‘Tšabang Molimo le Ise Khanya ho Oona’
“Tšabang Molimo, isang khanya ho oona.”—TŠENOLO 14:7.
1. Ke mang eo re lokelang ho mo tšaba, ’me ke eng eo re sa lokelang ho e tšaba?
KE MANG EO RE LOKELANG HO MO TŠABA? Ka sebele hase drakone e khubelu, Satane, le makhotla a hae a bademona! Kreste Jesu o ile a leleka bana leholimong ka mor’a ho tsoaloa ha ’Muso ka 1914. Empa ka mor’a moo lipono tsa Apocalypse li senola hore mokhatlo o hlophisitsoeng oo Satane a o sebelisang mona lefatšeng ke boiteko ba hae ba ho qetela ba ho ema merero ea Molimo pele. Lintho tse hlahelletseng tšoantšisong ena ke libata tse peli tse bohale le seotsoa se tahiloeng—Babylona e Moholo. Na re lokela ho tšaba lintho tsee? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, re lokela ho tšaba Jehova le Kreste oa hae, bao ’Muso oa bona joale o seng o tlisitse lefatše le silafetseng la Satane kahlōlong ea lona ea ho qetela.—Liproverbia 1:7; Mattheu 10:28; Tšenolo 12:9-12.
Libata Tse Tletseng Bonyefoli
2. Ke sebata sefe se bonoang ponong ea borobeli, ’me se emela eng?
2 Ha pono ea borobeli ea Tšenolo e koaholloa, sebata se seng se nyoloha leoatleng le fuluhiloeng le entsoeng ka batho. Se na le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome tse roetseng meqhaka, ho bontša matla a borena ao Satane a se neileng ’ona. Se nyefola Jehova, se tšoara bahlanka ba Hae hampe joalokaha lengau, bere, kapa tau li ne li tla ba tšoara hampe; empa matla a sona ke a nakoana, kaha a nkiloe ho drakone, Satane, eo se tšoanang le eena haholo. Pejana moprofeta Daniele o ile a hlalosa mebuso ea bopolotiki ea lefatše e le libata, ebile hangata mebuso ka boeona e ’nile ea khetha libōpuoa tse hlaha e le matšoao a tsona a bochaba, joaloka tau ea Brithani le ntsu ea Amerika. (Daniele 8:5-8, 20-22) Empa, joale, re bona sebata se kopantseng libata tse ngata, se akarelletsang mebuso eohle ea bopolotiki ea histori ea Bibele eo hangata e ’nileng ea hatella bahlanka ba ’nete ba Molimo lefatšeng. “Lihloho” tse hlahelletseng har’a eona ke Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece, Roma, ’me ea ho qetela ke ’Muso oa Lefatše o Kopanetsoeng oa Manyesemane le Maamerika.—Tšenolo 13:1, 2; 12:3, 7-9.
3. (a) Ke joang e ’ngoe ea lihlooho tsa sebata e ileng ea ‘hlabjoa ka sabole’? (b) Sebata se linaka li peli se etella pele joang ha ho etsoa setšoantšo sa sebata sa pele? (c) Lebitso la sebata sa pele ke lefe ’me le na le bohlokoa bofe?
3 Ntoeng ea lefatše ea 1914 ho ea ho 1918, Brithani, joaloka ’muso oa lefatše oa bosupa, e ile ea ‘hlabjoa ka sabole’ ka mokhoa o neng o ka e bolaea. Empa United States of America ea e phallela. Ho tloha ka nako eo, Amerika le Brithani li ’nile tsa sebetsa ’moho e le ’muso oa lefatše o kopanetsoeng, oo Johanne a tsoelang pele ho o hlalosa e le sebata se nang le linaka tse peli, se nyolohang mokhatlong oa batho o hlophisitsoeng, “lefatše.” Sebata sena se linaka li peli se etella pele ho etseng setšoantšo sa sebata sa pele le ho se nea phefumoloho ea bophelo, e leng ho bontšang kamoo ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ileng oa fetoha motšehetsi ea ka sehloohong le monei-bophelo oa Selekane sa Lichaba hammoho le mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng. Sebata sa pele se na le palo, 666. Tšelela ke palo e sa phethahalang—e haelloang ho fihla ho supa e phethahetseng ea Bibele—kahoo ha tšelela e boletsoe ka makhetlo a mararo hoo ho bontša ho se phethahale ho soabisang ha babusi ba batho ba kajeno. Le hoja Lipaki tsa Jehova li hlonepha mebuso ’me li bea mohlala ka ho utloa melao ea linaha tseo li phelang ho tsona, ka sebete li hana ho rapela “sebata” kapa setšoantšo sa sona.—Tšenolo 13:3-18; Ba-Roma 13:1-7.
Tšabang Molimo—Hobane’ng?
4. (a) Ke bo-mang ba bonoang ba eme Thabeng ea Sione ea leholimo, ’me ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke baholo ba 24 ba emeng pel’a terone ea Molimo? (b) Phapang ke efe pakeng tsa “sefela se secha” se binoang ke batlotsuoa le “sefela se secha” se binoang ke bongata bo boholo?
4 Hajoale, ho sa lekane ka libata tseo! Ka mokhoa o fapaneng ka ho khathollang, pono ea borobong e shebane le Konyana. E eme Thabeng ea Sione, le ba 144 000 bao e ba rekang har’a batho hore e be lithakangoaha. Le hoja ba bang ba bona ba sa ntsane ba sebeletsa lefatšeng, ka kutloisiso ea moea bohle ba 144 000 ba “tlile thabeng ea Sione, . . . Jerusalema oa leholimo.” (Ba-Heberu 12:22) Ka ho loketseng, baholo ba 24 le bona ba bonoa mona pel’a terone ea Molimo, kaha ba tšoantšetsa sona sehlopha seo sa batlotsuoa ho tsoa ponong ea litaba e fapaneng—ha ba se ba tsositsoe ’me ba hlomamisitsoe e le marena le baprista. Ba 144 000 ba bina “sefela se secha.” Se hlaha phihlelong ea bona e ikhethang ea ho rekoa lefatšeng hore ba fetohe majalefa a ’Muso. Bongata bo boholo ba batho le bona bo ‘binela Jehova sefela se secha,’ empa sena se fapane ka hore bo bina ka tebello ea ho finyella bophelong bo sa feleng lefatšeng tlas’a ’Muso.—Tšenolo 7:9; 14:1-5; Pesaleme ea 96:1-10; Mattheu 25:31-34.
5. (a) Lengeloi le holimo sebakeng le bolela litaba life, ’me ke hobane’ng ha e le tsa ka ho sa feleng? (b) Lengeloi le fana ka taelo efe ka lentsoe le phahamileng, ’me ke hobane’ng ha e loketse hakaale?
5 Joale pono eo ea atoloha, Johanne o bona lengeloi le leng le fofang holimo sebakeng. Le tšoere litaba tse molemo hakaakang tseo le lokelang ho li phatlalatsa! Ke Evangeli ea ka ho sa feleng, hobane e bolela bophelo bo sa feleng ho ba tsoang lichabeng tsohle le merabeng eohle le lipuong tsohle le mefuteng eohle ba utloang Molimo nakong ena ea kahlolo ea oona. Ho fapana le libata tse tšabehang tseo Johanne a sa tsoa li hlalosa, ke hobane’ng ha Molimo oo o babatsehang o ke ke oa rapeloa, e, oa halaletsoa? Ke Oona o bōpileng leholimo le lefatše. Ke Mohloli oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leng teng, e phelang le e sa pheleng. Ka hona, ho na le lebaka le matla, leo ka lona lengeloi le laelang ka lentsoe le phahameng hore; “TŠABANG MOLIMO, ISANG KHANYA HO OONA”! Lentsoe la lengeloi leo le utluoa lefatšeng lohle, ’me Lipaki tsa Jehova li amohela le ho pheta memo ea lona e susumetsang e eang ho batho bohle ka lipuo tse ka bang 200.—Tšenolo 14:6, 7; Esaia 45:11, 12, 18.
Ho oa ha Babylona e Moholo
6. Ke litaba life tse hlasimollang tseo lengeloi le leng le li phatlalatsang?
6 Ho hlaha lengeloi le leng. Ka sebele molaetsa oa lona ke o hlasimollang kaha le phatlalatsa hore: “O oele, o oele, Babylona, motse o moholo, hobane o noesitse lichaba tsohle veine ea bohale ba bootsoa ba oona.” (Tšenolo 14:8) Babylona e Moholo ke mang, hoo a ka khonang ho eka lichaba le ho etsa hore li tahoe?
7. Babylona e Moholo ke eng, ’me e hlahile joang?
7 Babylona oa boholo-holo e ne e le setsi sa bolumeli ba bohata, bo ileng ba tlala lefatše ’me ba fetoha ’muso oa lefatše oa bodemona, oo ka nepo o bitsoang “Babylona e moholo.” Ka mor’a nako, Roma e ile ea e-ba eona e hlahelletseng ’musong oo oa bolumeli, kaha Bokreste ba bokoenehi bo hlahile tlas’a Roma. Roma e sa ntsane e le setsi sa lefatše sa bolumeli ba Babylona. Sena se ile sa totobala ka 1986 ha baeta-pele ba bolumeli ba lefatše ba arabela pitso ea mopapa oa Roma ka ho phutheha ’moho le eena Assisi, haufi le Roma, ho rapella Selemo sa Machaba sa Khotso se phatlalalitsoeng ke Machaba a Kopaneng.
8. (a) Babylona e Moholo e qalile ho oa haholo joang, ’me hoo ho bonahetse ho tloha neng? (b) Ke eng e bontšang hore lithapelo tsa khotso tsa baeta-pele ba bolumeli ha li arabjoe?
8 Leha ho le joalo, Babylona e Moholo e se e qalile ho oa ka mokhoa o moholo! Ho tloha ka 1919 sena se ile sa pakoa ke tšehetso e ntseng e fokotseha ea bolumeli ba bohata lefatšeng ka bophara. Joale bokomonisi bo sa lumeleng ho Molimo bo laola libaka tse khōlō tsa lefatše. Bacha ba kajeno ba rutoa thuto ea hore lintho-li-ikentse, e hanyetsang Lentsoe la Molimo. Europe ea Boprostanta ke batho ba seng bakae ba sa ntsaneng ba ea kerekeng, ’me mopapa ea ikentseng hloma-u-hlomole o loanela ho boloka ’muso oa hae oa K’hatholike o kopane. Ka ho hlakileng lithapelo tse eang ho melimo e mengata-ngata ea malumeli a lefatše ha li arabjoe. Ruth L. Sivard o tlalehile hore: “Lintoa tse mashome a mabeli a metso e ’meli li ne li ntse li loanoa ka 1987, e leng lintoa tse ngata ho feta tsa selemo leha e le sefe pele ho moo tse tlalehiloeng historing. Ho tla fihlela joale kakaretso ea bohle ba shoeleng lintoeng tsena e etsa bonyane 2 200 000—’me e ntse e nyoloha ka potlako.”a Seboka sa thapelo sa Assisi se ipakile e le se se nang thuso hakaakang! Empa ho ntse ho le joalo mopapa o ile a tšoaea mokete oa boikhopotso ba seboka seo ka 1987 ka ho etsa khau e nang le setšoantšo sa hae ka lehlakoreng le leng le setšoantšo sa seboka seo sa thapelo ka lehlakoreng le leng. Ba ntse ba “re: Khotso! khotso! kanthe ha ho khotso.”—Jeremia 6:14.
Bootsoa ba Babylona Boa Pepesoa
9. Baruti ba Babylona e Moholo ba se ba tumme ka mekhoa efe ea boitšoaro bo bobe?
9 Tšenolo 14:8 e bontša hore Babylona e Moholo ke sehlola. Baruti ba eona ba se ba tsebahala ka mekhoa ea bona ea boitšoaro bo bobe. Baevangeli ba thelevishineng ba hontse mehlape ea bona makholo a limillione tsa liranta, ha ka nako e tšoanang ba ntse ba etsa boitšoaro bo bobe bo tšabehang. Boprista ba K’hatholike le bona bo belaelloa haholo, joalokaha ho bontšoa ke tlaleho e latelang e ho The Beacon Journal ea Philadelphia, Pennsylvania, ea la 3 Pherekhong, 1988: “Bana ba makholo-kholo ba hleka-hlekiloeng ka likamano tsa botona le botšehali ke baprista ba K’hatholike United States lilemong tse fetileng tse hlano ba hlokofalitsoe haholo ke ho sithabetseha maikutlo, ho rialo batsoali, litsebi tsa kelello, liofisiri tsa sepolesa le babuelli ba molao ba amehang linyeoeng tseo.” Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo silafalitse botumo ba baruti ba bangata ba Babylona e Moholo.
10. (a) Ho Tšenolo 18:3, ke eng e tšoantšetsoang ke “bootsoa” ba Babylona e Moholo? (b) Joalokaha ho boletsoe ho Tšenolo 18:24, ke hobane’ng ha baruti ba Babylona e Moholo ba jara molato oa mali o boima?
10 Empa, “veine ea bohale ba bootsoa ba hae,” ka ho khethehileng e bolela ho ratana ha bolumeli ba bohata le babusi, ho tšehetsa liphutuho tsa bona tsa bopolotiki le lintoa tsa bona, ho susumelletsa batho ho rapela karolo e ’ngoe ea bochaba ea sebata. Hangata bo-ralipolotiki ba ’nile ba fumana bolumeli e le ’mate ea molemo haholo ho finyelleng lipakane tsa bona, joalokaha ho ka bonoa tumellanong e ileng ea etsoa ke Hitler le Vatican ka 1933 le Ntoa ea Lehae ea Spain ea 1936 ho ea ho 1939. Ntoeng ea II ea Lefatše, baruti ba K’hatholike, Prostanta, Buddha, le malumeli a mang mahlakoreng ka bobeli ba ile ba iketsa eka ba tahiloe ke cheseho ea bochaba ea ntoa. Ba jara molato oa mali o boima bakeng sa mashome a limillione a masole le batho ba sa loaneng ba shoeleng ntoeng ho tloha ka 1914. Baruti ba ileng ba tšehetsa Mafasi le Manazi le bona ba molato oa mali ka baka la Lipaki tsa Jehova, le ba bang, ba ileng ba ahlōleloa lefu kapa ba shoella likampong tsa mahloriso.—Jeremia 2:34; Tšenolo 18:3, 24.
11. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng le bongata bo boholo ba batho ba hanne ho rapela eng? (b) Ke litebello life tse hlollang tse re fang lebaka le matla la ho tšaba Molimo le ho isa khanya ho oona?
11 Lilemong tse fetileng tse 74, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang, hammoho le lenane le ntseng le eketseha la bongata bo boholo ba batho, ba ’nile ba TŠABA MOLIMO ’ME BA ISA KHANYA HO OONA. Re sa sisinyehe re ile ra hana ho rapela karolo leha e le efe ea bochaba ea sebata. Re ile ra hana ho tlotlisa setšoantšo sa sebata—Selekane sa Lichaba le Machaba a Kopaneng—hobane re hlokomela hore ke “’muso oa Morena [Jehova) oa rōna le oa Kreste oa hae” feela o ka tlisang khotso ea ’nete le tšireletseho. Re lutse re ikemiselitse ho boloka “litaelo tsa Molimo le tumelo . . . ho Jesu.” Mamello eo e tla putsoa! Bakreste ba tlotsitsoeng ba “shoelang Moreneng” ba baloa ba le lehlohonolo, hobane “mesebetsi ea bona ea ba latela.” Ha e le batho leha e le bafe ba bongata bo boholo ba ka ’nang ba shoa tlas’a mahloriso, ka baka la ho kula, kapa ka likotsi, setsoalle seo ba se hahileng le Molimo se ba tiisetsa tsoho ea pele ho kena mokhatlong oa “lefatše le lecha.” Ka sebele litebello tsena tse hlollang li fana ka lebaka le matla la ho TŠABA MOLIMO LE HO ISA KHANYA HO OONA.—Tšenolo 11:15, 17; 12:10; 14:9-13; 21:1.
12. Ho qaleha mekete efe e ’meli ea kotulo, hona neng?
12 Ha kahlōlo e ntse e tsoela pele, mangeloi a etsa pitso bakeng sa mekete e ’meli ea ho kotula. Ka ho hlakileng Mokotuli oa pele ke Jesu, ea beiloeng teroneng khanyeng ea ’Muso ho tloha ka 1914, hobane o kaletse leru le lesoeu, o roetse moqhaka, ’me ke “ea kang Mor’a motho.” Joale, letsatsing la Morena, o kotula lefatše, a qala ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba setseng e be o kena ho limillione tsa bongata bo boholo ba batho. (Bapisa Mattheu 25:31-34; Johanne 15:1, 5, 16.) Ka ho fapaneng, kotulo ea bobeli ke ea “merara ea lefatše,” e akheloang “sehatelong se seholo sa bohale ba Molimo.” Ena ke kahlōlo e phethahatsoang ka Harmagedone, ha mokhatlo o khopo, o senyehileng oa batho o fotholoa ’me litholoana tsa oona tse chefu li khotloa. E se eka Jehova a ka tlotlisoa ha a hleka lefatšeng morara ona o chefu!—Tšenolo 14:14-20; 16:14, 16.
“Jehova . . . Ea Lokileng le Oa ’Nete”
13. (a) Ponong ea leshome, ke pina efe eo batlotsuoa ba tsositsoeng ba e binang, ’me mantsoe a eona a re’ng? (b) Likahlōlo tse lokileng tsa Molimo li bontšitsoe joang ka ho hlaka ponong ee?
13 Ponong ea leshome ea Tšenolo, re boetse re bona lintho tse etsahalang leholimong pel’a terone ea Molimo. O potiloe ke thabo e kaakang! Batlotsuoa ba tsositsoeng—ba tsoileng ba hlōtse ka baka la ho TŠABA MOLIMO LE HO ISA KHANYA HO OONA—ba bina ‘sefela sa Moshe le sa Konyana’: “E meholo, ea babatseha, mesebetsi ea hao, Morena Molimo o matla ’ohle! Oho, Morena oa lichaba, litsela tsa hao li lokile hakakang, ke ’nete feela! Ea sa tl’o u tšaba ke ha e le mang, Morena? Ea sa tl’o tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ea halalelang ke uena u ’notši. ’Me lichaba tsohle li tla tla, li khumame maotong a hao, kahobane likahlolo tsa hao li beiloe pepeneneng.” Ka sebele likahlōlo tsa Molimo li lokile ’me ke tsa ’nete, joalokaha li bontšitsoe ka ho hlaka ho hokana ponong ena kaofela! Mangeloi a tšolla linkho tse supileng tsa bohale ba Molimo, e leng ho isang ho bokelloeng ha lichaba ho ea Harmagedone le khopotsong ea hore ‘Molimo o hopotse Babylona e Moholo’! Ka sebele pitso ea ho TŠABA MOLIMO LE HO ISA KHANYA HO OONA e nakong.—Tšenolo 15:1–16:21.
14. Liponong tsa 11 le 12, Babylona e Moholo e phetha karolo efe e hlahelletseng, hona ke hobane’ng ha e le nako ea hore batho ba e furalle?
14 Babylona e Moholo e boleloa ka makhetlo ho Tšenolo. Re boetse re e bona e le eona ntho e ka sehloohong liponong tsa 11 le 12. E ‘lutse holim’a metsi a mangata,’ e laola batho ’me e etsa hore ba tahoe ka lithuto tsa eona tse chefu, tsa bohata. Eona ka boeona e tahiloe ke “mali a bahalaleli,” bao e ba bolaileng ka mahloriso, hape e molato oa mali a “bohle ba bolailoeng lefatšeng,” ka baka la ho fehla ha eona ntoa ka mano. Lilekane tsa eona tsa ho hoeba le khoebo e khōlō le ho honya ha eona chelete ho batho li tlisitse leruo le lengata le fumanoeng ka bomene-mene. Ho nyatsehang ka ho fetisisa e bile ho bōka ha eona ha bopolotiki, esita le ho ea boholeng ba ho kalla sebata sa khotso le tšireletseho—Machaba a Kopaneng, bakeng sa botumo. Empa linaka tse hlometseng tsa sona sebata seo li haufi le ho e tsekolla le ho e timetsa. Ke nako ea hore bohle ba TŠABANG MOLIMO LE BA ISANG KHANYA HO OONA ba e furalle, “hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.”—Tšenolo 17:1–18:24.
15. Timetso ea seotsoa se seholo e isa lipineng life tsa thoriso ’me e lateloa ke ketsahalo efe e ’ngoe e thabisang?
15 Ka hona, timetso ea Babylona e Moholo e tla e le kahlolo e lokileng e tsoang ho Jehova. Ho ananela sena, ho hoeletsoa ‘Lialleluya,’ ho tloha leholimong ho tla lefatšeng, li bolela hore poloko, khanya, le matla ke tsa Jehova. Mehoo ena ea “Rorisang Jah, lōna batho!” (NW) e senola thabo e kholo e bang teng ka timetso ea ka ho sa feleng ea seotsoa se seholo. Ho ripitloa ha sona ho fapane hakaakang le ketsahalo e thabisang ka ho fetisisa e bang teng leholimong—lenyalo la Konyana, Kreste Jesu, le monyaluoa oa hae, bahloli ba tšepahalang ba 144 000! Ho phahamisetsoa pina ea thoriso e kang sealuma ho “Morena, Molimo oa rona o matla ’ohle,” e, “a re thabeng, re nyakalle, ’me re ise khanya ho oona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, ’me mosali oa eona o itokisitse”!—Tšenolo 19:1-10.
16. Ho latela pono ea 13, ke tseko efe e tla qetella e rarollotsoe, hona joang?
16 Leha ho le joalo, pele lenyalo leo la leholimo le qaleha, pono ea 13 e bontša kamoo ho rarolloang tseko e amang bobusi ba Jehova. Morena oa marena le ’Musi oa babusi ea beiloeng ke eena, Jesu, a e-na le makhotla a mangeloi, “o ahlola, o loana ka ho loka,” o hatakela sehatelo sa veine ea khalefo ea bohale ba Molimo o Matla ’Ohle. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe e setseng ea tsamaiso ea lefatše la Satane e thumakanngoa likoto, ea silakanngoa! (Tšenolo 19:11-21) Ha re talima ka lipono tsa Tšenolo tlhōlo eo e atamelang ka potlako, ka sebele re na le mabaka ’ohle a ho TŠABA MOLIMO LE HO ISA KHANYA HO OONA!
Ho Tlotlisa Molimo ka ho sa Eeng Kae
17. Lipono tsa 14 le 15 li senola eng ka phello e thabisang e tla tlela bohle ba tšabang Molimo le ba isang khanya ho oona?
17 Lipono tsa 14 le 15 tsa Tšenolo li senola phello e thabisang e tla tlela bohle ba TŠABANG MOLIMO LE BA ISANG KHANYA HO OONA. Ha Satane le bademona ba hae ba koaletsoe sekoting ka lilemo tse sekete, lenyalo la leholimo la Konyana le monyaluoa oa eona lea qaleha, ’me marena le baprista bana ba 144 001 ba busa ka lilemo tse sekete ba khutlisetsa batho phethehong. Ka mor’a teko ea ho qetela, ba tsoelang pele ho TŠABA MOLIMO LE HO ISA KHANYA HO OONA ba tla hlōla ’me ba amoheloe bakeng sa bophelo bo sa feleng. Bana ba tla akarelletsa bafu ba likete tse limillione ba tsositsoeng, “ba banyenyane le ba baholo,” ba ipakang ba tšoaneleha hore mabitso a bona a ngoloe bukeng ea bophelo. “Leholimo le lecha le lefatše le lecha” li tla tlisetsa batho mahlohonolo a ke keng a lekanngoa, mahlohonolo a seng a tiisitsoe, hobane ho joalokaha Ea Etsang hore ‘lintho tsohle li be ncha,’ Jehova, a bolela: “Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”—Tšenolo 20:1–21:8.
18. Ho latela pono ea 16, tlhōrō ea buka ea Tšenolo ke efe?
18 Pono ea 16 e re bontša tlhōrō ea Tšenolo. Ke eng? Ke pono ea motse. Motse ona, Jerusalema e Mocha, o fapane hole le motse leha e le ofe o kileng oa hahoa ke motho mona lefatšeng—o fapane hōle-hōle le Babylona e Moholo, motse oo bokoenehi ba oona, boitšoaro ba oona bo litšila, le bootsoa ba oona ba bopolotiki li hlompholotseng Molimo hakana. Motse o halalelang ha o na letheba, o hloekile, oa benya. Ke monyaluoa oa Konyana, mothusi oa hae ha a abela lefatše la batho bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Ha ho makatse he hore e be pitso ea ho tsoa motseng oo o tletseng bolotsana, Babylona e Moholo, e etsoa ka lentsoe le phahamileng, ka ho hlaka ho hokana!—Tšenolo 18:4; 21:9–22:5.
19. (a) Ho phatlalatsoa memo efe ka sehlopha sa monyaluoa, ’me ba bonolo ba arabela joang? (b) Ho fana ha rōna ka karabelo e nepahetseng taelong e reng “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona” ho tla fella ka eng?
19 Moea o matla oa Jehova ka sehlopha sa monyaluoa o ntša memo e susumetsang: “Tloo!” E, lōna bohle ba bonolo ba laba-labelang bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatše lohle, tloong ‘nōkeng ea metsi a bophelo,’ le amohele litokisetso tsohle tsa Jehova tsa ho fumana bophelo bo sa feleng ka Kreste le monyaluoa oa hae! Ke tebello e hlollang hakaakang—bophelo ba botho bo phethahetseng lefatšeng la paradeise! E tla ba moputso ho ba bangata ba fanang ka karabelo e nepahetseng taelong e reng: “TŠABANG MOLIMO, ISANG KHANYA HO OONA”!—Tšenolo 22:6-21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a World Military and Social Expenditures 1987-88.
U NE U TLA ARABELA JOANG?
◻ Re fumana taelo efe e nakong ponong ea libata tse peli?
◻ Re lokela ho arabela joang phatlalatsong ea lengeloi le fofang holimo sebakeng?
◻ Babylona e Moholo e kenelletse joang bootsoeng, ’me ba tšabang Molimo ba talima hoo joang?
◻ Lefatše le kotuloa joang letsatsing la Morena?
◻ Ke liketsahalo life tse thabisang tse koalang Tšenolo, ’me batho ba Molimo ba ka kenella ho tsona joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Khau ena ea “bronze” e ile ea lokolloa ka Mphalane 1987 moketeng oa boikhopotso ba Thapelo ea Khotso ea Assisi. Ka lehlakoreng le leng ke setšoantšo sa “Ntate ea Halalelang” se pota-potiloeng ke letsatsi le mongolo o reng: “John Paul II Pontifex Maximus.” Ka lehlakoreng le leng “Mohalaleli Francis” o etsa mohoo oa “Khotso Mpho ea Molimo” Sebokeng sa Thapelo ea Khotso sa Assisi