‘Molomo oa ’Nete o Tla ba Teng ka ho sa Feleng’
LELEME le tšoana le mollo o monyenyane o ka hotetsang hlaha, ’me le ka senya bophelo ba motho. Le ka tlala chefo, empa hape e ka ba “sefate sa bophelo.” (Liproverbia 15:4) Lefu le bophelo li matleng a lona. (Liproverbia 18:21) Setho sena se senyenyane sa ’mele ea rōna, e leng leleme, se matla a ka silafatsang ’mele oohle. (Jakobo 3:5-9) Ho hotle hore re tšoare leleme.
Karolong ea bobeli ea khaolo ea 12 ea buka ea Bibele ea Liproverbia, Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o fana ka keletso ea bohlokoa e re thusang ho tšoara maleme a rōna. Morena enoa ea bohlale o sebelisa maele a tobang taba empa a e-na le moelelo ho bontša hore lentsoe ha le khutle e se monoana, ’me mantsoe a hlahatsa seo motho a leng sona. Keletso e bululetsoeng ea Solomone ke ea bohlokoa ho mang kapa mang ea lakatsang ho ‘beha molebeli lemating la molomo oa hae.’—Pesaleme ea 141:3.
‘Tlōlo e Tšoasang’
Solomone o re: “Motho e mobe o tšoasoa ke tlōlo ea molomo, empa ea lokileng o tsoa mahlomoleng.” (Liproverbia 12:13) Leshano ke tlōlo e etsoang ke molomo ’me le bolaea mong’a lona. (Tšenolo 21:8) Ho se tšepahale ho ka ’na ha bonahala e le tsela e bonolo ea ho balehela kotlo kapa ea ho qoba boemo bo bosula. Empa hangata na leshano ha le tsoale leshano? Feela joalokaha motho ea qalang ho becha ka chelete e nyenyane a hokoa hore a beche ka e ngatanyana ha a leka ho khutlisa chelete e mo lahlehetseng, motho ea leshano o iphumana a itsoakelelitse ka letoto la mashano.
Tlōlo e etsoang ke molomo e boetse e tšoasa ka hore motho ea qalang leshano o qetella a ithetsitse ka boeena. Ka mohlala, ho bonolo hore motho ea leshano a ikholise hore o na le tsebo e ngata ’me o bohlale, empa ha e le hantle a e-na le tsebo e nyenyane haholo. Ka tsela eo, o phela ka leshano. Ka sebele, “o itšoere ka mokhoa o qhekellang haholo mahlong a hae hoo a sa fumaneng phoso ea hae e le hore a e hloee.” (Pesaleme ea 36:2) Leshano ke leraba le lekaakang! Empa ea lokileng a ke ke a itšoaselletsa joalo. A ke ke a bua leshano leha a selebaletsoe.
‘Litholoana Tse Khotsofatsang’
Moapostola Pauluse oa lemosa o re: “Le se ke la thetsoa: Molimo a ke ke a songoa. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Ka sebele molao-motheo ona o ama seo re se buang hammoho le liketso tsa rōna. Solomone o re: “Motho o khotsofatsoa ke se molemo se tsoang litholoaneng tsa molomo oa hae, ’me liketso tsa matsoho a motho li tla khutlela ho eena.”—Liproverbia 12:14.
Molomo o “bolelang bohlale” o hlahisa litholoana tse khotsofatsang. (Pesaleme ea 37:30) Ho hlokahala tsebo hore re be bohlale, ’me ha ho motho eo e leng seliba sa tsebo. Ho hlokahala hore e mong le e mong a mamele keletso e molemo ’me a e ele hloko. Morena oa Iseraele o re: “Tsela ea leoatla e nepahetse mahlong a lona, empa ea mamelang keletso o bohlale.”—Liproverbia 12:15.
Jehova o re fa keletso e utloahalang ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, a sebelisa lingoliloeng tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45; 2 Timothea 3:16) Ke booatla bo bokaakang ho hana keletso e molemo le ho tsitlella maikutlong a rōna! Re lokela ho ‘potlakela ho utloa’ ha Jehova, “Ea rutang batho tsebo,” a re eletsa ka mokhatlo oa hae oo a o sebelisang.—Jakobo 1:19; Pesaleme ea 94:10.
Ba bohlale le maoatla ba itšoara joang ha ba buisoa hampe kapa ba nyatsoa ka leeme? Solomone oa araba o re: “Ke leoatla le tsebahatsang matšoenyeho a lona ka letsatsi lona leo, empa ea masene o koahela ho se hlomphehe.”—Liproverbia 12:16.
Ha leoatla le khopisitsoe, le araba kapele ka bohale—“ka letsatsi lona leo.” Empa motho ea hlalefileng o rapella moea oa Molimo e le hore a bontše boitšoaro. O ipha nako ea ho thuisa ka keletso ea Lentsoe la Molimo ’me ka kananelo o nahanisisa ka mantsoe a Jesu a reng: “Mang kapa mang ea u jabelang lerameng la hao le letona, u mo reteletse le le leng.” (Matheu 5:39) Kaha motho ea bohlale o lakatsa hore ‘ho se ke ha e-ba le eo a busetsang bobe ka bobe ho eena,’ ha a bebere. (Baroma 12:17) Haeba le rōna ka bohlale re koahela ho se hlomphehe ho ka ’nang ha re hlahela, re felisa liqabang.
‘Leleme le Folisang’
Tlōlo e etsoang ke molomo e ka senya litaba haholo nyeoeng. Morena oa Iseraele o re: “Ea phatlalatsang botšepehi o tla bolela se lokileng, empa paki ea bohata, e tla bolela thetso.” (Liproverbia 12:17) Paki ea ’nete e phatlalatsa botšepehi hobane bopaki ba eona ke ba ’nete ’me boa tšepahala. Mantsoe a eona a khothalletsa toka. Empa paki ea bohata e tletse mano ’me e khothalletsa leeme.
Solomone o tsoela pele o re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liproverbia 12:18) Mantsoe a ka hlaba joaloka sabole, a qhala setsoalle ’me a tsosa likhathatso. Kapa a ka thabisa ’me a ba monate, a tiisa setsoalle. Na ho rohaka, ho tjolietsa, ho soma le ho nyefola hase ho utloisa motho bohloko bo tebileng? Ho molemo hakaakang hore ha leleme la rōna le ile la thella linthong tsena, re lokise sena ka mantsoe a folisang a kōpang tšoarelo e le kannete!
Hase ho makatsang hore ebe linakong tsena tse thata tseo re phelang ho tsona, ba bangata ba “lipelo li robehileng,” ’me ba ‘sithabetse moeeng.’ (Pesaleme ea 34:18) Ha re ‘bua ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng’ ’me re ‘tšehetsa ba fokolang,’ re tla be re sebelisa matla a folisang a mantsoe. (1 Bathesalonika 5:14) Ka sebele, mantsoe a bontšang kutloelo-bohloko a ka khothatsa bacha ba loanang le khatello e kotsi ea lithaka. Ho bua mantsoe a nahanelang ho ka kholisa ba hōlileng hore baa hlokoa ebile baa ratoa. Mantsoe a mosa a ka hlasimolla ba kulang. Esita le khalemelo e amoheloa habonolo ha e fanoa “ka moea o bonolo.” (Bagalata 6:1) ’Me leleme la ea bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le folisa hakaakang ho ba li mamelang!
‘Molomo o Bang Teng ka ho sa Feleng’
Ha Solomone a tšoantša “molomo” le “leleme,” o re: “Molomo oa ’nete o tla tiisoa ka thata ka ho sa feleng, empa leleme la bohata le tla ba teng feela ka motsotsoana.” (Liproverbia 12:19) Poleloana e reng “molomo oa ’nete” e ka bonngoeng Seheberung ’me ha e bolele feela ho bua ’nete. Buka e ’ngoe e re: “E bolela ho tšoarella, ho ba teng ka nako e telele le ho tšepahala. Puo ea mofuta ona e lula e le teng . . . ka ho sa feleng hobane ea tšepahala, ho fapana le leleme le thetsang . . . le ka ’nang la thetsa ka nakoana empa le taloleha ha le botsisisoa.”
Morena ea bohlale o re: “Thetso e ka lipelong tsa ba rerang bobe, empa ba rerang khotso ba na le thabo.” Oa phaella o re: “Ha ho letho le kotsi le tla hlahela ea lokileng, empa ba khopo ke bona bao ka sebele ba tla tlala litlokotsi.”—Liproverbia 12:20, 21.
Ba rerang bobe ba ka baka bohloko le mahlomola. Empa, ba rerang khotso ba tla khotsofatsoa ke ho etsa se lokileng. Ba boetse ba thabela ho bona liphello tse molemo. Habohlokoa ka ho fetisisa, ba amoheloa ke Molimo hobane “molomo oa bohata ke ntho e manyala ho Jehova, empa ba sebetsang ka botšepehi baa mo khahlisa.”—Liproverbia 12:22.
‘Puo e Koahelang Tsebo’
Ha a hlalosa phapang e ’ngoe pakeng tsa ea hlokolosi ka seo a se buang le ea seng hlokolosi, morena oa Iseraele o re: “Motho ea masene o koahela tsebo, empa lipelo tsa ba hlokang kelello li hoeletsa booatla.”—Liproverbia 12:23.
Motho ea masene, kapa ea bohlale, oa tseba hore na o lokela ho bua neng le hore na a khutse neng. O koahela tsebo ka ho ithiba hore a se ke a ikhantša ka seo a se tsebang. Sena ha se bolele hore o pata tsebo kamehla. Ho e-na le hoo, o bontša tsebo eo a nang le eona ka masene. Leha ho le joalo, leoatla lona le potlakela ho bua le ho tsebahatsa booatla ba lona. Ka hona, e se eka mantsoe a rōna a ka ba makhutšoanyane ’me maleme a rōna a qoba boikhohomoso.
Solomone o tsoela pele ka lipapiso tsa hae ’me o bua ntlha ea bohlokoa mabapi le ho khothalla mosebetsi le ho ba botsoa. O re: “Matsoho a ba khothetseng a tla busa, empa letsoho le monyebe le tla etsa mosebetsi o qobelloang.” (Liproverbia 12:24) Ho sebetsa ka thata ho ka etsa hore motho a atlehe ’me ha etsa hore a ikemele licheleteng, ’me botsoa bo ka etsa hore motho a etse mosebetsi o qobelloang ’me e be lekhoba. Setsebi se seng se re: “Ka mor’a nako, motho ea botsoa e tla ba lekhoba la ea khothetseng.”
‘Lentsoe le Thabisang’
Morena Solomone o khutlela tabeng ea lipuo tsa rōna ka ho hlokomela ka tieo seo batho ba leng sona. O re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.”—Liproverbia 12:25.
Ho na le matšoenyeho a mangata a ka etsang hore pelo e imeloe ke masoabi. Se hlokahalang ho imolla motho le ho etsa hore pelo ea hae e thabe ke mantsoe a molemo a khothatsang a motho ea nang le qenehelo. Empa ba bang ba ka tseba joang hore na re tšoenyehile hakae lipelong haeba re sa bue? Ka sebele, ha re le matšoenyehong kapa re tepeletse maikutlo, ho hlokahala hore re bolelle motho ea nang le qenehelo ea ka re thusang. Ho feta moo, ho ntša maikutlo ho khatholla pelo. Ka lebaka leo, ho molemo ho ntša maikutlo a hao ho molekane, motsoali, kapa motsoalle ea nang le qenehelo le ea hōlileng moeeng.
Na ho na le mantsoe a molemo a khothatso a fetang a hlahang ka Bibeleng? Kahoo, re lokela ho atamela ho Molimo ka ho thuisa ka kananelo ka Lentsoe la hae le bululetsoeng. Ka sebele, ho thuisa joalo ho tla etsa hore pelo e tšoenyehileng e thabe ’me mahlo a saretsoeng a ele. Mopesaleme o tiisa sena, o re: “Molao oa Jehova o phethahetse, o hlasimolla moea. Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo. Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye.”—Pesaleme ea 19:7, 8.
Tsela e Nang le Moputso
Morena oa Iseraele o bapisa tsela ea ba lokileng le ea ba khopo ’me o re: “Ea lokileng o hloela lekhulo la hae, empa tsela ea ba khopo e etsa hore ba lelere.” (Liproverbia 12:26) Ea lokileng o hlokolosi ka lekhulo la hae—e leng bao a khethang ho khema le bona. O ba khetha ka bohlale, a leka ho qoba metsoalle e kotsi. Empa ba khopo ha ba joalo hobane ba hana keletso ’me ba tsitlella litseleng tsa bona. Baa thetsoa ’me baa lelera.
Ka mor’a moo, Morena Solomone o boetse o bontša phapang e ’ngoe pakeng tsa ba monyebe le ba khothetseng. O re: “Monyebe o ke ke oa lelekisa liphoofolo tseo motho a li tsomang, empa khothalo ke leruo la motho la bohlokoa.” (Liproverbia 12:27) Motho ea monyebe—e leng “motho ea botsoa”—ha a ‘lelekise,’ kapa ha a “bese,” phoofolo eo a e tsommeng. (New International Version) Ka sebele, ha a phethe seo a se qalileng. Empa ho khothala ho etsa hore motho a rue.
Botsoa bo kotsi hoo moapostola Pauluse a ileng a bona ho hlokahala hore a ngolle Bakreste-’moho le eena ba Thesalonika ’me a khalemele batho ba bang ba moo ba neng ba ‘tsamaea ka mokhoa o sa laoleheng’—ba sa sebetse ho hang empa ba kena-kenana le se sa ba ameng. Ba joalo e ne e le moroalo o boima ho ba bang. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a ba khalemela pepenene hore ba ‘sebetse ka khutso e le hore ba ka ja lijo tseo ba li fumanang ka ho li sebeletsa.’ Haeba ba ne ba sa etse letho ka keletso ena e tiileng, Pauluse o ile a khothalletsa ba bang ka phuthehong hore ba “tlohe” ho bona—ba ba qobe litabeng tsa setsoalle.—2 Bathesalonika 3:6-12.
Re lokela ho nka ka botebo keletso ea Solomone ea hore re be mahlahahlaha le hore re sebelise leleme hantle. A re lekeng ho sebelisa setho sena se senyenyane ho folisa ba bang le ho ba thabisa ha re ntse re qoba tlōlo e etsoang ke molomo ’me re phehella tsela e lokileng. Solomone oa re tiisetsa o re: “Tseleng ea ho loka ho na le bophelo, ’me leeto tseleng ea hona ha e bolele lefu.”—Liproverbia 12:28.
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
“Ea mamelang keletso o bohlale”
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
“Maleme a ba bohlale ke pholiso”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho ntša maikutlo a hao ho motsoalle ea tšeptjoang ho ka u tšelisa
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho thuisa ka kananelo ka Lentsoe la Molimo ho thabisa pelo