Lilemong Tse 90 Tse Fetileng ke Ile ka Qala ho ‘Hopola ’Mōpi oa ka e Moholo’
Joalokaha ho boletse Edwin Ridgwell
KA LETSATSI la Tumellano ea ho Beha Lihlomo Fatše, ka la 11 November, 1918, ka tšohanyetso bana bao ke kenang sekolo le bona ba ile ba khobokanngoa ho keteka ho emisa ha Ntoa e Khōlō, eo hamorao e ileng ea tsejoa e le Ntoa ea I ea Lefatše. Ke ne ke le lilemo li hlano feela ’me ke ne ke sa utloisise ketsahalo eo hantle. Leha ho le joalo, ho latela seo batsoali ba ka ba neng ba nthutile sona ka Molimo, ke ne ke tseba hore ha ke batle ho kenya letsoho ketsahalong eo. Ke ile ka rapela Molimo, empa ke ile ka nkoa ke maikutlo eaba ke se ke lla. Leha ho le joalo, ha kea ka kopanela moketeng oo. Ke hona moo ke ileng ka qala ho ‘hopola ’Mōpi oa ka e Moholo’ teng.—Moek. 12:1.
Likhoeli pele ho sena se ileng sa etsahala sekolong, lelapa leso le ne le ile la fallela haufi le Glasgow, Scotland. Hoo e ka bang ka eona nako eo, Ntate o ile a ba teng ho mamela puo ea phatlalatsa eo sehlooho sa eona se neng se re “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-Shoa.” E ile ea fetola bophelo ba hae. ’Mè le Ntate ba ile ba qala ho ithuta Bibele ’me hangata ba ne ba buisana ka ’Muso oa Molimo le mahlohonolo a tlang. Ke leboha Molimo ka hore ebe ho tloha ka nako eo, batsoali ba ka ba ile ba nthuta hore ke rate Molimo le hore ke mo tšepe.—Liprov. 22:6.
Ke Qala Boboleli ba Nako e Tletseng
Nka be ke ile ka qala sekolong sa thuto e phahameng ha ke le lilemo li 15, empa ke ne ke hlile ke batla ho sebeletsa ke le ’moleli oa nako e tletseng. Ntate o ne a nahana hore ke sa le monyenyane haholo, kahoo ke ile sebetsa ofising ka nakoana. Leha ho le joalo, takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng e ne e le matla hoo ka letsatsi le leng ke ileng ka ba ka ngolla J. F. Rutherford, eo ka nako eo, a neng a hlokometse mosebetsi oa boboleli lefatšeng lohle. Ke ile ka mo botsa hore na maikutlo a hae ke afe ka morero oa ka. Mor’abo rōna Rutherford o ile a nkaraba a re: “Haeba u moholo hoo u ka sebetsang, u moholo ho lekana hore u ka etsa mosebetsi oa Morena. . . . Ke lumela hore Morena o tla u hlohonolofatsa haeba u etsa boiteko ba hore u Mo sebeletse ka botšepehi.” Lengolo leo le neng le ngotsoe ka la 10 March, 1928, le ile la ama lelapa leso haholo. Ho e-s’o ee kae ’na, Ntate, ’Mè le ausi oa ka, re ne re sebeletsa re le baboleli ba nako e tletseng.
Kopanong e neng e tšoaretsoe London ka 1931, Mor’abo rōna Rutherford o ile a kōpa hore batho ba ithaopele ho bolela litaba tse molemo linaheng tse ling. Ke ile ka ithaopa, ’me ’na le Andrew Jack, re ile ra romeloa Kaunas, eo ka nako eo e neng e le motse-moholo oa Lithuania. Ke ne ke le lilemo li 18.
Ho Bolela Molaetsa oa ’Muso Linaheng Tse Ling
Ka nako eo, batho ba Lithuania ba ne ba futsanehile ba iphelisa ka temo, ’me ho etsa mosebetsi oa boboleli libakeng tsa mahaeng ho ne ho se bonolo. Ho ne ho le thata ho fumana matlo a bolulo ’me matlo a mang ao re ileng ra lula ho ’ona hase ao re neng re ka a lebala. Ka mohlala, bosiung bo bong ’na le Andrew re ile ra tsoha hobane re ne re sa bo hlotha. Ha re khantša lebone la parafine, re ile ra fumana hore bethe ea rōna e ne e nyeunya litšitšili. Li ne li re lomme ’mele oohle! Ke ile ka qeta beke hoseng ho hong le ho hong ke tlameha ho ea nōkeng e haufi, ebe ke kena ka metsing ho fihlela a nkhutla molaleng e le hore ke mpe ke fokotse bohloko. Ho ntse ho le joalo, re ne re ikemiselitse ho tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli. Ka mor’a nakoana, bothata ba bolulo bo ile ba fela ha re ne re kopana le banyalani ba bang ba neng ba amohetse ’nete ea Bibele. Ba ile ba re lumella hore re lule le bona lapeng ha bona, ba ne ba e-na le ntlo e nyenyane empa e hloekile. Le hoja re ne re robala fatše, re ile ra utloa le litsebeng!
Ka nako eo, Lithuania e ne e laoloa ke baruti ba Roma e K’hatholike le ba Orthodox ea Russia. Ke barui feela ba neng ba khona ho reka Bibele. Sepheo sa rōna se ka sehloohong, e ne e le hore re sebetse tšimo e khōlō ka hohle kamoo re neng re ka khona le hore re fe batho ba neng ba thabela molaetsa lingoliloeng tsa Bibele tse ngata ka hohle kamoo re neng re ka khona. Ha re fihla sebakeng, re ne re qala ka ho batla bolulo. Ka mor’a moo, ka hloko re ne re fana ka bopaki libakeng tse ka thōko, ebe re fana ka bopaki toropong ka boeona, ka potlako. Ka tsela eo, hangata re ne re qeta mosebetsi oa rōna pele baprista ba moo ba ka re bakela khathatso.
Ho Qhoma Moferefere o Etsang Hore Molaetsa o Phatlalle
Ka 1934, Andrew o ile a fuoa mosebetsi ofising ea lekala e Kaunas, ’me ke ile ka sebetsa le John Sempey. Ho ile ha etsahala lintho tseo re sa li lebaleng. Ka letsatsi le leng, ke ile ka ea ofising ea ’muelli e mong oa molao torotsoaneng e ’ngoe. Monna eo o ile a loloma ke bohale, a hula bistolo ea hae ka laeeng, eaba o re ke tsoe. Ke ile ka rapela ke khutsitse eaba ke hopola keletso ea Bibele e reng: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.” (Liprov. 15:1) Kahoo ke ile ka re, “Ke tlile mona ke le motsoalle ke tlil’o bolela litaba tse molemo, kea leboha ha u sa nthunya.” Monoana oa monna eo o ile oa tloha butle tirikareng ea sethunya sa hae, eaba ke checha ka hloko ke tsoa ka ofising ea hae.
Ha ke kopana le John, o ile a mpolella hore le eena, o kopane le pela li falla. O ne a ile a isoa sepoleseng hobane a ne a qosoa ka bohata hore o utsoitse chelete ea pampiri e nang le matla a theko a phahameng, ea mosali e mong eo a neng a ile a kopana le eena. Moo sepoleseng, John o ile a hlobolisoa eaba oa sechoa. Ho hlakile hore chelete eo e ne e le sieo ho eena. Hamorao ba ile ba fumana motho eo e neng e le eena ea e utsoitseng.
Liketsahalo tseo ka bobeli li ile tsa tsosa molumo o moholo torotsoaneng eo e khutsitseng ’me sena se ile sa etsa hore mosebetsi oa rōna o tsebahale!
Ho Sebetsa ka Sephiri
Mosebetsi o neng o le kotsi, e ne e le oa ho isa lingoliloeng tsa Bibele naheng ea boahelani ea Latvia, moo mosebetsi oa rōna oa boboleli o neng o thibetsoe. Hoo e ka bang hanngoe ka khoeli, re ne re nka leeto la ho ea Latvia, ka terene ea bosiu. Ka linako tse ling, ha re qeta ho siea lingoliloeng Latvia, re ne re e-ea Estonia ho ea nka tse ling tseo re neng re fihla re li siea Latvia.
Ka lekhetlo le leng, mosebeletsi oa lefapha la lekhetho la thepa e kenang le e tsoang ka hare ho naha, o ne a lonngoe tsebe ka mosebetsi oa rōna ’me o ile a re laela hore re theohe tereneng le hore re ise lingoliloeng tseo re neng re li nkile, ho mookameli oa hae. Re ile ra rapela hore Jehova a re thuse. Se makatsang ke hore mosebeletsi eo ha aa ka a bolella mookameli oa hae hore na re ne re nkile eng, empa o ile a re feela, “Banna bana ba nkile thepa eo ba lokelang ho e tlaleha.” Ha ke “tlaleha” thepa eo re e nkileng, ke ile ka re ke lingoliloeng tse neng li tla thusa bana ba likolong le likolecheng hore ba utloisise hore na lintho tse etsahalang lefatšeng la rōna le aparetsoeng ke mathata li bolela eng. Ofisiri eo e ile ea re re fete, ’me re ile ra isa thepa eo moo e tšoanetseng ho ea teng, ho se khathatso ea letho.
Ha maemo a lipolotiki a Baltic States a ntse a senyeha, batho ba ile ba e-ba khahlanong le Lipaki Tsa Jehova ’me mosebetsi oa rōna oa boboleli o ile oa thibeloa le Lithuania. Andrew le John ba ile ba lelekoa ka hare ho naha, ’me ha ho ntse ho totobala hore Ntoa ea II ea Lefatše e ka ’na ea qhoma neng kapa neng, baahi ba Brithani ba ile ba eletsoa hore ba tsoe ka hare ho naha. Le ’na ke ile ka tsamaea, empa ke ne ke sa thaba.
Ke Fumana Likabelo Tse Ikhethang le Mahlohonolo Ireland Leboea
Ka nako eo batsoali ba ka ba ne ba se ba lula Ireland Leboea, ’me ka 1937 ke ile ka ea lula le bona moo. Ka lebaka la pherekano e neng e bakiloe ke ntoa, lingoliloeng tsa rōna li ne li thibetsoe Ireland Leboea, empa re ile ra tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli le nakong ea ntoa. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, re ile ra boela ra khona ho etsa mosebetsi oa rōna re sa thibeloe ke molao. Harold King, eo e neng e le pula-maliboho e nang le boiphihlelo, eo hamorao a ileng a sebetsa e le moromuoa Chaena, o ile a etella pele ho hlophisoa ha lipuo tsa phatlalatsa tse neng li faneloa ka ntle. O ile a re: “Moqebelong ona, ke ’na ea tla fana ka puo ea phatlalatsa ea pele.” O ile a ncheba eaba o re, “Moqebelong o tlang e tla fanoa ke uena.” Ke ne ke tšohile.
Ke sa ntse ke hopola hantle puo ea pele eo ke ileng ka fana ka eona. Ho ne ho le teng batho ba makholo. Ke ile ka fana ka eona ke eme holim’a lebokose ’me ho ne ho se na libuela-hōle. Ha ke qeta ho fana ka puo, monna e mong o ile a tla ho ’na, a ntšoara ka letsoho ’me a mpolella hore ke Bill Smith. O ile a re o bone letšoele le bokane ’me a re a fapohele hore a bone hore na ho etsahala’ng. Ho bonahala hore Ntate o ne a kile a buisana le Bill empa ha baa ka ba hlola ba kopana ha Ntate le ’mangoane ba fallela Dublin ba il’o bula maliboho teng. Re ile ra qala ho ithuta Bibele. Ha nako e ntse e e-ea, litho tse robong tsa lelapa la Bill e ile ea e-ba basebeletsi ba Jehova.
Hamorao ke ile ka etsa mosebetsi oa boboleli sebakeng se nang le matlo a barui ka ntlenyana ho Belfast, moo ke ileng ka kopana le mosali oa Russia ea neng a kile a lula Lithuania. Ha ke mo bontša lingoliloeng, o ile a supa buka e ’ngoe eaba o re: “Ena ke na le eona. Ke e filoe ke moholoane oa Ntate eo e leng moprofesa univesithing e Kaunas.” O ile a mpontša buka eo ea Creation, ka Sepolishe. Ho ne ho ngotsoe lintlha tse ngata ka mahlakoreng. Ruri o ile a makala ha a utloa hore ke ’na ea neng a file moholoane oa ntate oa hae buka eo ha ke ne ke kopana le eena Kaunas!—Moek. 11:1.
Eitse ha John Sempey a utloa hore ke ea Ireland Leboea, o ile a nkōpa hore ke etele khaitseli ea hae, Nellie, kaha o ne a ile a bontša hore o rata ’nete ea Bibele. ’Na le khaitseli ea ka Connie re ile ra mo khannela thuto ea Bibele. Nellie o ile a tsoela pele kapele, a ba a nehela bophelo ba hae ho Jehova. Ha nako e ntse e e-ea, re ile ra ratana ra ba ra nyalana.
’Na le Nellie re qetile lilemo tse 56 re sebeletsa Jehova hammoho ’me re bile le monyetla oa ho thusa batho ba fetang lekholo hore ba tsebe ’nete ea Bibele. Re ne re tšepile hore re tla phela hammoho ho fihlela Armagedone re be re e’o fihla lefatšeng le lecha la Jehova, empa ka 1998 o ile a nkoa ke sera se khopo, e leng lefu. Eo e bile ntho e bohloko haholo—e bile e ’ngoe ea liteko tse khōlō ka ho fetisisa tse kileng tsa ntlhahela.
Ke Khutlela Baltic States
Hoo e ka bang selemo ka mor’a lefu la Nellie, ke ile ka hlohonolofatsoa haholo. Ke ile ka mengoa hore ke ee ofising ea lekala e Tallinn, Estonia. Lengolo le neng le tsoa ho barab’abo rōna ba Estonia le ne le re: “Ho barab’abo rōna ba leshome ba neng ba abetsoe ho ea sebetsa Baltic States lilemong tse etellang pele 1930 le ka mor’a eona, ke uena feela ea sa ntseng a phela.” Le ile la boela la bolela hore lekala le ne le ntse le hlophisa ho ngola tlaleho ka hore na mosebetsi o ’nile oa tsoela pele joang Estonia, Latvia le Lithuania, ’me le ile la mpotsa: “Na u ka tla?”
Ruri ke ile ka thabela ho pheta liphihlelo tseo ’na le bo-mphato’a ka re ileng ra ba le tsona lilemong tseo tsa khale! Ha re le Latvia ke ile ka bontša barab’abo rōna mohaho oa ho qala o neng o sebelisoa e le ofisi ea lekala le sebaka se ka tlas’a marulelo moo re neng re pata lingoliloeng teng, tseo ho seng mohla mapolesa a kileng a li fumana. Ha re le Lithuania ke ile ka isoa torotsoaneng e bitsoang Šiauliai, moo ke ileng ka bula maliboho teng. Ha re ne re kopane le barab’abo rōna moo, e mong oa bona o ile a re ho ’na: “Lilemong tse ngata tse fetileng, ’na le ’Mè re ile ra reka ntlo toropong. Re ne re ntse re lahla lintho tse sa hlokahaleng mokatong o ka tlas’a marulelo, ’me ke ile ka fumana buka ea The Divine Plan of the Ages le ea The Harp of God. Eitse ha ke li bala, ka hlokomela hore ke fumane ’nete. E tlameha ebe ke uena ea neng a siile libuka tseo ntlong eo lilemong tseo tse ngata tse fetileng!”
Ke ile ka boela ka ea kopanong ea potoloho toropong eo nkileng ka bula maliboho ho eona. Ke ne ke ile ka ea kopanong moo lilemong tse 65 tse fetileng. Nakong eo, ke batho ba 35 ba neng ba le teng. Empa ke ile ka thaba haholo ha ke bona ho tlile batho ba fetang 1 500! Ruri Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi!
‘Jehova ha aa ka a Ntlohela’
Haufinyane tjena ke ile ka hlohonolofatsoa ka tsela eo ke neng ke sa e lebella ho hang, ha morali’abo rōna oa Mokreste ea ratehang ea bitsoang Bee a lumela ho nyalana le ’na. Re ile ra nyalana ka November 2006.
Ke tiisetsa mocha e mong le e mong ea ntseng a ipotsa hore na a etse’ng ka bophelo ba hae hore ke bohlale ho mamela mantsoe ana a bululetsoeng: ‘U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo matsatsing a bohlankana ba hao.’ Hona joale ke thaba joalokaha mopesaleme oa Bibele a ile a thaba ’me a re: “Molimo, u nthutile ho tloha bocheng ba ka ho ea pele, ho fihlela joale ke ntse ke bolela mesebetsi ea hao e hlollang. Esita le ho fihlela botsofaling le bohlooho-putsoeng, Molimo, u se ke ua ntlohela, ho fihlela nka bolela letsoho la hao molokong, ke bolele ka matla a hao ho bohle ba tlang ho tla.”—Pes. 71:17, 18.
[’Mapa o leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Mosebetsi o neng o le kotsi e ne e le oa ho isa lingoliloeng Latvia
ESTONIA
TALLINN
Kou ea Riga
LATVIA
RIGA
LITHUANIA
VILNIUS
Kaunas
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke ile ka qala ho sebetsa ke le morekisi oa libuka tsa bolumeli (pula-maliboho) Scotland, ha ke le lilemo li 15
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke na le Nellie ka lechato la rōna ka 1942