-
Na ba Bang ba Amohela Keletso ea Hao?Molula-Qhooa—1999 | January 15
-
-
Ha ho fanoa ka keletso, ke habohlokoa hore ho khethoe mantsoe a nepahetseng. Monna ea bohlale Solomone o itse: “Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang, e joalo ka liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.” (Liproverbia 25:11) E ka ’na eaba o ne a nahanne ka sejana sa silevera se nang le mekhabiso e metle se tšetseng liapole tsa khauta tse sehiloeng ka makhethe. Seo e ne e tla ba se bohehang hakaakang, ’me u ne u ka ananela hakaakang ho se fuoa e le mpho! Ka tsela e tšoanang, mantsoe a khethiloeng ka hloko le a mosa e ka ba a ipiletsang haholo ho motho eo u lekang ho mo thusa.—Moeklesia 12:9, 10.
-
-
Na ba Bang ba Amohela Keletso ea Hao?Molula-Qhooa—1999 | January 15
-
-
Joalokaha Solomone a boletse, keletso e lokela ho ‘buuoa ka motsotso o tšoanelehang.’ Nako e tšoanelehang ke ea bohlokoa haeba keletso e tla amoheloa! Ho hlakile hore motho ea se nang takatso ea lijo a ke ke a ananela lijo. Mohlomong o sa tsoa ja haholo, kapa oa kula. Ho qobella motho ea sa batleng ho ja hore a je ha ho bohlale ebile ha ho amohelehe.
-