Itebele Khahlanong le ho Seba ho Kotsi!
“Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.”—LIPROVERBIA 10:19.
1. Ho seba ho kotsi, kapa ketselletso e tletseng lehloeo e senya hakae?
HA HO letho le ka fetolang mahloko a bolaeang hore e be seno se phelisang. Ho seba ho tletseng lehloeo, kapa ketselletso, ho ’nile ha tšoantšoa le chefu, hoo hape ho ka amohang motho ea khabane lebitso la hae le letle. Seroki sa Moroma Juvenal se ile sa bitsa ketselletso “chefu eo e kotsi ho feta tsohle.” ’Me motšoantšisi oa Lenyesemane William Shakespeare o ile a kenya mantsoe ana molomong oa se seng sa libapali tsa hae: “Ea nkamohang lebitso la ka le letle o nkamoha se sa mo entšeng ’me ka sebele o etsa hore ke futsanehe.”
2. Ke lipotso life tseo ho lokelang ho nahanisisoa ka tsona?
2 Empa ha e le hantle ho seba ke eng? Ho ka fapana joang le ketselletso? Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela khahlanong le ho seba ho kotsi? Hona see se ka etsoa joang?
Kamoo li Fapaneng Kateng
3. Phapang ke efe pakeng tsa ho seba le ketselletso?
3 Litšebo ke “puo e se nang motheo, eo hangata e seng ’nete, e buang ka batho ba bang le litaba tsa bona.” Ke “puo kapa ntho e ngotsoeng eo e leng moqoqo feela, e tloaelehileng.” Kaha kaofela ha rōna re thahasella batho, ka linako tse ling re bua lintho tse ntle, tse hahang ka ba bang. Ketselletso e fapane. Ke “tlaleho ea bohata e reretsoeng ho senya lebitso le letle le botumo ba e mong.” Ka kakaretso puo e joalo e tletse lehloeo ’me hase ea Bakreste.
4. Ho latela sengoli se seng, ketselletso e ka ’na ea qala joang, ’me e hlaha ho eng?
4 Ho seba ho se nang kotsi ho ka ’na ha fetoha ketselletso e sehlōhō. Sengoli Arthur Mee se itse: “Hangata ketselletso e ntšang motho kotsi, le e ka ’nang ea mo senya, e qala e le ho seba, ho seba hoo mohlomong ho sa tlisoeng ke letho le lebe qalong haese botsoa. Ke bo bong ba makhopo a maholo ka ho fetisisa lefatšeng, empa hangata, bo hlahisoa ke ho hloka tsebo. Re bo fumana haholo-holo har’a ba nang le ho fokolang hoo ba ka ho etsang, ’me ba se na sepheo se khethehileng bophelong.”
5. ’Moko-taba oa keletso ea Pauluse e ho 1 Timothea 5:11-15 ke eng?
5 Kaha puo e se nang motheo e ka ’na ea lebisa ketselletsong, moapostola Pauluse o ile a nyatsa basebi ba bang ba itseng. Ka mor’a ho bua ka bahlolohali ba tšoanelehang bakeng sa thuso ea phutheho, o ngotse: “U hane bahlolohali ba bacha; hobane litakatso ha li ba ngalisa Kreste, . . . ba fetoha ba botsoa, ba lemalla ho chakela matlung; ’me ha ba botsoa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya litabeng tsee e seng tsa bona, ba bolela tse sa tšoanelang. Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohali ba bacha ba nyaloe, ba tsoale bana, ba lise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba. Le joale, ba bang ba se ba ngalile, hore ba tle ba latele Satane.”—1 Timothea 5:11-15.
6. Ho lokela hore ho etsoe joang ho hlōla bofokoli ba botho ba ho seba ha mofuta o ka lebisang ketselletsong?
6 Kaha Pauluse o ne a ngola tlas’a pululelo ea Molimo, o ne a sa bue lipolelo tse leeme ka basali bao. Seo a se boletseng se lokela ho nahanisisoa ka ho teba ho hoholo. Ha ho mosali ea nang le bomolimo ea batlang ho ‘ngala le ho latela Satane.’ Empa, ho thoe’ng haeba mosali oa Mokreste a fumana hore o na le bofokoli ba puo ea mofuta o ka etsang hore a be molato oa ketselletso? Joale o lokela hore ka boikokobetso a utloe keletso ea Pauluse: “Basali . . . e be batho ba bokhabane, e seng baetselletsi.” O ile a boela a re: “Basali ba hōlileng ba ke ba hlomphehe boitšoarong, ba se ke ba etselletsa.” (1 Timothea 3:11; Tite 2:3, NW) Baena le bona ba lokela ho sebelisa keletso eo e bohlale ka tieo.
7. Ho ea ka Mangolo, u ne u tla re ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re lokela ho laola seo re se buang?
7 Ho totobetse hore ka linako tse ling kaofela ha rōna re bua ka batho ba bang, liphihlelo tsa bona tšebeletsong, le tse ling. Leha ho le joalo, le ka mohla a re se ke ra ‘lula eaba re nyefola ngoan’abo rōna.’ (Pesaleme ea 50:19, 20) Ka sebele, ke bohlale hore re se ke ra bua haholo hobane “lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.” (Liproverbia 10:19) Kahoo re lokela ho itebela khahlanong le ho seba, esita le haeba le sa bonahale le le kotsi. Ha ho hlokahale hore ka linako tsohle re bue ka batho, kaha re na le litaba tse ngata tse fapaneng tseo re ka li khethang haeba re nahana ka lintho tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse nang le bokhabane le poko.—Ba-Filippi 4:8.
Kamoo ho Seba ho Fetohang Ketselletso
8. Ke hobane’ng ha e se ka mehla e leng phoso ho bua ka Bakreste ’moho?
8 Ha ho na kotsi ea ho bua ka tšebeletso ea tšimo le mesebetsi e meng ea bomolimo ea balumeli ’moho haeba re bua se nepahetseng ’me ho se kotsi e bakoang ke seo re se buang. Ha e le hantle, lipolelo tse ntle tsa mofuta ona li ka ’na tsa khothatsa ba bang. (Bapisa Liketso 15:30-33.) Bakreste ba bang ba ne ba bua ka moholo ea tšepahalang Gaiuse, eo moapostola Johanne a ileng a mo ngolla sena: “Moratuoa, u etsa ka bokhabane ho [tsohle] tsee u li etsetsang baena le baeti. Ke bona ba pakileng lerato la hao pel’a kereke.” (3 Johanne 5, 6) Kahoo hase ka mehla e leng phoso ho bua ka Bakreste ’moho.
9. (a) Ke joang puo ea moqoqo feela e ka ’nang ea fetoha ho etselletsa ea khabane? (b) Ke lipotso life tseo ka nepo re ka ’nang ra ipotsa tsona?
9 Leha ho le joalo, puo ea moqoqo feela e ka fetoha ho etselletsa batho ba khabane haeba re itšunya litabeng tsa bona tsa lekunutu, re belaella merero ea bona, kapa re hlahisa lipelaelo ka boitšoaro ba bona. Re ka ’na ra itloaetsa ho ipotsa lipotso tse kang: Na puo ea ka e ne e tla senya botumo ba motho e mong? Na seo ke se buang ke ’nete? (Tšenolo 21:8, TLP) Na ke ne ke tla bua ntho e tšoanang ha a le teng? Na e ne e tla jala liphapang ka phuthehong? Na lipolelo tsa ka li ka ’na tsa etsa hore a lahleheloe ke litokelo tsa tšebeletso? Na e be mohono o teng ka pelong ea ka? (Ba-Galata 5:25, 26; Tite 3:3) Na litholoana tsa lipolelo tsa ka e ne e tla ba tse ntle kapa tse mpe? (Mattheu 7:17-20) Na ke ne ke tla bua lintho tse tšoanang ka baapostola? (2 Ba-Korinthe 10:10-12; 3 Johanne 9, 10) Na puo e joalo e tšoanela ba hlomphang Jehova?
10, 11. Ho latela Pesaleme ea 15:1, 3, ke eng eo re ke keng ra e etsa haeba re batla ho ba baeti ba Molimo?
10 Ha e bua ka ba hlomphang Molimo, Pesaleme ea 15:1 ea botsa: “Jehova, moeti oa hao e tla ba mang tenteng ea hao? E tla ba mang ea tlang ho aha thabeng ea hao e halalelang?” Mabapi le motho ea joalo, mopesaleme Davida oa araba: “Leleme la hae ha le jale ketselletso, ha a etse oa habo hampe, ha a nyefole ngoan’abo.” (Pesaleme ea 15:3) Mona lentsoe ‘etselletsa’ le tsoa ketsong ea Seheberu e bolelang “ho tsamaea” ’me ka hona “ho chalaka.” Baiseraele ba ile ba laeloa: “U se ke ua chalaka ho jala ketselletso har’a batho ba heno.” (Levitike 19:16, New International Version) Mang kapa mang ea ‘chalakang ho jala ketselletso’ hase moeti le motsoalle oa Molimo.
11 Metsoalle ea Molimo ha e etse letho le lebe ho ba tsamaeang le eona ’me e ke ke ea nka lipale leha e le life tse nyefolang batho ba khabane ba tloaelaneng le eona, kapa ea li amohela e le tsa ’nete. Ho e-na le ho jala lipale tsa bohata ka balumeli ’moho le ho eketsa linyefolo tse mpe tsa batho ba se nang bomolimo tseo ba seng ba ntse ba li jere, re lokela ho bua hantle ka bona. Le ka mohla re ke ke ra rata ho eketsa mejaro ea baena le bo-khaitseli ba rōna ba tšepahalang ka ho bua lintho tse ba nyefolang.
Ha Mathata a Hlaha
12. Liketso 15:36-41 (NW) e ka re thusa joang haeba re lekoa hore re sebe motho eo re nang le khohlano le eena?
12 Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra lekoa hore re bue hampe ka motho eo re nang le khohlano e tebileng le eena. Empa nahana ka se ileng sa etsahala ha moapostola Pauluse a ne a le makhatheng a ho qala leeto la hae la bobeli la boromuoa. Le hoja Barnabase a ne a ikemiselitse hore Mareka a tsamaee le bona, Pauluse ha aa ka a lumela, “ka ho bona hore [Mareka] o ne a ile a tloha ho bona Pamphylia ’me o ne a sa ka a ea le bona mosebetsing.” Ka baka leo, “ho tlakoloha ho hoholo ka khalefo” ho ile ha latela, ba ba ba arohana. Barnabase o ile a nka Mareka ho ea Cypera, ha Pauluse a ile a nka Silase hore a ee le eena Syria le Cilicia. (Liketso 15:36-41, NW) Hamorao, lekhalo le pakeng tsa Pauluse, Barnabase, le Mareka ka ho hlakileng le ile la lokisoa, hobane Mareka o ne a e-na le moapostola eo Roma, ’me Pauluse o ile a bua hantle ka eena. (Ba-Kolosse 4:10) Esita le hoja ho ne ho bile le khohlano, ha ho bopaki ba hore Bakreste bao ba ile ba chalaka ho seba balumeli ’moho.
13. Ke tlas’a maemo afe a neng a ama Petrose moo Pauluse a ileng a hanyetsa hoo e neng e ka ’na ea ba teko ea ho seba Mokreste ’moho?
13 Pauluse o ile a boela a hana hoo e neng e ka ’na ea e-ba teko ea ho seba ho kotsi ha a khalemela Kefase (Petrose), ea neng a ile a hlajoa ke lihlong hore a je le balumeli ba Balichaba le ho ba le botsoalle le bona ka baka la boteng ba Bakreste ba itseng ba Bajode ba tsoang Jerusalema. Ho e-na le ho seba Petrose a sa utloe, Pauluse o ile a “mo hanyetsa mahlong,” a bua “pontšeng ho bohle.” (Ba-Galata 2:11-14) Petrose le eena ha aa ka a seba ea neng a mo khalemela. Ha e le hantle, hamorao o ile a bua ka eena e le “Pauluse, ngoan’abo rōna ea ratoang.” (2 Petrose 3:15) Kahoo esita le haeba molumeli ’moho a hloka ho khalemeloa, sena ha se fane ka lebaka la ho mo seba. Ho na le mabaka a matle haholo a hore re itebele khahlanong le puo e joalo le ho hanela teko ea ho jala litšebo tse kotsi.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Itebela?
14. Lebaka la sehlooho la ho se mamele kapa ho se jale litšebo tse kotsi ke lefe?
14 Lebaka la sehlooho leo ka lona re lokelang hore re se mamele litšebo tse kotsi kapa ho kopanela ho li jala ke hore re batla ho khahlisa Jehova, ea nyatsang ketselletso. Joalokaha ho boletsoe, tsela eo Molimo o talimang puo e joalo ka eona e ile ea hlakisoa ha Baiseraele ba laeloa: “U se ke ua chalaka har’a batho ba heno ho ea etselletsa. U se ke ua ema khahlanong le mali a oa heno. Ke ’na Jehova.” (Levitike 19:16, NW) Ka hona, hore re tle re thabele kamohelo ea Molimo, re tlameha hore re se etselletse mang kapa mang eo re ka buang ka eena meqoqong ea rōna.
15. Moetselletsi e moholo ka ho fetisisa ke mang, ’me ho kopanela tšebong e tletseng kotsi ho ka ba le phello efe kamanong ea rōna le Molimo?
15 Lebaka le leng la hore re se ke ra kopanela litšebong tse kotsi ke hore li ka re etsa hore re etsise Satane, moetselletsi e moholo ka ho fetisisa oa Jehova. Ke ka nepo sera sena se seholo sa Molimo se ileng sa fuoa lebitso “Diabolose” (di·aʹbo·los ka Segerike), le bolelang “moetselletsi.” Ha Eva a mamela puo ea Satane e etselletsang Molimo ’me a nka khato ka eona, banyalani ba pele ba batho ba ile ba arohanngoa le Motsoalle oa bona ea molemo ka ho fetisisa. (Genese 3:1-24) Le ka mohla a re se ke ra inehela maqiting a Satane ’me ra kenella puong ea ho seba e tlisang ho se amoheloe ke Molimo eo ka baka leo, e ka re arohanyang le Motsoalle oa rōna ea molemo ka ho fetisisa, Jehova Molimo.
16. Ke joang moetselletsi a ‘arohanyang batho ba tloaelaneng’?
16 Ha rea lokela ho mamela basebi ba tletseng lehloeo, kaha ba arohanya metsoalle. Hangata, baetselletsi baa fetelletsa, ba beha litaba hampe, ba bua leshano, ’me ba haha lithaba tsa mantsoe a khopisang. Ho e-na le ho bua le motho ba talimane mahlong, baa mo seba ha a sa utloe. Hangata ho tsosoa lipelaelo tse se nang motheo. Ka hona, “moetselletsi o arola ba tloaelaneng.”—Liproverbia 16:28, NW.
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela khahlanong le ho ameha ka ho teba ho sebeng hoo e leng moqoqo feela?
17 Re lokela ho itebela khahlanong le ho kenella ka ho teba esita le ho sebeng hoo e leng moqoqo feela. Hobane’ng? Hobane polelo e sa rereloang ho utloisa mang kapa mang bohloko e ka ’na ea e-ba bohloko ha e phetoa. E ka ’na ea ntlafatsoa kapa ea sothoa ho fihlela e senya botumo ba motho ea nang le bomolimo, ea mo amoha lebitso la hae le letle. Haeba seo se ne se ka etsahala, u ne u tla ikutloa joang haeba e le uena ea qapileng pale eo kapa ea e fetisitseng? Batho ba ka ’na ba u talima u le motho ea ka ’nang a hlahisa kotsi, ’me ka baka leo ba ka ’na ba se ke ba hlola ba batla setsoalle sa hao.—Bapisa Liproverbia 20:19.
18. Ke joang ho seba ho ka ’nang ha etsa motho raleshano?
18 Lebaka le leng la ho itebela ke hore ho seba ho kotsi ho ka ’na ha u etsa raleshano. “Mantsoe a moetselletsi a tšoana le lintho tse metsoang ka meharo, tse eang tlaase likarolong tse ka hare-hare tsa mpa.” (Liproverbia 26:22, NW) Ho thoe’ng haeba u metsa mashano ’me u a pheta? Koana, esita le haeba u nahana hore mashano ao ke ’nete, u bua leshano haeba u a jala. Ha bohata ba ’ona bo senoloa, u ka ’na ua talingoa u le raleshano. Na u batla hore hoo ho etsahale? Na Molimo ha o nke baruti ba bohata ba ikarabella bakeng sa mashano a bolumeli? E, o boetse o nka baetselletsi ba leshano ba le molato. Jesu o lemositse: “Lentsoe le leng le le leng le se nang motheo leo batho ba tla le bua ba tla ikarabella ka lona ka letsatsi la kahlolo; hobane u tla lokolloa ka mantsoe a hao ’me u ahloloe ka mantsoe a hao.” (Mattheu 12:36, 37, Byington) Kaha “motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo bakeng sa tsa hae,” na u ne u tla batla hore o u ahlole joaloka moetselletsi ea leshano?—Ba-Roma 14:12.
19. Ke hobane’ng ha ho ka thoe litšebo tse kotsi e ka ba tse bolaeang?
19 Lebaka le leng hape la ho se jale litšebo tse kotsi ke hore e ka ba tse bolaeang. E, li ka ba le kotsi e bolaeang, tsa senya botumo bo botle ba motho ea se nang molato. Maleme a mang ke ‘lisabole tse bohale,’ ’me mantsoe a hlabang a tšoana le metsu eo ba laletseng ba e phosetsang ho ba se nang molato. Davida o ile a rapela: “[Jehova] mpate hōle le mokhatlo oa ba etsang bobe, hōle le sehlopha sa ba sebetsang bokhopo; ba leotsang maleme a bona joaloka lisabole, ba hlabang ka mantsoe a babang, a kang metsu. Ba fula ea se nang koli ba ipatile.” (Pesaleme ea 64:3-5, TLP) Na u ne u tla rata hore e be uena ea ikarabellang bakeng sa ho bua lintho tse mpe joalo ka motho e mong ho isa moo a ikutloang a tlameha ho rapella topollo ho Molimo, joalokaha mopesaleme a entse? Na u batla ho ba molato oa ho etsa ho lekanang le polao?
20. (a) Ntlheng ea phutheho ea Molimo, ho ka etsahala joang ka moetselletsi ea sa bakeng? (b) Baholo ba tlameha ho ba hlokolosi ka eng mabapi le ho seba le ketselletso?
20 Ketselletso e ka lebisa ho lelekoeng ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo; moetselletsi a ka ’na a khaoloa, mohlomong joaloka raleshano ea sa bakeng. Leha ho le joalo, khato e joalo ha ea lokela ho nkoa bakeng sa ba leng molato oa ho seba hoo e leng moqoqo feela. Baholo ba lokela ho lekanya litaba ka thapelo, ba totobatse phapang pakeng tsa ho seba feela le ketselletso e sehlōhō. Hore a khaoloe, mofosi e ne e tla tlameha ho ba moetselletsi ea tletseng lehloeo, ea sa bakeng. Baholo ha baa lumelloa ho khaola mang kapa mang bakeng sa ho seba ho honyenyane ho tlisoang ke thahasello ea botho empa e se taba ea bohata kapa ea lehloeo. Litaba li tlameha hore li se hōlisoe ho feta kamoo li lokelang ho ba kateng, ’me ho tlameha ho be le lipaki tse nang le bopaki ba sebele ho tiisa hore ntle le pelaelo ketselletso ea ameha. (1 Timothea 5:19) Lebaka la sehlooho la ho leleka baetselletsi ba sa bakeng ke hore ho seba ho tletseng lehloeo ho tingoe, ’me phutheho e sireletsoe kotsing ea ho hohomosoa ke tomoso ea sebe. (1 Ba-Korinthe 5:6-8, 13) Empa le ka mohla baholo ha baa lokela ho ba lepotla-potla hoo ba ka lelekang mang kapa mang ka mabaka ao e seng a Mangolo. Ka thapelo le keletso, hangata ba tla khona ho thusa motho eo ho baka, ho kōpa tšoarelo kapa ho lokisa, le ho etsa tsoelo-pele ea ho thapisa leleme.
Na ke Ketselletso?
21. Ho e-na le ho seba mofosi, u lokela ho etsa eng?
21 Maele a bohlale a re: “Ea chalakang joaloka moetselletsi o koaholla puo ea lekunutu, empa ea tšepehang moeeng o koahela taba.” (Liproverbia 11:13, NW) Na see se bolela hore haeba u tseba hore ka sekhukhu motho e mong o kenelletse sebeng se tebileng, e ne e tla ba ho etselletsa ho bua ho hong ka sona? Che. Ho totobetse hore ha ua lokela ho seba ka taba eo. U lokela ho bua le mofosi, u mo phehelle hore a batle thuso ea baholo. (Jakobo 5:13-18) Haeba a sa etse sena ka nako e lekaneng, kameho bakeng sa bohloeki ba phutheho e lokela ho u susumelletsa ho tlalehela baholo taba eo.—Levitike 5:1.
22. Ke hobane’ng ha re ka re 1 Ba-Korinthe 1:11 ha e fane ka tumello ea ho seba?
22 Kameho e joalo e ka ’na ea fella ka taeo bakeng sa mofosi, ’me hoo ho ne ho ke ke ha bonahala e le ho thabisang. Ho ntse ho le joalo, motho ea koetlisitsoeng ke taeo o kotula tholoana ea ho loka. (Ba-Heberu 12:11) Phoso e lokela ho senoleloa ba khethetsoeng ho sebetsana le litaba tse joalo, e seng basebi ba ka ’nang ba bebera ka eona. Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Korinthe: “Banab’eso, ke boleletsoe bakeng sa lōna ke ba ha Kloe hore likhang li teng har’a lōna.” (1 Ba-Korinthe 1:11) Na litho tsa lelapa leo li ne li seba balumeli ’moho? Che, empa tlaleho eo e ile ea fuoa moholo ea nang le boikarabelo ea neng a ka nka mehato ea ho thusa ba hlokang thuso hore ba boele ba phahame ho kena tseleng ea bophelo.
23. Ke potso efe e setseng eo ho lokelang ho nahanisisoa ka eona?
23 Haeba re thusa motho ho itebela khahlanong le ho ameha litšebong tse kotsi, re mo etsetsa ho hong ho molemo. Maele a bohlale a re: “Ea itebelang molomo o boloka moea oa hae; empa ea ntseng a bua haholo o tla oela timelong.” (Liproverbia 13:3) Ka hona, ho hlakile hore ho na le mabaka a matle a ho itebela khahlanong le ho seba ho kotsi le ketselletso e tletseng bokhopo. Leha ho le joalo, ho seba ho kotsi ho ka hlōloa joang? Sehlooho se latelang se tla re bolella.
Likarabelo Tsa Hao ke Life?
◻ Phapang ke efe pakeng tsa ho seba hoo e leng moqoqo feela le ketselletso?
◻ Ke joang ho seba ho ka ’nang ha fetoha ketselletso?
◻ Mabaka a mang a ho itebela khahlanong le ho seba ho kotsi ke afe?
◻ Ke hobane’ng ha ketselletso e sa amehe ha re tlaleha phoso e tebileng ea motho e mong?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Kholiseha hore le ka mohla u se be molato oa ho hlaba motho kamorao litšebo tse kotsi