Bibele e Re’ng ka Molimo le Jesu?
HAEBA batho ba ne ba ka bala Bibele ho tloha qalong ho ea qetellong ba se na maikutlo leha e le afe a Boraro-bo-bong, na ba ne ba tla fihlela maikutlo a joalo ka bobona? Le hanyenyane.
Ho tlang ka ho hlaka ho ’mali ea se nang leeme ke hore Molimo o le mong ke oona o Matla ’Ohle, ’Mōpi, o arohile ’me o ikhethile ho mang kapa mang, le hore Jesu, esita le pele e e-ba motho oa nama, le eena o arohile, ’me o ikhethile, ke boleng bo bōpiloeng, bo ka tlaase ho Molimo.
Molimo o Mong, e Seng ba Bararo
THUTO ea Bibele ea hore Molimo o mong e bitsoa monotheism (ka Senyesemane). ’Me L. L. Paine, profesa ea histori ea kereke, o bontša hore thuto ea hore Molimo o mong sebōpehong sa eona se hloekileng ha e lumelle Boraro-bo-bong: “Testamente ea Khale e ruta ka Molimo o le mong ka ho felletseng. Molimo ke boleng ba motho a le mong. Khopolo ea hore boraro-bo-bong bo ka fumanoa moo . . . ha e-na motheo ka ho felletseng.”
Na ho bile le ho fetoha leha e le hofe tumelong ea hore Molimo o mong ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng? Paine oa arabela: “Ntlheng ena ha ho lekhalo pakeng tsa Testamente ea Khale le e Ncha. Neano ea tumelo ho Molimo o le mong e ntšetsoa pele. Jesu e ne e le Mojode, a koetlisitsoe ke batsoali ba Bajode ka mangolo a Testamente ea Khale. Thuto ea hae e ne e le ea Sejode ho fihlela motsong oa eona; ka sebele ke molaetsa o mocha, empa e seng thuto ea bolumeli e ncha. . . . ’Me o ile a amohela temana ea sehlooho ea tumelo ho Molimo o le mong ea Sejode e le tumelo ea hae: ‘Oho Iseraele, utloa, Morena Molimo oa rōna ke Molimo o le mong.’”
Mantsoe ao a fumanoa ho Deuteronoma 6:4. New Jerusalem Bible (NJB) ea K’hatholike mona e baleha tjena: “Mamela, Iseraele: Yahweh Molimo oa rōna ke Yahweh a le mong, a ’notši.”a Tabeng ea ho ngoloa ha puo temaneng eo, lentsoe “mong” ha le na liphetoho ka bongateng ho fana ka maikutlo a hore le bolela motho a le mong.
Moapostola oa Mokreste Pauluse ha aa ka a bontša phetoho leha e le efe sebōpehong sa Molimo, esita le ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng. O ngotse: “Molimo o mong.”—Ba-Galata 3:20; bona le 1 Ba-Korinthe 8:4-6.
Ka makhetlo a likete ka hare ho Bibele eohle, ho buuoa ka Molimo e le motho a le mong. Ha o bua, ho joalokaha e le motho a le mong ea sa arohang. Bibele e ne e ke ke ea hlaka ho feta mona. Joalokaha Molimo o bolela: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka.” (Esaia 42:8) “Ke Yahweh Molimo oa hao . . . U ke ke ua ba le melimo ka ntle ho ’na.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Exoda 20:2, 3, JB.
Ke hobane’ng ha bangoli bohle ba Bibele ba bululetsoeng ke Molimo ba ne ba ka bua ka Molimo e le motho a le mong haeba e ne e hlile e le batho ba bararo? Hoo ho ne ho tla sebeletsa morero ofe, haese ho khelosa batho? Ka sebele, haeba Molimo o ne o entsoe ka batho ba bararo, o ne o tla etsa hore bangoli ba oona ba Bibele ba ho hlakise haholoanyane e le hore ho se be le pelaelo ka hona. Bonyane bangoli ba Mangolo a Bakreste a Segerike ba neng ba e-na le kamano ea botho le Mora oa Molimo ba ka be ba ho entse. Empa ha baa ho etsa.
Ho e-na le hoo, seo bangoli ba Bibele ba se entseng ke ho hlakisa haholoanyane hore Molimo ke Motho a le mong—Boleng bo ikhethang, bo sa aroloang bo se nang bo lekanang le bona: “Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong; ha ho Molimo, ha e se ’na.” (Esaia 45:5) “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notsi lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 83:18.
Hase Molimo o Entsoeng ka ba Bangata
JESU o bitsitse Molimo “Molimo o ’notši oa ’nete.” (Johanne 17:3) Le ka mohla ha aa ka a bua ka Molimo e le molimo o entsoeng ka batho ba bangata. Ke ka lebaka leo ho seng kae kapa kae ka Bibeleng moo ho nang le ea bitsoang ea Matla ’Ohle haese Jehova. Ho seng joalo, lentsoe “matla ’ohle” le felloa ke moelelo. Jesu kapa moea o halalelang ha ho mohla ba kileng ba bitsoa joalo, hobane ke Jehova feela ea ka holimo-limo. Ho Genese 17:1 ea phatlalatsa: “Ke ’na Molimo o matla ’ohle.” ’Me Exoda 18:11 e re: “Jehova o moholo ho melimo e meng kaofela.”
Ka Mangolong a Seheberu, lentsoe ʼelohʹah (molimo) le na le libōpeho tse ka bongateng tse peli, e leng, ʼelo·himʹ (melimo) le ʼelo·hehʹ (melimo ea). Libōpeho tsena tse ka bongateng ka kakaretso li bua ka Jehova, e leng tabeng eo li fetoleloang ka bonngoeng e le “Molimo.” Na libōpeho tsee tse ka bongateng li bontša Boraro-bo-bong? Che, ha li etse joalo. Ho A Dictionary of the Bible, William Smith o re: “Khopolo e inahaneloang ea hore [ʼelo·himʹ] e ne e supa batho ba boraro-bo-bong ho Molimo ho hang ha e fumane motšehetsi har’a liithuti hona joale. Ke seo litsebi tsa ho ngoloa ha puo li se bitsang bongata ba bohlomphehi, kapa se bontša botlalo ba matla a bomolimo, kakaretso ea matla a bontšoang ke Molimo.”
The American Journal of Semitic Languages and Literatures e re ka ʼelo·himʹ: “E batla e le ka mehla e kopanngoang le leetsi le ka bonngoeng, ’me e nka tšobotsi e hlakisang e ka bonngoeng.” Ho bontša sena, tlotla ʼelo·himʹ e hlaha ka makhetlo a 35 ka boeona tlalehong ea pōpo, ’me lekhetlo le leng le le leng ketso e hlalosang seo Molimo o se buileng le ho se etsa e ka bonngoeng. (Genese 1:1–2:4, NW) Kahoo, khatiso eo e qetella ka hore: “[ʼElo·himʹ] ho e-na le hoo e tlameha ho hlalosoa e le ka bongateng ba matla, ho bontša boholo le bohlomphehi.”
ʼElo·himʹ ha e bolele “batho,” empa “melimo.” Kahoo ba phehang khang ea hore lentsoe lena le fana ka maikutlo a Boraro-bo-bong ba iketsa ba lumelang ho melimo e mengata, barapeli ba ho fetang Molimo o le mong. Hobane’ng? Hobane ho ne ho tla bolela hore ho ne ho e-na le melimo e meraro ho Boraro-bo-bong. Empa e batla e le batšehetsi bohle ba Boraro-bo-bong ba hanang pono ea hore Boraro-bo-bong bo entsoe ka melimo e meraro e arohaneng.
Bibele e boetse e sebelisa mantsoe ʼelo·himʹ le ʼelo·hehʹ ha e bua ka melimo ea litšoantšo ea bohata e mengata. (Exoda 12:12; 20:23) Empa ka makhetlo a mang e ka ’na ea bua ka molimo o le mong oa bohata, joalokaha Bafilista ba ne ba bua ka “Dagone, molimo [ʼelo·hehʹ] oa bona.” (Baahloli 16:23, 24) Baale o bitsoa “molimo [ʼelo·himʹ].” (1 Marena 18:27) Ho phaella moo, lentsoe leo le sebelisetsoa batho. (Pesaleme ea 82:1, 6) Moshe o ile a bolelloa hore o ne a lokela ho sebeletsa e le “Molimo [ʼelo·himʹ]” ho Aarone le ho Faro.—Exoda 4:16; 7:1.
Ka ho totobetseng, ho sebelisetsa litlotla tsena ʼelo·himʹ le ʼelo·hehʹ melimo ea bohata, le bona batho, ho ne ho sa fane ka maikutlo a hore e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le bongata ba melimo; leha e le hore ho sebelisa ʼelo·himʹ kapa ʼelo·hehʹ ho Jehova ho bolela hore o feta motho a le mong, haholo-holo ha re hlahloba bopaki ba Bibele kaofela holim’a taba ena.
Jesu Pōpo e Arohileng
HA Jesu a le lefatšeng, e ne e le motho, le hoja e ne e le ea phethahetseng hobane e ne e le Molimo o ileng oa fetisetsa matla a bophelo a Jesu pōpelong ea Maria. (Mattheu 1:18-25) Empa eo hase tsela eo a qalileng ka eona. Eena ka boeena o ile a phatlalatsa hore o ‘theohile leholimong.’ (Johanne 3:13) Kahoo, e ne e le ha tlhaho feela hore hamorao a re ho balateli ba hae: “Ho thoe’ng haeba le bona Mor’a motho [Jesu] a nyolohela moo a neng a le teng pele?”—Johanne 6:62, NJB.
Kahoo, Jesu o ne a kile a ba teng leholimong pele a e-tla lefatšeng. Empa na e ne e le e mong oa batho ba ho Molimo o matla ’ohle, o se nang qalo le qetello o hlooho li tharo? Che, hobane Bibele e bolela ka ho hlaka hore nakong ea ho ba teng ha hae pele e e-ba motho oa nama, Jesu e ne e le boleng bo bōpiloeng ba moea, feela joalokaha mangeloi e ne e le libōpuoa tsa moea tse bōpiloeng ke Molimo. Ho mangeloi leha e le Jesu ha ho ea bileng teng pele a bōptjoa.
Jesu, moo a neng a le teng pele e e-ba motho oa nama, e ne e le “letsibolo la pōpo eohle.” (Ba-Kolosse 1:15, NJB) E ne e le “qalo ea pōpo ea Molimo.” (Tšenolo 3:14, Revised Standard Version (RS), phetolelo ea K’hatholike.) “Qalo” [ar·kheʹ ka Segerike] ka nepo e ke ke ea hlalosoa hore e bolela hore Jesu ke ‘moqali’ oa pōpo ea Molimo. Mangolong a hae a Bibele, Johanne o sebelisa libōpeho tse sa tšoaneng tsa lentsoe la Segerike ar·kheʹ ka makhetlo a fetang a 20, ’me makhetlo ana ka mehla a na le moelelo o tloaelehileng oa “qalo.” E, Jesu o bōpiloe ke Molimo e le qalo ea pōpo e sa bonahaleng ea Molimo.
Hlokomela hore na litšupiso tsa ho qaleha ha Jesu li amana haufi-ufi hakae le lipolelo tse builoeng ke “Bohlale” ba tšoantšetso bukeng ea Bibele ea Liproverbia: “Yahweh o mpōpile, thakangoaha ea ho bōpa ha hae, pele ho mesebetsi ea hae ea khale-khale. Pele lithaba li tsitsisoa, pele ho maralla, ke ile ka tsoaloa; pele a etsa lefatše, naha, le likaroloana tsa pele tsa lefatše.” (Liproverbia 8:12, 22, 25, 26, NJB) Le hoja lentsoe “Bohlale” le sebelisetsoa ho mothofatsa ea bōpiloeng ke Molimo, liithuti tse ngata lia lumellana hore ha e le hantle ke mokhabo-puo bakeng sa Jesu e le sebōpuoa sa moea pele a e-ba teng e le motho oa nama.
E le “Bohlale” pele e e-ba motho oa nama, Jesu o tsoela pele ho re o ne a le “lehlakoreng la [Molimo oa] hae, setsebi se ka sehloohong sa mosebetsi.” (Liproverbia 8:30, JB) Tumellanong le mosebetsi ona oa ho ba setsebi se ka sehloohong sa mosebetsi, Ba-Kolosse 1:16 ha e bua ka Jesu e re “ka eena Molimo o bōpile ntho e ’ngoe le e ’ngoe leholimong le lefatšeng.”—Today’s English Version (TEV).
Kahoo ke ka setsebi sena se ka sehloohong sa mosebetsi, joalokaha eka ke mosebetsi ’moho ea tlaasana, Molimo o Matla ’Ohle o ileng oa bōpa lintho tse ling tsohle. Bibele e akaretsa taba ka tsela ena: “Ho rōna ho na le Molimo o le mong, Ntate, oo ho oona ho tsoang lintho tsohle . . . le Morena a le mong, Jesu Kreste, eo ka eena lintho tsohle li leng teng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—1 Ba-Korinthe 8:6, RS, phetolelo ea K’hatholike.
Ha ho pelaelo hore ke ho setsebi sena se ka sehloohong sa mosebetsi Molimo o ileng oa re: “A re etse motho ka setšoantšo sa rōna.” (Genese 1:26, NW) Ba bang ba ’nile ba bolela hore “re” le “rōna” polelong ena li bontša Boraro-bo-bong. Empa haeba u ne u ka re, ‘A re iketsetseng ho hong bakeng sa rōna,’ ka tloaelo ho ne ho ke ke ha e-ba le ea utloisisang sena se fana ka maikutlo a hore batho ba ’maloa ba kopane e le ntho e le ’ngoe ka hare ho uena. U mpa u bolela hore batho ba babeli kapa ho feta ba tla sebetsa hammoho holim’a ntho e ’ngoe. Ho joalo, le ha Molimo o ne o sebelisa “re” le “rōna,” o ne o mpa o bua le motho e mong, pōpo ea oona ea pele ea moea, setsebi se ka sehloohong sa mosebetsi, Jesu pele e e-ba motho oa nama.
Na Molimo o ka Lekoa?
HO MATTHEU 4:1, ho buuoa ka Jesu ha a “lekoa ke Diabolose.” Ka mor’a ho bontša Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona,” Satane a re: “Ntho tseo kaofela ke tla u nea tsona, ha u ka oa ka mangole, ua nkhumamela.” (Mattheu 4:8, 9) Satane o ne a leka ho etsa hore Jesu a se ke a tšepahala ho Molimo.
Empa teko eo ea botšepehi e ne e tla ba eng haeba Jesu e ne e le Molimo? Na Molimo o ne o ka iphetohela? Che, empa mangeloi le batho ba ne ba ka fetohela Molimo ’me ba ho entse. Teko eo ea Jesu e ne e ka utloahala feela haeba e ne e se Molimo, empa e le motho ea arohileng ea nang le boikhethelo, ea neng a ka be a ile a hloka botšepehi ha a ne a khethile joalo, joaloka lengeloi kapa motho.
Ka lehlakoreng le leng, ho ke ke ha nahanoa hore Molimo o ne o ka etsa sebe ’me oa se tšepahale ho oona ka booona. “Mosebetsi oa hae o phethehile . . . ke Molimo o tšepehang, . . . o lokile, o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Kahoo haeba Jesu e ne e le Molimo, a ka be a sa lekoa.—Jakobo 1:13
Kaha e ne e se Molimo, Jesu a ka be a ile a hloka botšepehi. Empa o ile a lula a tšepahala, a re: “Tloha, Satane, hobane ho ngoliloe, ho thoe: Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.”—Mattheu 4:10.
Topollo e ne e le e Kae?
LE LENG la mabaka a ka sehloohong leo Jesu a tlileng lefatšeng ka lona le lona le amana ka tsela e tobileng le Boraro-bo-bong. Bibele e re: “Molimo o mong feela, le ’Muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho, ea ineetseng ho ba topollo ea bohle.”—1 Timothea 2:5, 6.
Jesu, e le motho ea phethahetseng feela, e bile topollo e ileng ea lekana hantle bakeng sa seo Adama a se lahlileng—tokelo ea bophelo bo phethahetseng ba motho lefatšeng. Kahoo ke ka nepo Jesu a neng a ka bitsoa “Adama oa morao” ke moapostola Pauluse, ea ileng a re hona tabeng e tšoanang: “Joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.” (1 Ba-Korinthe 15:22, 45) Bophelo ba botho bo phethahetseng ba Jesu e ne e le “topollo” e hlokoang ke toka ea bomolimo—e seng e fetang, kapa e ka tlaase. Esita le molao-motheo oa toka ea batho ke hore tefo e lefshoang e lokela ho lekana phoso e entsoeng.
Leha ho le joalo, haeba Jesu e ne e le karolo ea Molimo, tefo ea topollo e ne e tla be e phahametse haholo seo Molao oa Molimo o se hlokang. (Exoda 21:23-25; Levitike 24:19-21) E ne e le motho ea phethahetseng feela, Adama, ea ileng a etsa sebe Edene, e seng Molimo. Kahoo topollo, hore e tle e hle e be tumellanong le toka ea Molimo, e ne e lokela ho lekana le hoo ka ho felletseng—motho ea phethahetseng, “Adama oa morao.” Kahoo, ha Molimo o romela Jesu lefatšeng e le topollo, o ile oa etsa hore Jesu e be se neng se tla khotsofatsa toka, e seng ea nang le Molimo ka hare ho eena, e seng molimo-motho, empa motho ea phethahetseng, ea “tlasana ho mangeloi.” (Ba-Heberu 2:9; bapisa le Pesaleme ea 8:5, 6.) Karolo leha e le efe ea Molimo o matla ’ohle—Ntate, Mora, kapa moea o halalelang—e ka ba e ka tlaasana ho mangeloi joang?
“Mora ea Tsoetsoeng a ’Notši” Joang?
BIBELE e bitsa Jesu “Mora ea tsoetsoeng a ’notsi” oa Molimo. (Johanne 1:14, TLP; 3:16, 18; 1 Johanne 4:9) Balumeli ba thuto ea Boraro-bo-bong ba re kaha Molimo ha o na qalo le qetello, kahoo le Mora oa Molimo ha a na qalo le qetello. Empa motho e ka ba mora joang ’me ka nako e tšoanang a ba a lekana le ntat’ae ka lilemo?
Balumeli ba thuto ea Boraro-bo-bong ba bolela hore tabeng ea Jesu, “ea tsoetsoeng a ’notši” ha e tšoane le tlhaloso ea buka e hlalosang mantsoe bakeng sa “ho tsoala,” e leng ho “ho hlahisa joaloka ntate.” (Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary) Ba re tabeng ea Jesu e bolela “kutloisiso ea kamano e se nang qalo,” mofuta oa kamano ea mora ea mong feela ntle le ho tsoaloa. (Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words) Na hoo ke ntho e utloahalang ho uena? Na monna e ka ba ntat’a mora ntle le hore a mo tsoale?
Ho feta moo, ke hobane’ng ha Bibele e sebelisa lentsoe la Segerike le tšoanang bakeng sa “ea tsoetsoeng a ’notši” (joalokaha Vine a lumela ntle ho tlhaloso leha e le efe) ho hlalosa kamano ea Isaaka le Abrahama? Ba-Heberu 11:17 (NW) e bua ka Isaaka e le “mora ea tsoetsoeng a ’notši” oa Abrahama. Ho ke ke ha e-ba le pelaelo hore tabeng ea Isaaka, o ne a tsoetsoe a ’notši ka kutloisiso e tloaelehileng, a sa lekane ka nako kapa boemo le ntate oa hae.
Lentsoe la motheo la Segerike bakeng sa “ea tsoetsoeng a ’notši” le sebelisitsoeng ho Jesu le ho Isaaka ke mo·no·ge·nesʹ, le tsoang ho moʹnos, e bolelang “’notši,” le giʹno·mai, motso oa lentsoe le bolelang “ho hlahisa,” “ho ba (ho ba teng),” kamoo ho bolelang Exhaustive Concordance ea Strong. Kahoo, mo·no·ge·nesʹ e hlalosoa e le: “Ea hlahileng a ’notši, ea tsoetsoeng a ’notsi, ke hore ngoana ea ’notši.”—A Greek and English Lexicon of the New Testament, ea E. Robinson.
Theological Dictionary of the New Testament, e hlophisitsoeng ke Gerhard Kittel, e re: “[Mo·no·ge·nesʹ] e bolela ‘ea hlahileng a le mong,’ ke hore, ea se nang banab’abo ba batona le likhaitseli.” Buka ena e boetse e bolela hore ho Johanne 1:18; 3:16, 18; le 1 Johanne 4:9, “kamano ea Jesu ha e bapisoe feela le ea ngoana ea ’notši le ntate oa hae. Ke kamano ea ea tsoetsoeng a ’notši ho Ntate.”
Kahoo Jesu, Mora ea tsoetsoeng a ’notši, o bile le qaleho bophelong ba hae. ’Me Molimo o Matla ’Ohle ka nepo o ka bitsoa Motsoali oa hae, kapa Ntate, ka kutloisiso e tšoanang le ea ntate oa lefatšeng, joaloka Abrahama, ha a tsoala mora. (Ba-Heberu 11:17, NW) Ka baka leo, ha Bibele e bua ka Molimo e le “Ntate” oa Jesu, e bolela seo e se buang—hore ke batho ba babeli ba arohaneng. Molimo ke ea ka holimo. Jesu ke ea ka tlaase—ka nako, boemo, matla, le tsebo.
Ha motho a hlokomela hore Jesu e ne e se eena feela mora oa moea oa Molimo ea bōpiloeng leholimong, hoa totobala hore na ke hobane’ng ha polelo “Mora ea tsoetsoeng a ’notši” e ile ea sebelisoa tabeng ea hae. Libōpuoa tse ling tsa moea tse se nang palo, mangeloi, le tsona li bitsoa ‘bara ba Molimo,’ ka kutloisiso e tšoanang le ea Adama, hobane matla a tsona a bophelo a qalile ho Jehova Molimo, Seliba, kapa Mohloli oa bophelo. (Jobo 38:7; Pesaleme ea 36:9; Luka 3:38) Empa tsena kaofela li ne li bōpiloe ka “Mora ea tsoetsoeng a ’notši,” eo e neng e le eena feela ea tsoetsoeng ke Molimo ka ho toba.—Ba-Kolosse 1:15-17.
Na Jesu o ne a Nkoa e le Molimo?
LE HOJA Jesu hangata a bitsoa Mora oa Molimo ka Bibeleng, ha ho lea mong lekholong la pele la lilemo ea kileng a nahana ka eena e le Molimo Mora. Esita le bademona, ba neng ba “lumela hobane Molimo o mong feela,” ba ne ba tseba ka phihlelo ea bona sebakeng sa moea hore Jesu e ne e se Molimo. Kahoo, ka nepo, ba buile le Jesu e le “Mora oa Molimo” ea arohileng. (Jakobo 2:19; Mattheu 8:29) ’Me ha Jesu a e-shoa, masole a Roma a bahetene a neng a eme pel’a hae a ne a tseba ka ho lekaneng ho bolela hore seo a se utloileng ho balateli ba hae e tlameha ho ba ’nete, e seng hore Jesu e ne e le Molimo, empa hore “eo e ne e le Mora oa Molimo ruri!”—Mattheu 27:54.
Kahoo, poleloana “Mora oa Molimo” e bua ka Jesu e le sebōpuoa se arohileng, e seng e le karolo ea Boraro-bo-bong. E le Mora oa Molimo, e ne e ke ke ea e-ba Molimo ka booona, hobane Johanne 1:18 e re: “Ha ho ea kileng a bona Molimo.”—RS, phetolelo ea K’hatholike.
Barutuoa ba ne ba talima Jesu e le “’Muelli mahareng a Molimo le batho,” e seng e le Molimo ka booona. (1 Timothea 2:5) Kaha ka tlhaloso ’muelli ke motho e mong ea arohileng ho bao ba hlokang ho kopanngoa ka puisano, e ne e tla ba ho ikhanyetsa hore Jesu e be ntho e le ’ngoe le e mong oa litho tsena tseo a lekang ho li kopanya. Hoo e ne e tla ba ho iketsa seo a seng sona.
Bibele e hlakile e bile e tsitsitse ka kamano ea Molimo le Jesu. Ke Jehova Molimo feela ea Matla ’Ohle. O bōpile Jesu pele e e-ba motho oa nama ka ho toba. Kahoo, Jesu o bile le qalo ’me o ne a ke ke a hlola a lekana le Molimo ka matla kapa ka ho hloka qalo le qetello.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso la Molimo le ngoloa e le “Yahweh” liphetolelong tse ling, “Jehova” ho tse ling.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Kaha o bōpiloe ke Molimo, Jesu o boemong ba bobeli ka nako, matla, le tsebo
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jesu o itse o bile teng pele e e-ba motho oa nama, kaha o bōpiloe ke Molimo e le qalo ea pōpo ea Molimo e sa bonahaleng