Ho Thabela Kamano e Mofuthu le Bo-matsale
FUJIKO, ngoetsi e tsielehileng e boletsoeng qalong ea sehlooho sena, qetellong o ile a phehella monna oa hae hore ba tsoe mohahong oo batsoali ba hae ba lulang ho ’ona ’me ba ee ho o leng haufi le ’ona. Empa lintho ha lia ka tsa ntlafala haholo. Ho itšunya-tšunya ha ba bohaling ba hae ho ile ha tsoela pele, ’me o ile a lula a nyahame. Ka letsatsi le leng o ile a eteloa ke motho eo a sa mo tsebeng.
Ketelo eo e ile ea etsa hore Fujiko a qalise tsela ea ho fetola botho ba hae, ’me sena se ile sa ntlafatsa likamano tsa hae le batho ba bang. O ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ha nako e ntse e tsamaea, boitšoaro ba hae bo ile ba fetoha haholo hoo matsal’ae oa monna a ileng a batla ho ba teng thutong ho inoesa ka nkho hore ‘ke mofuta ofe oa bolumeli o fetotseng botho ba ngoetsi hakana.’
Ho Hlokomela Kamano e Ncha
Bibele e fana ka setšoantšo se hlakileng sa tokisetso ea tumellano ea Mangolo ea lenyalo. Hoba Molimo o bōpe monna le mosali ba pele le ho ba kopanya, o ile a etsa molao ona: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Genese 2:24) Kahoo banyalani ba bacha ba lokela ho hlokomela hore ba kene kamanong e ncha. Ba lokela ho khomarelana joaloka batho ba le bang le hoja ba lula le batsoali ba bona.
Leha ho le joalo, ho tlohela ntate kapa ’mè ha ho bolele hore ha bana ba kena lenyalong ba lokela ho furalla batsoali ba bona le hore ha ho sa hlokahala hore ba ba hlomphe. “U se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse,” ho eletsa Bibele. (Liproverbia 23:22) Leha ho le joalo, lenyalong ho na le phetoho likamanong. Ha feela setho se seng le seng sa lelapa se hopola sena hantle, banyalani ba bacha ba ka rua molemo phihlelong le bohlaleng ba batsoali.
Timothea, mohlankana ea botumo bo botle eo moapostola Pauluse a ileng a tsamaea le eena maetong a hae a boromuoa, o ile a hōlisoa ke ’mè oa hae oa Mojode Eunice. Leha ho le joalo, ka ho hlakileng nkhono oa hae Loise, o ile a kenya letsoho kholisong ea hae. (2 Timothea 1:5; 3:15) Sena ha se bolele hore bo-nkhono ba na le tokelo ea ho itšunya-tšunya khōlisong ea ngoana le ho beha litekanyetso tse fapaneng le tsa batsoali. Ho na le mokhoa o nepahetseng kamoo moloko o hōlileng o ka thusang ba bacha ho hōlisa bana.—Tite 2:3-5.
“Mosali ea Bohlale”
Haeba meloko e ’meli e tla sebelisana tabeng e tebileng joaloka ho hōlisa ngoana, ka bobeli e lokela ho sebetsa ka bohlale. “Mosali ea bohlale o haha ntlo ea hae, empa ea se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae,” ho bolela maele a Bibele. (Liproverbia 14:1) Mosali a ka haha ntlo ea hae joang? Tomiko o bolela hore puisano e mo thusitse ho matlafatsa kamano ea hae le matsal’ae Fujiko. “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana,” ho eletsa Bibele.—Liproverbia 15:22.
Puisano ha e bolele ho bua ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka kelellong ea hao ntle ho ho nahanela maikutlo a batho ba bang. Mona ke moo bohlale e leng ba bohlokoa. “Motho ea bohlale” o mamela seo ba bang ba se buang. Ka linako tse ling bo-matsal’ao ba ka rata ho bua ntho e itseng empa ba tšaba ho bua. E-ba ea masene, ‘kha likelello tsa bona.’ ‘Nahana’ pele u bua.—Liproverbia 1:5; 15:28; 20:5.
Nako ke ea bohlokoa. “Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang, e joale ka liapole tsa gauda pitsaneng ea silivera,” ho bolela maele a Bibele. (Liproverbia 25:11) Tokiko le ngoetsi ea hae ba bolela hore ba ne ba ema ho fihlela nakong e loketseng pele ba hlahisa maikutlo a bona a neng a ka ’na a khopisa e mong. “Ke nahana pele ke bua ha ke batla ho hlokomelisa ngoetsi ea ka ntho e ’ngoe. Ke boloka lintlha tsena ka kelellong ebe ke bua ha a le boemong bo botle ’me a sa lapa. Ho bonolo ho teneha ha u lapile,” ho bolela Tokiko.
Monna ea bohlale o tla qoba ho bua ba bohoeng ba hae hampe. “Ebang re bo-matsale kapa lingoetsi, re lokela ho hlokomela hore ntho leha e le efe eo re e buang ka lingoetsi kapa ka bo-matsale, qetellong e tla tsebahala ho bona,” ho bolela Sumie Tanaka, mongoli oa Mojapane ea lutseng le matsal’ae lilemo tse 30. Ho e-na le hoo, o buella hore ho buuoe hantle ka bo-matsale ebang ke ka ho tobileng kapa ka ho sa tobang.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ha bo-matsal’ao ba sa arabele hantle boitekong ba hao?
E-ba ea Tšoarelang
Hangata mathata a tebileng mahareng a bo-matsale a bakoa ke lintho tse neng li ke ke tsa baka bothata haeba li ne li entsoe ke motho e mong kapa li builoe ke motho e mong. Kaha bohle ha re ea phethahala ‘re khopjoa lipuong,’ ka linako tse ling re ka ‘bua lipuo tse hlabang joaloka tsenene.’ (Jakobo 3:2; Liproverbia 12:18) Leha ho le joalo, ke ntho e bohlale hore u se halefisoe ke mantsoe a mang le a mang a hlabang.
Ba hlōtseng mathata a bo-matsale ba ile ba mamela keletso ea Bibele: “Ha e mong a lla ka e mong, le mamellane, ’me le tšoarelane.” (Ba-Kolose 3:13, TLP) Ke ’nete, mohlomong ho ke ke ha ba bonolo ho mamella bo-matsal’ao le ho ba tšoarela, haholo-holo ha e mong a lla ka e mong. Empa boikutlo bo matla ba ho etsa joalo ke tiisetso ea hore re tla fumana tšoarelo ea Molimo bakeng sa liphoso tsa rōna.—Mattheu 6:14, 15.
Esita le linaheng tsa Bochabela, moo batho ba latelang moetlo oa Bobuddha, Botao, oa Confucius, le Boshinto, ho na le batho ba bangata ba ileng ba ithuta Bibele ’me ba ananela ’nete ka ’Mōpi ea lerato. Kananelo e joalo e ba thusitse ho hlōla maikutlo a mabe ao ho neng ho bonahala a ke ke a hlōloa.
“Lerato ha le ka ke la Timela”
Kamano e thabileng le batsoali ba monna kapa ba mosali e hloka motheo o tiileng. Ho thusa motsoali ea tsofetseng kapa ea kulang ka ho qobelloa ka mehla ha ho tlise kamano e molemo. Haruko o ile a ithuta sena ha matsal’ae a ne a tšoeroe ke kankere. O ile a qeta letsatsi lohle sepetlele a hlokomela matsal’ae, ’me ho phaella moo, o ne a hlokomela lelapa la hae. O ne a le tlas’a khatello hoo qetellong a ileng a lahleheloa ke moriri oa hae o mongata.
Ka letsatsi le leng ha a ntse a kuta matsal’ae manala, ka ntle ho boikemisetso a kutella le nama. “E hlile ha u ntsotelle!” ha kharuma matsal’ae.
Haruko a tšositsoe ke mantsoe ao a hlokang kananelo, a se ntša hloohong. O ile a hlokomela hore mantsoe ao a mo utloisitse bohloko haholo hobane o ’nile a etsetsa matsal’ae sohle kahobane a ne a ikutloa a tlangoa ho etsa joalo. O ile a etsa qeto ea hore tšusumetso ea tšebeletso ea hae e be ea lerato. (Ba-Efese 5:1, 2) Sena se ile sa mo nolofalletsa ho hlōla maikutlo a hae a bohloko ’me ha fella ka kamano e ntle le matsal’ae ho fihlela a shoa.
Ha e le hantle, lerato joalokaha le hlalosoa ka Bibeleng, ke senotlolo sa ho felisa liqhoebeshano tsa lelapa. Bala seo moapostola Pauluse a se boletseng ka taba ena ’me u bone haeba u sa lumellane le sena. O ngotse: “Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mōna; lerato ha le na boikhantšo; ha le ikhohomose. Ha le etse ho soabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe. Ha le thabele bokhopo, le mpa le thabela ’nete. Le mamella tsohle, le lumela tsohle, le tšepa tsohle, le jara tsohle.” Ha ho makatse ha Pauluse a ile a phaella: “Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong.” (1 Ba-Korinthe 13:4-8) U ka hlaolela lerato le joalo joang?
Bibele e thathamisa “lerato” e le karolo ea “tholoana ea Moea” oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23) Ka hona, ho phaella boitekong ba hao, ke ha bohlokoa hore u be le litholoana tsa moea oa Molimo haeba u batla ho hlaolela lerato la mofuta ona. Ho feta moo, u ka kōpa Jehova, Molimo oa Bibele, ho u thusa ho eketsa lerato le joalo bothong ba hao. (1 Johanne 4:8) Ha e le hantle, sena sohle se hloka hore u ithute ka eena Lentsoeng la hae Bibele. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa, joalokaha li thusitse Fujiko le ba bang ba bangata.
Ha u sebelisa seo u ithutileng sona Bibeleng, u tla fumana hore hase kamano ea hao feela le Molimo e ntlafalang, empa hape kamano ea hao le motho e mong le e mong ea u potolohileng, ho kopanyelletsa bo-matsal’ao. U tla latsoa seo Bibele e se bitsang “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle.”—Ba-Filippi 4:6, 7.
Fujiko le ba bang ba boletsoeng sehloohong sena ba thabela khotso e joalo—le uena u ka e thabela. E, ka ho talima ho Jehova Molimo le ho latela keletso ea Lentsoe la hae Bibele, u ka haha kamano e mofuthu le ho e boloka le bo-matsal’ao.
[Lebokose le leqepheng la 24, 25]
Monna—Na ke Moetsi oa Khotso kapa Mosenyi oa Khotso?
Ha meloko e ’meli kapa e meraro e lula ka tlung e le ’ngoe, karolo ea monna ho boloka khotso ea lelapa ha ea lokela ho hlokomolohuoa. Mabapi le monna ea hlokomolohang boikarabelo ba hae, Moprofesa Tohru Arichi oa Univesithi ea Kyushu, setsebi sa kamano ea lelapa, oa ngola:
“Ha banyalani ba lula le [’mè], ’mè o bona litlhoko tsa mora oa hae, ’me ka ho se elelloe o hlokomela litlhoko tsa mora oa hae ha a li bona. Mora o amohela tlhokomelo e joalo ntle ho tika-tiko. Haeba mora a ne a ka nahana ho se hokae ka boemo ba mosali oa hae le ho beha ’mè oa hae sebakeng sa mosali oa hae mabapi le ho kenella ha hae, bothata bo ne bo tla rarolloa. Ka bomalimabe, hangata mora ha a hlokomele sena.”
Joale, ke joang monna a nkang karolo ea bohlokoa ho etsa khotso lelapeng la hae? Mitsuharu o re ke ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele a thusitseng lelapa la hae. Oa lumela, “Kamano mahareng a ’mè le mora oa hae e matla haholo esita leha e se e le motho e moholo, kahoo mora o lokela ho etsa boiteko bo matla haholo ho ‘tlohela ntat’ae le ’m’ae ho khomarela mosali oa hae.’” O ile a sebelisa molao-motheo ona ka ho buisana le mosali oa hae feela ka litaba tsa tlhokomelo ea ngoana le ho mo hōlisa, ’me ha a ka a bapisa mosali oa hae le ’mè oa hae mosebetsing oa lelapa. O tsoela pele, “Hona joale, ’na le batsoali ba ka re ea hlomphana. E mong le e mong o tseba moo ho itšunya-tšunya ho sa rateheng le moo thuso le tšebelisano-’moho li tla ananeloa teng.”
Ho phaella ho ‘khomareleng mosali oa hae,’ monna o lokela ho ba mokena-lipakeng mahareng a ’mè oa hae le mosali oa hae. (Genese 2:24) E tlameha hore ebe momameli ea molemo ’me a ba lumelle hore ba tšollele lipelo tsa bona ho eena. (Liproverbia 20:5) Monna e mong ea ithutileng ho laola maemo a joalo ka bohlale, o fuputsa pele kamoo mosali oa hae a ikutloang kateng. Joale, mahlong a mosali oa hae, o buisana le ’mè oa hae ka taba e amehang. Ka ho phethahatsa karolo ea hae e le moetsi oa khotso, mora a ka thusa hore boemo ba likamano tse thabisang bo be teng lelapeng mahareng a basali ba babeli bao a ba ratang.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mamelang ’me le buisane
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lerato, eseng boikutlo ba boitlamo, le haha likamano tse babatsehang.