Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka e Sebetsang Bophelong ba Kajeno
    Buka ea Batho Bohle
    • Empa matla a ho laela a batsoali—“thupa ea taeo”—le ka mohla ha aa lokela ho sebelisoa hampe.b (Liproverbia 22:15; 29:15) Bibele e lemosa batsoali: “U se ke ua khalemela bana ba hao ka ho tlōlisa, ho seng joalo u tla ba nyahamisa pelo.” (Bakolose 3:21, Phillips) E boetse ea lumela hore hase kamehla ho shapa e leng mokhoa o atlehang ka ho fetisisa oa ho ruta. Liproverbia 17:10 e re: “Motho ea kelello o utloa khalemelo, ho feta lehlanya ha le shapuoa halekholo.” Kantle ho moo, Bibele e khothalletsa taeo e thibelang. Ho Deuteronoma 11:19 batsoali ba khothalletsoa ho sebelisa monyetla oa boikhathollo ho kenya litekanyetso tsa boitšoaro baneng ba bona.—Bona le Deuteronoma 6:6, 7.

  • Buka e Sebetsang Bophelong ba Kajeno
    Buka ea Batho Bohle
    • b Mehleng ea Bibele, lentsoe “thupa” (sheʹvet ka Seheberu) le ne le bolela “molamu” kapa “lere,” le kang le sebelisoang ke molisana.⁠10 Moelelong ona thupa ea matla a ho laela e fana ka maikutlo a tataiso e lerato, eseng tšoaro e sehlōhō.—Bapisa le Pesaleme ea 23:4.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela