Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Moeklesia
MOPATRIAREKA Jobo o ile a re: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso.” (Jobo 14:1) Ho bohlokoa hakaakang hore re se ke ra senya bophelo ba rōna bo bokhutšoanyane re tšoenyehile ka mesebetsi e se nang thuso! Ke lintho life tseo re lokelang ho sebelisa nako, matla le matlotlo a rōna re li hahamalla? Ke lintho life tseo re lokelang ho li qoba? Mantsoe a bohlale a tlalehiloeng bukeng ea Bibele ea Moeklesia a fana ka keletso e bohlale tabeng ena. Molaetsa oa ’ona o “khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo” ’me o ka re thusa hore re phele ka tsela e nang le morero.—Baheberu 4:12.
Buka ea Moeklesia e ngotsoeng ke monna ea neng a tsebahala ka bohlale ba hae, e leng Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo, e fana ka keletso e sebetsang linthong tseo ehlileng e leng tsa bohlokoa bophelong le linthong tse se nang thuso. Kaha Solomone o bua ka e meng ea mesebetsi ea kaho eo a ileng a e etsa, e tlameha ebe o ngotse buka ea Moeklesia ka mor’a ho phetha mesebetsi eo le pele a kheloha borapeling ba ’nete. (Nehemia 13:26) Kahoo e tlameha ebe e ngotsoe pele ho 1000 B.C.E., ho elella bofelong ba puso ea Solomone ea lilemo tse 40.
KE NTHO EFE EO E SENG LEFEELA?
’Mokelli o re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela!” ka mor’a moo oa botsa, “Motho o ba le molemo ofe mosebetsing oa hae oohle o boima oo a sebetsang ka thata ho oona tlas’a letsatsi?” (Moeklesia 1:2, 3) Poleloana e reng “lefeela” le e reng “tlas’a letsatsi” li hlaha khafetsa bukeng ea Moeklesia. Lentsoe la Seheberu bakeng sa “lefeela,” ka ho toba le bolela “pululo” kapa “mouoane” ’me le bolela ntho eo e seng ea bohlokoa, e sa tšoarelleng, kapa e se nang molemo oa nako e telele. Poleloana e reng “tlas’a letsatsi” e bolela “lefatšeng lena.” Kahoo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe—ke hore, lintho tsohle tseo batho ba li hahamallang tse hlokomolohang thato ea Molimo—ke lefeela.
Solomone o re: “Lebela maoto a hao neng kapa neng ha u e-ea ntlong ea Molimo oa ’nete; u ke u atamele hore u utloe.” (Moeklesia 5:1) Ho kopanela borapeling ba ’nete ba Jehova Molimo hase lefeela. Ha e le hantle, ho ela hloko kamano ea rōna le eena ho bohlokoa bakeng sa hore re phele ka tsela e nang le morero.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:4-10—Ke eng e ‘tepeletsang’ ka tsela eo lintho tsa tlhaho li ipheta-phetang ka eona? ’Mokelli o bua ka lintho tse tharo feela tsa motheo tse etsang hore bophelo bo be teng lefatšeng—letsatsi, moea le potoloho ea metsi. Bonneteng, lintho tsa tlhaho tse phetang ntho e tšoanang li ngata ebile li rarahane haholo. Motho a ka qeta bophelo bohle ba hae a ntse a ithuta tsona empa a ’na a hlōleha ho li utloisisa ka botlalo. Ka sebele seo se ka “tepeletsa.” Ho boetse hoa ferekanya ho bapisa nako e khutšoanyane eo re e phelang le tsela eo lintho tsena li ipheta-phetang ka eona li sa khaotse. Esita le boiteko ba ho sibolla lintho tse ncha boa tepeletsa. Ha e le hantle, lintho tse ncha tse qapiloeng li bile teng feela kahobane ho sebelisitsoe melao-motheo eo Molimo oa ’nete a e behileng le eo a seng a ntse a e sebelisitse pōpong.
2:1, 2—Ke hobane’ng ha ho thoe litšeho ke “bohlanya”? Litšeho li ka ’na tsa re thusa hore re lebale mathata a rōna ka nakoana, ’me mokete o ka etsa hore re se ke ra nahana haholo ka mathata a rōna. Leha ho le joalo, litšeho ha li felise mathata a rōna. Ke ka lebaka leo ho thoeng ho hahamalla thabo ka litšeho ke “bohlanya.”
3:11—Ke lintho life tseo Molimo a li entseng li ‘le ntle ka nako ea tsona’? Tse ling tsa lintho tseo Jehova Molimo a li entseng li le “ntle,” kapa li loketse ebile li le molemo ka nako e tšoanetseng, ke ho bōptjoa ha Adama le Eva, selekane sa mookoli, selekane seo a ileng a se etsa le Abrahama, selekane sa Davida, ho tla ha Mesia le ho behoa teroneng ha Jesu Kreste e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Leha ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe hape eo Jehova a tla etsa hore e be “ntle” haufinyane. Re ka kholiseha hore lefatše le lecha la ho loka le tla ba teng ka nako e tšoanetseng.—2 Petrose 3:13.
3:15b—“Molimo oa ’nete o tsoela pele ho batla se phehelloang” joang? “Se phehelloang” se ka ’na sa bolela seo Molimo a rerang ho se etsa. Le hoja lintho tse ipheta-phetang tse amanang le tsoalo le lefu le ntoa le khotso li ka ’na tsa etsa hore motho a ikutloe a feletsoe ke matla le ho etsa hore a nahane hore lintho tse kileng tsa etsahala li tla ’ne li etsahale hape, Molimo oa ’nete a ka batla a ba a phetha sohle seo A ratang ho se etsa. (Moeklesia 3:1-10, 15a) Poleloana e reng “se phehelloang” e ka ’na ea boela ea sebetsa ho ba lokileng, bao hangata ba lelekisoang ke ba khopo. Tabeng ena, Jehova o ntse a batla ba lokileng e le “hore a bontše matla a hae” molemong oa bona.—2 Likronike 16:9.
5:9—“Phaello ea lefatše e har’a bona kaofela” joang? Baahi ba lefatše kaofela ba itšetlehile ka “phaello ea lefatše”—e leng se hlahisoang ke mobu. Morena le eena o itšetlehile ka eona. Hore morena a fumane se hlahisoang ke tšimo ea hae, o lokela ho sebeletsoa ka thata ke bahlanka ba hae ba lemang.
Seo re Ithutang Sona:
1:15. Ke lefeela hore re qete nako le matla re leka ho lokisa khatello le leeme leo re le bonang kajeno. Ke ’Muso oa Molimo feela o ka felisang bokhopo.—Daniele 2:44.
2:4-11. Mesebetsi e tloaelehileng e kang tsebo ea ho haha, ho lokisa lirapa le ’mino, hammoho le bophelo ba menono ke “ho lelekisa moea” hobane e ke ke ea etsa hore bophelo bo be le morero oa sebele kapa ea tlisa thabo e sa feleng.
2:12-16. Bohlale bo molemo ho feta booatla hobane bo ka thusa motho ho rarolla mathata a itseng. Leha ho le joalo, ha motho a e-shoa, bohlale ba hae ha bo na molemo ho hang. Esita leha motho a ne a tumme kahobane a e-na le bohlale bo joalo, o tla lebaloa kapele.
2:24; 3:12, 13, 22. Ha ho phoso ho thabela litholoana tsa mosebetsi oa rōna.
2:26. Bohlale ba bomolimo, bo tlisang thabo, bo fuoa ‘motho ea molemo ka pel’a Jehova.’ Ho ke ke ha khoneha hore motho a fumane bohlale bona haeba a se na kamano e ntle le Molimo.
3:16, 17. Ho lebella toka boemong bo bong le bo bong ke ho lebella ntho e ke keng ea etsahala. Ho e-na le ho tšoenyeha ka se etsahalang lefatšeng kajeno, re lokela ho letela Jehova hore a lokise litaba.
4:4. Mosebetsi o boima o entsoeng ka bokhabane o tlisa khotsofalo. Leha ho le joalo, ho sebetsa ka thata hore feela motho a hlahelle a le molemo ho feta ba bang, ho ka fehla moea oa tlhōlisano ’me ho ka baka lehloeo le mōna. Ho sebetsa ha rōna ka thata tšebeletsong ea Bokreste ho lokela ho etsoa ka sepheo se setle.
4:7-12. Likamano tsa rōna le batho ba bang li bohlokoa haholo ho feta lintho tse bonahalang ’me ha rea lokela ho li senya ka lebaka la ho hahamalla maruo.
4:13. Hase kamehla boemo le lilemo li tlisetsang motho tlhompho. Ba leng maemong a boikarabelo ba lokela ho etsa lintho ka bohlale.
4:15, 16. “Ngoana, oa bobeli”—e leng mohlahlami oa morena—qalong a ka ’na a ratoa ke ‘batho bohle ba ka pel’a hae,’ empa ‘ka mor’a moo ha ba sa mo thabela.’ Ka sebele, hangata botumo ke ntho ea nakoana.
5:2. Lithapelo tsa rōna e lokela ho ba tse nahannoeng ka hloko le tse bontšang tlhompho, e se be tse eang lolololo.
5:3-7. Ho ameha haholo ka ho hahamalla lintho tse bonahalang ho ka etsa hore motho a toute ka lintho tsa boithati. Ho ka boetse ha etsa hore motho a hlobaele, a phele lefatšeng la litoro ha a robetse, ’me ha mo sitisa ho thabela boroko. Mantsoe a mangata a ka etsa hore motho a bonahale e le leoatla ho batho ba bang ’me a ka etsa hore a itlame ka lepotlapotla ka pel’a Molimo. Ho “tšaba Molimo oa ’nete” ho re thibela ho etsa e ’ngoe ea lintho tsena.
6:1-9. Maruo, botumo, bophelo bo bolelele, esita le lelapa le leholo li na le molemo ofe haeba maemo a re thibela hore re li thabele? ’Me “ho bona ka mahlo ho molemo,” kapa ho amohela maemo kamoo a leng kateng, ho feta ho “ho tsamaea ha moea [“takatso e tletseng maikutlo,”] e leng, ho loanela ho khotsofatsa litakatso tseo ho ke keng ha khoneha hore li khotsofatsoe. Kahoo, tsela e molemohali ea bophelo, ke ho khotsofalla “lintho tsa ho iphelisa le liaparo” ha ka nako e tšoanang re thabela lintho tse molemo bophelong le ho ba le kamano e haufi le Jehova.—1 Timothea 6:8.
KELETSO HO BA BOHLALE
Re ka sireletsa lebitso kapa botumo ba rōna bo botle joang? Re lokela ho ikutloa joang ka babusi ba batho le ka ho hloka toka hoo re ka ’nang ra ho bona? Kaha bafu ha ba tsebe letho, re lokela ho sebelisa bophelo ba rōna joang hona joale? Ke joang bacha ba ka sebelisang nako le matla a bona ka bohlale? Keletso e bohlale eo ’mokelli a fanang ka eona litabeng tsena le tse ling e tlalehiloe khaolong ea 7 ho ea ho ea 12 ea Moeklesia.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
7:19—Ke joang bohlale bo leng matla ho feta “banna ba leshome ba pusong”? Ha palo ea leshome e sebelisoa ka mokhoa oa tšoantšetso ka Bibeleng, e emela ntho e feletseng. Solomone o bolela hore molemo o sireletsang oa bohlale o moholo ho feta oa bahlabani ba feletseng ka palo ba lebetseng motse.
10:2—Ho bolela’ng hore pelo ea motho “e ka letsohong la hae le letona” kapa “e ka letsohong la hae le letšehali”? Kaha letsoho le letona hangata le bolela boemo ba ho amoheloa, ha pelo ea motho e le ka letsohong la hae le letona ho bolela hore pelo ea hae e mo susumeletsa ho etsa ho loka. Leha ho le joalo, haeba pelo e khelosetsa motho tseleng e sa lokang, ho thoe pelo ea hae e ka letsohong la hae le letšehali.
10:15—‘Mosebetsi o boima oa ba hlokang kelello o ba tepeletsa’ joang? Haeba motho a se na kahlolo e molemo, mosebetsi oa hae o boima ha o hlahise letho la bohlokoa. Ha o mo khotsofatse. Ho sehla ha hae ka thata ho mpa ho mo tepeletsa feela.
11:7, 8—Polelo e reng: “Leseli le boetse le monate, ’me ho hotle hore mahlo a bone letsatsi,” e bolela’ng? Leseli le letsatsi li thabisa batho ba phelang. Mona Solomone o bolela hore bophelo boa thabisa ’me re lokela ho ‘thaba’ pele matsatsi a lefifi, kapa botsofali, a re amoha matla le mafolofolo.
11:10—Ke hobane’ng ha “bocha le qaleho ea bophelo” e le lefeela? Haeba lintho tsena li sa sebelisoe hantle, e ba lefeela hobane, matsatsi a matla a bocha a nyamela kapele joaloka mouoane.
Seo re Ithutang Sona:
7:6. Ho tšeha ka nako e sa lokelang hoa tena ebile ha ho na thuso joaloka meutloa e tukang ha e ntse e tloatloaretsa ka tlas’a pitsa. Re lokela ho qoba ho tšeha ho joalo.
7:21, 22. Ha rea lokela ho tšoenyeha ho feta tekanyo ka seo batho ba bang ba se buang.
8:2, 3; 10:4. Haeba mookameli kapa mohiri a re tšoaea phoso kapa a re khalemela, re bontša bohlale ha re khoba matšoafo. Sena se molemo ho feta ho ‘potlaka, e le hore u tlohe ka pel’a hae,’ e leng ho bolelang ho potlakela ho tlohela mosebetsi.
8:8; 9:5-10, 12. Bophelo ba rōna bo ka fela ka tšohanyetso feela joaloka litlhapi tse tšoasitsoeng ka letlooeng kapa linonyana tse tšoasitsoeng ke leraba. Ho feta moo, ha ho motho ea ka thibang matla a bophelo hore a se ke a tsoa lefung, ebile ha ho motho ea sa angoeng ke sera sa batho, e leng lefu. Kahoo, ha rea lokela ho senya nako ka ho lula re sa etse letho. Jehova o batla hore re ananele bophelo ’me re bo thabele ka tsela e molemo. E le hore re etse sena, re lokela ho etelletsa tšebeletso ea Jehova pele bophelong ba rōna.
8:16, 17. Boholo ba lintho tsohle tseo Molimo a li entseng le tseo a lumeletseng hore li etsahale har’a moloko oa batho li ke ke tsa hlalohanngoa, esita leha re ne re ka etsa matsapa ’ohle hore re li utloisise. Ho tšoenyeha ka bobe bohle bo entsoeng ho tla etsa hore re se ke ra thabela bophelo.
9:16-18. Re lokela ho ananela bohlale esita leha batho ka kakaretso ba sa bo ananele. Mantsoe ao motho ea bohlale a a buang a khobile matšoafo a molemo ho feta mohoo o lerata oa motho ea hlokang kelello.
10:1. Re lokela ho hlokomela seo re se buang le seo re se etsang. Ketsonyana e le ’ngoe e sa bontšeng kahlolo e molemo, e kang ho phasoloha ka bohale, ketso e le ’ngoe ea ho sebelisa joala hampe, kapa ketso ea boitšoaro bo sa lokang ba ho kopanela liphate, e ka senya botumo bo botle ba motho ea hlomphehang.
10:5-11. Motho ea maemong a phahameng empa a sitoa ho etsa mosebetsi hantle ha a ratehe. Ho se etse mosebetsi ka tšoanelo esita leha o le bonolo ho ka ba le liphello tse kotsi. Ho e-na le hoo, ho loanela ho ba le bokhoni ba ho “sebelisa bohlale ka sepheo sa ho atleha” ho molemo. Ka sebele ho bohlokoa hore re tšoanelehele ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa!
11:1, 2. Re lokela ho ithuta ho fana ka seatla se bulehileng. Seo se tla etsa hore re fuoe ka seatla se bulehileng.—Luka 6:38.
11:3-6. Maemo a sa tsitsang a bophelo ha aa lokela ho etsa hore re qea-qee ho etsa qeto.
11:9; 12:1-7. Bacha ba ikarabella ho Jehova. Ka hona, ba lokela ho sebelisa nako le matla a bona tšebeletsong ea Molimo pele ba felloa ke matla ka lebaka la botsofali.
“MANTSOE A BA BOHLALE” A RE TATAISANG
Re lokela ho ikutloa joang ka “mantsoe a thabisang” ao ’mokelli a ileng a a batla le ho a ngola? Ho fapana le “libuka tse ngata” tsa bohlale ba batho, “mantsoe a ba bohlale a joaloka litsenene tsa likhomo, ’me ba inehellang ho bokelleng lipolelo ba joaloka lipekere tse khokhothetsoeng; ba fanoe ke molisa a le mong.” (Moeklesia 12:10-12) Mantsoe a bohlale a tsoang ho “molisa a le mong,” e leng Jehova, a etsa hore bophelo ba rōna bo be le botsitso.
Ka sebele ho sebelisa keletso e bohlale e leng bukeng ea Moeklesia ho tla re thusa hore re phele bophelo bo nang le morero le bo thabisang. Ho feta moo, rea tiisetsoa: “Lintho li tla tsamaea hantle ho ba tšabang Molimo oa ’nete.” Kahoo, a re ikemisetseng ka tieo ho ‘tšaba Molimo oa ’nete le ho boloka litaelo tsa hae.’—Moeklesia 8:12; 12:13.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
O mong oa mesebetsi e metle ka ho fetisisa ea Molimo o tla phethahala ka nako ea oona e loketseng
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Limpho tsa Molimo li akarelletsa lijo, lino le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa rōna o boima