-
Mahlaseli a Leseli Mehleng ea BaapostolaMolula-Qhooa—1995 | May 15
-
-
Mahlaseli a Leseli Mehleng ea Baapostola
“Leseli ka bolona le khanyelitse ea lokileng, esita le thabo bakeng sa ba lipelo li tšepahalang.”—PESALEME EA 97:11, NW.
1. Lipaki tsa Jehova kajeno li tšoana le Bakreste ba pele joang?
RŌNA joaloka Bakreste ba ’nete, re ananela mantsoe a Pesaleme ea 97:11 hakaakang! ‘Leseli le re khanyelitse’ khafetsa. Ka sebele, ba bang ba rōna ba bone leseli la Jehova le khanyang ka mashome a lilemo. Sena sohle se re hopotsa Liproverbia 4:18, e balehang tjena: “Tsela ea ba lokileng e joalo ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” Kaha rōna Lipaki tsa Jehova re nka Mangolo e le a bohlokoa ho feta neano, re tšoana le Bakreste ba pele. Boikutlo ba bona bo ka hlokomeloa ka ho hlakileng libukeng tsa histori tsa Mangolo a Segerike a Bokreste le mangolong a tsona, a ngotsoeng ka tšusumetso ea Molimo.
2. Ke mahlaseli afe a leseli a neng a le har’a a pele ao balateli ba Jesu ba ileng ba a amohela?
2 Har’a mahlaseli a pele a leseli ao balateli ba pele ba Jesu Kreste ba ileng ba a fumana e ne e le a mabapi le Messia. Andrease o ile a bolella ngoan’abo Simone Petrose: “Re bone Messia.” (Johanne 1:42) Ka mor’a nako e itseng, Ntate ea maholimong o ile a nolofalletsa moapostola Petrose ho fana ka bopaki bo tiisang seo ha a re ho Jesu Kreste: “U Kreste, Mor’a Molimo o phelang.”—Mattheu 16:16, 17; Johanne 6:68, 69.
Leseli Thōmong ea Bona ea ho Bolela
3, 4. Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a hlaha balateli ba hae leseling ka eng mabapi le mosebetsi oa bona oa nako e tlang?
3 Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu Kreste o ile a fana ka mahlaseli a leseli mabapi le boikarabelo boo balateli bohle ba hae ba bo jereng. Ho ka etsahala hore ebe ke ho barutuoa ba 500 ba neng ba bokane Galilea moo a ileng a re: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute, ho boloka tsohle tseo [ke] le laetseng tsona. ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Mattheu 28:19, 20; 1 Ba-Korinthe 15:6) Ka mor’a moo, balateli bohle ba Kreste e ne e lokela ho ba baboleli, ’me thōmo ea bona ea ho bolela e ne e sa lokela ho lekanyetsoa “linkung tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng.” (Mattheu 10:6) Leha e le hona hore ba ne ba lokela ho kolobetsa ka kolobetso ea Johanne e le tšoantšetso ea pako bakeng sa tšoarelo ea libe. Ho e-na le hoo, ba ne ba lokela ho kolobetsa batho “ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang.”
4 Pejana Jesu a nyolohela leholimong, baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ba ile ba botsa: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele na?” Ho e-na le ho araba potso eo, Jesu o ile a fana ka litaelo tse eketsehileng mabapi le thōmo ea bona ea ho bolela, a re: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” Ho fihlela ka nako eo, e ne e le lipaki tsa Jehova feela, empa joale e ne e tla ba le lipaki tsa Kreste.—Liketso 1:6-8.
5, 6. Barutuoa ba Jesu ba ile ba amohela mahlaseli afe a leseli ka Pentekonta?
5 Matsatsi a leshome feela hamorao, balateli ba Jesu ba ile ba amohela mahlaseli a leseli a khanyang hakaakang! Letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., ka lekhetlo la pele, ba ile ba utloisisa ka ho feletseng moelelo oa Joele 2:28, 29: “Ke [Jehova] tla tšollela moea oa ka holim’a nama eohle, ho be ho porofete bara ba lōna le barali ba lōna, maqheku a lōna a lore litoro, le bahlankana ba lōna ba bone lipono. Le holim’a bahlanka le makhabunyane, ka matsatsi ao, ke tla tšollela moea oa ka.” Barutuoa ba Jesu ba ile ba bona ha moea o halalelang, ka sebōpeho sa maleme a kang mollo, o lutse lihloohong tsa bona kaofela—banna le basali ba ka bang 120—ba neng ba bokane Jerusalema.—Liketso 1:12-15; 2:1-4.
6 Hape ka letsatsi la Pentekonta, barutuoa ba ile ba qala ho utloisisa ka ho feletseng hore mantsoe a Pesaleme ea 16:10 a ne a sebetsa ho Jesu Kreste ea tsositsoeng. Mopesaleme o ne a ile a re: “U [Jehova Molimo] ke ke ua tlohela moea oa ka nģalong ea bafu, u ke ke ua lumela hoba mokhethoa oa hao a bone ho bola.” Barutuoa ba ile ba hlokomela hore mantsoe ao a ne a ke ke a sebetsa ho Morena Davida, hobane lebitla la hae le ne le sa ntse le le teng har’a bona ho fihlela letsatsing leo. Ha ho makatse hore ebe ba ka bang 3 000 ho ba utloileng ha leseli lena le lecha le hlalosoa ba ile ba kholiseha hoo ba ileng ba kolobetsoa ka letsatsi lona leo!—Liketso 2:14-41.
7. Moapostola Petrose o ile a amohela leseli lefe le khanyang ha a ne a etetse Kornele molaoli oa lebotho la ntoa oa Moroma?
7 Ka makholo a lilemo a mangata, Baiseraele ba ile ba utloisisa ka ho feletseng seo Molimo a neng a se bolela ka bona: “Ke tsebile lōna feela har’a meloko eohle ea lefatše.” (Amose 3:2) Ka hona, ka sebele e ne e le lehlaseli la leseli le khanyang leo moapostola Petrose le ba neng ba tsamaea le eena ho ea ntlong ea molaoli oa lebotho la ntoa oa Moroma Kornele ba ileng ba le fumana ha moea o halalelang o theohela ho balumeli ba Balichaba ka lekhetlo la pele. Hoa hlokomeleha hore ena ke eona feela nako eo ka eona moea o halalelang o ileng oa fanoa pele ho kolobetso. Empa ho ne ho hlokahala hore ho be joalo. Ho seng joalo, Petrose a ka be a sa ka a tseba hore Balichaba bana ba sa bollang ba ne ba tšoaneleha bakeng sa kolobetso. Petrose o ile a botsa, e le ha a utloisisa ka ho feletseng moelelo oa ketsahalo ena e sa tloaelehang: “Na ke mang joale ea ka hanang le metsi, hore bao [Balichaba] ba se ke ba kolobetsoa, ha e le mona ba se ba amohetse Moea o Halalelang joalo ka rōna na?” Ka sebele, ha ho motho ea neng a le teng eo ka nepo a neng a ka hana, ka hona Balichaba bana ba ile ba kolobetsoa.—Liketso 10:44-48; bapisa le Liketso 8:14-17.
Lebollo ha le sa le Eo
8. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba pele ba ile ba fumana ho le thata ho tlohela lebollo?
8 Lehlaseli le leng la ’nete le khanyang le ile la hlaha mabapi le taba ea lebollo. Lebollo le ile la qala ka 1919 B.C.E. ka selekane sa Jehova le Abrahama. Ka nako eo Molimo o ile a laela Abrahama hore eena le ba batona bohle ba ntlo ea hae ba lokela ho bolla. (Genese 17:9-14, 23-27) Ka hona lebollo le ile la fetoha letšoao le khethollang la bana ba Abrahama. ’Me ba ne ba le motlōtlō hakaakang ka lebollo! Phello e bile hore “leqai” e be lentsoe la nyeliso. (Esaia 52:1; 1 Samuele 17:26, 27) Ho bonolo ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba pele ba Bajode ba ne ba batla ho boloka letšoao lena. Ba bang ba bona ba ile ba buisana haholo le Pauluse le Barnabase ka taba ena. E le hore e ka rarolloa, Pauluse le ba bang ba ile ba ea Jerusalema ho ea kōpa keletso ho sehlopha se busang sa Bakreste.—Liketso 15:1, 2.
9. Sehlopha se busang sa pele se ile sa senoleloa mahlaseli afe a leseli, joalokaha a tlalehiloe ho Liketso khaolo ea 15?
9 Boemong bona, ha ea ka ea e-ba ka mohlolo o totobetseng Bakreste bao ba pele ba ileng ba amohela leseli la hore lebollo le ne le se le sa hlokahale bakeng sa bahlanka ba Jehova. Ho e-na le hoo, ba ile ba amohela leseli leo le eketsehileng ka ho hlahloba Mangolo, ba itšetlehile ka tataiso ea moea o halalelang, le ka ho utloa liphihlelo tsa Petrose le Pauluse mabapi le tšokoloho ea Balichaba ba sa bollang. (Liketso 15:6-21) Qeto e ile ea ngoloa lengolong leo karolo ea lona e neng e baleha tjena: “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe.” (Liketso 15:28, 29) Ka hona, Bakreste ba pele ba ile ba lokolloa taelong ea lebollo le linthong tse ling tse neng li hlokoa ke Molao oa Moshe. Kahoo, Pauluse o ne a ka bolella Bakreste ba Galatia: “Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi.”—Ba-Galata 5:1, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Leseli Likosepeleng
10. Mahlaseli a mang a leseli a ileng a senoloa Kosepeleng ea Mattheu ke afe?
10 Ha ho pelaelo hore Kosepele ea Mattheu, e ngotsoeng hoo e ka bang ka 41 C.E., e na le mahlaseli a leseli a mangata molemong oa babali ba eona. Ha ho bapisoa, ke ba seng bakae feela ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bao ka bobona ba ileng ba utloa ha Jesu a qaqisa lithuto tsa hae. Ka ho khethehileng Kosepele ea Mattheu e hatisa hore sehlooho sa boboleli ba Jesu e ne e le ’Muso. ’Me Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba ho ba le sepheo se nepahetseng ka matla hakaakang! Ke mahlaseli a mangata hakaakang a leseli a leng Thutong ea hae ea Thabeng, litšoantšong tsa hae (tse kang se tlalehiloeng khaolong ea 13), le boprofeteng ba hae bo boholo khaolong ea 24 le ea 25,! Bakreste ba pele ba ile ba hlokomelisoa sena sohle tlalehong ea Kosepele ea Mattheu, e ngotsoeng lilemo tse ka bang robeli feela ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E.
11. Ho ka thoe’ng ka litaba tse Kosepeleng ea Luka le Mareka?
11 Lilemo tse ka bang 15 hamorao, Luka o ile a ngola Kosepele ea hae. Le hoja boholo ba eona e tšoana le tlaleho ea Mattheu, karolo ea 59 lekholong ea eona ke litaba tse eketsehileng. Luka o tlalehile mehlolo ea Jesu e tšeletseng le litšoantšo tsa Hae tseo bangoli ba bang ba Likosepele ba sa li tlalehang tse fetang palo ea mehlolo eo e mennoe habeli. Ho hlakile hore lilemo tse seng kae feela hamorao, Mareka o ile a ngola Kosepele ea hae, a hatisa hore Jesu Kreste ke motho oa ketso, ea etsang mehlolo. Le hoja Mareka a pheta liketsahalo tseo bongata ba tsona li tlalehiloeng ke Mattheu le Luka, o ile a tlaleha setšoantšo se seng seo ba sa kang ba se tlaleha. Setšoantšong seo, Jesu o ile a tšoantša ’Muso oa Molimo le peō e melang, e hōle, ebe e hlahisa litholoana butle-butle.a—Mareka 4:26-29.
12. Kosepele ea Johanne e ile ea fana ka leseli le tsoelang pele ho isa bohōleng bofe?
12 Joale e ntano ba Kosepele ea Johanne, e ngotsoeng lilemong tse fetang 30 ka mor’a hore Mareka a ngole tlaleho ea hae. Ke lehlaseli la leseli le lekaakang leo Johanne a ileng a le khantša mabapi le tšebeletso ea Jesu, haholo-holo ka litšupiso tse ngata mabapi le bophelo ba Hae ba pele e e-ba motho! Ke Johanne feela ea tlalehang tsoho ea Lazaro, ’me ke eena feela ea re fang lipolelo tsa Jesu tse ngata tse molemo ho baapostola ba hae ba tšepahalang esita le thapelo ea hae e amang maikutlo bosiung ba ho ekoa ha hae, joalokaha e tlalehiloe khaolong ea 13 ho ea ho 17. Ha e le hantle, ho boleloa hore karolo ea 92 lekholong ea Kosepele ea Johanne ea ikhetha.
Mahlaseli a Leseli Mangolong a Pauluse
13. Ke hobane’ng ha ba bang ba ne ba nka lengolo la Pauluse le eang ho Baroma joalokaha eka ke Kosepele?
13 Moapostola Pauluse ka ho khetheha o ile a sebelisoa ho tlisetsa Bakreste ba neng ba phela mehleng ea baapostola mahlaseli a ’nete. Ka mohlala, ho na le lengolo la Pauluse le eang ho Baroma, le ngotsoeng hoo e ka bang ka 56 C.E.—hoo e ka bang nakong e tšoanang le eo Luka a ileng a ngola Kosepele ea hae ka eona. Lengolong lena Pauluse o totobatsa ’nete ea hore motho o behoa ea lokileng ka lebaka la mosa oa Molimo o sa tšoanelang le tumelo ho Jesu Kreste. Ho hatisa ha Pauluse tšobotsi ena ea litaba tse molemo ho entse hore ba bang ba talime lengolo la hae le eang ho Baroma joalokaha eka ke Kosepele ea bohlano.
14-16. (a) Pauluse o ile a khantša leseli lefe mabapi le tlhokahalo ea bonngoe lengolong la hae la pele le eang ho Bakreste ba Korinthe? (b) Bakorinthe ba Pele e na le leseli lefe le eketsehileng mabapi le boitšoaro?
14 Pauluse o ile a ngola ka litaba tse ling tse neng li tšoenya Bakreste Korinthe. Lengolo la hae le eang ho Bakorinthe le akarelletsa keletso e ngata e bululetsoeng e ruisitseng Bakreste molemo ho tla fihlela mehleng ea rōna. O ne a lokela ho qala ka ho hlaha Bakorinthe leseling mabapi le phoso eo ba neng ba e etsa ea ho etsa lihlotšoana tsa batho ba hlaheletseng tse lebisitseng tlhokomelo ea tsona ho batho ba itseng. Moapostola o ile a lokisa pono ea bona, a ba bolella ka sebete: “Kea le rapela banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.”—1 Ba-Korinthe 1:10-15.
15 Boitšoaro bo hlephileng bo ne bo lumelloa phuthehong ea Bokreste e Korinthe. Moo monna e mong o ne a nkile mosali oa ntat’ae, ka tsela eo a etsa “bofebe boo ho sa boleloeng bo bokalo le har’a bahetene.” Pauluse o ile a totobatsa taba ka ho ngola: “Tlosang e mobe har’a lōna.” (1 Ba-Korinthe 5:1, 11-13) Seo e ne e le ntho e ncha ka phuthehong ea Bokreste—ho khaola. Taba e ’ngoe eo ho neng ho hlokahala hore phutheho ea Korinthe e hlahoe leseling mabapi le eona e ne e amana le taba ea hore litho tse ling tsa eona li ne li isa baena ba tsona moeeng makhotleng a lefatše e le hore a rarolle mathata a bona. Pauluse o ile a ba khalemela ka matla bakeng sa ho etsa joalo.—1 Ba-Korinthe 6:5-8.
16 Taba e ’ngoe hape e ileng ea hlasela phutheho ea Korinthe e ne e le mabapi le likamano tsa botona le botšehali. Ho 1 Ba-Korinthe khaolong ea 7, Pauluse o ile a bontša hore ka lebaka la ho ata ha boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, ho ne ho ka ba molemo hore monna ka mong a be le mosali eo e leng oa hae le mosali ka mong a be le monna eo e leng oa hae. Hape Pauluse o ile a bontša hore le hoja masoha a khona ho sebeletsa Jehova ntle le litšitiso tse ngata, hase bohle ba neng ba na le neo ea bosoha. ’Me haeba monna ea nyetseng a ne a ka shoa, mosali oa hae o ne a tla lokoloha hore a nyaloe hape empa “e be Moreneng.”—1 Ba-Korinthe 7:39.
17. Pauluse o ile a khantša leseli lefe mabapi le thuto ea tsoho?
17 Morena o sebelisitse Pauluse ho khantša mahlaseli a mangata hakaakang a leseli mabapi le tsoho! Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla tsosoa ka ’mele oa mofuta ofe? Pauluse o ile a ngola: “O jaloa e le ’mele oa nama, o tla tsoha e le ’mele oa moea.” Ha ho ’mele oa nama o tla nkeloa leholimong, hobane “nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo.” Pauluse o ile a phaella ka hore hase batlotsuoa bohle ba tla shoa empa nakong ea ho ba teng ha Jesu ba bang ba tla tsosetsoa bophelong ba ho se shoe hang ha ba e-shoa.—1 Ba-Korinthe 15:43-53.
18. Lengolo la pele la Pauluse le eang ho Bathessalonika le na le leseli lefe mabapi le nako e tlang?
18 Lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Thessalonika, Pauluse o ile a sebelisetsoa ho khantša leseli mabapi le nako e tlang. Letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu bosiu. Pauluse o ile a boela a hlalosa: “Mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō, joalo ka pelehi ha e hlahela moimana, ’me ba ke ke ba phonyoha.”—1 Ba-Thessalonika 5:2, 3.
19, 20. Bakreste ba Jerusalema le Judea ba ile ba amohela mahlaseli afe a leseli lengolong la Pauluse le eang ho Baheberu?
19 Ka ho ngola lengolo la hae le eang ho Baheberu, Pauluse o ile a fetisetsa mahlaseli a leseli ho Bakreste ba pele Jerusalema le Judea. O bontšitse ka matla a makaakang hore tsamaiso ea borapeli ea Bokreste e phahametse tsamaiso ea borapeli ea Moshe! Ho e-na le ho latela Molao o ileng oa fetisoa ke mangeloi, Bakreste ba na le tumelo polokong e ileng ea boleloa pele ke Mora oa Molimo, ea phahametseng baromuoa ba joalo ba mangeloi hōle. (Ba-Heberu 2:2-4) Moshe e ne e le mohlokomeli feela ka tlung ea Molimo. Leha ho le joalo, Jesu Kreste o okametse ntlo eohle. Kreste ke moprista ea phahameng ka mokhoa oa Melkisedeke, hobane o na le boemo bo phahametseng boprista ba Aarone hōle. Hape Pauluse o ile a bontša hore Baiseraele ba ne ba ke ke ba khona ho kena phomolong ea Molimo ka lebaka la ho hloka tumelo le kutlo, empa Bakreste ba kena ho eona ka lebaka la botšepehi ba bona le kutlo.—Ba-Heberu 3:1–4:11.
20 Joale le selekane se secha se phahametse selekane sa Molao hōle. Joalokaha ho profetiloe lilemong tse 600 pejana ho Jeremia 31:31-34, molao oa Molimo o ngotsoe lipelong tsa ba leng selekaneng se secha ’me ba thabela tšoarelo ea ’nete ea libe. Ho e-na le ho ba le moprista ea phahameng ea neng a lokela ho nyehela mahlabelo selemo le selemo bakeng sa libe tsa hae le tsa sechaba, Bakreste ba na le Moprista oa bona ea Phahameng, Jesu Kreste, ea se nang sebe le ea ileng a etsa sehlabelo hang feela bakeng sa libe. Ho e-na le ho kena sehalalelong se entsoeng ka matsoho ho hlahisa nyehelo ea hae, o ile a kena leholimong la sebele, moo a ileng a hlaha ka pel’a Jehova. Ho feta moo, mahlabelo a liphoofolo a neng a etsoa tlas’a selekane sa Molao oa Moshe a ne a ke ke a tlosa libe ka ho feletseng, ke ka hona a neng a nyeheloa selemo le selemo. Empa sehlabelo sa Kreste, se nyehetsoeng hang feela, se tlosa libe. Sena sohle se khantša leseli tempeleng e khōlō ea moea, mabaleng ao masala a batlotsuoa le “linku tse ling” ba sebeletsang ho ’ona kajeno.—Johanne 10:16; Ba-Heberu 9:24-28.
21. Puisano ee e bontšitse eng mabapi le ho phethahala ha Pesaleme ea 97:11 le Liproverbia 4:18 mehleng ea baapostola?
21 Ha ho na sebaka se lekaneng sa ho fana ka mehlala e eketsehileng, e kang mahlaseli a leseli a fumanoang mangolong a moapostola Petrose le a barutuoa Jakobo le Juda. Empa se ngotsoeng pejana se lekane ho bontša hore Pesaleme ea 97:11 le Liproverbia 4:18 li bile le phethahatso e hlollang mehleng ea baapostola. ’Nete e ’nile ea hlaka haholoanyane ho tloha litšoantšong le liriting ho ea phethahatsong le linthong tsa sebele.—Ba-Galata 3:23-25; 4:21-26.
22. Ho ile ha etsahala eng ka mor’a lefu la baapostola, ’me sehlooho se latelang se tla bontša eng?
22 Ka mor’a lefu la baapostola ba Jesu le qaleho ea bokoenehi bo boletsoeng esale pele, leseli la ’nete le ile la ba lerootho. (2 Ba-Thessalonika 2:1-11) Leha ho le joalo, tumellanong le tšepiso ea Jesu, ka mor’a makholo a mangata a lilemo Morena o ile a khutla ’me a fumana “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a ntse a fa “bahlanka” lijo tsa bona ka nako e loketseng. Ka lebaka leo, Jesu Kreste o ile a beha mohlanka eo moalosi oa “mesebetsi ea hae kaofela.” (Mattheu 24:45-47) Ho ile ha latela mahlaseli afe a leseli? Ana a tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mona lefatše le bolela tikoloho eo ho eona Mokreste a khethang ho hlaolela litšoaneleho tsa botho.—Bona Molula-Qhooa oa December 15, 1980, maqepheng a 18-19.
-
-
Mahlaseli a Leseli—A Maholo le a Manyenyane (Karolo ea Pele)Molula-Qhooa—1995 | May 15
-
-
Mahlaseli a Leseli—A Maholo le a Manyenyane (Karolo ea Pele)
“Tsela ea ba lokileng e joalo ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”—LIPROVERBIA 4:18.
1. Ke hobane’ng ha ’nete e ’nile ea senoloa butle-butle?
KE BOPAKI ba bohlale ba bomolimo hore ebe linnete tsa moea li senoloa butle-butle ka mahlaseli a leseli tumellanong le Liproverbia 4:18. Sehloohong se etellang sena pele, re ile ra bona kamoo temana ena e ileng ea phethahala kateng mehleng ea baapostola. Haeba ho ne ho ile ha senoloa linnete tsa Mangolo kaofela ka nako e le ’ngoe, ho ne ho tla ba thata ho li hlalohanya ho be ho bake pherekano—ho tšoana hantle feela le ha motho a tsoa ka har’a lehaha le lefifi a kena leseling la letsatsi le khanyang haholo. Ho feta moo, ’nete e senoloang butle-butle e matlafatsa tumelo ea Bakreste ka tsela e tsoelang pele. E etsa hore tšepo ea bona e khanye haholoanyane le tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona e hlake haholoanyane.
“Mohlanka ea Khabane, ea Bohlale”
2. Jesu o ile a bontša hore o ne a tla sebelisa mang ho tlisa leseli la moea ho balateli ba hae, ’me o sebelisa bo-mang?
2 Mehleng ea baapostola Jesu Kreste o ile a bona ho loketse ho sebelisa mekhoa e phahametseng tlhaho ho khantšetsa balateli ba hae mahlaseli a leseli a pele-pele. Re na le mehlala e ’meli ea sena: Oa Pentekonta ea 33 C.E. le oa ho sokoloha ha Kornele ka 36 C.E. Ka mor’a moo, Kreste o ile a bona ho loketse hore a sebelise batho, joalokaha a boletse esale pele: “Ana ke mang mohlanka ea khabane, ea bohlale, eo morena oa hae a ’meileng moalosi oa bahlanka ba hae ho ba nea lijo nakong ea teng? Ho lehlohonolo mohlanka eo morena oa hae, mohla a fihlang, a tla mo fumana a etsa joalo. Ka ’nete ke re ho lōna: o tla ’mea moalosi oa mesebetsi ea hae kaofela.” (Mattheu 24:45-47) Mohlanka enoa e ne e ke ke ea e-ba motho a le mong feela hobane o ne a lokela ho fana ka lijo tsa moea ho tloha ha phutheho ea Bokreste e thehoa ka Pentekonta ho fihlela ha Morena, Jesu Kreste, a e-tla ho tla hlahloba. Linnete li bontša hore mohlanka enoa ea khabane ea bohlale o entsoe ka Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba leng lefatšeng e le sehlopha ka nako leha e le efe.
3. Ke bo-mang ba neng ba akarelletsoa lithong tsa pele tsa sehlopha sa mohlanka?
3 Ke bo-mang ba neng ba akarelletsoa lithong tsa pele tsa sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale? E mong e ne e le moapostola Petrose, ea ileng a ela hloko taelo ea Jesu: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.” (Johanne 21:17, NW) Litho tse ling tsa pele tsa sehlopha sa mohlanka li ne li akarelletsa Mattheu, ea ileng a ngola Kosepele e reheletsoeng ka eena, le Pauluse, Jakobo, le Juda, ba ileng ba ngola mangolo a bululetsoeng. Moapostola Johanne, ea ileng a ngola buka ea Tšenolo, Kosepele ea hae, le mangolo a hae, le eena e ne e le setho sa sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale. Banna bana ba ile ba ngola tumellanong le thōmo ea Jesu.
4. “Bahlanka” ke bo-mang?
4 Haeba batlotsuoa bohle e le sehlopha, ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae lefatšeng, ke litho tsa sehlopha sa mohlanka, “bahlanka” ke bo-mang? Ke bona batlotsuoa empa ba talingoa ka pono e ’ngoe e fapaneng—e le batho ka bomong. E, e le batho ka bomong e ne e ka ba karolo ea “mohlanka” kapa e ne e ka ba karolo ea “bahlanka,” ho itšetlehile ka hore na ba aba lijo tsa moea kapa baa li ja. Ka mohlala: Joalokaha ho tlalehiloe ho 2 Petrose 3:15, 16, moapostola Petrose o bua ka mangolo a Pauluse. Ha Petrose aa bala e ne e tla ba e mong oa bahlanka ba jang lijo tsa moea tse fanoeng ke Pauluse e le moemeli oa sehlopha sa mohlanka.
5. (a) Ho ile ha etsahala eng ka mohlanka makholong a lilemo tsa ka mor’a lefu la baapostola? (b) Ke tsoelo-pele efe e ileng ea e-ba teng halofong ea ho qetela ea lekholo la bo19 la lilemo?
5 Tabeng ena, buka God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached e itse: “Ha e le hore na ke joang sehlopha sa ‘mohlanka ea khabane, ea bohlale’ se bileng teng le ho sebeletsa ho theosa le makholo a lilemo ka mor’a lefu la baapostola ba Morena Jesu Kreste, ha re na tlaleho e hlakileng ea histori. Ho hlakile hore moloko o mong oa sehlopha sa ‘mohlanka’ o ile oa fepa moloko o latelang ho tloha ka nako eo. (2 Timothea 2:2) Empa halofong e qetellang ea lekholo la borobong la lilemo ho ile ha e-ba le batho ba tšabang Molimo ba neng ba rata lijo tsa moea tsa Bibele e Halalelang le ba neng ba lakatsa ho iphepa ka tsona . . . litlelase tsa thuto ea Bibele . . . li ile tsa hlophisoa ’me ba tsoela pele ho utloisisa linnete tsa motheo tsa Mangolo a Halalelang. Ba tšepahalang le ba se nang boithati har’a liithuti tsena tsa Bibele ba ne ba chesehela ho arolelana le ba bang likarolo tsena tsa bohlokoa tsa lijo tsa moea. Ba ne ba na le moea oa botšepehi oa ‘mohlanka’ ea khethetsoeng ho fa ‘bahlanka lijo [tsa moea tse hlokahalang] nakong ea teng.’ Ba bile ‘bohlale’ hore ebe ba ile ba lemoha hore nako eo e ne e le e nepahetseng le e loketseng le hore na mekhoa e molemo ea ho aba lijo ke efe. Ba ile ba leka ka matla ho li aba.”—Maqepheng a 344-5.a
Mahlaseli a Pele a Leseli Mehleng ea Kajeno
6. Ke ’nete efe e hlaheletseng mabapi le ho senoloa ha ’nete butle-butle?
6 Taba e le ’ngoe e hlakileng ka ho totobetseng mabapi le bao Jehova a ileng a ba sebelisa ho tlisa leseli la moea le eketsehang butle-butle ke hore ha baa ka ba itlisetsa tlotla. Boikutlo ba C. T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, e ne e le hore Morena o thabetse ho sebelisa lineo tsa bona tse tloaelehileng. Mabapi le mabitso a phoqang ao lira tsa hae li neng li tloaetse ho a sebelisa, Moena Russell o ile a tsebahatsa hore ha a e-s’o kopane le “Lerusselle” le hore ho ne ho se ntho e joaloka “Borusselle.” Tlotla eohle e ile ea ea ho Molimo.
7. Moena Russell le basebetsi-’moho le eena ba ile ba fana ka bopaki bofe ba hore ka sebele ba ne ba sebelisana le mohlanka ea khabane ea bohlale?
7 Ha re etsa qeto ho latela liphello, ha ho pelaelo hore moea o halalelang oa Jehova o ne o tataisa boiteko bo matla ba Moena Russell le ba neng ba kopanela le eena. Ba ile ba fana ka bopaki ba ho tsebahala e le mohlanka ea khabane ea bohlale. Le hoja baruti ba bangata ba mehleng eo ba ne ba bolela hore ba lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le hore Jesu ke Mor’a Molimo, ba ne ba lumela lithuto tsa bohata tsa Babylona, tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha soule ea motho, le tlhokofatso ea ka ho sa feleng. Tumellanong le tšepiso ea Jesu, ruri e bile ka lebaka la moea o halalelang boiteko bo bonahatsang boikokobetso ba Moena Russell le ba neng ba kopanela le eena bo ileng ba etsa hore ’nete e khanye ho feta leha e le neng pele. (Johanne 16:13) Liithuti tseo tsa Bibele tsa batlotsuoa li ile tsa fana ka bopaki ba hore ka sebele e ne e le karolo ea sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale, eo thōmo ea hae e leng ho lokisetsa bahlanka ba Morena lijo tsa moea. Boiteko ba bona e bile thuso e khōlō tabeng ea ho bokelloa ha batlotsuoa.
8. Liithuti tsa Bibele li ile tsa utloisisa ka ho hlaka linnete life tsa motheo mabapi le Jehova, Bibele, Jesu Kreste, le moea o halalelang?
8 Hoa babatseha ho hlokomela kamoo Jehova, ka moea o halalelang, a ileng a hlokomela Liithuti tsena tsa pele tsa Bibele ka mahlaseli a leseli. Taba ea pele, li ile tsa paka ka tieo hore ’Mōpi o teng le hore o na le lebitso le khethehileng la Jehova. (Pesaleme ea 83:18; Ba-Roma 1:20) Li ile tsa hlokomela hore Jehova o na le litšoaneleho tse ’nè tse ka sehloohong—matla, toka, bohlale, le lerato. (Genese 17:1; Deuteronoma 32:4; Ba-Roma 11:33; 1 Johanne 4:8) Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba ile ba paka ka ho hlakileng hore Bibele ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le hore ke ’nete. (Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17) Ho phaella moo, ba ile ba utloisisa hore Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o bōpiloe le hore o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo bakeng sa moloko ’ohle oa batho. (Mattheu 20:28; Ba-Kolosse 1:15) Moea o halalelang, oo ho hang e seng motho oa boraro oa Boraro-bo-bong, o ile oa hlokomeloa e le matla a sebetsang a Molimo.—Liketso 2:17.
9. (a) Liithuti tsa Bibele li ile tsa utloisisa ka ho hlaka linnete life mabapi le tlhaho ea motho le liphello tsa hae tse hlahang ka Bibeleng? (b) Bahlanka ba Jehova ba ile ba bona ka ho hlaka linnete life tse ling?
9 Liithuti tsa Bibele li ile tsa bona ka ho hlaka hore motho ha a na soule e sa shoeng empa ke soule e shoang. Li ile tsa hlokomela hore “moputso oa sebe ke lefu,” eseng tlhokofatso ea ka ho sa feleng, kaha ha ho sebaka se kang lihele tse tukang. (Ba-Roma 5:12; 6:23; Genese 2:7; Ezekiele 18:4) Ho feta moo, li ile tsa bona ka ho hlaka hore khopolo ea ho iphetola ha lintho hase feela hore hase ea mangolo empa ho hang ha ea thehoa ’neteng. (Genese, khaolo ea 1 le 2) Hape li ile tsa lemoha hore Bibele e bolela hore ho na le liphello tse peli—ea leholimo bakeng sa batlotsuoa ba 144 000 ba latelang mohlala oa Kreste le ea lefatše la paradeise bakeng sa “bongata bo boholo” bo se nang palo ba “linku tse ling.” (Tšenolo 7:9; 14:1; Johanne 10:16) Liithuti tseo tsa Bibele tsa pele li ile tsa hlokomela hore lefatše le hlola ka ho sa feleng ’me le ke ke la chesoa, joalokaha malumeli a mangata a ruta. (Moeklesia 1:4; Luka 23:43) Hape li ile tsa ithuta hore ho khutla ha Kreste ho ne ho ke ke ha bonahala le hore ka nako eo o ne a tla ahlola lichaba le ho tlisa lefatše la paradeise.—Liketso 10:42; Ba-Roma 8:19-21; 1 Petrose 3:18.
10. Liithuti tsa Bibele li ile tsa utloisisa ’nete efe mabapi le kolobetso, ho khetholla baruti ho batho feela ba kenang kereke, le Sehopotso sa lefu la Kreste?
10 Liithuti tsa Bibele li ile tsa ithuta hore kolobetso ea Mangolo hase ho fafatsa masea ka metsi empa tumellanong le taelo ea Jesu e ho Mattheu 28:19, 20, ke ho qoelisoa ha balumeli ba rutiloeng. Li ile tsa hlokomela hore ha ho na motheo oa Mangolo bakeng sa ho khetholla baruti ho batho feela ba kenang kereke. (Mattheu 23:8-10) Ka ho fapaneng, Bakreste bohle e lokela ho ba baboleli ba litaba tse molemo. (Liketso 1:8) Liithuti tsa Bibele li ile tsa utloisisa hore Sehopotso sa lefu la Kreste se lokela ho ketekoa hang feela ka selemo, ka la 14 Nisane. Ho feta moo, li ile tsa hlokomela hore Easter ke letsatsi la phomolo la bohetene. Ho phaella moo, batlotsuoa bao ba ne ba kholisehile hore Molimo o tšehetsa mosebetsi oa bona hoo le ka mohla ba sa kang ba bokella likoleke. (Mattheu 10:8) Ho tloha mehleng ea pele-pele, ba ne ba utloisisa hore Bakreste ba tlameha ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele, e akarelletsang ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo o halalelang.—Ba-Galata 5:22, 23.
Mahlaseli a Eketsehang a Leseli
11. Ke leseli lefe le ileng la khanya mabapi le thōmo ea Bakreste le setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli?
11 Bahlanka ba Jehova ba ile ba hlohonolofatsoa ka mahlaseli a eketsehang a leseli haholo-holo ho tloha ka 1919. Ke lehlaseli le khanyang hakaakang le ileng la khanya kopanong ea 1922 ea Cedar Point ha J. F. Rutherford, mopresidente oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower, a hatisa ka matla hore boikarabelo bo ka sehloohong ba bahlanka ba Jehova ke ho “phatlalatsa, phatlalatsa, phatlalatsa, Morena le ’muso oa hae”! Selemong se latelang feela, leseli le khanyang le ile la hlakisa setšoantšo sa linku le lipōli. Ho ile ha hlokomeloa hore boprofeta bona bo ne bo lokela ho phethahatsoa letsatsing la Morena la kajeno, eseng nakong e tlang ea Lilemo tse Sekete joalokaha ho kile ha nahanoa pele. Lilemong tse Sekete, baena ba Kreste ba ne ba ke ke ba kula, leha e le hona ho kenngoa teronkong. Ntle le moo, qetellong ea Lilemo tse Sekete, ke Jehova Molimo ea tla ahlola, eseng Jesu Kreste.—Mattheu 25:31-46.
12. Ke lehlaseli lefe la leseli le bileng teng mabapi le Armageddone?
12 Ka 1926 lehlaseli le leng le khanyang haholo le ile la senola hore ntoa ea Armageddone e ne e ke ke ea e-ba phetohelo ea sechaba, joalokaha Liithuti tsa Bibele li kile tsa nahana. Ho e-na le hoo, e ne e tla ba ntoa eo ho eona Jehova a tla bontša matla a hae ka ho hlaka hoo batho bohle ba tla kholiseha hore ke Molimo.—Tšenolo 16:14-16; 19:17-21.
Keresemese—Letsatsi la Phomolo la Bohetene
13. (a) Ke leseli lefe le ileng la khanya mabapi le ho keteka Keresemese? (b) Ke hobane’ng ha matsatsi a tsoalo a ne a se a sa ketekoe? (Kenyelletsa le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
13 Kapele ka mor’a moo, lehlaseli la leseli le ile la etsa hore Liithuti tsa Bibele li khaotse ho keteka Keresemese. Pele ho moo, Liithuti tsa Bibele li ne li ’nile tsa keteka Keresemese kamehla lefatšeng ka bophara, ’me mokete oa eona ntlo-khōlō e Brooklyn e ne e e-ba ketsahalo e nyakallisang haholo. Empa joale ho ile ha hlokomeloa hore ho ketekoa ha la 25 December ha e le hantle ke ketsahalo ea bohetene ’me le ile la khethoa ke Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi ka morero oa ho bo nolofalletsa ho sokolla bahetene. Ho feta moo, ho ile ha hlokomeloa hore Jesu o ne a ke ke a be a ile a hlaha mariha, kaha ka nako ea tsoalo ea hae, balisa ba ne ba fulisa mehlape ea bona masimong—e leng seo ba neng ba ke ke ba se etsa bosiu qetellong ea December. (Luka 2:8) Ho e-na le hoo, Mangolo a bontša hore Jesu o hlahile hoo e ka bang ka la 1 October. Hape Liithuti tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore bao ho thoeng ke banna ba bohlale ba ileng ba etela Jesu hoo e ka bang lilemo tse peli ka mor’a tsoalo ea hae e ne e le linohe tsa linaleli tsa bahetene.b
Lebitso le Lecha
14. Ke hobane’ng ha lebitso Liithuti tsa Bibele le sa lokela batho ba Jehova?
14 Ka 1931 leseli le khanyang la ’nete le ile la senolela Liithuti tseo tsa Bibele lebitso la Mangolo le loketseng. Batho ba Jehova ba ne ba ’nile ba utloisisa hore ba ne ba ke ke ba amohela lebitso leha le le leng ho ao a phoqang ao ba bang ba neng ba ba rehile ’ona, a kang Marusselle, Millennial Dawnists le “bo-lihele-ha-li-eo.”c Empa hape ba ile ba qala ho utloisisa ka ho feletseng hore lebitso leo ba ithehileng lona—Liithuti tsa Bibele tsa Machaba—ha le ba emele ka ho loketseng. Ba ne ba feta hōle ho ba liithuti tsa Bibele. Ho feta moo, ho ne ho na le ba bang ba bangata haholo ba neng ba ithuta Bibele empa ba sa tšoane le Liithuti tsa Bibele ho hang.
15. Liithuti tsa Bibele li ile tsa amohela lebitso lefe ka 1931, hona ke hobane’ng ha le loketse?
15 Ho tlile joang hore Liithuti tsa Bibele li be le lebitso le lecha? Ka lilemo The Watch Tower e ’nile ea etsa hore lebitso la Jehova le hlahelle. Ka hona, e ne e le ho loketseng ka ho fetisisa hore Liithuti tsa Bibele li amohele lebitso le ho Esaia 43:10: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, hore le tle le tsebisise, ’me le ntumele, ’me le ikutloele hobane ke ’na. Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng ka morao ho ’na.”
Ho Tlosa Qoso le “Bongata bo Boholo”
16. Ke hobane’ng ha boprofeta ba tsosoloso bo ne bo ke ke ba sebetsa tabeng ea ho khutlela ha Bajode ba tlhaho Palestina, empa bo sebetsa ho bo-mang?
16 Moqolong oa bobeli oa Vindication, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower ka 1932, lehlaseli la leseli le ile la senola hore boprofeta ba tsosoloso bo tlalehiloeng ke Esaia, Jeremia, Ezekiele, le baprofeta ba bang ha boa ka ba sebetsa (joalokaha ho kile ha nahanoa) ho Bajode ba tlhaho, ba neng ba khutlela Palestina ba se na tumelo ba bile ba na le lipakane tsa lipolotiki. Ho e-na le hoo boprofeta bona ba tsosoloso, bo bileng le phethahatso e nyenyane ha Bajode ba ne ba khutla botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E., bo bile le phethahatso ea bona e khōlō ho lokolloeng le ho tsosolosoeng ha Iseraele ea moea ho tloha ka 1919 ho ileng ha fella ka katleho paradeiseng ea moea e thabeloang ke bahlanka ba ’nete ba Jehova kajeno.
17, 18. (a) Ha nako e ntse e feta, ka lehlaseli la leseli ke’ng e ileng ea bontšoa e le morero oa Jehova o ka sehloohong? (b) Ke lehlaseli lefe la leseli mabapi le Tšenolo 7:9-17 le ileng la hlaha ka 1935?
17 Ha nako e ntse e feta, mahlaseli a leseli a ile a senola hore morero oa Jehova o ka sehloohong e ne e se poloko ea batho, empa ho tlosa qoso bobusing ba hae. Ho ile ha hlokomeloa hore sehlooho sa bohlokoa ka ho fetisisa sa Bibele hase thekollo, empa ke ’Muso, hobane o tla tlosa qoso bobusing ba Jehova. Leo e bile lehlaseli le lekaakang la leseli! Kameho e ka sehloohong ea Bakreste ba inehetseng ha ea ka ea hlola e e-ba ho ea leholimong.
18 Ka 1935 lehlaseli le khanyang la ’nete le ile la senola hore bongata bo boholo bo boletsoeng ho Tšenolo 7:9-17 e ne e se sehlopha sa bobeli sa leholimo. Ho ne ho ’nile ha nahanoa hore ba boletsoeng litemaneng tseo ke ba bang ba batlotsuoa ba neng ba sa ka ba tšepahala ka ho feletseng ’me kahoo ba ne ba eme ka pel’a terone ho e-na le ho lula literoneng ba busa e le marena le baprista le Jesu Kreste. Empa ha e le hantle ha ho ntho e joaloka ho tšepahala ho sa fellang. Motho e ka ba ea tšepahalang kapa ea sa tšepahaleng. Ka hona ho ile ha hlokomeloa hore boprofeta bona bo ne bo bua ka bongata bo boholo bo se nang palo bo tsoang lichabeng tsohle boo hona joale bo bokelloang le bo nang le tšepo ea lefatšeng. Ke “linku” tsa Mattheu 25:31-46 le “linku tse ling” tsa Johanne 10:16.
Sefapano—Hase Letšoao la Bokreste
19, 20. Ke hobane’ng ha sefapano e ke ke ea e-ba letšoao la Bokreste ba ’nete?
19 Ka lilemo tse ngata Liithuti tsa Bibele li ile tsa etsa sefapano letšoao le hlaheletseng la Bokreste. Li ne li bile li na le sepele sa “sefapano le moqhaka.” Ho latela King James Version, Jesu o ile a kōpa balateli ba hae hore ba nke “sefapano” sa bona, ’me ba bangata ba ile ba lumela hore o ile a bolaeloa sefapanong. (Mattheu 16:24; 27:32) Ka mashome a lilemo letšoao lena le ’nile la hlaha le sekoahelong sa makasine ea The Watch Tower.
20 Buka Riches, e hatisitsoeng ke Mokhatlo ka 1936, e ile ea hlakisa hore Jesu Kreste o ile a bolaeloa palong e otlolohileng kapa thupeng, eseng sefapanong. Ho latela mohloli o mong oa boitsebiso, lentsoe la Segerike (stau·rosʹ) le fetoletsoeng e le “sefapano” ho King James Version “ha e le hantle le bolela, palo e otlolohileng kapa thupa. [Le] lokela ho khetholloa sebōpehong sa sefapano sa kereke sa lithupa tse peli. . . . Sefapano sena sa kereke sa lithupa tse peli se simolohile Kaldea, ’me se ne se sebelisoa e le letšoao la molimo Tammuze.” Ho e-na le hore ntho eo Jesu a ileng a khokhotheloa ho eona e rapeloe, e lokela ho nenoa.
21. Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
21 Ho na le mehlala e eketsehileng ea mahlaseli a leseli a maholo le a ka ’nang a talingoa a le manyenyane. Bakeng sa puisano e mabapi le ’ona, ka kōpo bona sehlooho se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Ha nako e ntse e feta, ho ile ha hlokomeloa hore haeba tsoalo ea bohlokoa ho feta tsohle tse bileng teng e ne e ke ke ea ketekoa, ha rea lokela ho keteka letsatsi la tsoalo leha e le lefe. Ntle ho moo, Baiseraele le Bakreste ba pele ha baa ka ba keteka matsatsi a tsoalo. Bibele e bua ka matsatsi a tsoalo a mabeli feela, le leng ke la Faro ’me le leng ke la Heroda Antipase. Mokete ka mong o ile oa silafatsoa ke polao. Lipaki tsa Jehova ha li keteke matsatsi a tsoalo hobane mekete ena e simolohile boheteneng ’me e bonahala e phahamisa bao ho ketekoang letsatsi la bona la tsoalo.—Genese 40:20-22; Mareka 6:21-28.
c Phoso ena e ile ea etsoa ke lihlopha tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana. Molutere e ne e le lebitso le phoqang leo lira tsa Martin Luther li ileng tsa le reha balateli ba hae, bao ka nako eo ba ileng ba le amohela. Ka ho tšoanang, Mabaptiste a ile a amohela lebitso le phoqang leo bao eseng litho tsa bolumeli ba ’ona ba neng ba a rehile lona hobane a ne a bolela ka kolobetso ea ho qoelisoa. Ka tsela e batlang e tšoana, Mamethodiste a ile a amohela lebitso leo bao eseng litho tsa bolumeli ba ’ona ba ileng ba a reha lona. Mabapi le hore na ho tlile joang hore Mokhatlo oa Metsoalle o bitsoe Ma-quaker, The World Book Encyclopedia e re: “Lentsoe Quaker qalong le ne le reretsoe ho rohaka Fox [mothehi oa mokhatlo ona], ea ileng a bolella moahloli oa Lenyesemane hore a ‘thothomelle Lentsoe la Morena.’ Moahloli eo o ile a re Fox ke ‘quaker [mothothomeli].’”
-