Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Hlaolela Kamano e Haufi-ufi le Jehova
    Molula-Qhooa—2000 | January 15
    • Morena ea bohlale o tsoela pele: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. Litseleng tsohle tsa hao u mo ele hloko, ’me eena o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6, NW

  • Hlaolela Kamano e Haufi-ufi le Jehova
    Molula-Qhooa—2000 | January 15
    • Ke joang re ka ‘elang Jehova hloko litseleng tsohle tsa rōna’? Mopesaleme ea bululetsoeng o re: “Ka sebele ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao, ’me ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.” (Pesaleme ea 77:12, NW) Kaha Molimo ha a bonahale, ho nahana ka liketso tsa hae tse khōlō le ka litšebelisano tsa hae le batho ba hae ke habohlokoa bakeng sa ho hlaolela kamano e haufi-ufi le eena.

      Thapelo ke tsela e ’ngoe hape eo ka eona re ka elang Jehova hloko. Morena Davida o ile a lula a ipiletsa ho Jehova “tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 86:3) Davida o ne a atisa ho rapela bosiu bohle, joaloka nakong ea ha e ne e le ’malehi lefeelleng. (Pesaleme ea 63:6, 7) Moapostola Pauluse o khothatsa ka matla: ‘Le tsoele pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea.’ (Baefese 6:18) Re rapela hangata hakae? Na re thabela ho ba le puisano e tlohang pelong le Molimo? Ha re tobane le maemo a lekang, na re kōpa thuso ho eena ka tieo? Na pele re etsa liqeto tsa bohlokoa rea mo rapela hore a re tataise? Lithapelo tsa rōna tse tiileng ho Jehova li etsa hore a re rate. ’Me re na le kholiseho ea hore o tla mamela lithapelo tsa rōna ’me ‘a otlolle litsela tsa rōna.’

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela