“Molao oa ea Bohlale”—Ke Mohloli oa Bophelo
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a tsota a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!” (Baroma 11:33) Mopatriareka ea tšepahalang Jobo o ile a re: “[Jehova Molimo] o pelo e bohlale.” (Jobo 9:4) E, ha ho ea ka bapisoang le ’Mōpi oa leholimo le lefatše ka bohlale. Ho ka thoe’ng ka molao, kapa Lentsoe le ngotsoeng la ’Mōpi ea joalo?
Mopesaleme o ile a bina a re: “Molao oa Jehova o phethahetse, o hlasimolla moea. Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo. Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye.” (Pesaleme ea 19:7, 8) E tlameha ebe Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o ne a utloisisa bonnete ba mantsoe ao hakaakang! O ile a re: “Molao oa ea bohlale ke mohloli oa bophelo, bakeng sa ho furallisa motho maraba a lefu.” (Liproverbia 13:14) Litemaneng tse 13 tse qalang tsa Liproverbia khaolo ea 13, Solomone o bontšitse kamoo keletso e tsoang Lentsoeng la Molimo e ka re thusang ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba rōna le ho qoba ho bo beha kotsing kateng.
Amohela Thuto
Liproverbia 13:1 e re: “Mora o ba bohlale moo ho nang le taeo ea ntate, empa mosomi ke ea sa utloang khalemelo e matla.” Taeo e tsoang ho ntate e ka ba bonolo kapa ea ba matla. Pele e ka ’na ea tla e le koetliso, ’me haeba e hanoa, qetellong ea tla e le kotlo. Mora ea amohelang taeo ea ntat’ae o bohlale.
Bibele e re: “Jehova o laea eo a mo ratang,” ’me “o shapa e mong le e mong eo a mo amohelang e le mora.” (Baheberu 12:6) Tsela e ’ngoe eo Ntate oa rōna oa leholimo a re laeang ka eona ke ka Lentsoe la hae le ngotsoeng e leng Bibele. Ha re bala Bibele ka tlhompho ebile re etsa seo e reng re se etse, Lentsoe la hae lea re laea. Sena se re tsoela molemo, kaha sohle seo Jehova a se buang se molemong oa rōna.—Esaia 48:17.
Taeo e ka boetse ea tla e le khalemelo e tsoang ho molumeli-’moho le rōna ea thahasellang katleho ea rōna ea moea. Keletso leha e le efe e molemo e tumellanong le Lentsoe la Molimo e lokela ho talingoa, eseng e le e tsoang ho motho eo, empa e le e tsoang Mohloling o moholo oa ’nete. Re tla be re le bohlale ha re ka e talima e le e tsoang ho Jehova. Haeba re etsa joalo ebile re e lumella hore e susumetse likelello tsa rōna, e re thuse ho utloisisa Mangolo haholoanyane, le ho lokisa litsela tsa rōna, re tla be re rua molemo taeong eo. Ho joalo le ka keletso eo re e fumanang libokeng tsa Bokreste le likhatisong tse thehiloeng Bibeleng. Ho sebelisa seo re ithutileng sona mantsoeng a joalo a ngotsoeng kapa a builoeng ke mokhoa o motle haholo oa ho itaea.
Ka lehlakoreng le leng, mosomi ha a amohele taeo. Buka e ’ngoe e re: “Kaha o nahana hore o tseba haholo, ha a amohele thuto.” Esita le khalemelo e matla ha aa e amohele. Empa na ho na le mohla a ka tšoaeang taeo ea Ntat’ae phoso? Ha ho mohla Jehova a kileng a fosa, ebile ha ho mohla a tla fosa. Ka ho hana taeo, mosomi o iketsa sethoto. Ka mantsoe a ’maloa a khethiloeng hantle, Solomone o bontša bohlokoa ba ho amohela thuto ka bokhabane hakaakang!
Lebela Leleme la Hao!
Ho bontša bohlokoa ba ho tataisoa ke Lentsoe la Molimo lipuong, morena oa Iseraele o tšoantša molomo le sefate se behang litholoana. O re: “Motho o tla ja se molemo se tsoang litholoaneng tsa molomo oa hae, empa moea oa ba sebetsang ka bolotsana ke pefo.” (Liproverbia 13:2) Mantsoe a builoeng ke litholoana tsa molomo. ’Me motho o kotula seo a se jetseng ka mantsoe a hae. Setsebi se seng se re: “Haeba sepheo sa hae e le ho bua mantsoe a mosa le a reretsoeng ho theha likamano tse nang le botsoalle le baahelani ba hae, o tla ja se molemo, a phele ka thabo le ka khotso.” Ha ho joalo ka ea bolotsana. O batla ho etsa pefo le ho lematsa ba bang. O rera pefo ebile o kotula pefo. Maraba a lefu a monyako oa hae.
Solomone o tsoela pele o re: “Ea lebelang molomo oa hae o boloka moea oa hae. Ea ahlamisang molomo—o tla ba le tšenyeho.” (Liproverbia 13:3) Puo ea booatla e ka fella ka ho senyeha ha botumo ba motho, pelo e utloileng bohloko, likamano tse senyehileng, esita le ho ntšoa kotsi ’meleng. Hape Molimo ha a rate melomo e ahlametseng ruri, hobane o nka motho e mong le e mong a ikarabella ka mantsoe a hae. (Matheu 12:36, 37) Ka sebele, ho lebela melomo ea rōna ka thata ho tla re pholosa tšenyehong. Leha ho le joalo, re ka ithuta joang ho lebela melomo ea rōna?
Tsela e bonolo ea ho etsa sena ke ea ho qoba ho bua haholo. Bibele e re: “Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng.” (Liproverbia 10:19) Tsela e ’ngoe ke ea ho nahana pele u bua. Mongoli ea bululetsoeng o re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” (Liproverbia 12:18) Ha motho a ipuela feela a sa nahane, eena hammoho le bamameli ba hae ba ka utloa bohloko. Ka hona, Bibele e re fa keletso ena e utloahalang: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.”—Liproverbia 15:28.
Khothala
Solomone o re: “Ea botsoa o iponahatsa a lakatsa, empa moea oa hae ha o na letho. Leha ho le joalo, moea oa ba khothetseng o tla nona.” (Liproverbia 13:4) Buka e ’ngoe e re: “Ntlha [ea maele ana] ke hore ho lakatsa feela tjee ke lefeela la mafeela,” le hore “seo e leng sa bohlokoa ke ho ba mahlahahlaha. Batho ba botsoa ba bolaoa ke . . . ho lakatsa, ’me takatso eo ea bona ha e ba etsetse letho.” Leha ho le joalo, moea, kapa takatso ea motho ea khothetseng, oa khotsofala—oa nona.
Ho thoe’ng ka ba tsilatsilang ho inehela ho Jehova ka lebaka la ho tšaba boikarabelo? Ba ka ’na ba bonahala e le batho ba lakatsang ho phela lefatšeng le lecha la Molimo, empa na ba ikemiselitse ho bontša seo ka liketso? Se hlokahalang ho batho ‘ba tsoang matšoenyehong a maholo’ ke hore ba be ba bontšitse tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo, ba inehetse ho Jehova, ’me ba tšoantšelitse boinehelo ba bona ka kolobetso ea metsing.—Tšenolo 7:14, 15.
Hape nahana ka se amehang ha motho a hahamalla ho ba molebeli ka phuthehong. Ho lakatsa ho finyella mosebetsi ona o motle ka sebele ke taba e babatsoang le e khothalletsoang ka Mangolong. (1 Timothea 3:1) Leha ho le joalo, ho lakatsa feela ha hoa lekana. Ho tšoanelehela boemo boo ho hloka hore motho a hlaolele litšobotsi tse hlokahalang le bokhoni bo hlokahalang. Sena se hloka hore a khothale.
Ho Loka—Hoa Sireletsa
Motho ea lokileng o hlaolela litšobotsi tsa bomolimo ebile o bua ’nete. Oa hlokomela hore ho bua leshano ho khahlanong le molao oa Jehova. (Liproverbia 6:16-19; Bakolose 3:9) Tabeng ena Solomone o re: “Ea lokileng o hloile lentsoe la bohata, empa ba khopo ba itšoara ka mokhoa o hlabisang lihlong ’me ba ipakela nyeliso.” (Liproverbia 13:5) Motho ea lokileng hase feela hore o qoba mashano; o a hloile. Oa tseba hore mashano a senya likamano tse ntle tsa batho, ho sa tsotellehe hore na a bonahala a se kotsi hakae. Ho feta moo, ha ho motho ea ka tšepang motho ea ratang mashano. Ea khopo o itšoara ka mokhoa o hlabisang lihlong ka ho bua mashano kapa ka ho etsa lintho tse ling tse tsoileng tseleng, ’me ka tsela eo a ipakele nyeliso.
Ho bontša hore ho etsa lintho tse lokileng mahlong a Molimo hoa putsa, morena ea bohlale o re: “Ho loka ho sireletsa ea se nang kotsi tseleng ea hae, empa bokhopo bo liha moetsalibe.” (Liproverbia 13:6) Feela joaloka qhobosheane, ho loka ho sireletsa motho, empa bokhopo boa mo senya.
U se ke Ua ba Moikaketsi
A bontša hore o hlokomela litšekamelo tsa motho, morena oa Iseraele o re: “Ho na le ea iketsang eka ke morui leha ho le joalo a se na letho ho hang; ho na le ea iketsang eka o na le ho honyenyane leha ho le joalo a e-na le lintho tse ngata tsa bohlokoa.” (Liproverbia 13:7) Motho a ka ’na a fapana le seo a bonahalang a le sona. Mafutsana a mang a ka ’na a iketsa eka a ruile—mohlomong e le ho iketsa bo-mponeng, ho fa batho maikutlo a hore aa ikhona, kapa feela ho ipeha maemong a holimo. Morui a ka ’na a iketsa eka o futsanehile, e le feela hore a pate borui ba hae.
Ho iketsa eka ua ikhona kapa ho pata seo u nang le sona, ho fosahetse. Haeba re kolla ntsi hanong, ho senya chelete mabothobothong e le hore feela re bonahale eka re barui ho ka sitisa rōna le malapa a rōna ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong. ’Me motho ea iketsang eka o futsanehile empa a ruile, o iketsa lekhonatha le tla hloka seriti le thabo tse tlisoang ke ho fana ka seatla se bulehileng. (Liketso 20:35) Ho tšepahala ho etsa hore motho a phele hamonate.
Boloka Lintho Tseo U li Lakatsang li sa Rarahana
Solomone o re: “Thekollo bakeng sa moea oa motho ke maruo a hae, empa ea nang le ho honyenyane ha aa ka a utloa khalemelo e matla.” (Liproverbia 13:8) Mantsoe aa a bohlale a re ruta’ng?
Ho rua ho tlisa melemo e itseng, empa ho ba le maruo ha ho bolele hore joang kapa joang u tla thaba. Linakong tsena tse likhathatso tseo re phelang ho tsona, barui hammoho le ba malapa a bona ba ka ’na ba iphumana ba le kotsing ea ho koeteloa ’me ho batloe thekollo. Ka linako tse ling, morui a ka ’na a rekolla bophelo ba hae kapa ba setho sa hae sa lelapa. Empa hangata motho ea koetetsoeng oa bolaoa. Eo ke tšokelo e lulang e laletse barui.
Motho ea nang le ho honyenyane ha a na mathata a joalo. Le hoja a ka ’na a hloka mabothobotho le lintho tse bonahalang tse ngata tseo morui a nang le tsona, ke ka seoelo a ka fetohang phofu ea bakoeteli. Ona ke o mong oa melemo ea ho boloka lintho tseo re li batlang e le tse sa rarahanang le ho se sebelise nako le matla a rōna re ntse re lelekisa maruo.—2 Timothea 2:4.
Thabela “Leseli”
Solomone o tsoela pele ho bontša hore ho etsa lintho ka tsela ea Jehova ho ka re tsoela molemo. O re: “Leseli la ba lokileng le tla thaba; empa lebone la ba khopo—le tla tima.”—Liproverbia 13:9.
Lebone le tšoantšetsa seo re itšetlehang ka sona ho khantša tsela ea bophelo ba rōna. ‘Lentsoe la Molimo ke lebone leotong la ea lokileng, ke leseli tseleng ea hae.’ (Pesaleme ea 119:105) Le fupere tsebo e sa feleng le bohlale ba ’Mōpi. Ha re ntse re eketsa kutloisiso ea rōna ka thato ea Molimo le morero oa hae, leseli la moea le re tataisang le khanya le ho feta. See se tlisa thabo e kaakang! Ke hobane’ng ha re ka khelosoa ke bohlale ba lefatše kapa “seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo’”?—1 Timothea 6:20; 1 Bakorinthe 1:20; Bakolose 2:8.
Ha e le ea khopo, ho sa tsotellehe hore na ho bonahala eka lebone la hae le phatsima hakae le hore ho bonahala a atlehile hakae, lebone la hae le tla tima. O tla qetella a le lefifing, moo joang kapa joang leoto la hae le tla khoptjoa. Ho feta moo, “ho ke ke ha e-ba le bokamoso” bakeng sa hae.—Liproverbia 24:20.
Leha ho le joalo, re lokela ho etsa eng haeba re sa kholiseha hore na re lokela ho nka khato efe boemong bo itseng? Ho thoe’ng haeba re sa kholisehe hore re filoe matla a ho nka khato? Liproverbia 13:10 ea lemosa: “Ka ho iketelletsa pele motho o baka ntoa feela.” Ho etsa lintho ka ho hloka tsebo kapa u sa fuoa matla a ho li etsa ke ho iketelletsa pele ’me joang kapa joang ho tla baka khohlano. Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho batla keletso ho ba nang le tsebo le temoho? Morena ea bohlale o re: “Ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.”
Hlokomela Tebello ea Bohata
Ho ba le chelete ho ka thusa. Ho ba le chelete e lekaneng ho molemo ho feta ho hula ka thata kapa ho phela bofutsaneng. (Moeklesia 7:11, 12) Leha ho le joalo, seo re ka ’nang ra nahana hore ke melemo e tlisoang ke leruo la mokunyata se ka thetsa. Solomone oa lemosa o re: “Lintho tsa bohlokoa tse hlahisoang ke lefeela lia fokotseha, empa ea bokellang ka letsoho ke eena ea eketsang.”—Liproverbia 13:11.
Ka mohlala, nahana ka leraba la ho becha. Motho ea bechang a ka ’na a qeta chelete ea hae eo a e sebelelitseng ka thata a tšepile hore o tla hapa chelete e ngata. Empa ke hangata hakae see se sieang lelapa la hae mahlomoleng! Ho etsahala’ng haeba motho ea bechang a hapa chelete? Kaha o fumane chelete eo habonolo, a ka ’na a sitoa ho ananela bohlokoa ba eona. Ho feta moo, e ka ’na eaba ha a na bokhoni ba ho sebelisa chelete ena eo a sa tsoa e hapa. Na ho ke ke ha etsahala hore maruo a hae a nyamele kapele feela joalokaha a a fumane kapele? Ka lehlakoreng le leng, leruo le fumanoang butle-butle—ka hore hanyane ka hanyane u etse mosebetsi o motle—le eketseha ka mokhoa o tsitsitseng ’me le ka sebelisoa hamolemo.
Solomone o re: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo, empa ntho e lakatsehang ke sefate sa bophelo ha e tla.” (Liproverbia 13:12) Litebello tse sa phethahatsoeng joang kapa joang li qetella ka ho soetseha ho ka kulisang pelo. Sena se etsahala bophelong ba letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, litšepiso tse thehiloeng ka ho tiea Lentsoeng la Molimo ha li joalo. Re ka tšepa ka ho feletseng hore li tla phethahala. Esita le ho bonahalang eka ke ho lieha, ho ke ke ha re soetsa.
Ka mohlala, rea tseba hore lefatše le lecha la Molimo le atametse. (2 Petrose 3:13) Ka cheseho e khōlō re lebeletse ka thabo ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo. Ho etsahala’ng haeba re sebelisa nako eo re ntseng re letile ka eona ka ho tšoareha “mosebetsing oa Morena,” ka ho khothatsa balumeli-’moho le ho haha kamano e haufi-ufi le Jehova? Ho e-na le ho ‘kula pelong,’ rea thaba. (1 Bakorinthe 15:58; Baheberu 10:24, 25; Jakobo 4:8) Ha ntho eo e leng khale re e lakatsa e phethahala, ke sefate sa bophelo—e leng ho matlafatsang le ho khothatsang e le kannete.
Molao oa Molimo—Ke Mohloli oa Bophelo
Liproverbia 13:13 e bontša hore hoa hlokahala ho mamela Molimo ha e re: “Ea nyelisitseng lentsoe, tebeletso ea ea nang le molato e tla nkoa ho eena; empa ea tšabang taelo ke eena ea tla putsoa.” Haeba ea nang le molato a nyelisa lentsoe ka ho hlōleha ho lefa seo a se alimileng, o tla lahleheloa ke tebeletso ea hae. Ka tsela e tšoanang, re ka lahleheloa ke ho itseng haeba re hlōleha ho mamela melao ea Molimo. Re ka lahleheloa ke eng?
“Molao oa ea bohlale ke mohloli oa bophelo, bakeng sa ho furallisa motho maraba a lefu.” (Liproverbia 13:14) Ho phela kantle ho molao oa Jehova, Molimo ea bohlale ka hohle, ho etsa hore re se ke ra fumana tataiso e ka re thusang ho phela hamolemo le halelele. Eo e ka ba tahlehelo e kaakang! Ka hona, tsela ea bohlale ke ho ela hloko ka ho fetisisa Lentsoe la Molimo le ho le lumella hore le laole menahano, lipuo le liketso tsa rōna.—2 Bakorinthe 10:5; Bakolose 1:10.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ho sebelisa keletso ea Mangolo ke mokhoa o motle haholo oa ho itaea
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
“Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe”
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Ho tšoareha “mosebetsing oa Morena” hoa re thabisa