Moea (Spirit)
Tlhaloso: Lentsoe la Seheberu ruʹach le la Segerike pneuʹma le la Senyesemane spirit, a atisang ho fetoleloa e le “moea,” a bolela lintho tse ’maloa. Kaofela a bolela ntho e sa bonahaleng mahlong a batho le e fanang ka bopaki ba matla a tsamaeang. Mantsoe a Seheberu, Segerike le Senyesemane a sebelisoa mabapi le (1) moea o fokang, (2) matla a sebetsang a bophelo libopuoeng tsa lefatše, (3) matla a susumetsang a tsoang pelong ea motho ea tšoantšetso le a mo etsang hore a bue a be a etse lintho ka tsela eitseng, (4) lipolelo tse bululetsoeng tse tsoang matleng a sa bonahaleng, (5) batho ba moea le (6) matla a sebetsang a Molimo, kapa moea o halalelang. Mona ho buisanoa ka litšebeliso tse ngata tsa tsena kamanong le lipuisano tse ka ’nang tsa phahama tšebeletsong ea tšimo.
Moea o halalelang ke eng?
Papiso ea litemana tsa Bibele tse buang ka moea o halalelang e bontša hore ho buuoa ka oona o “tlala” ka ho batho; ba ka “kolobetsoa” ka oona; ’me ba ka ‘tlotsoa’ ka oona. (Luka 1:41; Matt. 3:11; Lik. 10:38) Ha ho le e ’ngoe lipolelong tsena e neng e ka lokela haeba moea o halalelang e ne e le motho.
Jesu o boetse a bua ka moea o halalelang e le “mothusi” (TLP, NW; pa·raʹkle·tos ka Segerike), ’me o itse mothusi enoa o ne a tla “ruta,” a ‘pake,’ a ‘bue’ le ho ‘utloa.’ (Joh. 14:16, 17, 26; 15:26; 16:13) Hase mohlolo hore ntho e ’ngoe e mothofatsoe ka Mangolong. Ka mohlala, bohlale ho thoe bo na le “bana.” (Luka 7:35) Ho boleloa ka sebe le lefu e le babusi. (Ba-Roma 5:14, 21) Ha litemana tse ling li re moea o ile oa “bua,” litemana tse ling li bontša ka ho hlaka hore hona ho entsoe ka mangeloi kapa ka batho. (Lik. 4:24, 25; 28:25; Matt. 10:19, 20; bapisa Liketso 20:23 le 21:10, 11.) Ho 1 Johanne 5:6-8, hase moea (spirit) feela oo ho thoeng o-oa “paka,” ho boleloa joalo le ka “metsi le mali.” Kahoo, ha ho polelo le e ’ngoe e fumanoang litemaneng tsena e pakang hore moea o halalelang ke motho.
Moea o halalelang o tlameha ho tsebahala ka mokhoa o nepahetseng o lumellanang le mangolo ’ohle a buang ka moea oo. Ka pono ena, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore moea o halalelang ke matla a sebetsang a Molimo. Hase motho empa ke matla a matla ao Molimo o etsang hore a tsoe ho oona ho finyella thato e halalelang ea oona.—Pes. 104:30; 2 Pet. 1:21; Lik. 4:31.
Bona le maqephe 92, 93, tlas’a sehlooho “Boraro-bo-bong.”
Ke eng e fanang ka bopaki ba hore motho o hlile o na le moea o halalelang?
Luka 4:18, 31-35: “[Jesu a bala bukeng ea moprofeta Esaia:] Moea oa Morena o ho ’na, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli . . . Eaba o theohela Kapernauma, motse oa Galilea; ’me o na a ruta batho ka matsatsi a sabbatha. Ba ne ba tsota thuto ea hae; hobane a na a bua ka borena. Monna o na a le teng synagogeng, ea nang le moea oa modemona o litšila; a hoa ka lentsoe le leholo, . . . Jesu a khalemela modemona, a re: Khutsa, u tsoe ho eena. Eaba modemona, hobane a mo lihele hare, a tsoa ho eena, a sa mo ntše kotsi.” (Ke eng e faneng ka bopaki ba hore Jesu o ne a e-na le moea oa Molimo? Tlaleho ha e re o ile a thothomela kapa a tleroha kapa a ’na a leba koana le koana ka sefutho. Ho e-na le hoo, e re o ile a bua ka borena. Leha ho le joalo, hoa hlokomeleha hore ka lekhetlo leo moea [spirit] oa modemona o ile oa susumelletsa motho hore a bue ka lentsoe le leholo oa ba oa mo lahlela fatše.)
Liketso 1:8 e re ha balateli ba Jesu ba amohela moea o halalelang ba ne ba tla paka ka eena. Ho latela Liketso 2:1-11, eitse ha ba amohela moea oo, bashebelli ba ile ba hlolloa ke ’nete ea hore, le hoja ba neng ba bua e ne e le Bagalilea kaofela, ba ne ba bolela limakatso tsa Molimo ka lipuo tse neng li tloaelehile ho balichaba ba bangata ba neng ba le teng. Empa tlaleho ha e bolele hore ba neng ba amohetse moea ba ne ba phasoloha ka ho nkeha maikutlo.
Hoa hlokomeleha hore ha Elizabetha a amohela moea o halalelang ’me a “phahamisa lentsoe” o ne a se sebokeng sa borapeli empa o ne a lumelisa mong ka eena ea etileng. (Luka 1:41, 42) Ha, joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 4:31, moea o halalelang o theohela ho barutuoa ba bokaneng, sebaka se ile sa sisinyeha, empa phello ea moea oo ho barutuoa ha e-ea ba hore ba thothomele kapa ba pota-pote, empa hore ba ‘bolele lentsoe la Molimo ka sebete.’ Ka ho tšoanang le kajeno, ho bolela lentsoe la Molimo ka sebete le ho tšoareha ka cheseho mosebetsing oa bopaki—ke tsona tse fanang ka bopaki ba hore motho o na le moea o halalelang.
Ba-Gal. 5:22, 23: “Tholoana ea moea ke lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.” (Motho ea batlang batho ba nang le moea oa Molimo kannete o lokela ho sheba tholoana ena ho e-na le ho sheba ho phasoloha ka ho nkeha maikutlo hoa bolumeli.)
Na matla a ho bua ka boikutlo bo phahameng haholo ka puo eo ho seng mohla motho a kileng a ithuta eona a paka hore o na le moea oa Molimo?
Bona sehlooho se seholo “Ho Bua Lipuo Lisele.”
Na pholiso ea mohlolo e etsoang mehleng ea rōna e etsoa ka moea oa Molimo?
Bona sehlooho se seholo “Pholiso.”
Ke mang ea kolobetsoang ka moea o halalelang?
Bona leqephe 207, tlas’a “Kolobetso,” le sehlooho se seholo “Ho Tsoaloa la Bobeli.”
Na ho na le karolo ea moea (spirit) ea motho e phonyohang lefu la ’mele?
Ezek. 18:4: “Moea [soul] o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (NW, RS, NE, KJ, le Dy kaofela li ngola lentsoe la Seheberu neʹphesh temaneng ena e le “moea [soul],” ka hona li bolela hore ke moea [soul] o shoang. Liphetolelo tse ling tse ngolang neʹphesh e le “moea [soul]” litemaneng tse ling li sebelisa lentsoe “motho” kapa “ea” temaneng ena. Kahoo, neʹphesh, moea [soul], ke motho, e seng karolo ea hae e sa bonahaleng e phonyohang ha ’mele oa hae o e-shoa.) (Bona sehlooho se seholo “Moea (Soul)” bakeng sa lintlha tse ling.)
Pes. 146:4: “Phefumoloho [spirit] ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” (Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “moea [spirit]” mona le tsoa ho ruʹach. Bafetoleli ba bang ba le ngola e le “phefumoloho.” Ha ruʹach eo kapa matla a sebetsang a bophelo e tsoa ’meleng, mehopolo ea motho e-ea fela; ha e tsoelepele sebakeng se seng.)
Moek. 3:19-21: “Kotsi e hlahelang bana ba batho, e joalo e hlahela le liphoofolo: bobeli ba bona bo hlaheloa ke kotsi e le ’ngoe. Mokhoa oo motho a shoang ka oona, le eona phoofolo e shoa joalo; moea [spirit] oa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo, etsoe tsohle e le lefeela. Tsohle li ikela nģalong e le ’ngoe; tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng. Ke mang ea tsebang ha eba moea [spirit] oa bana ba batho o nyolohela holimo, kapa ha moea [spirit] oa phoofolo o theohela tlase lefatšeng?” (Ka lebaka la ho futsa sebe le lefu ho Adama, batho bohle baa shoa ’me ba khutlele lerōleng, joalokaha ho etsa liphoofolo. Empa na motho e mong le e mong o na le moea [spirit] o tsoelang pele o phela e le boleng bo bohlale kamor’a hore o khaotse ho sebetsa ka ’meleng? Che; temana ea 19 e arabela hore batho le liphoofolo ‘kaofela ba na le moea o le mong.’ Ponong ea botho feela, ha ho lea mong ea nang le matla a ho arabela potso e botsitsoeng temaneng ea 21 mabapi le moea [spirit]. Empa Lentsoe la Molimo le arabela hore ha ho letho leo batho ba nang le lona ka lebaka la tsoalo le ba etsang ba phahametseng liphoofolo ha ba e-shoa. Leha ho le joalo, ka lebaka la tokisetso e mohau ea Molimo ka Kreste, tebello ea ho phela ka ho sa feleng e bulehetse batho ba sebelisang tumelo, empa ha ho joalo ka liphoofolo. Bakeng sa batho ba bangata, hoo ho tla nolofatsoa ka tsoho, ha matla a sebetsang a bophelo a tsoang ho Molimo a tla ba tsosa hape.)
Luka 23:46: “Jesu hobane a meketse ka lentsoe le leholo, a re: Ntate, ke neela moea [spirit] [pneuʹmaʹ ka Segerike] oa ka matsohong a hao! Eitse hobane a rialo, a neela moea.” (Hlokomela hore Jesu o ile a neela moea. Ha moea [spirit] oa hae o e-tsoa o ne a se tseleng e eang leholimong. Ha e-ea ba ho fihlela ka letsatsi la boraro kamorao ho sena Jesu a ileng a tsosoa bafung. Ka hona, joalokaha Liketso 1:3, 9 e bontša, ebile matsatsi a mang a 40 pele a nyolohela leholimong. Ka hona, seo Jesu a se buileng lefung la hae, se bolela eng? O ne a bolela hore o ne a tseba hore, ha a e-shoa, litebello tsa hae bakeng sa bophelo ba kamoso li ne li itšetlehile ho hang ka Molimo. Bakeng sa litlhaloso tse ling mabapi le ‘moea [spirit] o khutlelang ho Molimo,’ bona leqephe 315, tlas’a sehlooho “Moea (Soul).”)
Haeba e Mong a Re—
‘Na u na le moea o halalelang?’
U ka ’na ua arabela: ‘E, ’me ke ka lebaka leo ke leng ha hao mona kajeno. (Lik. 2:17, 18)’
Kapa u ka re: ‘Ke oona o ’nolofaletsang ho nka karolo tšebeletsong ea Bokreste. Empa ke fumane hore hase bohle ba nang le maikutlo a tšoanang ka hore na ke eng e fanang ka bopaki ba hore motho o hlile o na le moea oa Molimo. U sheba eng?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (Puisano ea taba e ’ngoe e maqepheng 318, 319.)