Ho Ananela Basali le Mosebetsi oa Bona
LILEMONG tse likete tse tharo tse fetileng, monna ea bitsoang Lemuele o ile a ngola tlhaloso e thabisang ka mosali ea khabane. E tlalehiloe ka Bibeleng ho Liproverbia khaolo ea 31. Mosali eo a rorisang makhabane a hae ka sebele o ne a le maphathaphathe. O ne a hlokomela lelapa la hae, a hoeba ’marakeng, a reka le ho rekisa litša, a etsetsa ba ntlo ea hae liaparo, a bile a sebetsa masimong.
Mosali enoa o ne a sa nkoe habobebe. ‘Bana ba hae ba ’mitsa ea lehlohonolo le monna oa hae le eena oa mo rorisa.’ Mosali ea joalo ke letlotlo. Bibele e re: “Ke ea bohlokoa ho fetisa liperela hole.”—Liproverbia 31:10-28.
Ho tloha mehleng ea Lemuele, ha ho phetoho ea letho mosebetsing oa basali haese hore o ’nile oa rarahana le ho feta. Hangata karolo eo ba e phethang lekholong lena la bo20 la lilemo e ba hloka hore e be basali, bo-’mè, baoki, matichere, baphelisi ba malapa le lihoai—tseo tsohle ka nako e le ’ngoe. Basali ba bangata ba itela ka ho feletseng e le hore ba bone hore bana ba bona ba na le lijo tse lekaneng. Na basali baa bohle ha baa lokeloa ke kananelo le thoriso?
Basali Bao e Leng Baphelisi ba Malapa
Kajeno ho feta leha e le neng pele basali ba ntseng ba eketseha ba tlameha ho hiroa e le hore ba thuse ho hlokomela malapa a bona kapa hore ba hlokomele ba le bang. Buka e bitsoang Women and the World Economic Crisis e qotsa tlaleho e itseng: “Mosebetsi oa lapeng hase oona feela oo basali ba o etsang. E batla e le basali ba seng bakae feela lefatšeng ho pota ba ka ipolelang hore bona ke ‘bo-’mè ba malapa feela.’” ’Me ke ka seoelo mosebetsi oa basali o khahlisang. Le hoja, limakasine kapa litšoantšiso tsa thelevisheneng li ka ’na tsa fana ka maikutlo a hore basali ke batsamaisi liofising tsa maemo a phahameng, ’nete ea taba ke hore hangata boemo e ba bo fapaneng haholo. Karolo e khōlō ea basali lefatšeng e sehla ka thata ka lihora tse telele bakeng sa moputso o seshoai.
Basali ba makholo a limilione ba sebetsa masimong, ba hlaolela lijalo, ba hlokomela liratsoana tsa lelapa, kapa ba hlokomela mehlape. Mosebetsi ona—oo hangata o lefuoang moputso o tlaase kapa o sa lefuoeng ho hang—o fepa halofo ea batho ba phelang lefatšeng. Buka e bitsoang Women and the Environment ea tlaleha: “Afrika, karolo ea 70 lekholong ea lijo e lengoa ke basali, Asia palo e pakeng tsa karolo ea 50-60 lekholong, ’me Latin America ke karolo ea 30 lekholong.”
Ha basali ba sebetsa mosebetsi o lefuoang, hangata ba lefuoa moputso o ka tlaase ho oa banna, hobane feela e le basali. Khethollo ena e ba bohloko ka ho khetheha ho ’mè eo e leng eena feela mophelisi oa lelapa, e leng karolo e ntseng e ata haholo. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e hakanya hore malapa a pakeng tsa karolo ea 30 le 50 lekholong a Afrika, Caribbean le Latin America a itšetlehile ka basali e le bona bahlokomeli ba ka sehloohong. Esita le linaheng tse batlang li tsoetse pele haholo moruong, basali ba ntseng ba eketseha ba tlameha ho ba bahlokomeli ba ka sehloohong.
Boemo bona bo totisoa ke bofutsana libakeng tse ngata tsa mahae linaheng tse sa tsoelang pele moruong. Monna ea fumanang ho le thata ho fepa lelapa la hae a ka ’na a etsa qeto ea ho fallela motseng o mong o haufi kapa esita le ho fallela naheng e ’ngoe ho ea batla mosebetsi teng. O siea mosali lapeng hore a sale a hlokomela lelapa. Haeba a atleha ho fumana mosebetsi, o romela moputso hae. Empa ho sa tsotellehe boikemisetso ba hae bo botle, hangata sena hase tsoele pele. Lelapa leo a le siileng morao le ka ’na la tetebela bofutsaneng ho feta, ’me joale katleho ea lona e se e itšetlehile ka ’mè.
Tatelano ena ea liketsahalo tse bohloko, e ka ’na ea hlalosoa e le “bofutsana ba batho ba batšehali,” e leng ho lahlelang moroalo o boima ho basali ba limilione. Buka e bitsoang Women and Health ea hlalosa: “Malapa a eteletsoeng pele ke basali, a hakanyetsoang ho le le leng ho a mang le a mang a mararo a lefatšeng, e atisa ho ba a futsanehileng ho feta a eteletsoeng pele ke banna, ’me lenane la malapa a joalo le ntse le eketseha.” Empa leha ho le thata joalo, ho fepa lelapa hase eona phephetso feela eo basali ba tobaneng le eona.
Bo-’mè le Matichere
’Mè o boetse o tlameha ho hlokomela boiketlo ba bana ba hae maikutlong. O phetha karolo ea bohlokoa ho thuseng ngoana ho ithuta ho ba le lerato le boikutlo bo mofuthu—e leng karolo eo e leng ea bohlokoa feela joaloka ea ho khotsofatsa litlhoko tsa hae tsa nama. E le hore ngoana a hōle ho ba motho e moholo ea leka-lekaneng, o hloka ho hōlela tikolohong e mofuthu le e sireletsehileng. Le tabeng ena, ’mè o phetha karolo ea bohlokoa.
Bukeng e bitsoang The Developing Child, Helen Bee oa ngola: “Motsoali ea mofuthu o tsotella ngoana oa hae, o mo bontša boikutlo bo mofuthu, khafetsa kapa kamehla o beha litlhoko tsa ngoana pele, o bontša ho thahasella mesebetsi ea ngoana, ’me o bontša ho nahanela le kutloelo-bohloko bakeng sa maikutlo a ngoana.” Ka sebele, bana ba filoeng mofuthu o joalo ke ’mè ea tsotellang ba lokela ho bontša kananelo.—Liproverbia 23:22.
Bo-’mè ba bangata ba etsetsa bana ba bona tikoloho e mofuthu ka ho ba anyesa ho tloha ha ba tsoaloa feela. Haholo-holo malapeng a futsanehileng, lebese la ’mè ke mpho ea bohlokoahali eo ’mè a ka e fang lesea la hae. (Bona lebokose le leqepheng la 10-11.) Ka ho thahasellisang, Bibele e re bolella hore moapostola Pauluse o ile a bapisa boikutlo ba hae bo mofuthu ka Bakreste ba Thesalonika le ba “’mè ea anyesang” ea ‘baballang bana ba hae.’—1 Bathesalonika 2:7, 8.
Ntle le ho ba ea fepang le ea baballang bana ba hae, hangata ’mè ke eena tichere e ka sehloohong. Ha Bibele e eletsa ka ho re, “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ke ua furalla taeo ea ’m’ao,” e bontša ka tsela e sa tobang ho pharalla ha karolo eo bo-’mè ba e phethang ho ruteng bana ba bona. (Liproverbia 1:8) Hangata e ba ’mè kapa nkhono eo ka mamello a rutang ngoana ho bua, ho tsamaea le ho etsa mesebetsi ea lelapa le lintho tse ling tse ngata.
Kutloelo-bohloko e Hlokahala Haholo
E ’ngoe ea limpho tse khōlō ka ho fetisisa eo basali ba ka fanang ka eona ho ba malapa a bona ke kutloelo-bohloko. Ha setho sa lelapa se kula, ’mè o phetha karolo ea mooki, ha ka nako e tšoanang a ntse a hlokomela mesebetsi e meng ea hae kaofela. Buka e bitsoang Women and Health ea hlalosa: “Ha e le hantle basali ke bona ba fanang ka boholo ba tlhokomelo ea bophelo lefatšeng.”
Kutloelo-bohloko ea ’mè e ka ba ea mo susumelletsa hore a je hanyenyane e le hore bana ba hae ba se ke ba robala ka tlala. Bafuputsi ba fumane hore basali ba bang ba nka hore lijo tseo ba li jang li lekane le hoja ba haelloa ke lijo ’meleng. Ba se ba tloaetse ho ngoathela banna le bana lijo tse ngatanyana hoo ba nahanang hore ba fepehile hantle, haeba feela ba ntse ba khona ho sebetsa.
Ka linako tse ling, kutloelo-bohloko ea mosali e iponahatsa ka ho ameha ha hae ka tikoloho ea moo a phelang teng. O tsotella tikoloho eo, kaha le eena oa sotleha ha komello, ho fela ha lekhulo le ho senyeha ha meru li sohloka naha. Toropong e ’ngoe ea India, basali ba ile ba halefa ha ba utloa hore k’hamphani e ’ngoe ea mapolanka e ne e tlil’o rema lifate tse ka bang 2500 morung o haufi le moo. Basali ba ne ba hloka lifate tseo bakeng sa lijo, libeso le furu. Ha baremi ba lifate ba fihla, basali ba ne ba se ba ntse ba le sebakeng seo, ba tšoarane ka matsoho, ba likalikelitse lifate tseo ho li sireletsa. Basali bao ba ile ba bolella baremi ba lifate: ‘Le tla tlameha ho re khaola lihlooho haeba le batla ho rema lifate tsena.’ Moru oo o ile oa pholosoa.
“Mo Nehe Moputso oo a o Sebelelitseng”
Ho sa tsotellehe hore na o phetha karolo ea ho ba mophelisi oa lelapa, ’mè, tichere, kapa mohloli oa kutloelo-bohloko, mosali o tšoaneloa ke tlhompho le kananelo, ho joalo le ka mosebetsi oa hae. Monna ea bohlale Lemuele, o ile a babatsa mosali ea khabane, a tlotla mosebetsi oa mosali hammoho le keletso ea hae. Ha e le hantle, Bibele e hlalosa hore molaetsa oa hae o ne o itšetlehile haholo ka thupelo eo ’mè oa hae a neng a mo file eona. (Liproverbia 31:1) Lemuele o ne a kholisehile hore mosali le ’mè ea hlokolosi ha aa lokela ho khelloa fatše. O ile a ngola: “Mo nehe moputso oo a o sebelelitseng. Mesebetsi ea hae e mo tlisetsa thoriso.”—Liproverbia 31:31, New International Version.
Leha ho le joalo, ha Lemuele a ne a tlaleha maikutlo ao, e ne e se feela ho bontša monahano oa motho. A tlalehiloe ka Bibeleng, e leng Lentsoe la Molimo. “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Likhopolo tseo li bontša boikutlo ba Molimo ea Matla ’Ohle ka basali, kaha Molimo o bululetse litemana tseo tse ka Bibeleng molemong oa hore li re rute.
Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le bolela hore banna ba lokela ho “abela [basali ba bona] tlhompho.” (1 Petrose 3:7) ’Me ho Baefese 5:33, monna oa bolelloa: “E mong le e mong oa lōna ka bomong a a rate joalo mosali oa hae joalokaha a ithata.” Ha e le hantle, Baefese 5:25 e re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a nehelana ka eena ka boeena bakeng sa eona.” E, Kreste o ile a bontša lerato le joalo ho balateli ba hae hoo a ileng a ba a ikemisetsa ho ba shoela. Ke mohlala o motle hakaakang, oa ho hloka boithati oo a o behetseng banna! ’Me litekanyetso tseo Jesu a neng a li ruta ’me a phela ka tsona li bontša litekanyetso tsa Molimo, tse tlalehiloeng ka Bibeleng molemong oa rōna.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mosebetsi oa bona o boima likarolong tse ngata hakana, ke ka seoelo basali ba bangata ba rorisoang ka seo ba se etsang. Ke joang ba ka ntlafatsang boemo ba bona esita le hona joale? ’Me, na ho tla ke ho etsahale hore tsela eo ba tšoeroeng ka eona e fetohe? Litebello tsa nakong e tlang ka basali ke life?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10, 11]
Litsela Tse Tharo Tseo Mosali A Ka Ntlafatsang Boemo Ba Hae Ka Tsona
Thuto. Ho na le basali ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ba ka bang limilione tse 600—bao bongata ba bona ba e-song ho ka ba e-ba le monyetla oa ho ea sekolong. Le uena mohlomong u kene sekolo hanyenyane, empa seo hase bolele hore u ke ke ua ithuta. Ha ho bonolo, empa basali ba bangata ba ’nile ba atleha. Buka e bitsoang Women and Literacy ea hlalosa: “Mabaka a bolumeli a ka phetha karolo ea bohlokoa ho susumetseng batho ba baholo ho fumana tsebo ea ho bala le ho ngola.” Ho khona ho ipalla Bibele ke moputso o mong o molemo oa ho ithuta ho bala. Empa ho na le melemo e meng e mengata.
Hase feela hore ’mè ea tsebang ho bala le ho ngola o na le menyetla e meholoanyane litabeng tsa moruo, empa a ka boela a ithuta ka mekhoa ea ho phela hantle ’meleng. Setereke se seng sa India se bitsoang Kerala se bontša ka tsela e susumetsang melemo e meng e tlisoang ke ho tseba ho bala le ho ngola. Le hoja, setereke sena ka karolelano se kenya chelete e tlaase, karolo ea 87 lekholong ea basali ba ho sona e tseba ho bala le ho ngola. Ho thahasellisang ke hore hona seterekeng seo lenane la masea a shoang le tlaase ho feta la a shoang literekeng tse ling tsa India ka makhetlo a mahlano; ka karolelano, basali ba phela haleletsana ka lilemo tse 15; ’me banana bohle ba kena sekolo.
Ka tlhaho, ’mè ea tsebang ho bala le ho ngola o susumelletsa bana ba hae ho ithuta—haholo-holo ka ketso. Ho ruta banana ke letsete le babatsehang. Khatiso ea United Nations Children’s Fund (UNICEF) e bitsoang The State of the World’s Children 1991 e bolela hore ha ho letho le leng le nang le matla a joalo le khonang ho ntlafatsa bophelo bo botle ’meleng ba lelapa le ho ntlafatsa bophelo ba basali ka bobona. Ha ho pelaelo hore ho tseba ho bala le ho ngola ho tla u thusa ho ba ’mè le mohlokomeli ea molemonyana.a
Bophelo bo botle ba ’mele. Haeba u ’mè, ho hlokahala hore u itlhokomele, haholo-holo haeba u le moimana kapa motsoetse. Na u ka ntlafatsa lijo tseo u li jang? Hoo e ka bang basali ba babeli ho ba bararo ba baimana, Afrika hammoho le Asia ka boroa le ka bophirimela ba fumanoa ba e-na le khaello ea mali ha ba ile tleliniking. Ntle le hore khaello ea mali e u fokolisa matla, e eketsa likotsi tse amanang le pelehi ’me e etsa hore ho be bonolo ho hlaseloa ke malaria. Le hoja ho ka ba thata kapa ha hloka chelete e ngata ho fumana nama kapa tlhapi, mohlomong mahe le litholoana kapa meroho tse nang le tšepe e ngata tsona li ka ’na tsa fumaneha. U se ke ua lumella tumela-khoela ho u thibela ho ja lijo tse matlafatsang, ’me u se ke ua lumella meetlo ea heno ho u thibela ho ja karolo ea hao ea lijo tsa lelapa.b
Ho anyesa ho molemong oa hao hammoho le ngoana oa hao. Lebese la letsoele le theko e tlaase, le hloekile, ’me le matlafatsa ho feta leha e le lefe le ka le nkelang sebaka. UNICEF e hakanya hore bana ba milione ba shoang selemo le selemo ba ne ba ka phema lefu haeba batsoetse ba ne ba ba anyesa likhoeling tse ’nè ho isa ho tse tšeletseng tse qalang tsa bophelo ba bona. Ke ’nete hore haeba ’mè a e-na le lefu le tšoaetsanoang leo ho tsejoang hore le fetisoa ka lebese la hae, joale ho lokela ho sebelisoe tsela e ’ngoe e sireletsehileng ea phepo.
Tiisa hore ho na le moea o potolohang ka ho lekaneng haeba u phehela ka tlung u sebelisa mollo oa fatše. Buka e bitsoang Women and Health ea lemosa: “Mohlomong ho pepesehela mosi le likhase tse kotsi tse phehang ke hona ho leng kotsi ka ho fetisisa likotsing tse tsejoang tse bakoang ke mosebetsi.”
U se ke ua tsuba koae, ho sa tsotellehe hore na tšusumetso e kae. Liphatlalatso tse atileng tsa sakerete tse etsoang linaheng tse tsoelang pele moruong li lebisoa ho basali, li leka ho ba kholisa hore ho tsuba ke tsoelo-pele. Ka sebele, sena hase ’nete. Ho tsuba ho lematsa bana ba hao ’me ho ka u bolaea. Ho hakanngoa hore qetellong kotara ea bohle ba tsubang e bolaoa ke ho lemalla ha bona koae. Ho feta moo, litsebi li lemosa hore menyetla ea hore setsubi se qalang ho tsuba sakerete se fetohe lekhoba la koae e phahame haholo.
Bohloeki. Mohlala oa hao le keletso ea hao mabapi le bohloeki ke tsa bohlokoa haholo bophelong ba lelapa la hao. Khatiso e bitsoang Facts for Life e thathamisa mehato e latelang ea motheo bakeng sa bohloeki ba ’mele:
• Hlapa matsoho a hao ka sesepa le metsi ka mor’a ho tšoara mantle le pele u tšoara lijo. Tiisa hore bana ba hao ba hlapa matsoho pele ba e-ja.
• Sebelisa ntloana, ’me u e boloke e hloekile ’me e koahetsoe. Haeba sena se sa khonehe, ithusetse hōle le ntlo kamoo ho ka khonehang kateng, ’me u tsetele mantle hona hoo.—Bapisa le Deuteronoma 23:12, 13.
• Loanela ho sebelisa metsi a hloekileng bakeng sa lelapa la hao. Ho finyella sena, boloka liliba li koahetsoe ’me u sebelise linkho tse hloekileng bakeng sa ho kha metsi.
• Haeba u sa khone ho fumana metsi a hloekileng a nooang, belisa metsi ao ebe u a tlohella hore a fole pele u a noa. Le hoja metsi a ka ’na a bonahala a hloekile, e ntse e ka ’na eaba a silafetse.
• Hopola hore lijo tse sa phehoang ho bonolo haholo hore li bake tšoaetso. Lijo tse jeoang li le tala li lokela ho hlatsuoa pele li jeoa ’me ebe li jeoa kapele kamoo ho ka khonehang kateng. Lijo tse ling li lokela ho phehoa ka ho feletseng, haholo-holo nama.
• Boloka lijo li hloekile ’me li koahetsoe e le hore likokoanyana kapa liphoofolo li se ke tsa li silafatsa.
• Chesa kapa u epele lithōle tsa lapeng.c
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki tsa Jehova li hlophisa litlelase tse sa lefelloeng tse rutang ho bala le ho ngola e le karolo ea lenaneo la tsona le pharaletseng la thuto ea Bibele.
b Linaheng tse ling, tumela-khoela e etsa hore basali ba se ke ba ja tlhapi, mahe, leha e le nama ea khoho nakong eo e leng baimana ka eona, ka lebaka la ho tšaba ho lematsa ngoana ea e-song ho tsoaloe. Ka linako tse ling, moetlo o tlama hore basali ba je lijo tse setseng, ha banna le bashemane ba se ba qetile ho ja.
c Bona Tsoha! ea April 8, 1995, leqepheng la 6-11, bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Basali ba bangata linaheng tsa Bophirimela ba sebetsa liofising
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Basali ba bangata ba tlameha ho sebetsa maemong a tšotleho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Godo-Foto
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Bo-’mè ke matichere lapeng