Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tsamaea ‘Tseleng ea ho Loka’
    Molula-Qhooa—2001 | September 15
    • Solomone o bontša bohlokoa ba ho loka. O re: “Lintho tsa bohlokoa tsa morui ke motse oa hae o matla. Tšenyeho ea ba tlaase ke bofutsana ba bona. Mosebetsi oa ea lokileng o fella ka bophelo; lihlahisoa tsa ea khopo li fella ka sebe.”—Liproverbia 10:15, 16.

  • Tsamaea ‘Tseleng ea ho Loka’
    Molula-Qhooa—2001 | September 15
    • Ka lehlakoreng le leng, ebang motho ea lokileng o na le lintho tse ngata tse bonahalang kapa che, ho loka ha hae ho lebisa bophelong. Joang? Ha e le hantle, o khotsofaletse seo a nang le sona. Ha a lumelle boemo ba hae ba lichelete ho kena-kenana le boemo ba hae bo botle ho Molimo. Ebang o ruile kapa o futsanehile, tsela ea motho ea lokileng ea bophelo e mo tlisetsa thabo hona joale le tšepo ea bophelo bo sa feleng nakong e tlang. (Jobo 42:10-13) Motho ea khopo ha a rue molemo le haeba a ka fumana leruo. Ho e-na le ho ananela matla a lona a ho sireletsa le ho phela tumellanong le thato ea Molimo, o sebelisa leruo la hae ho ntšetsa pele bophelo ba sebe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela