“Boloka Litaelo Tsa ka ’me U Tsoele Pele U Phela”
ONE a sa le mocha, a le bohlale, “a na le sebōpeho se setle, le tšobotsi e ntle.” Mosali oa mong’a hae o ne a chesoa ke takatso a bile a tella. Kaha o ne a khahliloe ke mohlankana enoa hoo a sitoang ho ithiba, letsatsi le letsatsi o ne a leka ho mo eka. “Mohlomong, ha a ile ka tlung ho etsa mosebetsi oa hae, ’me ho se le a mong oa batho ba ntlo teng ka tlung, a mo tšoara ka kobo, a re ho eena: Robala le ’na!” Empa Josefa, mora oa mopatriareka Jakobo, o ile a siea seaparo sa hae ’me a baleha mosali oa Potifaro.—Genese 39:1-12.
Ka sebele, hase e mong le e mong ea balehang boemo bo lekang. Ka mohlala, nahana ka boemo ba mohlankana eo Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo a ileng a mo bona literateng bosiu. Ha mosali ea tsoileng tseleng a mo eka, “o ile a mo sala morao hang-hang joaloka pholo e eang tlhabong.”—Liproverbia 7:21, 22, New International Version.
Bakreste ba eletsoa hore ba ‘balehele bohlola.’ (1 Bakorinthe 6:18) Moapostola Pauluse o ile a ngolla morutuoa e mocha oa Mokreste Timothea, a re: “U balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Timothea 2:22) Ha re talimane le maemo a re hulelang bohloleng, bofebeng kapa boitšoarong bo bong bo fosahetseng, le rōna re lokela ho ikemisetsa ho baleha joalokaha Josefa a ile a baleha mosali oa Potifaro. Re tla thusoa ke eng hore re ikemisetse ho etsa seo? Khaolong ea 7 ea buka ea Bibele ea Liproverbia, Solomone o re fa keletso ea bohlokoahali. Ha a bue feela ka lithuto tse re sireletsang manong a batho ba itšoereng hampe empa o pepesa mokhoa oo ba sebetsang ka oona ka ho hlalosa ka ho hlaka liketso tseo ka tsona mohlankana e mong a ekoang ke mosali ea boitšoaro bo hlephileng.
‘Tlama Litaelo Tsa ka Menoaneng ea Hao’
Morena o qala ka keletso ea ntate e reng: “Mora oa ka, u boloke lipolelo tsa ka, ’me e se eka u ka ipolokela litaelo tsa ka joaloka letlotlo. Boloka litaelo tsa ka ’me u tsoele pele u phela, ’me u boloke molao oa ka joaloka lithaka tsa mahlo a hao.”—Liproverbia 7:1, 2, NW.
Batsoali, haholo-holo bo-ntate, ba na le boikarabelo boo ba bo filoeng ke Molimo ba ho ruta bana ba bona litekanyetso tsa Molimo tsa botle le bobe. Moshe o ile a eletsa bo-ntate, a re: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” (Deuteronoma 6:6, 7) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lōna, bo-ntate, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Kahoo, litaelo tsa motsoali tse lokelang ho nkoa e le letlotlo, kapa ho nkoa e le tsa bohlokoa haholo, ka sebele li akarelletsa likhopotso, litaelo le melao e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, Bibele.
Thuto ea botsoali e ka boela ea akarelletsa litaelo tse ling—melao ea lelapa. Tsena li molemong oa litho tsa lelapa. Ke ’nete hore ho itšetlehile ka se hlokahalang, melao e ka ’na ea fapana ho ea ka malapa. Leha ho le joalo, batsoali ba na le mosebetsi oa ho etsa liqeto tabeng ea hore na ke’ng se molemohali lelapeng la bona. Hangata melao eo ba e etsang ke pontšo ea lerato la bona le se nang boikaketsi le kameho. Keletso e eang ho bacha ke hore ba boloke melao ena hammoho le lithuto tsa Mangolo tseo ba li fumanang ho batsoali ba bona. E, ho hlokahala hore u tšoare litaelo tse joalo “joaloka lithaka tsa mahlo a hao”—u li lebele ka hloko. Eo ke tsela ea ho qoba liphello tse bolaeang tsa ho hlokomoloha litekanyetso tsa Jehova kahoo “u tsoele pele u phela.”
Solomone o tsoela pele: “[Litaelo tsa ka u] li tlame menoaneng ea hao, ’me u li ngole letlapeng la pelo ea hao.” (Liproverbia 7:3, NW) Joalokaha menoana e hlaheletse ka pel’a mahlo a rōna ebile e le ea bohlokoa haholo ho phetheng merero ea rōna, lithuto tse ithutoang ka ho hōlisoa ka Mangolo kapa ka tsebo ea Bibele e lokela ho ba khopotso e tsoelang pele le tataiso nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Re lokela ho li boloka lipelong tsa rōna, e be tsona tse re susumetsang.
A sa lebale bohlokoa ba bohlale le kutloisiso, morena enoa oa eletsa: “E-re ho bohlale: ‘U morali’eso’; ’me e se eka u ka bitsa kutloisiso ‘Mosali eo ke Amanang le Eena.’” (Liproverbia 7:4, NW) Bohlale ke matla a ho sebelisa ka nepo tsebo eo Molimo a fanang ka eona. Re lokela ho rata bohlale joalokaha re rata morali’abo rōna ea ratoang haholo. Kutloisiso ke eng? Ke matla a ho hlahloba taba le ho fumana moelelo oa eona ka ho lemoha kamano pakeng tsa likarolo tsa eona le eona e feletse. Re lokela ho rata kutloisiso joalokaha re rata motsoalle oa hlooho ea khomo.
Ke hobane’ng ha re lokela ho khomarela koetliso ea Mangolo le ho hlaolela ho ba haufi le bohlale le kutloisiso? E le hore “[re itebele] khahlanong le mosali osele, khahlanong le molata ea entseng hore lipolelo tsa hae e be tse boreleli.” (Liproverbia 7:5, NW) E, ho etsa joalo ho tla re sireletsa litseleng tse boreleli le tse susumetsang tsa osele, kapa molata—motho ea itšoereng hampe.a
Mohlankana o Kopana le ‘Mosali ea Mano’
Ka mor’a moo morena oa Iseraele o hlalosa pono eo a e boneng: “Ke ile ka talima ka fensetere ea ntlo ea ka, ka lekhoakhoa la ka la fensetere, e le hore nka talima ba se nang phihlelo. Ke ne ke thahasella ho lemoha har’a bara mohlankana eo pelo ea hae e haelloang, ea fetang seterateng haufi le sekhutlo sa mosali eo, ’me a tsamaea tseleng e eang ntlong ea hae, mantsiboea, ka shoalane, ha bosiu le lefifi li atamela.”—Liproverbia 7:6-9, NW.
Fensetere eo Solomone a hloelisang ka eona e na le lekhoakhoa—leo ho bonahalang eka ke lithupa tse fapantsoeng ’me mohlomong e le tse betliloeng le tse khabisitsoeng. Ka mor’a shoalane, literata li ba lefifi haholoanyane bosiu. O bona mohlankana e mong ea sa sireletsehang ho hang. Ka lebaka la ho hloka temoho, kapa ho se hlaphoheloe kelellong, o na le pelo e haelloang. Ho ka etsahala hore ebe o hlokomela mofuta oa sebaka seo a keneng ho sona le se ka mo etsahallang moo. Mohlankana enoa o atamela ‘sekhutlong sa mosali eo,’ se tseleng e eang ntlong ea hae. Mosali eo ke mang? Mosebetsi oa hae ke ofe?
Morena enoa ea hlokolosi o tsoela pele: “Bonang! ho ne ho e-na le mosali ea tlil’o mo khahlanyetsa, ea apereng seaparo sa letekatse le ea pelo e mano. O morusu ’me o manganga. Maoto a hae ha a lule ka tlung ea hae. Joale o tsoetse ka ntle, joale o mapatlelong, ’me o lula a laletse haufi le sekhutlo se seng le se seng.”—Liproverbia 7:10-12, NW.
Moaparo oa mosali enoa o senola boitšoaro ba hae. (Genese 38:14, 15) O apere ka tsela e sa itlhompheng, joaloka letekatse. Ho feta moo, o pelo e mano—kelello ea hae e tletse “bolotsana,” o rerile “maqiti a bolotsana.” (An American Translation; New International Version) O morusu ebile o manganga, oa shoahla o bile o hlooho e thata, o lerata o bile o satalalitse molala, oa tella ebile oa nyelisa. Ho e-na le ho lula hae, o ikhethela ho ea mapatlelong, a lalle likhutlong tsa literata ho ea tšoasa liphofu. O letetse e mong ea kang mohlankana enoa.
‘Tšusumetso e Khōlo’
Kahoo mohlankana enoa o kopana le mosali ea boitšoaro bo hlephileng ea rerileng maqiti a bolotsana. E tlameha ebe sena se ile sa hula tlhokomelo ea Solomone hakaakang! Oa pheta: “O mo tšoere ’me o mo akile. O betefetse, ’me o qala ho re ho eena: ‘Mahlabelo a kopanetsoeng a ne a ntlamile. Kajeno ke phethile boitlamo ba ka. Ke ka lebaka leo ke tsoileng ho u khahlanyetsa, ho batla sefahleho sa hao, e le hore nka u fumana.’”—Liproverbia 7:13-15, NW.
Melomo ea mosali enoa e boreleli. Ka sebete o bua mantsoe a hae ka kholiseho. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buang o e nahanne hantle hore a eke mohlankana enoa. Ka ho bolela hore o entse mahlabelo a kopanetsoeng hona letsatsing leo ebile o phethile boitlamo ba hae, o iponahatsa a lokile, o fana ka maikutlo a hore ha a fokole moeeng. Mahlabelo a kopanetsoeng tempeleng e Jerusalema a ne a etsoa ka nama, phofo oli le veine. (Levitike 19:5, 6; 22:21; Numere 15:8-10) Kaha motho ea a nyehelang o ne a ka nka karolo e itseng ea sehlabelo se kopanetsoeng bakeng sa hae le lelapa la hae, kahoo o bontša hore ha hae ho na le lijo tse ngata le lino. Ho hlakile hore na o bolela’ng: Mohlankana enoa o ne a tla ba monyakeng moo. Mosali eo o tsoile ka tlung ea hae a tlil’o batla eena feela. Ho utloisa bohloko hakaakang—hore ebe motho a ka lumela taba e joalo! Setsebi se seng sa Bibele se re: “Ke ’nete hore o ne a tsoile ho tla batla motho e mong, empa na o ne a hlile a tsoile ho tla batla eena eo ka ho khetheha? Ke sethoto feela—mohlomong eena enoa—se neng se ka mo kholoa.”
Ha a se a entse hore a khahlehe ka moaparo oa hae, ka mantsoe a hae a qekang, ka mokhoa oa hae oa ho kopa, le ka tatso ea melomo ea hae, mosali enoa oa moeki o hulela thahasello tabeng ea monko. O re: “Ke khabisitse setulo sa ka se kang moalo ka masela a koahelang moalo, ka lintho tse mebala-bala, line ea Egepeta. Ke fafalitse bethe ea ka ka myra, makhala le sinamone.” (Liproverbia 7:16, 17, NW) O lokisitse bethe ea hae hantle ka line e mebala-bala e tsoang Egepeta o bile o e nyanyalitse ka myra, makhala le sinamone tse monko o monate.
O tsoela pele, o re: “Tloo, re noe lerato hore re be re kholoe ho fihlela hoseng; a re thabelane ka lipontšo tsa lerato.” Memo ena ke ea ho etsa ntho e ’ngoe e fetang hore batho ba babeli ba thabele lijo tsa mantsiboea tse hlabosang. Tšepiso ea hae ke ho thabela likamano tsa botona le botšehali. Ho mohlankana enoa, boipiletso bona ke ba hore a leke ntho e ncha, ’me boa thabisa! Ha a tsoela pele ho mo eka, oa eketsa: “Etsoe monna ha a eo ka tlung ea hae; o ile sebakeng se hōle. O nkile mokotla oa chelete letsohong la hae. O tla tla ntlong ea hae letsatsing leo khoeli e tolokileng ka lona.” (Liproverbia 7:18-20, NW) O mo kholisa hore ba tla sireletseha ka ho feletseng, hobane monna oa hae ha a eo o leetong la khoebo ’me o tla khutla ka mor’a nako e itseng. O na le tsebo e kaakang ea ho thetsa mocha! “O mo khelositse ka ho mo susumetsa haholo. O mo eka ka molomo oa hae o boreleli.” (Liproverbia 7:21, NW) Ke monna ea itšoereng joaloka Josefa feela ea neng a ka hana boipiletso bona bo hohelang. (Genese 39:9, 12) Na mohlankana eo o itšoere joalo le eena?
‘Joaloka Poho e Eang Tlhabong’
Solomone oa tlaleha: “Ka tšohanyetso o mo sala morao, joaloka poho e tlang tlhabong, le joalokaha eka o tlametsoe ho fuoa taeo e fuoang leoatla, ho fihlela motsu o phunya sebete sa hae, feela joalokaha nonyana e potlakela sefing, ’me ha aa ka a tseba hore ho ama moea oa hae.”—Liproverbia 7:22, 23, NW.
Ho bonahala ho le thata hore mohlankana enoa a hane memo ena. Ka bothoto o mo sala morao ‘joaloka poho e eang tlhabong.’ Joalokaha monna ea litlamong a ke ke a phema kotlo ea hae, ka ho tšoanang mohlankana enoa o huleloa sebeng. Ha a bone kotsi ea sena sohle ho fihlela “motsu o phunya sebete sa hae,” ke hore, ho fihlela a e-ba le leqeba le ka mo bolaeang. Lefu lena e ka ’na ea e-ba la nama kaha o ipepesetsa mafu a bolaeang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali.b Leqeba lena le ka ba la mo bolaea moeeng; la “ama moea oa hae.” O kenoa ke boloetse bo tebileng ’me bophelo ba hae bo ameha ka ho teba, ’me o sitetsoe Molimo haholo. Kahoo, o mathela lefung joalokaha nonyana e thoethoela sefing!
“Le se ke la Hlahlathela Litseleng Tsa Hae”
Ha a bontša thuto e fumanoang ho seo a se boneng, morena enoa ea bohlale oa phehella: “Joale, lōna bara, ’mameleng ’me le ele lipolelo tsa molomo oa ka hloko. E se eka lipelo tsa lōna li ke ke tsa khelohela litseleng tsa hae. Le se ke la hlahlathela litseleng tsa hae. Etsoe bao a entseng hore ba oe e le ba bolailoeng ba bangata, ’me bohle ba ntseng ba bolaoa ke eena ba bangata. Ntlo ea hae ke litsela tse eang Sheole; li theohela likamoreng tse ka hare tsa lefu.”—Liproverbia 7:24-27, NW.
Ho hlakile hore Solomone o fana ka keletso ea ho furalla mekhoa e bolaeang ea motho ea itšoereng hampe, le ho ‘tsoela pele ho phela.’ (Liproverbia 7:2, NW) Keletso ee e nakong hakaakang mehleng ea rōna! Ka sebele ho hlokahala hore re qobe libaka tseo ba lallang liphofu ba khathaletsang ho tsona. Ke hobane’ng ha u ka inehela maqhekeng a bona ka ho ea libakeng tse joalo? Ka sebele, ke hobane’ng ha u e-ba “eo pelo ea hae e haelloang” ’me u lelerela litseleng tsa “molata”?
“Mosali osele” eo morena a ileng a mo bona o ile a hohela mohlankana ka memo ea ho ‘thabelana ka lipontšo tsa lerato.’ Na bacha ba bangata—haholo-holo banana—ha baa qhekelloa ka tsela eona eo? Empa nahana: Ha e mong a leka ho u hulela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali, na ke lerato la ’nete kapa ke takatso ea boithati? Ekaba ka lebaka lefe monna ea ratang mosali e le kannete a ka mo hatellang hore a hlokomolohe tsela ea Bokreste eo a koetlisitsoeng ka eona le letsoalo la hae? Solomone oa eletsa: “E se eka lipelo tsa lōna li ke ke tsa khelohela” litseleng tse joalo.
Hangata mantsoe a moeki a monate a bile a lokisitsoe hantle. Ho lula re le bohlale re bile re e-na le kutloisiso ho tla re thusa ho utloisisa hore na ha e le hantle a bolela’ng. Re tla sireletseha haeba ho se mohla re lebalang seo Jehova a se laetseng. Ka lebaka leo, e se eka kamehla re ka loanela ho ‘boloka litaelo tsa Molimo ’me re tsoele pele ho phela,’ esita le ka ho sa feleng.—1 Johanne 2:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe “osele” le ne le sebelisoa ho ba ikarotseng ho Jehova ka ho furalla Molao. Kahoo, mosali ea itšoereng hampe, ea kang letekatse, o bitsoa “mosali osele.”
b Mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a senya sebete. Ka mohlala ha mokaola o se o haketse, sebete se apareloa ke likokoana-hloko. Kokoana-hloko e bakang qhoshola e ka ruruhisa sebete.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
U talima melao ea batsoali joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho boloka litaelo tsa Molimo ho bolela bophelo