Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Katleho e ka Leka Tumelo ea Hao
    Molula-Qhooa—1993 | July 15
    • Le hoja Asafe a ne a hlokomela molemo oa Jehova, maoto a hae a ile a batla a kheloha tseleng e lokileng. Ho ne ho le joalokaha eka a ne a thella leqhoeng nakong ea lebelo la mokoka le khathatsang. Ke hobane’ng ha tumelo ea hae e ne e fokola hakaalo? O ile a hlalosa: “Hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefoli. Hobane ha ba tsebe matšoenyeho ho isa lefung la bona, ’mele oa bona o ōtleha hantle; ba lutse ka ntle ho mahlomola a batho, ’me ha ba otloe joalo ka ba bang.”—Pesaleme ea 73:3-5.

  • Katleho e ka Leka Tumelo ea Hao
    Molula-Qhooa—1993 | July 15
    • Batho ba bangata ba khopo ha ba na mathata a bophelo a ba thibelang ho thabela matle-tletse a lijo tsa bona. “’Mele oa bona o ōtleha hantle,” limpa tsa bona li khōlō. Ho feta moo, ba “lutse ka ntle ho mahlomola a batho,” hobane ho fapana le batho ba bangata, ha ba hloke ho etsa boiteko bo matla ho fumana lintho tse hlokehang bophelong. Asafe o ile a etsa qeto ea hore ba khopo “ha ba otloe joalo ka ba bang.” Haholo-holo ba qoba liteko tseo batho ba tšabang Molimo ba fetang har’a tsona lefatšeng le khopo la Satane ka lebaka la ho khomarela litekanyetso tse lokileng tsa Jehova.—1 Johanne 5:19.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela