-
Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
-
-
KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO LAOLA LIPUO TSA RŌNA?
4, 5. Maele a mang a Bibele a hlalosa matla ao mantsoe a nang le ’ona joang?
4 Lebaka le leng la bohlokoa la hore re laole lipuo tsa rōna ke hore mantsoe a matla. Liproverbia 15:4 e re: “Ho khutsa ha leleme ke sefate sa bophelo, empa ho khopama ha lona ho bolela ho sithabela moeeng.”a Feela joalokaha metsi a tsosa sefate se nyoriloeng, ka tsela e tšoanang lipuo tse bonolo tse tsoang lelemeng le khathollang li ka hlabolla moea oa ba li utloang. Empa mantsoe a khopameng a leleme le sothehileng a fapane, a ka nyotobetsa ba bang. Ka sebele, mantsoe ao re a buang a na le matla a ho ntša kotsi kapa a ho folisa.—Liproverbia 18:21.
-
-
Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
-
-
a Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “ho khopama” le ka boetse la bolela “ho sokama le ho sotheha.”
-