Fumana Bohlale ’me U Amohele Taeo
JEHOVA MOLIMO ke Morupeli e Moholo oa batho ba hae. Ha a ba rute ka eena feela empa o ba ruta le ka bophelo. (Esaia 30:20; 54:13; Pesaleme ea 27:11) Ka mohlala, Jehova o ne a file sechaba sa Iseraele baprofeta, Balevi—haholo-holo baprista—le banna ba bang ba bohlale hore ba sebeletse e le mesuoe. (2 Likronike 35:3; Jeremia 18:18) Baprofeta ba rutile batho ka merero le litšoaneleho tsa Molimo ’me ba ba bontšitse tsela e nepahetseng eo ba ka tsamaeang ka eona. Baprista le Balevi ba ne ba e-na le boikarabelo ba ho ruta Molao oa Jehova. ’Me banna ba bohlale, kapa baholo ba ne ba fana ka keletso e utloahalang bophelong ba letsatsi le letsatsi.
Solomone, mor’a Davida, o ne a ikhetha har’a banna ba bohlale ba Iseraele. (1 Marena 4:30, 31) Ha e mong oa baeti ba hae ba khethehileng ka ho fetisisa, e leng mofumahali oa Sheba, a ne a re: “Ha kea ka ka bolelloa le halofo; bohlale ba hao le letlotlo la hao li fetisa botumo boo ke bo utloileng.” (1 Marena 10:7) Lekunutu la bohlale ba Solomone e ne e le lefe? Ha e ne e e-ba morena oa Iseraele ka 1037 B.C.E., Solomone o ile a rapella “bohlale le tsebo.” Ka lebaka la ho thabela kōpo ea hae, Jehova o ile a mo fa tsebo, bohlale le pelo e nang le kutloisiso. (2 Likronike 1:10-12, NW; 1 Marena 3:12) Ha ho makatse hore ebe Solomone o ile a “bolela maele a kete tse tharo”! (1 Marena 4:32) A mang a ’ona, hammoho le “lipolelo tsa Agure” le tsa “morena Lemuele,” a ile a tlalehoa bukeng ea Bibele ea Liproverbia. (Liproverbia 30:1; 31:1) Linnete tse boletsoeng maeleng ana li bontša bohlale ba Molimo ’me ke tsa ka ho sa feleng. (1 Marena 10:23, 24) Ho mang kapa mang ea lakatsang bophelo bo thabileng le bo atlehileng, li ntse li le bohlokoahali kajeno joalokaha li ne li buuoa ka lekhetlo la pele.
Katleho le ho Hloeka Boitšoarong—Joang?
Pakane ea buka ea Liproverbia e hlalosoa mantsoeng a eona a qalang: “Maele a Solomone mora oa Davida, morena oa Iseraele, hore motho a tsebe bohlale le taeo, a lemohe lipolelo tsa kutloisiso, a amohele taeo e fanang ka temohisiso, ho loka le kahlolo le bokhabane, ho fa ba se nang phihlelo masene, ho fa mohlankana tsebo le matla a ho nahana.”—Liproverbia 1:1-4, NW.
“Maele a Solomone” a lokela ho sebeletsa morero o phahameng hakaakang! Morero oa ’ona ke “hore motho a tsebe bohlale le taeo.” Bohlale bo akarelletsa ho utloisisa lintho kamoo li leng kateng le ho sebelisa tsebo eo ho rarolla mathata, ho finyella lipakane, ho qoba kapa ho phema likotsi, kapa ho thusa ba bang ho etsa joalo. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Bukeng ea Liproverbia, ‘bohlale’ bo bontša ho phela ka tsebo—matla a ho khetha ka bohlale le ho atleha bophelong.” Ho fumana bohlale ke habohlokoa hakaakang!—Liproverbia 4:7.
Maele a Solomone a boetse aa laea. Na re hloka koetliso ee? Ka Mangolong, taeo e na le moelelo oa ho lokisa, ho khalemela kapa ho shapa. Ho latela setsebi se seng sa Bibele, e “bolela koetliso e sekametseng boitšoarong, e akarelletsang ho lokisa tšekamelo ea ho fosa.” Taeo, ebang motho oa itaea kapa o lauoa ke ba bang, ha e re thibele ho etsa phoso feela empa e boetse e re susumelletsa ho fetohela ho beng molemonyana. E, re hloka taeo e le hore re lule re hloekile boitšoarong.
Ka hona he, morero oa maele o habeli—ho fana ka bohlale le taeo. Taeo e mabapi le boitšoaro le matla a kelello li na le litšobotsi tse ngata. Ka mohlala, ho loka le toka, ke litšoaneleho tsa boitšoaro, ’me li re thusa ho khomarela litekanyetso tsa Jehova tse phahameng.
Bohlale ke motsoako oa litšobotsi tse ngata, ho akarelletsa le kutloisiso, temohisiso, masene le matla a ho nahana. Kutloisiso ke matla a ho bona taba le ho lemoha hore na e bōpiloe ka eng ka ho hlokomela hore na e hokahantsoe ka eng e le eona e feletse, ka lebaka leo re e utloisise. Temohisiso e hloka tsebo ea mabaka le kutloisiso ea lebaka leo ka lona tsela e itseng e nepahetseng kapa e fosahetseng. Ka mohlala, motho ea nang le kutloisiso a ka lemoha ha motho e mong a lebile tseleng e fosahetseng, ’me a ka ’na a mo lemosa ka kotsi eo hang-hang. Empa ho hlokahala temohisiso ka lehlakoreng la hae ho utloisisa lebaka leo ka lona motho eo a lebileng tseleng eo le ho hlahisa tsela e sebetsang ka ho fetisisa ea ho mo lopolla.
Batho ba masene ba na le kahlolo e molemo—ha ba thetsoe habonolo. (Liproverbia 14:15, NW) Ba khona ho bona bobe esale pele ’me ba itokisetse ho tobana le bona. ’Me bohlale bo re nolofalletsa ho ba le mehopolo le maikutlo a molemo tse fanang ka tataiso e nang le morero bophelong. Ho ithuta maele a Bibele ka sebele hoa putsa hobane a tlalehetsoe hore re tsebe bohlale le taeo. Esita le ba “se nang phihlelo” ba elang hloko maele ana, ba tla ba masene, ’me “mohlankana” o tla ba le tsebo le matla a ho nahana.
Maele a ba Bohlale
Leha ho le joalo, maele a Bibele ha aa etsetsoa ba se nang phihlelo le ba banyenyane feela. Ke a e mong le e mong ea bohlale ka ho lekaneng hore a ka mamela. Morena Solomone o re: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng, ’me motho ea nang le kutloisiso ke ea fumanang tataiso e bohlale, ho utloisisa maele le polelo e tsietsang, mantsoe a batho ba bohlale le lilotho tsa bona.” (Liproverbia 1:5, 6, NW) Motho ea seng a ntse a fumane bohlale o tla eketsa thuto ea hae ka ho ela maele hloko, ’me motho ea nang le kutloisiso o tla eketsa matla a ho tsamaisa bophelo ba hae ka katleho.
Maele a mang a atisa ho hlalosa ’nete e matla ka mantsoe a seng makae feela. Maele a Bibele e ka ’na ea e-ba polelo eo ho leng thata ho e utloisisa. (Liproverbia 1:17-19) Maele a mang ke lilotho—lipolelo tse rarahaneng le tse thata haholo tseo ho hlokahalang hore li hlalosoe. Hape maele a ka ’na a ba le mokhabo-puo, puo ea tšoantšetso le lipapiso. Ho a utloisisa ho hloka nako le ho nahanisisa. Solomone, moqapi oa maele a mangata haholo, ka sebele o ne a utloisisa puo e poteletseng ea maele. Bukeng ea Liproverbia, o qala ka ho fetisetsa tsebo eo ho babali ba hae, e leng ntho eo motho ea bohlale a neng a ka batla ho lebisa tlhokomelo ho eona.
Qalo e Lebisang Pakaneng
Motho o qala hokae ha a batla bohlale le taeo? Solomone oa araba: “Ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea tsebo. Maoatla a pala a nyelisitse bohlale le taeo.” (Liproverbia 1:7, NW) Tsebo e qala ka tšabo ea Jehova. Ntle ho tsebo ho ke ke ha e-ba le bohlale kapa taeo. Joale, ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale le taeo.—Liproverbia 9:10; 15:33.
Tšabo ea Molimo hase ho mo tšaba ho hlokisang motho kelello. Ho e-na le hoo, ke tlhompho e tebileng le tšabo e nang le tlhompho. Ho ke ke ha e-ba le tsebo ea ’nete ntle le tšabo ena. Bophelo bo tsoa ho Jehova Molimo, ’me, ka sebele, bophelo boa hlokahala e le hore re be le tsebo efe kapa efe. (Pesaleme ea 36:9; Liketso 17:25, 28) Ho feta moo, Molimo o bōpile lintho tsohle; ka hona, tsebo eohle ea motho e thehiloe thutong ea mosebetsi oa matsoho a hae. (Pesaleme ea 19:1, 2; Tšenolo 4:11) Molimo o ile a boela a bululela Lentsoe la hae le ngotsoeng, e leng le “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:16, 17) Kahoo, motheo oa tsebo eohle ea ’nete ke Jehova, ’me motho ea e batlang o tlameha ho mo tšaba ka tsela e nang le tlhompho.
Tsebo ea motho le bohlale ba lefatše ke tsa bohlokoa bofe ntle ho tšabo ea Molimo? Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Monna ea bohlale o kae? Mongoli o kae? Mopheha-khang oa tsamaiso ee ea lintho o kae? Na Molimo ha aa ka a etsa bohlale ba lefatše lee booatla?” (1 Bakorinthe 1:20) Ka lebaka la ho se tšabe Molimo, motho ea bohlale ho ea ka pono ea lefatše o etsa liqeto tse fosahetseng a itšetlehile ka lintlha tse tsejoang ’me o qetella e le ‘leoatla le pala.’
‘Sefaha Molaleng oa Hao’
Ka mor’a moo morena ea bohlale o bua le mocha: “Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao. Etsoe ke moqhaka o khahlehang hloohong ea hao le sefaha se setle molaleng oa hao.”—Liproverbia 1:8, 9, NW.
Iseraeleng ea boholo-holo, batsoali ba ne ba e-na le boikarabelo ba ho ruta bana ba bona boo ba bo filoeng ke Molimo. Moshe o ile a phehella bo-ntate ka matla: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.” (Deuteronoma 6:6, 7, NW) Bo-’mè le bona ba ne ba e-na le tšusumetso e khōlō. Ka har’a meeli ea taolo ea monna oa hae, mosali oa Moheberu o ne a ka tiisa hore molao oa lelapa oa bolokoa.
Ha e le hantle, ho tloha qalong ea Bibele ho fihlela qetellong, lelapa ke karolo ea motheo bakeng sa ho fana ka thuto. (Baefese 6:1-3) Ha bana ba mamela batsoali ba bona ba lumelang, ka tsela ea tšoantšetso ba ikhabisa ka moqhaka oa ho ikhabisa le ka sefaha sa tlhompho.
“E Nka Moea oa Beng ba Eona”
Pele a romela mora oa hae ea lilemo li 16 United States bakeng sa thuto e phahameng, ntate oa Moasia o ile a mo eletsa hore a se ke a tloaelana le batho ba babe. Keletso ena e pheta temoso ea Solomone: “Mor’a ka, ekare ha baetsalibe ba rata ho u hoka, u se ke ua ba ua lumela.” (Liproverbia 1:10) Leha ho le joalo, Solomone o qoolla leraba leo ba le sebelisang: “Haeba ba ntse ba re: ‘Tsamaea le rōna. A re lalleng bakeng sa mali. A re luleng moo ho patehileng bakeng sa batho ba hlokang molato ntle ho lebaka leha e le lefe. A re ba metseng ba phela feela joaloka Sheole, ba ntse ba feletse, joaloka ba theohelang ka sekoting. A re fumaneng mefuta eohle ea matlotlo a bohlokoa. A re tlatseng matlo a rōna ka thepa e hapuoeng. U tšoanela ho lahlela lotho ea hao har’a rōna. Ho ke ho be le mokotla o le mong feela oa rōna bohle.’”—Liproverbia 1:11-14, NW.
Ho hlakile hore leraba lena ke maruo. “Baetsalibe” ba khelosa ba bang hore ba kenelle mererong ea bona ea pefo kapa e sa lokang e le hore ba ka etsa phaello ka potlako. Molemong oa lintho tse bonahalang, ba khopo bana ha ba qeaqee ho tšolla mali. Ba ‘metsa mohlaseluoa oa bona a phela feela joaloka Sheole, a ntse a feletse,’ ba mo utsoetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona, joalokaha lebitla le amohela setopo se feletseng. Memo ea bona ke ea mosebetsi oa bonokoane—ba batla ho ‘tlatsa matlo a bona ka thepa e hapuoeng,’ ’me ba batla hore ea se nang phihlelo a ‘lahlele lotho ea hae le bona.’ Ena ke temoso e nakong hakaakang bakeng sa rōna! Na likenke tsa bacha le ba rekisang lithethefatsi ha li sebelise mekhoa e tšoanang ea ho thaotha? Na tšepiso ea ho rua kapele ha e etse hore motho a hoheloe ke likhoheli tse ngata tsa khoebo e belaetsang?
Morena ea bohlale oa eletsa: “Mora oa ka, u se ke ua tsamaea tseleng eo le bona. Thiba leoto la hao tseleng ea bona. Etsoe maoto a bona ke a mathelang bobeng bo totobetseng, ’me ba ntse ba potlakela ho ea tšolla mali.” Ha a bolela esale pele qetello ea bona e kotsi, oa eketsa: “Etsoe ke ha lefeela letlooa le aloang ka pel’a mahlo a ntho leha e le efe e nang le mapheo. Ka lebaka leo bona ka bobona ba lalla bakeng sa mali a bona; ba lula moo ho patehileng bakeng sa meea ea bona. Litsela tsa e mong le e mong ea etsang phaello e sa lokang li joalo. E nka moea oa beng ba eona.”—Liproverbia 1:15-19, NW.
“E mong le e mong ea etsang phaello e sa lokang” o tla timella tseleng ea hae. Ha ba khopo ba lalla ba bang, hoo e tla ba sefi ho bona. Na ba etsang bobe ka boomo ba tla fetola tsela ea bona? Che. Leraba le ka ’na la bonahala hantle, empa linonyana—libōpuoa tse “nang le mapheo”—li fofela ka har’a lona ho ntse ho le joalo. Ka tsela e tšoanang, ba khopo ba foufalitsoe ke meharo ea bona, ba tsoela pele ka liketso tsa bona tsa bonokoane, le hoja ba ka tšoaroa neng kapa neng.
Ke Mang ea Tla Mamela Lentsoe la Bohlale?
Na baetsa-libe ba hlile baa hlokomela hore tsela ea bona e fella ka tlokotsi? Na ba hlokomelisitsoe ka phello ea litsela tsa bona? Ho hloka tsebo hase lebaka la ho ikemela, hobane molaetsa o tobileng haholo o boleloa phatlalatsa.
Solomone o re: “Bohlale ba ’nete bo ntse bo hoeletsa haholo seterateng. Bo ntse bo ntša lentsoe la bona mapatlelong. Bo hoeletsa pheletsong e ka holimo ea literata tse lerata. Bo bolela lipolelo tsa bona menyakong ea liheke tse kenang motseng.” (Liproverbia 1:20, 21) Ka lentsoe le phahameng le le utloahalang, bohlale bo hoeletsa phatlalatsa hore bohle ba utloe. Iseraeleng ea boholo-holo banna ba hōlileng ba ne ba fana ka keletso e bohlale ’me ba etsa liqeto tsa boahloli lihekeng tsa motse. Ho rōna, Jehova o entse hore bohlale ba sebele bo tlalehoe Lentsoeng la hae, Bibele, e fumanehang libakeng tsohle. ’Me libakeng tsohle, bahlanka ba hae kajeno ba tšoarehile boboleling ba phatlalatsa ba molaetsa oa lona. Ka sebele Molimo o etsa hore bohlale bo boleloe ka pel’a bohle.
Bohlale ba ’nete bo re’ng? Bo re: “Lōna ba se nang phihlelo le tla ’ne le rate ho se be le phihlelo halelele hakae, ’me lōna basomi le tla lakatsa ho soma ho totobetseng halelele hakae . . . ? Ke hoelelitse empa le ntse le hana, ke otlolotse letsoho la ka empa ha ho ea elang hloko.” Maoatla ha a ele hloko lentsoe la bohlale. Ka lebaka leo, ‘a tla ja litholoana tsa tsela ea ’ona.’ ‘Bokoenehi ba ’ona le ho nka lintho habobebe ho tla a bolaea.’—Liproverbia 1:22-32, NW.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ea iphileng nako ea ho mamela lentsoe la bohlale? “O tla ikahela ka khotso, a se na ho tšoha kotsi.” (Liproverbia 1:33) E se eka u ka ba har’a ba fumanang bohlale ’me ba amohela taeo ka ho ela hloko maele a Bibele.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Bohlale ba ’nete bo fumaneha hohle