-
“Merero ea Hao e Tla Tiisoa ka Thata”Molula-Qhooa—2007 | May 15
-
-
MOPESALEME Davida o ile a rapela pineng ena eo a ileng a e qapa, a re: “Molimo, bōpa ka ho ’na pelo e hloekileng, u kenye ka hare ho ’na moea o mocha, o tiileng. U busetse ho ’na thabo e khaphatsehang ea poloko ea hao, e se eka u ka ntšehetsa esita le ka moea o ratang.” (Pesaleme ea 51:10, 12) Ka mor’a hore Davida a etse sebe le Bathe-sheba, o ile a baka ’me a ipiletsa ho Jehova Molimo hore a hloekise pelo ea hae le hore a kenye ka ho eena moea, kapa maikutlo a hore a etse se nepahetseng.
Na Jehova o hlile o bōpa ka ho rōna lipelo tse ncha le ho kenya ka hare ho rōna moea o mocha le o ratang? Kapa na pelo e hloekileng ke ntho eo re lokelang ho loanela ho ba le eona le ho e sireletsa? “Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo,” empa o kenella hakae ho se etsahalang ka lipelong tsa rōna? (Liproverbia 17:3; Jeremia 17:10) O susumetsa bophelo ba rōna, merero ea rōna le liketso tsa rōna hakae?
-
-
“Merero ea Hao e Tla Tiisoa ka Thata”Molula-Qhooa—2007 | May 15
-
-
“Litokisetso Tsa Pelo” li Etsoa ke Mang?
Liproverbia 16:1a, e re: “Litokisetso tsa pelo ke tsa motho oa lefatše.” Ho hlakile hore “litokisetso tsa pelo” li etsoa ke rōna. Jehova ha a lokise lipelo tsa rōna ka mohlolo ebile ha a re fe moea o tiileng ka mohlolo. Re lokela ho ikitlaelletsa ho fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la hae, e leng Bibele, re thuise ka seo re ithutang sona ’me re etse hore menahano ea rōna e lumellane le ea hae.—Liproverbia 2:10, 11.
Leha ho le joalo, hore ebe Davida o ile a kōpa “pelo e hloekileng” le “moea o mocha,” ho bontša hore o ne a hlokomela hore o na le bofokoli ba ho etsa libe le hore o hloka thuso e tsoang ho Molimo hore a hloekise pelo ea hae. Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra lekeha hore re etse “mesebetsi ea nama.” (Bagalata 5:19-21) E le hore re “bolaee litho tsa ’mele ea [rōna] tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono,” re hloka thuso ea Jehova. Ke habohlokoa hore re rapelle hore a re thuse e le hore re se ke ra inehela litekong le hore re tlose mekhoa ea boetsalibe lipelong tsa rōna!
-