Kamoo ho Seba ho Kotsi ho ka Hlōloang
“Jehova, bea selebeli pel’a molomo oa ka, u lebele monyako oa melomo ea ka!”—PESALEME EA 141:3.
1. Boko ba rōna boo re bo fuoeng ke Molimo bo na le matla afe?
JEHOVA o re file boko, ’me ke bo babatsehang hakaakang! Buka The Incredible Machine e re: “Esita le li-computer tse rarahaneng ka ho fetisisa tseo re ka li nahanang ke lefeela ha li bapisoa le hoo e batlang e le ho rarahana le ho tenyetseha ho ke keng ha lekanngoa ha boko ba motho . . . Likarolo tse limillione tse tsamaisang melaetsa ka potlako ka har’a boko ba hao ka motsotso ofe kapa ofe li jere mojaro oa boitsebiso o moholo ka mokhoa o sa tloaelehang. Li tlisa litaba tse amang tikoloho e ka hare le e ka ntle ho ’mele oa hao . . . Ha likarolo tse ling tse tsamaisang melaetsa li tšohla boitsebiso boo li bile li bo qanolla, li hlahisa maikutlo, mehopolo, menahano, kapa merero e itseng e ka lebisang qetong. Hoo e batlang e le ka eona nako eo, likarolo tse tsamaisang melaetsa e tsoang bokong ba hao li bolella likarolo tse ling tsa ’mele oa hao seo li lokelang ho se etsa . . . Khabareng boko ba hao bo boetse bo laola phefumoloho ea hao, metsoako ea mali, mocheso le mesebetsi e meng ea bohlokoa u sa hlokomele.”—Leqephe 326.
2. Ke potso efe joale eo ho tšoanelang ho nahanisisoa ka eona?
2 Ka sebele mpho e tsotehang joalo e tsoang ho Molimo e lokela hore le ka mohla e se sebelisoe joaloka moqomo oa lithole kapa lekopo-kopo la matlakala. Empa re ka sebelisa boko hampe ka ho mamela le ho jala litšebo tse kotsi. Ke joang re ka qobang puo e joalo ’me ra thusa ba bang hore ba qobe ho kenella ho eona?
Ananela Kelello ea Hao eo u e Fuoeng ke Molimo
3. Ke hobane’ng ha ho se Mokreste oa ’nete ea ka kenellang puong e kotsi?
3 Kananelo bakeng sa likelello tsa rōna tseo re li fuoeng ke Molimo e tla etsa hore re qobe ho mamela litšebo tse kotsi le ho li jala. Moea oa Jehova o ne o ke ke oa susumetsa mang kapa mang hore a tlatse kelello ea hae likhopolo tse joalo ’me a sebelise leleme la hae ho ntša mang kapa mang kotsi. Ho fapana le hoo, Lentsoe la Molimo le re: “Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae.” (Esaia 55:7) Kelello ea motho ea khopo e tletse likhopolo tse mpe, ’me o potlakela ho etselletsa ea khabane. Empa le ka mohla re ke ke ra lebella puo e joalo ho ba ananelang likelello tsa bona tseo ba li fuoeng ke Molimo.
4. Haeba re ananela boko ba rōna le matla a rōna a ho bua, re tla sebelisa likelello tsa rōna le maleme a rōna joang?
4 Kananelo e loketseng e tla re thusa hore re qobe ho sebelisa likelello le maleme a rōna ho khotsofatsa nama ea boetsalibe. Ho e-na le hoo, re tla boloka monahano le puo tsa rōna boemong bo hlomphehang. Re ka qoba ho seba ho kotsi ka hore ka thapelo re itšetlehe ka Eo mehopolo ea hae e phahametseng ea rōna hōle. Moapostola Pauluse o elelitse: “Tsohle tsee e leng tsa ’nete [e seng tsa bohata kapa tse etselletsang], tsohle tse hlomphehang [e seng tsa bosaoana], tsohle tse lokileng [e seng tse khopo le tse kotsi], tsohle tse hloekileng [e seng ketselletso e litšila kapa lipelaelo tse mpe], tsohle tse ratehang [e seng tse bontšang lehloeo kapa ho nyenyefatsa], tsohle tse botumo bo botle [e seng tse nyelisang], tsohle tseo bokhabane [e seng bobe] bo bong le poko [e seng tse nyatsoang] e ’ngoe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.”—Ba-Filippi 4:8.
5. Ke eng seo balumeli ’moho ba neng ba se bone ba bile ba se utloile mabapi le Pauluse?
5 Pauluse o ile a phaella: “Tseo le ithutileng tsona, la li amohela, la li utloa, la li bona ho ’na, etsang tsona; ’me Molimo oa khotso o tla ba le lōna.” (Ba-Filippi 4:9) Ke eng seo ba bang ba neng ba se bone kapa ba se utloile mabapi le Pauluse? Lintho tse hloekileng le tse hahang moeeng. O ne a sa tlatse litsebe tsa bona litšebo tsa morao-rao ka Lydia le Timothea. U ka kholiseha hore Pauluse o ne a sa mamele kapa hona ho jala menyenyetsi e buang ka baholo ba Jerusalema.a Mohlomong tlhompho bakeng sa kelello ea hae eo a e fuoeng ke Molimo e ile ea thusa Pauluse ho qoba ho kenella ho sebeng ho tletseng lehloeo. Re tla be re etsisa mohlala oa hae haeba kannete re ananela likelello le maleme tseo Jehova a re fileng tsona.
Hlompha Molimo le Lentsoe la Oona
6, 7. (a) Jakobo o bontšitse liphello tsa leleme le sa laoloeng joang? (b) Ho ke ke ha etsahala eng haeba re hlompha Molimo le Lentsoe la oona?
6 Tlhompho e tlohang botebong ba pelo bakeng sa Molimo le Lentsoe la oona le Halalelang le eona e tla re thusa ho hlōla ho seba ho kotsi. Ka sebele, tlhompho e joalo e tla re susumelletsa ho utloa keletso ea morutuoa Jakobo, ea ileng a laea leleme la hae. (Jakobo 3:2-12) Haeba motho a ne a ka laola leleme, o ne a tla khona ho laola ’mele oohle oa hae, joalokaha tomo e ka lehanong la pere e ka tataisa phoofolo eo. Joalokaha tlhase feela e ka hotetsa moru, kahoo leleme le lenyenyane e ka ba mollo o ka hotetsang tsela ea bophelo. Jakobo o boletse hore motho a ka thapisa libatana, linonyana, lihahabi, le libopuoa tsa leoatle, “ha e le leleme, che, lona ha ho motho ea ka tsebang ho le thapisa.” Empa hoo hase lebaka la ho se etse boiteko ba ho hlōla ho seba ho kotsi.
7 Jakobo o boetse a bolela hore leleme le bolela tlhohonolofatso le thohako ka molomo o le mong. Sena ha sea lokela, hobane seliba ha se kolle metsi a monate le a babang. Sefate sa feiga se ke ke sa hlahisa mehloare, le metsi a letsoai ha a hlahise metsi a monate. Ho totobetse hore hafeela Bakreste ba ntse ba sa phethahala, leleme le ke ke la thapisoa ka mokhoa o phethahetseng. Sena se lokela ho etsa hore re be le mohau ho bafosi ba bakang, empa hase lebaka la ho seba ho kotsi. Ho fihlela moo re khonang, tšebeliso e mpe joalo ea leleme e chefu e ke ke ea ’na ea etsahala haeba kannete re hlompha Molimo le Lentsoe la oona.
Kamoo Thapelo e ka Thusang
8. Thapelo e ka re thusa joang ho hlōla ho seba ho bohloko?
8 Teko ea ho mamela litšebo tse bohloko le ho li jala ka mor’a moo e ka ba matla haholo. Kahoo haeba u ’nile ua inehela tekong e joalo nakong e fetileng, na ha ua lokela ho kōpa tšoarelo le thuso ho Molimo? Jesu o re rutile ho rapela: “U se ke ua re isa molekong; u mpe u re loele ho e mobe.” (Mattheu 6:13) Bakreste ba rapelang ka tieo hore Molimo o se ke oa ba tlohella puong e lekang joalo empa e le mpe ba ke ke ba inehela kofutong ena ea Satane; ba tla lopolloa ho moetselletsi e moholo.
9. Haeba re lekoa hore re etselletse mang kapa mang, re ka ’na ra rapela joang?
9 Haeba re lekoa hore re etselletse mang kapa mang, re ka ’na ra rapela: “Jehova, bea selebeli pel’a molomo oa ka, u lebele monyako oa melomo ea ka!” (Pesaleme ea 141:3) Re ka senya litebello tsa rōna tsa bophelo bo sa feleng ka ho inehela tekong le ho etsisa Diabolose ka ho ba moetselletsi ea tletseng lehloeo, ea leshano, le ea bolaeang. (Johanne 8:44) Moapostola Johanne o ngotse: “E mong le e mong ea hloileng ngoan’abo ke ’molai; ’me lea tseba hobane ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.”—1 Johanne 3:15.
Lerato le Felisa ho Seba
10. Ho fapana le hore re sebe ba bang, re na le molato ofe ho bona?
10 Kaofela ha rōna re na le molato o itseng ho ba bang, empa ha re na molato oa lehloeo le hlohlelletsang ho seba ho bohloko. Pauluse o ngotse: “Le se ke la ba le molato ho motho, ha e se oa ho ratana.” (Ba-Roma 13:8) Re lokela ho lefa molato oo letsatsi le leng le le leng ho e-na le ho bua hampe ka ba bang le ho senya botumo ba bona. Haeba re bolela hore re rata Jehova, re ke ke ra etselletsa morapeli ’moho, “hobane ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng?”—1 Johanne 4:20.
11. Ke joang setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli se re fang seo re ka nahanisisang ka sona mabapi le ho seba ho kotsi?
11 Nahana ka papiso ea Jesu ea linku le lipōli. Batho ba seka lipōli ba ile ba bolelloa hore seo ba se entseng ho baena ba Kreste se nkiloe joaloka se entsoeng ho eena. Na ka lehloeo u ne u ka seba Kreste? Haeba u ne u ke ke ua bua hampe ka Morena le Monghali oa hao, u se ke ua tšoara baena ba hae ba tlotsitsoeng ka tsela eo. U se ke ua etsa phoso e entsoeng ke lipōli, tse “tla ea timetsong e sa feleng.” Haeba u rata baena ba Jesu, bontša hoo ka seo u se buang ka bona.—Mattheu 25:31-46, NW.
12. ’Moko-taba oa Liproverbia 16:2 ke eng, ’me o lokela ho ama menahano, liketso, le lipuo tsa rōna joang?
12 Kaha kaofela ha rōna re baetsalibe ’me re hloka sehlabelo sa topollo sa Jesu, haeba motho e mong a ne a batla ho bua lipolelo tse seng ntle ka rōna, o ne a ka fumana ho hongata hoo a ka ho buang. (1 Johanne 2:1, 2) Ho totobetse hore re ka ’na ra nahana hore re ntse re etsa hantle. “Mekhoa eohle ea motho e lokile mahlong a hae, empa Jehova o lekanya meea.” Sekala sa Molimo ha se sekamisoe ke leeme kapa ho ea ka tšobotsi. (Liproverbia 16:2; Liketso 10:34, 35) O lekanya moea oa rōna, o hlokomela boikutlo ba rōna le matla a re susumelletsang ho nahana, ho nka bohato, le ho bua. Ka hona, ka sebele ha re batle hore Molimo o fumane hore ka phoso re nahana hore re hloekile ’me ba bang ba litšila ba bile ba tšoaneloa ke lipolelo tse bohloko. Joaloka Jehova, re tlameha ho ba ba sa eeng ka tšobotsi, ba mohau, le ba lerato.
13. (a) ’Nete ea hore “lerato le na le mamello ’me le mosa” e ka re thusa joang ho hlōla ho seba ho kotsi? (b) Ke eng e tla re thibela ho bua hampe ka motho e mong ea amohelang tokelo ea tšebeletso eo re se nang eona?
13 Ho sebelisa seo Pauluse a se boletseng ho 1 Ba-Korinthe 13:4-8 (NW) ho ka re thusa ho hlōla ho seba ho kotsi. O ngotse: “Lerato le na le mamello ’me le mosa.” Khaitseli ea hlorisoang lelapeng le arohaneng bolumeling a ka ’na a se ke a re lumelisa ka thabo. Kapa ba bang ba ka ’na ba e-ba lenama, mohlomong ka baka la ho haelloa ke bophelo. Na lerato ha lea lokela ho re susumelletsa ho ba le mamello le mosa ho batho ba joalo ho e-na le ho ba seba ka ho nyatsa-nyatsa? ‘Lerato ha le mōna, ha le ithorise, ha le ikakase.’ Ka hona, haeba Mokreste e mong a amohela tokelo ea tšebeletso eo re se nang eona, lerato le tla re thibela ho bua hampe ka eena le ho bolela hore ha a tšoanelehe bakeng sa mosebetsi oo. Hape lerato le tla re thibela ho ithorisa ka lintho tseo re li finyelletseng, puo e ka tepelletsang ba nang le litokelo tse ka tlaasana.
14. Ke eng hape e teng mabapi le lerato e neng e tla ama seo re se buang ka ba bang?
14 Pauluse o ile a boela a re ‘lerato ha le itšoare ka mokhoa o hlokang bokhabane, ha le talime lithahasello tsa lona, ha le khopehe, kapa hona ho hopola khopiso.’ Ho e-na le hore ka ho hloka bokhabane re bue lintho tseo e seng tsa Bokreste, re lokela ho lumella lerato ho re susumelletsa ho bua hantle ka ba bang le ho nahana ka lithahasello tsa bona. Le re thibela ho khopeha le ho bua hampe ka batho ka likhopiso tsa sebele kapa tse inahaneloang. Kaha ‘lerato ha le thabele ho sa lokang empa le thabela ’nete,’ le re thibela ho kenella ho sebeng ho kotsi esita le ka bahanyetsi ba latsoang ho hloka toka.
15. (a) ’Nete ea hore ‘lerato le lumela e bile le tšepa lintho tsohle’ e lokela ho re ama joang? (b) Ke litšobotsi life tsa lerato tse ka re thusang ho khomarela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova esita le haeba ba bang ba o bua hampe?
15 Lerato ‘le lumela e bile le tšepa tsohle’ tse fumanoang ka hare ho Lentsoe la Molimo ’me le re susumelletsa ho ananela lijo tsa moea tse fanoang ke sehlopha sa ‘mohlanka ea khabane,’ ho e-na le ho mamela lipolelo tse tletseng ketselletso tsa bakoenehi ba leshano. (Mattheu 24:45-47; 1 Johanne 2:18-21) Kaha ‘lerato le mamella lintho tsohle ’me le ke ke la hlōleha le ka mohla,’ le boetse le re thusa ho lula re tšepahala ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo esita le haeba “baena ba bohata” kapa ba bang ba bua hampe ka oona kapa ka litho tsa oona.—Ba-Galata 2:4.
Tlhompho e Thibela ho Seba
16. Baena ba bohata ba ile ba tšoara Pauluse joang Korinthe?
16 Tlhompho bakeng sa balumeli ’moho e boetse e thusa ho hlōla litšebo tse bohloko. Kaha baa amoheleha ho Molimo, ka sebele ha re batle ho ba bua hampe. Le ka mohla a re se ke ra tšoana le “baena ba bohata” bao Pauluse a ileng a thulana le bona. Ntle le pelaelo, ba ne ba bua lintho tse mpe ka eena. (2 Ba-Korinthe 11:26, NW) E tlameha e be bakoenehi le bona ba ne ba ’mua hampe. (Bapisa Juda 3, 4.) Batho ba bang ba Korinthe ba ne ba re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla; empa ha a le teng ka seqō ke likobo feela, le puo ea hae ea nyeliseha.” (2 Ba-Korinthe 10:10, TLP) Batho ha ba bue lipolelo tse joalo ka bao ba ba ratang.
17. Diotrefe o ile a bua ka moapostola Johanne ka mantsoe a mofuta ofe?
17 Nahana ka moapostola Johanne, ea neng a buuoa hampe ke Diotrefe. Johanne o itse: “Ke ngoletse phutheho ho hong, empa Diotrefe, ea ratang ho fumana sebaka sa pele har’a bona, ha a amohele letho le tsoang ho rōna ka tlhompho. Ke ka lebaka leo, haeba ke e-tla, ke tla hopola mesebetsi ea hae eo a tsoelang pele ho e etsa, a bebera ka rōna ka mantsoe a khopo.” (3 Johanne 9, 10, NW) Ho bebera ho joalo e ne e le taba e tebileng haholo, ’me haeba re mamela kapa re jala puo e tšoanang kajeno, re lokela ho khaotsa ho etsa joalo hang-hang.
18. Demetriuse o ne a fapane le Diotrefe joang, ’me phapang ee e ka ’na ea ama boitšoaro ba rōna joang?
18 Ha a phehella hore ho hlonepshoe ba khabane, Johanne o ile a bolella Gaiuse: “U se ke ua etsisa bobe, u mpe u etsise botle. Ea etsang hantle o tsoa ho Molimo; empa ea etsang hampe ha a ka a bona Molimo. Demetriuse o bokoa ke bohle, le ke eona ’nete; le rōna rea ’moka, ’me lea tseba hobane poko ea rōna ke ea ’nete.” (3 Johanne 1, 11, 12) E mong le e mong oa rōna a ka ’na a ipotsa: Na ’na ke Diotrefe ea beberang, kapa na ke Demetriuse ea tšepahalang? Haeba re hlompha balumeli ’moho, re ke ke ra bua lipolelo tse mpe ka bona, ra fa ba bang lebaka la ho re talima re le ba beberang.
19. Baena ba bohata ba ne ba batla ho senya C. T. Russell lebitso joang?
19 Baena ba bohata ba ne ba se teng lekholong la pele la lilemo feela. Nakong ea bo-1890, batho ba se nang mekhoa ba neng ba kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ba ile ba leka ho inkela taolo ea Mokhatlo oa Watch Tower. Ba ile ba etsa ’momori khahlanong le Charles Taze Russell, ba leka ho felisa boemo ba hae joaloka mookameli oa pele oa Mokhatlo. Ka mor’a hore o hōle ka nako e ka etsang lilemo tse peli, ’momori o ile oa hlahella ka 1894. Liqoso tsa bohata li ne li likoloha haholo-holo ho seo ho neng ho thoe ke ho se tšepahale ha Russell tšebelisong ea lichelete. Tse ling tsa liqoso tseo tsa bosaoana li ile tsa hlahatsa sepheo sa batho ba qosang—ho senya C. T. Russell lebitso. Bakreste ba sa eeng ka tšobotsi ba ile ba hlahlobisisa litaba ’me ba fumana hore o nepile. Ka hona, morero ona oa ho “akhela Monghali Russell le mosebetsi oa hae matjoing” o ile oa hlōleha. Kahoo, joaloka Pauluse, Moena Russell o ile a hlaseloa ke baena ba bohata, empa teko ena e ile ea hlokomeloa e le morero oa Satane. Ka mor’a moo, ba neng ba le ’momoring oo ba ile ba talingoa e le ba sa tšoaneleheng ho thabela botsoalle ba Bokreste.
Mesebetsi e Metle e Khutsisa ho Seba ho Kotsi
20. Pauluse o ile a fumana phoso efe ho bahlolohali ba bang ba bacha?
20 Pauluse o ne a tseba hore hangata ho seba ho kotsi ho amana le botsoa, e seng mesebetsi e mengata e metle. Ha aa ka a thabela hore e be bahlolohali ba bang ba bacha ba ne ba ithutile ho “ba botsoa, ba lemalla ho chakela matlung; ’me ha ba botsoa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya litabeng tsee e seng tsa bona, ba bolela tse sa tšoanelang.” Pheko e ne e le efe? Mosebetsi o motle. Ka hona, Pauluse o ngotse: “Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohali ba bacha ba nyaloe, ba tsoale bana, ba lise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.”—1 Timothea 5:11-14.
21. Ba-Korinthe ba pele 15:58 (NW) e amana joang le ho qoba maraba a litšebo tse kotsi?
21 Haeba basali ba hlokomela malapa, ba koetlisa bana tumellanong le litekanyetso tsa Molimo, ’me ba kenella lipakaneng tse ling tsa bohlokoa, ba tla ba le nako e fokolang ea puo e se nang motheo e ka lebisang ho sebeng ho kotsi. Banna le bona ba tla ba le nako e fokolang bakeng sa puo e joalo haeba ba tšoarehile ka mesebetsi e metle. ‘Hore ka mehla re be le ho hongata hoo re ho etsang mosebetsing oa Morena’ ho tla thusa bohle ba rōna ho qoba maraba a ho seba ho kotsi. (1 Ba-Korinthe 15:58, NW) Ho kenella ka pelo eohle tšebeletsong ea Bokreste, liboka tsa phutheho, le lipakane tse ling tsa bomolimo ke tsona tseo haholo-holo li tla boloka likelello tsa rōna litabeng tsa moea e le hore re se ke ra ba basebi ba se nang mosebetsi le ba itšunyang litabeng tsa batho ba bang.
22. Lengolo la Liproverbia 6:16-19 le re eng ka pono ea Molimo ka baetselletsi?
22 Haeba re ipoloka re tšoarehile mesebetsing ea bomolimo ’me re batla ho hlohonolofatsa ba bang moeeng, re tla ba metsoalle e tšepahalang, e seng bo-ralipale ba sa tšepahaleng. (Liproverbia 17:17) ’Me haeba re qoba ho seba ho kotsi, re tla ba le Motsoalle ea molemo ho feta bohle—Jehova Molimo. A re hopoleng hore lintho tse supileng tseo e leng manyala ho eena ke “mahlo a boikhohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tšollang mali a se nang molato; ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng; ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ea jalang liphapang bathong ba mofuta o le mong.” (Liproverbia 6:16-19) Batho ba tsamaisang litšebo baa fetelletsa e bile ba sotha lintho, ’me baetselletsi ba na le maleme a buang bohata. Mantsoe a bona a kenya ba chesehelang ho pheta lipale tseleng. Hoo e batlang e le ka mehla, phello e ba phapang. Empa haeba re hloile seo Molimo o se hloileng, re tla qoba ho seba ho bohloko ho ka senyang ba khabane ’me ha thabisa moetselletsi e moholo, Satane Diabolose.
23. Mabapi le puo ea rōna, ke joang re ka thabisang pelo ea Jehova?
23 Ka hona, a re thabiseng pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11) A re qobeng puo eo a e hloileng, re hane ho mamela ketselletso, ’me re etse sohle se matleng a rōna ho hlōla ho seba ho kotsi. Ka sebele, re ka etsa joalo ka thuso ea Molimo oa rōna o halalelang, Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Esita le kajeno hase bohlale ho mamela le ho jala lipale tse sa tloaelehang (tseo hangata li sa theoang ’neteng efe kapa efe) tse buang ka seo ho thoeng litho tsa Sehlopha se Busang kapa baemeli ba tsona ba se entse.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ke joang thapelo e ka re thusang ho qoba ho etselletsa ba bang?
◻ Ho sebelisa 1 Ba-Korinthe 13:4-8 (NW) ho ka re thusa joang ho hlōla ho seba ho kotsi?
◻ Ho itlhompha ho ka re thusa joang ho thibela teko ea ho seba balumeli ’moho ka tsela e kotsi?
◻ Ba-Korinthe ba pele 15:58 (NW) e ka ama ho qoba maraba a ho seba ho kotsi joang?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]
Foto ea U.S. Forest Service