-
Jehova, Moetsi oa Lintho tse HlollangMolula-Qhooa—1992 | December 15
-
-
Molemo oa Jehova
8. Re ka ba le botsoalle bofe bo haufi le Jehova, hona o bonahalitse molemo oa hae joang?
8 Davida o boetse a etsa kōpo e etsoang ka maikutlo a tebileng: “Uena, Uena Jehova, u molemo ’me u lula u itokiselitse ho tšoarela; ’me ho uena mosa o lerato ho bohle ba bitsang ho uena o mongata. Utloa, Uena Jehova, thapelo ea ka; ’me u ele hloko lentsoe la likōpo tsa ka. Letsatsing la ho tsieleha ha ka ke tla bitsa ho uena, hobane u tla nkaraba.” (Pesaleme ea 86:5-7, NW) “Uena Jehova”—nako le nako re thabisoa ke botsoalle bo haufi bo bontšoang ke polelo ena! Ke botsoalle bo haufi boo ka linako tsohle bo ka hlaoleloang ka thapelo. Ka lekhetlo le leng Davida o ile a rapela: “Libe tsa bocha ba ka le bofetoheli ba ka Uena u se ke ua li hopola. Ho ea ka mosa oa hao o lerato u nkhopole, ka baka la molemo oa hao, Uena Jehova.” (Pesaleme ea 25:7, NW) Jehova ke boleng ba molemo—ka ho fana ka thekollo ea Jesu, ka ho bontša mohau ho baetsalibe ba bontšitseng pako, le ka ho bontša mosa o lerato ho Lipaki tsa hae tse tšepahalang le tse nang le kananelo.—Pesaleme ea 100:3-5; Malakia 3:10.
-
-
Jehova, Moetsi oa Lintho tse HlollangMolula-Qhooa—1992 | December 15
-
-
10. Buka ea Lipesaleme e phahamisa mosa o lerato oa Jehova joang?
10 Buka ea Lipesaleme e bua ka “mosa o lerato” oa Jehova ka makhetlo a fetang lekholo. Ka sebele mosa o joalo o lerato o mongata! Pesaleme ea 118 (NW) litemaneng tsa eona tse qalang tse ’nè, e ipiletsa ho bahlanka ba Molimo hore ba lebohe Jehova, e pheta ka makhetlo a mane hore “hobane mosa oa hae o lerato ke oa ka ho sa feleng.” Pesaleme ea 136 (NW) e phahamisa tšoaneleho e ratehang ea “mosa oa hae o lerato” ka makhetlo a 26. Le haeba re ka fosa ka litsela leha e le life—joalokaha Jakobo 3:2 e re, “bohle re khopjoa nthong tse ngata”—e se eka re ka itokisetsa ho batla tšoarelo ea Jehova, re kholisehile ka mohau oa hae le mosa oa hae o lerato. Mosa oa hae o lerato ke pontšo ea lerato la hae le tšepahalang ho rōna. Haeba ka botšepehi re tsoela pele ho etsa thato ea Molimo, o tla bonahatsa lerato la hae le tšepahalang ka ho re matlafaletsa hore re sebetsane le teko e ’ngoe le e ’ngoe.—1 Ba-Korinthe 10:13.
-