-
“Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”Molula-Qhooa—1999 | November 15
-
-
Ka mantsoe a lerato a ntate, Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o re: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joalokaha u batla silevera, ’me u ntse u li tsoma joalokaha u tsoma matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:1-5, NW.
Na u bona moo boikarabelo ba ho fumana bohlale bo leng teng? Litemaneng tsena, poleloana “haeba u” e hlaha ka makhetlo a mararo. Ho hlakile hore ho ho e mong le e mong oa rōna ho batla bohlale le batlatsi ba bona—temoho le kutloisiso. Leha ho le joalo, ntho ea pele eo re e hlokang ke ho “amohela” le ho ‘ipolokela’ kelellong mantsoe a bohlale a tlalehiloeng ka Mangolong. Sena se hloka hore re ithute Bibele.
-
-
“Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”Molula-Qhooa—1999 | November 15
-
-
Poleloana e pheta-phetoang e reng, “haeba u” e fumanoang karolong e qalang ea khaolo ea bobeli ea Liproverbia e lateloa ke lipoleloana tse kang ‘u amohela,’ ‘u ipolokela,’ “u hoeletsa,” ‘u ntse u batla,’ ‘u ntse u tsoma.’ Ke hobane’ng ha mongoli a sebelisa lipolelo tsee tse eketsang matla? Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “[Mona] monna ea bohlale o hatisa bohlokoa ba ho etsa lintho ka tieo ha motho a phehella bohlale.” E, ka tieo re tlameha ho phehella bohlale le litšoaneleho tse amanang le bona—e leng temoho le kutloisiso.
-