Ke Eng se Phoso ka Lerato la Chelete?
PAUL le Mary ba ne ba na le lebenkele le leholo sechabeng se futsanehileng sa Afrika.a Ka ho sebetsa ka thata bosiu le motšehare, ba ile ba fumana chelete e ngata haholo. Ka morao ho nako Mary o ne a ka ikhantša ka ntlo e khōlō e ncha e nang le thepa e mabotho-botho. Ha e le Paul, o ile a khona ho palama koloi e turang.
Ka letsatsi le leng Paul o ile a atameloa ke sehlopha se hanyetsang ’muso. Ba ile ba laela: “Re batla hore khoebo ea hao e nehele ka R250 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho tšehetsa mosebetsi oa rōna.” Ka sebete Paul le Mary ba ile ba hana kaha ba sa batle ho nka lehlakore qhoebeshanong ea lipolotiki. Ka baka la boemo ba bona ba ho se nke lehlakore, ho ile ha belaeloa hore ba fumana tšehetso ea chelete ’musong. Mafelo-beke a mang, ha Paul le Mary ba ne ba tsoile motseng, ho ile ha utsuoa lebenkeleng la bona, ’me koloi ea bona le ntlo e ntle li ile tsa chesoa.
Ka sebele ke ketsahalo e utloisang bohloko, empa na re ka ithuta ho eona? Ba bangata ba sebelitseng ka thata ho rua mohlomong ha baa ka ba oeloa ke tlokotsi e ileng ea ba amoha leruo la bona, leha ho le joalo ho thoe’ng ka nako e tlang? Ke hobane’ng ha Bibele e re “ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong”?—1 Timothea 6:9.
Pono e Leka-lekaneng ka Chelete
Ho latela Bibele, Mokreste oa ’nete o tlameha ho hlokomela litho tsa lelapa la hae ka lintho tse bonahalang. Maemo, a kang ho hloka mosebetsi kapa mathata a bophelo bo botle, ka nako tse ling a ka thatafatsa sena. Ka lehlakoreng le leng, Mokreste eo ka boomo a hlokomolohang lelapa la hae “o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.”—1 Timothea 5:8.
Batho ba bang ba lulang mahaeng, ba phela ka ho itemela lijo le ho rua mehlape. Ba bang ha ba hloke chelete e ngata, ba fumana lintho tsa bohlokoa tsa bophelo ka ho bapatsa bakeng sa thepa le litšebeletso. Leha ho le joalo, tsela e tloaelehileng haholo ea ho hlokomela lelapa ke ho sebetsa mosebetsi o itseng ’me ba fumane chelete. Ba sebelisa chelete eo ba e fumaneng ho reka lijo le lintho tse ling tse tlatsetsang boiketlong ba malapa a bona. Ho phaella moo, chelete e bolokiloeng ka bohlale e ka fana ka tekanyo ea tšireletso linakong tsa mathata kapa tlokotsi. Ka mohlala, e ka sebelisoa ho koahela litšenyehelo tsa bongaka kapa ho etsa litokiso tse hlokahalang lelapeng la motho. Ke ka ho loketseng ha Bibele e bolela hore ‘chelete ke tširelo’ le hore e “ikarabella linthong tsohle.”—Moeklesia 7:12; 10:19, NW.
Kaha chelete e finyella lintho tse ngata, ho na le kotsi ea ho hlaolela pono eo eseng ea sebele ka matla a eona. Mokreste o lokela ho hlokomela litekanyetso tsa eona ha li bapisoa le lintho tse ling tsa bohlokoa haholoanyane. Ka mohlala, Bibele e bapisa boleng ba chelete le bohlale ba Molimo, e re: “Bohlale ke tširelo, joale ka ha le eona chelete e le tširelo; empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phelisa ba bo ruileng.” (Moeklesia 7:12) Ke ka tsela efe bohlale ba Molimo bo leng molemo ho feta chelete?
Thuto ho Tsoa Nakong e Fetileng
Liketsahalo tse etsahetseng Jerusalema ka selemo sa 66 C.E. li bontša molemo oa bohlale ba Molimo ho feta chelete. Ka mor’a ho fekisa mabotho a Roma a neng a hlasela ho bonahala Bajode ba Jerusalema ba ne ba lumela hore litebello tsa khoebo li ne li ntlafetse. Ha e le hantle, ba ile ba qala ho etsa chelete ea bona ho keteka tokoloho ea bona e ncha. Lichelete tsa bona tsa tšepe li ile tsa ngoloa, ka Seheberu mengolo e kang “Bakeng sa tokoloho ea Sione” le “Jerusalema e Halalelang.” Selemo se seng le se seng se secha, ba ile ba etsa lichelete tsa tšepe tse ncha tse nang le mongolo o li bontšang e le tsa “selemo sa bobeli,” “selemo sa boraro,” le “selemo sa bone.” Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba epolla esita le lichelete tsa tšepe tse sa tloaelehang tse ’maloa tse nang le mongolo oa “selemo sa bohlano,” e leng se lumellanang le selemo sa 70 C.E. Na Bakreste ba Bajode ba ile ba talima chelete e ncha ea Bajode joaloka pontšo e tiileng ea tokoloho ea ka ho sa feleng?
Che. Hobane ba ile ba hopola mantsoe a bohlale a Mong’a bona. Jesu o ile a bolela esale pele tlhaselo ea Roma e ileng ea etsahala ka 66 C.E. O ile a lemosa balateli ba hae hore ha e etsahala, ba lokela hore ‘ba tsoe Jerusalema.’ (Luka 21:20-22) Histori e tiisa hore Bakreste ba Bajode ba hlile ba etsa joalo. Ho hlakile hore ba ne ba ikemiselitse ho lahleheloa ke thepa, matlotlo le menyetla ea khoebo ka baka la ho tloha Jerusalema. Lilemo tse ’nè hamorao, mabotho a Roma a ile a khutla ’me a thibella motse.
Ho latela paki e boneng ka mahlo, rahistori Josephus, “Ho ne ho e-na le gauda e ngata Motseng.” Empa chelete e ngata ha ea ka ea sireletsa Jerusalema tlaleng, eo butle-butle “e ileng ea mpefala” ’me “ea fiela matlo le malapa.” Baahi ba bang ba ile ba koenya chelete ea tšepe ea gauda ’me ba leka ho baleha motseng. Empa ba ile ba bolaoa ke lira tsa bona, tse ileng tsa petsola limpa le ho ntša chelete. Josephus oa hlalosa: “Ho barui, ho lula Motseng ho ne ho le kotsi joaloka ho baleha; hobane ka baka la hore e ne e le baleleri banna ba bangata ba ile ba bolaeloa chelete ea bona.”
Ka lilemo tse ka tlaase ho tse tšeletseng ho tloha qalong ea thibello, Jerusalema e ile ea timetsoa, ’me baahi ba eona ba ka holimo ho millione ba ile ba bolaoa ke tlala, maloetse, le ka sabole. Lerato la chelete le ne le foufalitse ba bangata, la ba lahlela timetsong le tšenyehong, empa ho sebelisa mantsoe a bohlale ho ile ha nolofaletsa Bakreste ba Bajode hore ba pholohe.
Eo e ne e se eona feela ketsahalo ea histori ha chelete e hlōleha ho boloka batho nakong ea tlokotsi. Lerato la chelete e ka ba monghali ea sehlōhō hakaakang! (Mattheu 6:24) Ho feta moo, le ka u amoha thabo ea hao ea hona joale.
Thabo eo Chelete e ke Keng ea e Reka
Ho nahana haholo ka ho rua ho ka thibela motho ho hlokomela lintho tse ngata tse thabisang tse sa hlokeng chelete e ngata. Ka mohlala, nahana ka likamano tsa lelapa tse thabisang, metsoalle ea sebele, limaka tsa tlhaho, ho likela ha letsatsi ho tsotehang, sefefo se khahlisang, maholimo a tletseng linaleli, le ho tlōla-tlōla ha liphoofolo kapa lipalesa le lifate morung o e-song ho senngoe.
Ke ’nete hore batho ba bang ba ruileng ba na le nako e eketsehileng ea ho thabela lintho tse boletsoeng ka holimo tse thabisang, empa ba bangata ho bona ba phathahane haholo ba leka ho boloka kapa ho eketsa leruo la bona. Ho ka bonahala ho makatsa, empa, hangata thabo e balehela esita le ba nang le nako ea ho roba monakeli. Sena se makatsa litsebi tsa kajeno. Thomas Wiseman, bukeng ea hae The Money Motive—A Study of an Obsession o ile a botsa: “Re ka hlalosa joang ’nete ea hore ntho e lakatsoang haholo ke batho ba bangata hakaale, ’me e lumeloa e le makhona tsohle, ha e se e fumanoe e ka ba le liphello tse fapa-fapaneng ho tloha ho ferekaneng ho isa ho ntšeng kotsi?”
Ntho e ’ngoe e ka amohang morui thabo ke ho thatafalloa ho tseba bao e leng metsoalle ea hae ea sebele. Morena Salomone ea ruileng o ile a ba le phihlelo eo ea hore “ha monono o ata, ba o jang le bona ba ata.” (Moeklesia 5:11) Barui ba bangata ba ba le matšoenyeho ba leka ho boloka kapa ho eketsa boleng ba leruo la bona. Hangata sena se etsa hore ba se thabele boroko ba bona bo monate. Bibele ea hlalosa: “Boroko ba motho ea sebetsang bo monate, leha a e-ja haholo, leha a e-ja hanyenyane; empa khora ea morui ha e mo fe boroko.”—Moeklesia 5:12.
Lerato la chelete le ka senya likamano pakeng tsa lelapa le metsoalle hobane le ka ’na la leka motho e mong ho kenela liketsong tse sa tšepahaleng le tlōlo ea molao. Hangata barati ba chelete ba fetohela papaling ea chelete. Ka masoabi, takatso bakeng sa phihlelo e le ’ngoe ea papali ea chelete e khannela ba bangata likolotong. Ngaka e sebetsanang le mafu a kelello Afrika Boroa e itse: “Ka nako eo ba tlang ho ’na, hangata [makhoba a papali ea chelete] a ke ke a hlola a thusoa, a se a lahlehetsoe ke mesebetsi, likhoebo, mahae, ’me malapa a oona hangata a ba tlohetse.” Temoso ea Bibele ke ’nete hakaakang: “Motho ea tšepehang o ruile mahlohonolo; empa ea ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.”—Liproverbia 28:20.
Le “Mela Mapheo . . . le Rurele Holimo”
Lebaka le leng leo lerato la chelete le leng kotsi ka lona ke hore mebuso ea batho e ipakile e sa khone ho sebelisana ka ho feletseng kapa ho tiisa hore chelete e boloka boleng bo tsitsitseng ba lefatše lohle; kapa leha e le hore ba ile ba khona ho thibela ho oa ha moruo, le ho oa ha ’maraka oa matsete a khoebo. Bolotsana, bosholu, le ho phahama ha litheko ho tiisa ’nete ea mantsoe a bululetsoeng: “U se ke ua ikhathatsa ho bokella leruo; tlohela khopolo ea teng. U le talimela’ng, ha e le moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele holimo joale ka ntsu.”—Liproverbia 23:4, 5.
Ho phahama ha theko ea lintho. Ka sebele bothata boo ha boa fella linaheng tse futsanehileng feela. Pelenyana lekholong lena la lilemo, ho phahama ha litheko ho tsoelang pele ka sekhahla ho ile ha thefula linaha tse tsoetseng pele moruong tsa Europe bohareng. Ka mohlala, pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, mark ea Jeremane e ne e lekana le hoo e ka bang sheleng ea Brithani, franc ea Fora kapa lira ea Italy. Lilemo tse leshome hamorao, sheleng, franc, le lira li ne li batla li lekana le li-mark tse 1 000 000 000 000. Ho phahama ha litheko ho tsoelang pele ho na le phello efe ho batho lichabeng tse ruileng? Adam Fergusson bukeng ea hae When Money Dies o re: “Haeba se etsahetseng Mebusong ea Bohareng e hlōtsoeng lilemong tsa pele tsa bo-1920 e le hoo re ka ahlolang ka hona, joale [ho oa ha chelete] ho ka baka meharo, pefo, masoabi, le lehloeo, tse bakoang haholo ke tšabo, tseo ho seng sechaba se ka li pholohang se sa holofatsoa le ho fetoloa.”
Ka 1923, Jeremane e ile ea fetola boleng ba chelete ea eona ka ho tlosa bo-noto ba 12 hore hang li-mark tsa khale tse 1 000 000 000 000 li lekane le mark e le ’ngoe e ncha. Ketso ena e ile ea emisa ho phahama ha litheko empa e ile ea ba le liphello tse ling tse bohloko. Fergusson oa hlalosa: “Ho thehoa hape ha botsitso ba chelete, ho ileng ha futsanehisa batho ba likete, ho ile ha amoha batho ba limillione mesebetsi ea bona, ’me ha felisa tšepo ea limillione tse ling hape, ka ho sa tobang e ile ea beha theko e mpe haholo eo lefatše lohle le ileng la lokela ho e lefa.” Kamoo ho bonahalang ka teng, “theko e mpe” eo mongoli a neng a e nahanne e ne e le ho phahama ha Bonazi le Ntoa ea II ea Lefatše.
Lebaka la hore li-account tsa banka tse khōlō li ile tsa hlōleha ho sireletsa ba bangata nakong e fetileng e lokela ho ba temoso ea ’nete linakong tsena tsa moruo o sa tsitsang oa lefatše lohle. Mor’a Molimo ka boeena o ile a lemosa hore chelete e tla hlōleha, e leng hoo ka sebele e ho entseng ka linako tse ngata. (Luka 16:9, NW) Empa ho hlōleha ha chelete ho hoholo ka ho fetisisa le ho pharaletseng ho tla tla ha Jehova Molimo a tlisa kahlolo lefatšeng lena le khopo. “Maruo ha a thuse letho mohl’a letsatsi la bohale, empa ho loka ho loela lefung.”—Liproverbia 11:4.
Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore e mong le e mong oa rōna a tsitlallele ho boloka boemo bo lokileng le Metsoalle ea rōna ea ’nete, Jehova Molimo le Jesu Kreste!
Mohloli oa Thabo ea ka ho sa Feleng
Paul le Mary, ba boletsoeng qalong, e ne e le Lipaki tsa Jehova. Ka lilemo tse ngata ba ile ba kopanela mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng. Leha ho le joalo, takatso ea bona bakeng sa leruo e ile ea etsa hore ba khaotse ho ea libokeng tsa phutheho ea Bokreste, ’me ba ile ba khaotsa ho arolelana tumelo ea bona tšebeletsong ea phatlalatsa. Empa ba ile ba tsoha moeeng. Ka mor’a hore ho utsuoe le hore ntlo ea bona e senngoe, Mary o itse: “Joale ke bona kamoo ho leng booatla ka teng ho sebelisa nako ea ka eohle le matla nthong e neng e ka nyamela ka ho panya ha leihlo.” Ka thabo, banyalani bana ba ile ba ithuta thuto pele boemo bo senyeha hoo bo neng bo ke ke ba lokisoa. E, kotsi e khōlō ka ho fetisisa eo lerato la chelete le ka e etsang ke ea ho senya kamano ea motho e amohelehang le Jehova Molimo le Jesu Kreste. Ka ntle ho Metsoalle ena, ke tšepo efe eo re ka bang le eona ea ho pholoha bofelo ba lefatše lena le khopo le ho kena lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng la ho loka?—Mattheu 6:19-21, 31-34; 2 Petrose 3:13.
Kahoo ho sa tsotellehe hore u inka u le morui kapa mofutsana, itebele khahlanong le ho hlaolela lerato la chelete. Sebeletsa ho fumana letlotlo le leholo ka ho fetisisa le ho le boloka—boemo bo amohelehang le Jehova Molimo. U ka etsa sena ka ho ela hloko ka mehla memo ena e potlakileng: “Moea le monyaluoa ba re: Tlo! Le ea utloang a ke a re: Tlo! Le ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.”—Tšenolo 22:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha hoa sebelisoa mabitso a bona a sebele.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Mahlakore ka bobeli a chelete ea tšepe e entsoeng phetohelong ea Bajode a nang le mongolo o reng “selemo sa bobeli”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.