Jehova ha a Khese Pelo e Robehileng
“Sehlabelo se ratoang ke Molimo, ke moea o robehileng. Molimo, ha u khese pelo e robehileng, e hlomohileng.”—PESALEME EA 51:17.
1. Ke joang Jehova a nkang barapeli ba hae ba etsang sebe se tebileng empa ba bontša pako?
JEHOVA a ka ‘ikoahela ka leru, thapelo ea rōna e tle e se ke ea finyella.’ (Lillo tsa Jeremia 3:44) Empa o batla hore batho ba hae ba mo atamele. Esita le haeba e mong oa barapeli ba hae a ka etsa phoso e tebileng empa a bontša pako, Ntate oa rōna oa leholimo o hopola lintho tse molemo tse entsoeng ke motho eo. Kahoo, moapostola Pauluse o ne a ka bolella Bakreste-’moho le eena: “Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona.”—Ba-Heberu 6:10.
2, 3. Baholo ba Bakreste ba lokela ho nahanela eng ha ba sebetsana le balumeli-’moho ba etsang liphoso?
2 Baholo ba Bakreste ba boetse ba lokela ho nahana ka lilemo tsa tšebeletso e tšepahalang eo balumeli-’moho le bona ba nehelaneng ka eona ho Molimo. Ena e kopanyeletsa tšebeletso e halalelang ka lehlakoreng la ba bontšitseng pako ba ileng ba nka mohato o fosahetseng kapa ba etsa sebe se tebileng. Balisa ba Bakreste ba batla boiketlo ba moea ba bohle ba leng mohlapeng oa Molimo.—Ba-Galata 6:1, 2.
3 Mofosi ea bontšitseng pako o hloka mohau oa Jehova. Leha ho le joalo, ho hlokahala ho eketsehileng. Sena se hlakisoa ke mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 51:10-19.
Ho Hlokahala Pelo e Hloekileng
4. Ke hobane’ng ha Davida a ile a rapella hore a fuoe pelo e hloekileng le moea o mocha?
4 Haeba Mokreste ea inehetseng a le boemong bo bobe ba moea ka baka la sebe, e ka ’na eaba o hloka eng ka ntle ho mohau le tšoarelo ea Jehova? Davida o ile a ipiletsa: “Bōpa ka ho ’na pelo e hloekileng, Uena Molimo, ’me o kenye ka ho ’na moea o mocha, o tiileng.” (Pesaleme ea 51:10, NW) Kamoo ho bonahalang ka teng, Davida o ile a etsa kōpo ena hobane o ne a hlokomela hore o ne a ntse a na le tšekamelo ea ho etsa sebe se tebileng ka pelong ea hae. Re ka ’na ra se kenelle mefuteng ea sebe se ileng sa tšoasa Davida ka Bathe-Sheba le Uria, empa re hloka thuso ea Jehova hore re qobe ho inehella teko ea ho kopanela boitšoarong leha e le bofe bo tebileng ba sebe. Ho feta moo, re ka ’na ra hloka thuso ea Molimo hore litšobotsi tsa boetsalibe tse kang meharo le lehloeo li tlosoe pelong ea rōna—e leng bobe bo lekanang le bosholu le polao.—Ba-Kolosse 3:5, 6; 1 Johanne 3:15.
5. (a) Ho ba le pelo e hloekileng ho bolela eng? (b) Takatso ea Davida e ne e le efe ha a kōpa moea o mocha?
5 Jehova o hloka hore bahlanka ba hae ba be le “pelo e hloekileng,” ke hore, e nang le tšusumetso kapa morero o hloekileng. Davida ha a hlokomela hore ha a bonahatsa bohloeki bo joalo, o ile a rapela hore Molimo a hloekise pelo ea hae ’me a e tlise tumellanong le litekanyetso tsa Molimo. Mopesaleme o ne a boetse a batla moea o mocha, o tšepahalang, kapa tšekamelo ea kelello. O ne a batla moea o neng o tla mo thusa hore a hanele teko ’me a khomarele ka matla melaong le melao-motheong ea Jehova.
Moea o Halalelang ke oa Bohlokoa
6. Ke hobane’ng ha Davida a ile a kōpa hore Jehova a se ke a mo amoha moea o halalelang?
6 Ha re nyahamisitsoe ke lintho tse fosahetseng kapa liphoso tsa rōna, re ka ikutloa hore Molimo o se a tla re lahla ’me a re amohe moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang. Davida o ile a ikutloa ka tsela eo, hobane o ile a kōpa Jehova: “U se ke ua ntelekisa pel’a sefahleho sa hao, u se ke ua nkamoha moea oa hao o halalelang!” (Pesaleme ea 51:11) Davida ea soabileng le ea ikokobelitseng o ile a ikutloa hore libe tsa hae li ne li mo entse ea sa tšoaneloeng ke ho sebeletsa Jehova. Ho lelekoa pel’a sefahleho sa Molimo ho ne ho bolela ho lahleheloa ke kamohelo ea hae, matšeliso, le tlhohonolofatso. Haeba Davida a ne a tla boela boemong bo botle ba moea, o ne a hloka moea o halalelang oa Jehova. Ha morena a na le moea o halalelang, o ne a ka batla tataiso ea Molimo ka thapelo e le hore a thabise Jehova, a qobe sebe, ’me a buse ka bohlale. Kaha Davida o ne a hlokomela libe tsa hae khahlanong le Mofani oa moea o halalelang, ka ho loketseng o ile a ipiletsa hore Jehova a se ke a mo amoha oona.
7. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella moea o halalelang ’me re itebele khahlanong le ho o soabisa?
7 Ho thoe’ng ka rōna? Re lokela ho rapella moea o halalelang ’me re itebele khahlanong le ho o soabisa ka ho hlōleha ho latela tataiso ea oona. (Luka 11:13; Ba-Efese 4:30) Ha re sa etse joalo, re ka lahleheloa ke moea ’me ra hlōleha ho bonahatsa litholoana tseo re li fuoeng ke Molimo tsa lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, le boitšoaro. Ka ho khethehileng Jehova Molimo o tla re amoha moea oa hae o halalelang haeba ka mokhoa o sa bontšeng pako re tsoela pele ho etsa sebe khahlanong le eena.
Thabo ea Poloko
8. Haeba re etsa sebe empa re batla ho ba le thabo ea poloko, ho hlokahala hore re be le eng?
8 Moetsalibe ea bontšitseng pako ea buselitsoeng boemong bo botle ba moea a ka boela a thabela tokisetso ea Jehova ea poloko. E le ha a laba-labela sena, Davida o ile a kōpa Molimo: “U mpuseletse thabo ea poloko ea hao, u ntšehetse ka moea oa ho ithaopa.” (Pesaleme ea 51:12, NW) Ho ne ho hlolla hakaakang ho thabela tšepo e tiileng ea ho bolokoa ke Jehova Molimo! (Pesaleme ea 3:8) Ka mor’a ho etsa sebe khahlanong le Molimo, Davida o ile a batla hore a buseletsoe thabo ea ho bolokoa ke Eena eo a neng a na le eona. Hamorao, Jehova o ile a fana ka poloko ka sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae, Jesu Kreste. Haeba rōna joaloka bahlanka ba Molimo ba inehetseng re etsa sebe se tebileng empa re batla hore thabo ea poloko e busetsoe ho rōna, ho hlokahala hore re be le boikutlo bo bontšang pako e le ho qoba ho etsa sebe khahlanong le moea o halalelang.—Mattheu 12:31, 32; Ba-Heberu 6:4-6.
9. Davida o ne a kōpa eng ha a ne a re Molimo a mo tšehetse ka “moea oa ho ithaopa”?
9 Davida o ile a kōpa hore Jehova a mo tšehetse ka “moea oa ho ithaopa.” Ka moo ho bonahalang ka teng, mantsoe ana ha a bolele ho ithaopa ha Molimo hore a fane ka thuso ’me hape ha ho bolele moea oa hae o halalelang, empa a bolela tšekamelo ea Davida e laolang ea kelello. Davida o ne a batla hore Molimo a mo tšehetse ka ho mo fa moea oa ho ithaopela ho etsa se nepahetseng le ho se oele sebeng hape. Nako le nako Jehova Molimo o tšehetsa bahlanka ba hae ’me o phahamisa ba kotlobantsoeng ke liteko tse sa tšoaneng. (Pesaleme ea 145:14) Ho tšelisa hakaakang ho hlokomela see, haholo-holo haeba re entse phoso empa re soabile ’me re lakatsa ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng!
Ho Ruta Batlōli Eng?
10, 11. (a) Davida o ne a ka ruta batlōli ba Iseraele eng? (b) Davida o ne a ka ruta baetsalibe ka mor’a hore eena a etse joang?
10 Haeba Molimo a ne a ka ho lumella, ntle ho boithati Davida o ne a batla ho etsa ntho e neng e tla bontša kananelo ea hae bakeng sa mohau oa Jehova ’me e thuse ba bang. Ka boikutlo bo nang le thapelo bo lebisitsoeng ho Jehova, morena ea bontšitseng pako o tsoela pele hore: “Ebe moo ke rutang batlōli litsela tsa hao, ’me baetsalibe ba tla khutlela ho uena.” (Pesaleme ea 51:13) Davida oa moetsalibe o ne a ka ruta batlōli molao oa Molimo joang? O ne a ka ba bolella eng? Hona see se ne se ka ba le molemo oa eng?
11 Ha Davida a bontša batlōli ba Baiseraele litsela tsa Jehova ka tšepo ea ho ba khutlisa tseleng e khopo, o ne a ka bontša hore na sebe se fosahetse hakae, a bua ka se boleloang ke pako, le kamoo ba ka fumanang mohau oa Molimo. Ka mor’a ho tobana le bohloko ba ho se amoheloe ke Jehova le ho ba le letsoalo le molato, ntle ho pelaelo Davida o ne a ka fetoha morupeli ea nang le kutloelo bohloko ho baetsalibe ba bontšitseng pako, ba robehileng lipelo. Ka ho hlakileng, ke feela ka mor’a hore a amohele litekanyetso tsa Jehova ’me A mo tšoarele, a neng a ka sebelisa mohlala oa hae ho ruta ba bang hobane ba hanang ho ikokobeletsa litlhokahalo tsa Molimo ha ba na tokelo ea ho ‘bolela melao ea Molimo.’—Pesaleme ea 50:16, 17.
12. Davida o ile a rua molemo joang ka ho tseba hore Molimo o mo lopolotse molatong oa mali?
12 Davida ha a bua ka merero ea hae ka mokhoa o mong, o itse: “Oho Molimo, Molimo oa poloko ea ka, u ntopolle molatong oa mali a tšolohileng; ’me leleme la ka le tla rorisa ho loka ha hao!” (Pesaleme ea 51:14) Ho ba molato oa mali ho ne ho tlisa kahlolo ea lefu. (Genese 9:5, 6) Kahoo ho tseba hore Molimo oa poloko ea hae o ne a mo lopolotse molatong oa mali mabapi le Uria ho ne ho tla fa Davida khotso ea pelo le kelello. Joale ka thabo leleme la hae le ne le ka bina ka ho loka ha Molimo, eseng ha hae. (Moeklesia 7:20; Ba-Roma 3:10) Davida o ne a ke ke a etsolla boitšoaro ba hae bo bobe kapa a khutlisa Uria mabitleng, feela joalokaha kajeno motho a ke ke a busetsa bohloeki ba motho eo a mo ekileng kapa a tsosa motho eo a ’molaileng. Na ha rea lokela ho nahana ka see ha re lekoa? ’Me re lokela ho ananela mohau oa Jehova ho rōna ka ho loka hakaakang! Ha e le hantle, kananelo e lokela ho re susumeletsa ho lebisa ba bang Mohloling ona oa ho loka le tšoarelo.
13. Ke tlas’a maemo afe feela moo moetsalibe a ka ahlamisang molomo oa hae ka ho loketseng ho rorisa Jehova?
13 Ha ho moetsalibe ea ka ahlamisang molomo oa hae ka ho nepahetseng ho rorisa Jehova ntle leha ka mohau o ahlamisoa ke Molimo, kamoo re ka bolelang ka teng, hore a bolele linnete tsa Hae. Ka baka leo, Davida o ile a bina: “Morena, ahlamisa melomo ea ka, ’me molomo oa ka o tla tumisa lithoko tsa hao.” (Pesaleme ea 51:15) Ka baka la hore letsoalo la hae le kokobelitsoe ke hore Molimo a mo tšoaretse, Davida o ne a tla susumeletseha hore a rute batlōli ka litsela tsa Jehova, ’me o ne a ka Mo rorisa ka bolokolohi. Bohle ba tšoaretsoeng libe joaloka Davida ba lokela ho ananela mosa oa Jehova o sa tšoanelang ho bona, ’me ho hlokahala hore ba sebelise monyetla o mong le o mong oa ho phatlalatsa ’nete ea Molimo le ho ‘bolela thoriso ea hae.’—Pesaleme ea 43:3.
Sehlabelo se Amohelehang ho Molimo
14. (a) Ho ea ka selekane sa Molao ho ne ho hlokahala mahlabelo afe? (b) Ke hobane’ng ha e ka ba phoso ho nahana hore re ka koahela phoso ka ho etsa lintho tse ling tse molemo?
14 Davida o ne a fumane temohisiso e tebileng e ileng ea etsa hore a re: “Hobane ha u rate mahlabelo; hola ha ho joalo, nka be ke a ntšitse; le licheso ha u khahlisoe ke tsona.” (Pesaleme ea 51:16) Selekane sa Molao se ne se hloka mahlabelo a liphoofolo a neng a neheloa ho Molimo. Empa libe tsa Davida tsa bofebe le polao, tse neng li lokeloa ke kotlo ea lefu, li ne li ke ke tsa felisoa ke mahlabelo a joalo. Ho seng joalo, a ka be a ile a nehela mahlabelo a liphoofolo ho Jehova hang-hang. Ka ntle le ho bontša pako e tsoang botebong ba pelo, mahlabelo ha a na molemo. Ka hona e ka ba phoso ho nahana hore re ka koahela phoso eo re ntseng re tsoela pele ho e etsa ka ho etsa lintho tse molemo.
15. Boikutlo ba motho ea inehetseng ea nang le moea o robehileng ke bofe?
15 Davida o ile a eketsa: “Sehlabelo se ratoang ke Molimo, ke moea o robehileng. Molimo ha o khese pelo e robehileng, e hlomohileng.” (Pesaleme ea 51:17) Tabeng ea mofosi ea bontšitseng pako, “sehlabelo se ratoang ke Molimo, ke moea o robehileng.” Motho ea joalo ha a manganga. Pelo ea motho ea inehetseng ea nang le moea o robehileng e utloisoa bohloko bo tebileng ke sebe sa hae, o ikokobetsa ka hobane a utloa hore Molimo ha a mo amohele, ’me o ikemisetsa ho etsa ntho leha e le efe hore a boele a be le kamohelo ea Molimo. Ha ho letho la bohlokoa leo re ka le fang Molimo ntle leha re bakela libe tsa rōna ’me re mo neha lipelo tsa rōna ka boinehelo bo fuoang eena a ’notši.—Nahume 1:2.
16. Molimo o talima motho ea robehileng pelo ka baka la sebe sa hae joang?
16 Molimo ha a hane sehlabelo se kang pelo e robehileng le e hlomohileng. Ka baka leo, ho sa tsotellehe mathata leha e le afe ao re tobanang le ’ona re le batho ba hae, a re se keng ra inehella ho nyahama. Haeba re ile ra khopjoa tseleng ea bophelo ka tsela e etsang hore pelo ea rōna e batle mohau oa Molimo, ho na le se ka etsoang. Esita le haeba re entse sebe se tebileng empa re bontšitse pako, Jehova a ke ke a lahla pelo e robehileng. O tla re tšoarela motheong oa sehlabelo sa Kreste sa thekollo ’me o tla re busetsa kamohelong ea Hae. (Esaia 57:15; Ba-Heberu 4:16; 1 Johanne 2:1) Leha ho le joalo, joaloka Davida, lithapelo tsa rōna e lokela hore e be tse batlang ho busetsoa kamohelong ea Molimo eseng ho balehela khalemelo e hlokahalang kapa tokiso. Molimo o ile a tšoarela Davida, empa o ile a boela a mo khalemela.—2 Samuele 12:11-14.
Ho Ameha ka Borapeli bo Hloekileng
17. Ntle le hore baetsalibe ba kōpe tšoarelo ea Molimo, ba lokela ho etsa eng?
17 Haeba re entse sebe se itseng se tebileng, ntle ho pelaelo se tla re tšoenya haholo, ’me pelo e soabileng e tla re susumelletsa hore re kōpe tšoarelo ea Molimo. Leha ho le joalo, a re boeleng re rapelleng ba bang. Le hoja Davida a ne a lebeletse hore a boele a etsetse Molimo borapeli bo amohelehang, pesaleme ea hae ha ea ka ea behella ba bang thōko ka boithati. E kopanyeletsa kōpo ena ho Jehova: “Leratong la hao u hlohonolofatse Sione; u hahe marako a Jerusalema.”—Pesaleme ea 51:18.
18. Ke hobane’ng ha Davida ea bontšitseng pako a ile a rapella Sione?
18 E, Davida o ne a lebeletse hore a buseletsoe kamohelo ea Molimo. Leha ho le joalo, e ne e boetse e le thapelo e ikokobelitseng ea mopesaleme hore ‘leratong la hae Molimo a hlohonolofatse Sione,’ e leng motse-moholo oa Iseraele, Jerusalema, moo Davida a neng a tšepile hore o tla haha tempele ea Molimo teng. Libe tse tebileng tsa Davida li ne li behile sechaba sohle kotsing, hobane batho bohle ba ne ba ka utloa bohloko ke liphoso tsa morena. (Bapisa le 2 Samuele, khaolo 24.) Ha e le hantle, libe tsa hae li ile tsa fokolisa “marako a Jerusalema,” hoo joale ho neng ho hlokahala hore a hahuoe hape.
19. Haeba re ile ra etsa sebe empa ra tšoareloa, ho loketse ho rapella eng?
19 Haeba re entse sebe se tebileng empa re tšoaretsoe ke Molimo, e tla ba ho loketseng hore re rapelle hore ka tsela e itseng a lokise tšenyo eo boitšoaro ba rōna bo e tlisitseng. E ka ’na eaba re tlisitse thohako lebitsong la hae le halalelang, eaba re nyelisitse phutheho, ’me ra tlisa bohloko lelapeng la rōna. Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo a ka tlosa thohako leha e le efe e tlisitsoeng lebitsong la hae, a ka haha phutheho ka moea oa hae o halalelang, ’me a ka tšelisa lipelo tsa baratuoa ba rōna ba mo ratang le ba mo sebeletsang. Ebang ho ameha sebe ka che, ka ho hlakileng ka mehla re lokela ho ameha ka ho halaletsa lebitso la Jehova le ka boiketlo ba batho ba hae.—Mattheu 6:9.
20. Jehova o ne a tla thabela mahlabelo le linyehelo tsa Iseraele tlas’a maemo afe?
20 Haeba Jehova a ne a ka tsosa marako a Sione, ho ne ho tla etsahala eng hape? Davida o ile a bina: “Ke moo u tla khahloa ke mahlabelo a ho loka, le licheso, le tse cheseletsoang kaofela; ’me ba tla hlahisa lipohoana aletareng ea hao.” (Pesaleme ea 51:19) Davida o ne a lakatsa ka tieo hore eena le sechaba ba thabele kamohelo ea Jehova e le hore ba ka khona ho Mo rapela ka ho amohelehang. Joale Molimo o ne a tla thabisoa ke mahlabelo a bona le licheso. Sena se ne se tla etsahala hobane mahlabelo ana e ne e tla ba a ho loka a neheloang ke batho ba inehetseng, ba tšepahalang, le ba bontšitseng pako ba thabelang ho ba le kamohelo ea Molimo. Ka baka la ho leboha mohau oa Jehova, aletareng ea hae ba ne ba tla nehela lipohoana—e leng mahlabelo a neng a le molemohali le a theko e boima ka ho fetisisa. Kajeno re hlompha Jehova ka ho mo fa se molemo ka ho fetisisa seo re nang le sona. ’Me linyehelo tsa rōna li kopanyeletsa “mahlabelo a maleme a rōna,” e leng mahlabelo a thoriso e eang ho Molimo oa rōna ea mohau, Jehova.—Hosea 14:2; Ba-Heberu 13:15.
Jehova o Utloa Mehoo ea Rōna
21, 22. Pesaleme ea 51 e tšoere thuto efe e molemong oa rōna?
21 Thapelo ea Davida e tsoang pelong e tlalehiloeng Pesalemeng ea 51 e re bontša hore re lokela ho bontša moea o bontšang pako ea ’nete sebeng sa rōna. Pesaleme ena e boetse e na le lithuto tse tobileng tse molemong oa rōna. Ka mohlala, haeba re etsa sebe empa re bontša pako, re ka tšepa mohau oa Molimo. Leha ho le joalo, a re ameheng haholo ka thohako leha e ka ba efe e ka tlisoang lebitsong la Jehova. (Litemana 1-4) Joaloka Davida, re ka ipiletsa ho Ntate oa rōna oa leholimo hore a re bontše mohau ka baka la boetsalibe boo re bo futsitseng. (Temana 5) Re lokela ho ba le ’nete, ’me ho hlokahala hore re batle bohlale ba Molimo. (Temana 6) Haeba re entse sebe, re tlameha ho kōpa Jehova hore a re hloekise, a re fe pelo e hloekileng, le moea o tiileng.—Litemana 7-10.
22 Pesalemeng ea 51 re ka boela ra bona hore re lokela hore le ka mohla re se ke ra itumella hore re thatafatsoe ke sebe. Haeba re ka etsa joalo, Jehova o tla re amoha moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang. Leha ho le joalo, kaha re na le moea oa Molimo, re ka ruta ba bang ka katleho ka litsela tsa hae. (Litemana 11-13) Haeba re etsa phoso empa re bontša pako, Jehova o tla re lumella hore re tsoele pele re mo rorisa hobane ha ho mohla a khesang pelo e robehileng le e hlomohileng. (Litemana 14-17) Pesaleme ena e tsoela pele ho bontša hore lithapelo tsa rōna ha lia lokela ho tsepama ho rōna feela. Ho e-na le hoo, re lokela ho rapella tlhohonolofatso le boiketlo ba moea ba bohle ba kopanetseng borapeling bo hloekileng ba Jehova.—Litemana 18, 19.
23. Ke hobane’ng ha Pesaleme ea 51 e lokela ho re susumelletsa hore re be sebete ’me re be le tšepo?
23 Pesaleme ena ea Davida e amang maikutlo e lokela ho re susumelletsa hore re be sebete ’me re be le pono e ntle. E re thusa ho hlokomela hore ha ho hlokahale hore re nahane hore tšepo ha e sa le teng haeba re khopjoa sebeng. Hobane’ng? Hobane haeba re bontša pako, mohau oa Jehova o tla re boloka ho nyahameng. Haeba re soabile ’me re inehetse ka ho feletseng ho Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, o utloa mehoo ea rōna e kōpang mohau. ’Me ho tšelisa hakaakang ho tseba hore Jehova ha a khese pelo e robehileng!
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha Bakreste ba hloka pelo e hloekileng le moea o halalelang oa Molimo?
◻ Motho ea bontšitseng pako a ka ruta batho ba tlōtseng molao oa Jehova joang?
◻ Jehova o talima pelo e robehileng le e hlomohileng joang?
◻ Ke lithuto life tse fumanoang ho Pesaleme ea 51?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Na u rapella moea o halalelang ’me u itebela khahlanong le ho o soabisa?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Bontša kananelo bakeng sa mosa o sa tšoanelang oa Jehova ka ho phatlalatsa ’nete ea hae