Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Boloka Litaelo Tsa ka ’me U Tsoele Pele U Phela”
    Molula-Qhooa—2000 | November 15
    • Solomone oa tlaleha: “Ka tšohanyetso o mo sala morao, joaloka poho e tlang tlhabong, le joalokaha eka o tlametsoe ho fuoa taeo e fuoang leoatla, ho fihlela motsu o phunya sebete sa hae, feela joalokaha nonyana e potlakela sefing, ’me ha aa ka a tseba hore ho ama moea oa hae.”—Liproverbia 7:22, 23, NW.

      Ho bonahala ho le thata hore mohlankana enoa a hane memo ena. Ka bothoto o mo sala morao ‘joaloka poho e eang tlhabong.’ Joalokaha monna ea litlamong a ke ke a phema kotlo ea hae, ka ho tšoanang mohlankana enoa o huleloa sebeng. Ha a bone kotsi ea sena sohle ho fihlela “motsu o phunya sebete sa hae,” ke hore, ho fihlela a e-ba le leqeba le ka mo bolaeang. Lefu lena e ka ’na ea e-ba la nama kaha o ipepesetsa mafu a bolaeang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali.b Leqeba lena le ka ba la mo bolaea moeeng; la “ama moea oa hae.” O kenoa ke boloetse bo tebileng ’me bophelo ba hae bo ameha ka ho teba, ’me o sitetsoe Molimo haholo. Kahoo, o mathela lefung joalokaha nonyana e thoethoela sefing!

  • “Boloka Litaelo Tsa ka ’me U Tsoele Pele U Phela”
    Molula-Qhooa—2000 | November 15
    • b Mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a senya sebete. Ka mohlala ha mokaola o se o haketse, sebete se apareloa ke likokoana-hloko. Kokoana-hloko e bakang qhoshola e ka ruruhisa sebete.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela