-
Katleho e ka Leka Tumelo ea HaoMolula-Qhooa—1993 | July 15
-
-
Qetellong ha a hlokomela hore monahano oa hae o ne o fosahetse, Asafe o ile a re: “Hola nka re: Ke tla bua joalo, moo e ka b’e le ho eka moloko oa bana ba hao. Eaba kea nahana hore ke utloisise taba tseo, ’me ka fihlela hoba ke mosebetsi o thata, ho fihlela ha ke kena sehalalelong sa Molimo, ea e-ba moo ke elang bofello ba batho bao hloko. Ka re: U mpa u ba beile ’nģalong tse thellang, ua ba liha, ’me ba senyehile. Ba felile joang hang hang! Ba timela, ba senyeha, ba oa ba tšohile hampe. Ha e-ba joalo ka toro phaphamong, ua ba tsosa joalo, Morena; u entse seriti sa bona ntho feela e nyelisehang.”—Pesaleme ea 73:15-20.
-
-
Katleho e ka Leka Tumelo ea HaoMolula-Qhooa—1993 | July 15
-
-
Asafe o ile a hlokomela hore Molimo o behile ba khopo “’nģalong tse thellang.” Kaha bophelo ba bona bo likoloha linthong tse bonahalang, ba kotsing ea ho thulana le tahlehelo e sa lebelloang. Hamorao, lefu le tla ba khaoletsa ba se ba tsofetse, ’me leruo la bona le fumanoeng ka bolotsana le ke ke la ba sireletsa hore ba fumane bophelo bo eketsehileng. (Pesaleme ea 49:6-12) Leruo la bona le tla tšoana le toro e fetang ka potlako. Mohlomong ka lebaka la toka ba ka ba ba tšoaroa le pele ba tsofala e le ha ba kotula seo ba se jetseng. (Ba-Galata 6:7) Kaha ka boomo ba hlokomolohile a le Mong feela ea ka khonang ho ba thusa, ba setse ho se ea ka ba thusang, ’me ha ba na tšepo. Ha Jehova a nka bohato khahlanong le bona, o tla talima “seriti” sa bona—khanya le boemo ba bona—ka nyeliso.
-