Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Mosebetsi oa Hao o Tla Ema o Tiile Khahlanong le Mollo?
    Molula-Qhooa—1998 | November 1
    • 4. (a) Karolo ea Pauluse e ne e le efe mosebetsing oa Bokreste oa ho haha? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jesu le bamameli ba hae ba ne ba tseba bohlokoa ba metheo e metle?

      4 E le hore mohaho o tsitse o be o lule nako e telele, o hloka motheo o motle. Kahoo, Pauluse o ile a ngola: “Ho ea ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa, joaloka motsamaisi ea bohlale oa mesebetsi ke ile ka beha motheo.” (1 Bakorinthe 3:10) A sebelisa papiso e tšoanang, Jesu Kreste o ile a bua ka ntlo e ileng ea pholoha sefefo ka lebaka la hore sehahi sa eona se ne se khethile motheo o tiileng. (Luka 6:47-49) Jesu o ne tseba sohle ka bohlokoa ba metheo. O ne a le teng ha Jehova a theha lefatše ka bolona.a (Liproverbia 8:29-31) Bamameli ba Jesu le bona ba ne ba utloisisa bohlokoa ba metheo e metle. Ke matlo a nang le metheo e metle feela a neng a ka mamella likhohola tse matla le litšisinyeho tsa lefatše tse neng li e-ba teng ka linako tse ling Palestina. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a nahanne ka motheo ofe?

  • Na Mosebetsi oa Hao o Tla Ema o Tiile Khahlanong le Mollo?
    Molula-Qhooa—1998 | November 1
    • a E ka ’na eaba ‘motheo oa lefatše’ o bolela matla a tlhaho a le tšoereng—hammoho le a tšoereng lihloliloeng tsohle tsa leholimo—hore li lule ka tieo libakeng tsa tsona. Ho phaella moo, lefatše ka bolona le hahiloe ka tsela eo le ka mohla le ke keng la “sisinyeha,” kapa la felisoa.—Pesaleme ea 104:5.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela