Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”
    Molula-Qhooa—2005 | August 1
    • “U Tšele Meokho ea ka ka Lekukeng la Hao”

      12. Re tseba joang hore Jehova o tseba hantle mahlomola ao batho ba hae ba leng ho ’ona?

      12 Hase feela hore Jehova o tseba mohlanka e mong le e mong oa hae empa o boetse o tseba hantle mahlomola ao e mong le e mong a leng ho ’ona. Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba hateletsoe e le makhoba, Jehova o ile a re ho Moshe: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.” (Exoda 3:7) Ho tšelisa hakaakang ho elelloa hore ha re mamella teko, Jehova o bona se etsahalang ebile o utloa mehoo ea rōna! Ka sebele, ha a iphapanyetse mahlomola a rōna.

      13. Ke eng se bontšang hore kannete Jehova o utloela bahlanka ba hae bohloko?

      13 Ntlha ea hore Jehova o amehile ka batho ba nang le kamano le eena e bonahala haholoanyane tseleng eo a neng a ikutloa ka eona ka Baiseraele. Le hoja hangata mahlomola a bona a ne a bakoa ke manganga a bona, Esaia o ile a ngola tjena malebana le Jehova: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.” (Esaia 63:9) Kahoo, joaloka mohlanka ea tšepahalang oa Jehova, u ka kholiseha hore ha u utloile bohloko, Jehova le eena o utloile bohloko. Na seo ha se u susumeletse ho tobana le masisa-pelo ka sebete le ho tsoela pele u mo sebeletsa ka hohle kamoo u ka khonang?—1 Petrose 5:6, 7.

      14. Pesaleme ea 56 e ile ea qaptjoa tlas’a maemo afe?

      14 Se hlakisang hore Morena Davida o ne a kholisehile hore Jehova o ne a amehile ka eena a bile a mo utloela bohloko, se hlaha ho Pesaleme ea 56, eo Davida a ileng a e qapa ha a ntse a baleha Morena Saule oa ’molai. Davida o ile a balehela Gathe, ’me eitse ha Bafilista ba lemoha hore ke eena, o ile a tšoha hore ba tla mo tšoara. O ile a ngola tjena: “Lira tsa ka li ’nile tsa omana letsatsi lohle, etsoe ho na le ba bangata ba ntoantšang ka ho iphahamisa.” Ka lebaka la hore Davida o ne a le kotsing, o ile a retelehela ho Jehova. O ile a re: “Letsatsi lohle ba ntse ba sitisa litaba tsa ka; menahano eohle ea bona e khahlanong le ’na bakeng sa bobe.”—Pesaleme ea 56:2, 5.

      15. (a) Davida o ne a bolela’ng ha a kōpa Jehova ho tšela meokho ea hae ka lekukeng kapa ho e ngola bukeng? (b) Haeba re mameletse boemo bo lekang tumelo ea rōna, re ka kholiseha ka eng?

      15 Kahoo, Davida o ile a bua mantsoe ana a thahasellisang a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 56:8 a reng: “U tlalehile ho ba ha ka ’malehi. U tšele meokho ea ka ka lekukeng la hao. Na ha e bukeng ea hao?” Ruri tlhaloso ena e ama maikutlo hobane e bontša tsela e lerato eo Jehova a hlokomelang batho ka eona! Ha re sithabetse, re ka ’na ra llela ho Jehova. Esita le Jesu, motho ea phethahetseng, o ile a etsa joalo. (Baheberu 5:7) Davida o ne a kholisehile hore Jehova oa mo bona ebile o tla hopola mahlomola a hae, joalokaha eka o boloka meokho ea hae ka lekukeng kapa o e ngola bukeng.d Mohlomong u nka hore meokho ea hao e ne e tla nka karolo e khōlō ka lekukeng leo kapa e ne e tla tlatsa maqephe a mangata a buka eo. Haeba ho joalo, khoba matšoafo. Bibele ea re kholisa: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.

  • Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”
    Molula-Qhooa—2005 | August 1
    • d Mehleng ea khale, makuka a ne a etsoa ka matlalo a suiloeng a linku, a lipōli le a likhomo. Ho ne ho tšeloa lebese, botoro, chisi kapa metsi ka makukeng ao. Matlalo a neng a suiloe ka ho feletseng a ne a tšela oli kapa veine.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela