Ho Atleha Moeeng Nakong ea Bohlooho-putsoa
“Ba lenngoeng ka tlung ea Jehova . . . ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa.”—PESALEME EA 92:13, 14.
1, 2. (a) Hangata botsofali bo hlalosoa joang? (b) Mangolo a tšepisa hore ho tla etsahala’ng ka liphello tsa sebe sa Adama?
BOTSOFALI—lentsoe leo le u hopotsa eng? Letlalo le masoebe? Ho thibana litsebe? Manonyeletso a keqang? Kapa ntho e ’ngoe e etsahalang ‘matsatsing a tlokotsi’ e hlalositsoeng ka ho hlaka ho Moeklesia 12:1-7? Haeba ho joalo, ke habohlokoa ho hopola hore tlhaloso e ho Moeklesia khaolo ea 12 ha e bue ka botsofali ka tsela eo ’Mōpi, Jehova Molimo, a neng a e rerile tšimolohong, empa e bua ka bona e le phello ea seo sebe sa Adama se se etsang ’meleng oa motho.—Baroma 5:12.
2 Botsofali ka bobona hase thohako, hobane motho oa tsofala ha lilemo li ntse li feta. Ha e le hantle, ho hōla ke tšobotsi e ratehang linthong tsohle tse phelang. Tšenyo eo re e bonang hohle e bakiloeng ke sebe le ho se phethahale ka lilemo tse likete tse tšeletseng, e tla tloha e fela, ’me batho bohle ba mamelang ba tla thabela bophelo boo ho neng ho reriloe hore ba tla bo thabela, ho se ho se na bohloko bo bakoang ke botsofali le lefu. (Genese 1:28; Tšenolo 21:4, 5) Nakong eo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Batho ba hōlileng ba tla khutlela matsatsing a ‘mahlahahlaha a bocha’ ba bona, ’me nama ea bona e tla ‘nchafala ho feta bocheng.’ (Jobo 33:25) Leha ho le joalo, nakong ea hona joale, bohle ba lokela ho khotsofalla seo ba se futsitseng ho Adama. Empa bahlanka ba Jehova ha ba tsofala, ba hlohonolofatsoa ka litsela tse khethehileng.
3. Ke ka litsela life Bakreste ba ka tsoelang pele ho ‘atleha nakong ea bohlooho-putsoa’?
3 Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore “ba lenngoeng ka tlung ea Jehova . . . ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa.” (Pesaleme ea 92:13, 14) Mopesaleme o sebelisa puo ea tšoantšetso ha a bolela ’nete ea bohlokoa ea hore bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba ka tsoela pele ho atleha, ho hatela pele le ho rua molemo moeeng, esita le ha ba ntse ba fokola ’meleng. Sena se pakoa ke mehlala e mengata ea batho bao Bibele e buang ka bona le ea batho ba kajeno.
‘Le ka Mohla o ne a sa Hlokoe’
4. Moprofeta ea hōlileng oa mosali, e leng Anna, o ile a bontša boinehelo ba hae ho Molimo joang, ’me o ile a putsoa joang?
4 Nahana ka moprofeta oa mosali oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Anna. Ha a e-na le lilemo tse 84, ‘le ka mohla o ne a sa hlokoe tempeleng, a etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka ho itima lijo le lithapeli.’ Anna o ne a ke ke a lula tempeleng kaha ntate oa hae e ne e se Molevi, e ne e le “oa moloko oa Ashere.” Nahana feela hore na e tlameha ebe ho ne ho hlokahala boiteko bo bokaakang hore a be teng tempeleng letsatsi le letsatsi ho tloha ka nako ea tšebeletso ea hoseng ho fihlela nakong ea tšebeletso ea shoalane! Leha ho le joalo, Anna o ile a putsoa haholo ka lebaka la boinehelo ba hae. O ile a fuoa tlotla ea hore ebe o ne a le teng ha Josefa le Maria ba tlisitse lesea Jesu tempeleng hore le hlahisoe ho Jehova kamoo Molao o neng o laela kateng. Ha Anna a bona Jesu, o ile “a qala ho khutlisetsa liteboho ho Molimo le ho bua ka ngoana eo ho bohle ba letetseng topollo ea Jerusalema.”—Luka 2:22-24, 36-38; Numere 18:6, 7.
5, 6. Batho ba bangata ba hōlileng ba bontša moea o tšoanang le oa Anna ka litsela life?
5 Batho ba bangata ba hōlileng ba har’a rōna kajeno ba tšoana le Anna ka ho ba teng kamehla libokeng, ka likōpo tsa bona tse tiileng tsa hore borapeli ba ’nete bo tsoele pele, le ka takatso ea bona e bontšoang ka mahlahahlaha a ho rata ho bolela litaba tse molemo. Mor’abo rōna e mong ea lilemong tsa bo-80 ea bang teng kamehla libokeng tsa Bokreste le mosali oa hae, o itse: “Re itloaelitse ho ea libokeng. Ha re batle ho ba kae kapa kae. Moo batho ba Molimo ba leng hona teng, ke moo re batlang ho ba teng. Ke hona moo re khotsofalang ha re le teng.” Ke mohlala o motle hakaakang o ka lateloang ke bohle!—Baheberu 10:24, 25.
6 Mohlolohali e mong oa Mokreste ea bitsoang Jean ea lilemong tsa bo-80 o atisa ho re, “Haeba ho hlaha eng kapa eng e amang borapeli ba ’nete, ’me e le ntho eo nka e etsang, ke rata ho e etsa.” O tsoela pele ka ho re: “Ke ’nete hore ho na le linako tseo ke sareloang ka tsona, empa ha ho hlokahale hore ke etse hore batho ba bang le bona ba sareloe?” Mahlo a hae aa phatsima ha a bolela ka thabo ea ho etela linaheng tse ling a e-ea liketsahalong tse matlafatsang moeeng. Leetong leo a sa tsoa le nka, o ile a re ho bao a neng a hahlaula le bona, “Ha ke sa batla ho bona libaka tse ling tse eteloang ke bahahlauli; ke batla ho ea tšimong!” Le hoja Jean a ne a sa tsebe puo ea moo, o ile a etsa hore batho ba thahaselle molaetsa oa Bibele. Ho feta moo, o ile a sebetsa ka lilemo tse ngata le phutheho e neng e hloka thuso, le hoja ho ne ho hlokahala hore a ithute puo e ncha le hore a nke leeto la hora ha a e-ea le ha a khutla libokeng.
Ho Etsa Hore Kelello e Lule e Sebetsa
7. Ha Moshe a se a hōlile haholo, o ile a bolela joang hore o batla ho hōlisa kamano ea hae le Molimo?
7 Motho o fumana boiphihlelo ha nako e ntse e feta. (Jobo 12:12) Ka lehlakoreng le leng, ho hōla ka bohona ha ho etse hore motho a hatele pele moeeng. Ka lebaka leo, ho e-na le hore bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba tšepe tsebo eo ba e fumaneng nakong e fetileng, ba loanela ho “eketsa ho ithuta” ha lilemo li ntse li feta. (Liproverbia 9:9) Ha Jehova a mo roma, Moshe o ne a e-na le lilemo tse 80. (Exoda 7:7) Ho hlakile hore mehleng ea hae, ho ne ho nkoa e le ntho e sa tloaelehang hore motho a phele ho fihlela a le lilemong tseo, hobane o ile a ngola a re: “Matsatsi a lilemo tsa rōna ke lilemo tse mashome a supileng; . . . ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli.” (Pesaleme ea 90:10) Leha ho le joalo, Moshe ha aa ka a nahana hore o moholo hoo a ke keng a ithuta. Ka mor’a lilemo tse mashome a sebeletsa Molimo, a e-na le litokelo tse ngata le ho jara boikarabelo bo boima, Moshe o ile a ikōpela ka tieo ho Jehova a re: “Ka kōpo, ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe.” (Exoda 33:13) Kamehla Moshe o ne a rata ho hōlisa kamano ea hae le Jehova.
8. Daniele o ile a etsa joang hore kelello ea hae e lule e sebetsa ha a ne a le lilemong tsa bo-90, ’me liphello e ile ea e-ba life?
8 Mohlomong moprofeta Daniele o ne a le lilemong tsa bo-90 ha a ntse a tsoela pele ho hlahloba mangolo a halalelang. Seo a ileng a se lemoha ha a ithuta “libuka”—mohlomong tse akarelletsang Levitike, Esaia, Jeremia, Hosea le Amose—se ile sa mo susumeletsa ho batla Jehova ka thapelo e etsoang ka tieo. (Daniele 9:1, 2) Thapelo ena e ile ea arabeloa ka hore a fuoe boitsebiso bo bululetsoeng ba ho tla ha Mesia le ba se neng se tla etsahala ka borapeli bo hloekileng nakong e tlang.—Daniele 9:20-27.
9, 10. Ba bang ba ’nile ba etsa’ng hore likelello tsa bona li lule li sebetsa?
9 Joaloka Moshe le Daniele, hafeela re sa ntse re khona, re ka sebeletsa ho boloka likelello tsa rōna li sebetsa ka ho li tsepamisa litabeng tsa moea. Sena ke se etsoang ke batho ba bangata. Moholo e mong oa Mokreste ea bitsoang Worth ea lilemong tsa bo-80, o leka hore a se ke a salla morao lenaneong la lijo tsa moea tse fanoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) O re, “Ke rata ’nete ka mokhoa o fetisisang, ’me kea hlolloa ha ke bona kamoo leseli le ntseng le eketsa ho khanya kateng.” (Liproverbia 4:18) Ka tsela e tšoanang, Fred ea nkileng lilemo tse fetang 60 a le tšebeletsong ea nako e tletseng, o tsoha molota moeeng ha a qalisa moqoqo oa Bibele le balumeli-’moho le eena. O re: “Ke tlameha ho etsa hore Bibele e lule e phela ka kelellong ea ka. Haeba u ka etsa hore Bibele e phele, ua e fa moelelo, ’me ua etsa hore seo u ithutang sona se lumellane le ‘mohlala oa mantsoe a phelisang hantle,’ u tla be u ithutile taba e momahaneng. U tla bona kamoo se seng le se seng seo u ithutang sona se lumellanang hantle le seo u seng u se tseba.”—2 Timothea 1:13.
10 Ha ho hlokahale hore ho hōla lilemong ho sitise motho ho ithuta likhopolo tse ncha le tse thata. Batho ba lilemong tsa bo-60, kapa bo-70, haesita le bo-80 ba ’nile ba ithuta ho bala le ho ngola kapa ba ithuta lipuo tse ncha. Ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba ’nile ba etsa sena ka morero oa hore ba bolelle batho ba lichaba tse sa tšoaneng litaba tse molemo. (Mareka 13:10) Harry le mosali oa hae ba ne ba haba lilemo tse 70 ha ba rera ho ea thusa tšimong ea batho ba buang Sepotoketsi. Harry o re: “Re ke ke ra latola hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ba thata ha motho a ntse a hōla.” Leha ho le joalo, ka lebaka la ho ikitlaetsa le ho phehella, ba ile ba khona ho khanna lithuto tsa Bibele ka Sepotoketsi. E se e le lilemo tse ngata joale Harry a fana ka lipuo le ka Sepotoketsi likopanong tsa setereke.
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka lintho tse finyeletsoeng ke batho ba hōlileng ba tšepahalang?
11 Ke ’nete hore hase e mong le e mong eo bophelo ba hae kapa maemo a hae a mo lumellang ho tobana le liphephetso tse kang tsena. Ebe joale ke hobane’ng ha re bua ka lintho tse finyeletsoeng ke batho ba bang ba hōlileng? Ho hang ha re fane ka maikutlo a hore e mong le e mong o lokela ho loanela ho finyella lintho tsena. Ho e-na le hoo, re bua ka lebaka la seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Baheberu mabapi le baholo ba tšepahalang ba phutheho: “Ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona.” (Baheberu 13:7) Ha re nahanisisa ka mehlala ena ea cheseho, re ka susumelletseha hore re etsise tumelo e matla e khannang batho bana ba hōlileng tšebeletsong eo ba e etsetsang Molimo. Harry eo hona joale a nang le lilemo tse 87, o hlalosa se mo susumetsang tjena: “Ke lakatsa ho sebelisa lilemo tse ntšaletseng ka bohlale, ke be le thuso tšebeletsong ea Jehova kahohle kamoo ho ka khonehang.” Fred, eo re buileng ka eena pejana, o khotsofatsoa haholo ke ho etsa mosebetsi oo a o filoeng Bethele. O re: “U tlameha ho batla hore na u ka sebeletsa Jehova hamolemo joang ebe u tsoela pele u mo sebeletsa.”
Ho Itela Leha Maemo a Ntse a Fetoha
12, 13. Barzilai o ile a bontša boinehelo ba bomolimo joang ho sa tsotellehe maemo a fetohileng a hae?
12 Ho ka ba thata ho amohela le ho sebetsana le liphetoho tse etsahalang ’meleng oa hao. Leha ho le joalo, hoa khoneha ho bontša boinehelo ba bomolimo ho sa tsotellehe liphetoho tseo. Barzilai oa Gileade ke mohlala o motle ntlheng ena. Ha a e-na le lilemo tse 80, o ile a amohela Davida le lebotho la hae ka mofuthu haholo, a ba fa lijo le bolulo nakong ea borabele ba Absalome. Ha Davida a khutlela Jerusalema, Barzilai o ile a ba felehetsa ho ea fihla Nōkeng ea Jordane. Davida o ile a bolella Barzilai hore a ka mo etsa setho sa lelapa la hae la borena. Barzilai o ile a araba ka ho re: “Kajeno ke lilemo li mashome a robeli. . . . Na mohlanka oa hao a ka latsoa seo ke se jeleng le seo ke se noeleng, kapa na nka hlola ke sa mamela lentsoe la libini tsa banna le tsa basali? . . . Mohlanka oa hao Kimhame ke enoa. E-re a tšele le khosi ea ka morena; u mo etse se molemo mahlong a hao.”—2 Samuele 17:27-29; 19:31-40.
13 Ho sa tsotellehe maemo a fetohileng a Barzilai, o ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho thusa morena ea khethiloeng ke Jehova. Leha a ne a lemoha hore methatsoana ea hae ea tatso ha e sa sebetsa joaloka pele le hore litsebe tsa hae ha li sa utloa joaloka pele, o ne a sa hlonama. Ho e-na le hoo, Barzilai o ile a senola se ka pelong ea hae ha a buella hore Kimhame a fuoe melemo eo a neng a e tšepisoa. Kajeno, batho ba bangata ba hōlileng ba bontša moea o tšoanang le oa Barzilai oa ho se be baithati le oa ho fana ka seatla se bulehileng. Ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho tšehetsa borapeli ba ’nete, ba tseba hore “Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” Ke lehlohonolo le lekaakang ho ba le batho ba tšepahalang har’a rōna!—Baheberu 13:16.
14. Ho tsofala ha Davida ho eketsa moelelo joang mantsoeng a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 37:23-25?
14 Le hoja maemo a Davida a ile a fetoha ka makhetlo a mangata ha lilemo li ntse li feta, o ile a lula a kholisehile hore le ka mohla Jehova ha a fetole tsela eo a hlokomelang bahlanka ba hae ba tšepahalang ka eona. Pelenyana ho lefu la hae, Davida o ile a qapa pina e tsejoang e le Pesaleme ea 37 kajeno. Ak’u nahane feela ka Davida a tebisitse maikutlo, a letsa harepa a bile a bina mantsoe ana: “Mehato ea monna ea shahlileng e lokisitsoe ke Jehova, o khahloa ke tsela ea hae. Le hoja a ka oa, a ke ke a tabana fatše, etsoe Jehova o tšehelitse letsoho la hae. Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.” (Pesaleme ea 37:23-25) Jehova o bone ho hlokahala hore pesalemeng ena e bululetsoeng ho akarelletsoe taba ea botsofali ba Davida. Ka sebele sena se etsa hore mantsoe ao a amang maikutlo a be le moelelo!
15. Moapostola Johanne o ile a beha mohlala o motle joang oa botšepehi ho sa natsoe hore o ne a se a hōlile le hore maemo a hae a ne a se a fetohile?
15 Moapostola Johanne ke mohlala o mong o motle oa motho ea ileng a tšepahala ho sa tsotellehe maemo a fetohileng le ho hōla. Ka mor’a ho sebeletsa Molimo ka lilemo tse ka bang 70, Johanne o ile a lelekeloa sehlekehlekeng sa Patmose “ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 1:9) Leha ho le joalo, mosebetsi oa hae o ne o sa fela. Ha e le hantle, libuka tsohle tsa Bibele tse ngotsoeng ke Johanne, li ngotsoe lilemong tse qetelang tsa bophelo ba hae. Ha a ntse a le Patmose, o ile a fuoa pono e hlollang ea buka ea Tšenolo, eo a ileng a e ngola ka hloko. (Tšenolo 1:1, 2) Batho ba bangata ba lumela hore o ile a lokolloa botlamuoeng pusong ea Moemphera oa Moroma Nerva. Ka mor’a moo, hoo e ka bang ka 98 C.E., Johanne o ne a ka ba lilemo li 90 kapa 100, ha a ngola Kosepele le liepistole tse reheletsoeng ka eena.
Tlaleho e sa Hlakoheng ea Mamello
16. Ba sa khoneng ho bua ba ka bontša boinehelo ba bona ho Jehova joang?
16 Mefokolo e tla ka mefuta e mengata le ka tekanyo e sa tšoaneng. Ka mohlala, batho ba bang ba se ba bile ba sa khone ho bua. Leha ho le joalo, ba sa ntse ba thaba ha ba hopola lerato la Molimo le mosa oa hae o sa tšoanelang. Le hoja ba ke ke ba bua ho hongata ka melomo ea bona, lipelong tsa bona ba re ho Jehova: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Jehova eena, o tseba ba “nahanang ka lebitso la hae,” ’me oa lemoha hore ha ba tšoane le batho ba bangata, ba sa reng letho ka litsela tsa hae. (Malakia 3:16; Pesaleme ea 10:4) Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore Jehova o thabisoa ke seo re se thuisang ka lipelong tsa rōna!—1 Likronike 28:9; Pesaleme ea 19:14.
17. Bahlanka bao e leng khale ba sebeletsa Jehova ba finyeletse eng e khethehileng e le kannete?
17 Re ke ke ra hlokomoloha ’nete ea hore ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo tse mashome ba finyelletse tlaleho e sa hlakoheng ea mamello—e leng ntho e khethehileng e le kannete le e ke keng ea fumanoa ka tsela e ’ngoe. Jesu o itse: “Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.” (Luka 21:19) Re hloka mamello e le hore re tle re fumane bophelo bo sa feleng. Lōna ba entseng thato ea Molimo le ba phetseng ka botšepehi, le ka lebella ho amohela “phethahatso ea tšepiso.”—Baheberu 10:36.
18. (a) Jehova o thabela ho bona eng bathong ba hōlileng? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
18 Jehova o ananela tšebeletso eo u e etsang ka moea oohle a sa natse hore na u etsa ho hoholo kapa ho honyenyane hakae. Ho sa tsotellehe se etsahalang ka ‘motho ea ka ntle’ ha motho a tsofala, ‘motho ea ka hare’ eena a ka nchafatsoa letsatsi le letsatsi. (2 Bakorinthe 4:16) Ha ho pelaelo hore Jehova o ananela seo u se finyeletseng nakong e fetileng, empa ho totobetse hore o boetse o ananela seo u se etsetsang lebitso la hae hona joale. (Baheberu 6:10) Sehloohong se latelang, re tla tšohla liphello tse susumetsang tsa botšepehi boo.
U Tla Araba Joang?
• Anna o ile a behela Bakreste ba hōlileng ba kajeno mohlala ofe o motle?
• Ke hobane’ng ha ho hōla ho sa lokela ho sitisa motho ho seo a ka se finyellang?
• Batho ba hōlileng ba ka tsoela pele ba bontša boinehelo ba bona ba bomolimo joang?
• Jehova o nka tšebeletso eo batho ba hōlileng ba mo etsetsang eona joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Daniele ea hōlileng o ile a lemoha ka “libuka” hore na kholeho ea Bajuda e ne e tla nka nako e kae
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Batho ba bangata ba hōlileng ba beha mohlala tabeng ea ho ba teng kamehla libokeng, ho chesehela boboleli le ho labalabela ho ithuta