lokela ho lumella Lentsoe la Molimo hore le re thuse ho utloisisa kelello ea Jehova. Le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore Jehova o na le mefokolo e kang ea rōna le ho mo ahlola re itšetlehile ka melao ea rōna le tsela eo re nahanang ka eona. Jobo o ile a re: “[Molimo] hase motho ea tšoanang le ’na hore nka mo araba, e le hore re ka kopana hammoho kahlolong.” (Jobo 9:32) Joaloka Jobo, ha re qala ho utloisisa kelello ea Jehova, re susumelletseha ho re: “Bonang! Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae, ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena! Empa ke mang ea ka bontšang kutloisiso ka sealuma sa hae se matla?”—Jobo 26:14.
20. Re lokela ho etsa’ng haeba re fihla karolong e itseng ea Lengolo eo ho leng thata ho e utloisisa?
20 Ha re ntse re bala Mangolo, re lokela ho etsa’ng ha re fihla karolong eo ho leng thata ho e utloisisa, haholo-holo mabapi le tsela eo Jehova a nahanang ka eona? Haeba le ka mor’a ho batlisisa taba eo re ntse re sa fumane karabo e hlakileng, re ka nka sena e le teko ea hore na re tšepa Jehova hakae. Hopola hore ka linako tse ling lipolelo tse itseng li re fa monyetla oa ho bontša tumelo eo re nang le eona mabapi le litšobotsi tsa Jehova. A re amoheleng ka boikokobetso hore hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang eo re e utloisisang. (Moek. 11:5) Ka tsela eo, re tla susumelletseha hore re lumellane le mantsoe a moapostola Pauluse, a reng: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang! Etsoe ‘ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, kapa ke mang eo e bileng moeletsi oa hae?’ Kapa, ‘Ke mang ea mo fileng pele, hoo a tla buseletsoa?’ Hobane lintho tsohle li teng ho tsoa ho eena le ka eena le bakeng sa hae. Ho eena e be khanya ka ho sa feleng. Amen.”—Bar. 11:33-36.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tlaleho e tšoanang le ena e hlaha ho Numere 14:11-20.
b Ho ea ka litsebi tse ling, ho ka nkoa hore maele a Seheberu a fetoletsoeng e le “ntlohele” ho Exoda 32:10, ke memo kapa tlhahiso ea hore Moshe a lumelloe hore e be mokena-lipakeng, kapa a ‘eme sekheong,’ pakeng tsa Jehova le sechaba. (Pes. 106:23; Ezek. 22:30) Ebang ho joalo kapa che, ha ho pelaelo hore Moshe o ne a ikutloa a lokolohile ho bolella Jehova maikutlo a hae.
Na U sa Hopola?
• Ke eng e tla re thusa hore re qobe mokhoa oa ho ahlola Jehova re itšetlehile ka melao ea rōna?
• Ho utloisisa lintho tseo Jesu a neng a li etsa ho ka re thusa joang hore re be le “kamano e haufi-ufi le Jehova”?
• U ithutile’ng puisanong eo Jehova a ileng a ba le eona le Moshe le Abrahama?
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Re ithuta’ng mabapi le kamoo Jehova a nahanang kateng tseleng eo a ileng a sebelisana ka eona le Moshe le Abrahama?