“Tšoanelo Eohle ea Motho”
“Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—MOEKLESIA 12:13.
1, 2. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re nahane ka tšoanelo ea rōna ho Molimo?
“KE ENG seo Jehova a se hlokang ho uena?” Moprofeta oa boholo-holo o ile a botsa potso eo. Eaba o qolla seo Jehova a neng a se batla—ho sebetsa ka toka, ho rata mosa le ho inyenyefatsa ha u tsamaea le Molimo.—Mikea 6:8, NW.
2 Mehleng ena ea ho itšehla thajana le ho ipusa, ba bangata ha ba phutholohe mabapi le taba ea hore Molimo o hloka ntho e itseng ho bona. Ha ba batle ho ikutloa ba tlamehile. Empa ho thoe’ng ka qeto eo Solomone a ileng a e fihlela ho Moeklesia? “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—Moeklesia 12:13.
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka ho teba ka buka ea Moeklesia?
3 Ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe le hore na pono ea rōna ke efe bophelong, re ka rua molemo o moholo haeba re nahana ka mabaka a qeto eo. Morena Solomone, mongoli oa buka ena e bululetsoeng, o ile a nahana ka tse ling tsa lintho tsona tseo e leng karolo ea bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ba bang ba ka ’na ba potlakela ho etsa qeto ea hore tlhahlobo ea hae ha e le hantle e bontša maikutlo a fosahetseng. Empa e ne e bululetsoe ke Molimo ’me e ka re thusa ho lekanyetsa mesebetsi ea rōna le lintho tse tlang pele, phello e be thabo e eketsehileng.
Ho Fumana Lintho Tse ka Sehloohong Tseo ho Amehiloeng ka Tsona Bophelong
4. Solomone o ile a hlahloba le ho bua ka eng ho Moeklesia?
4 Solomone o ile a hlahloba ka ho teba ‘[mosebetsi, NW] oa bana ba batho.’ “Ka sekamisetsa pelo ea ka ho batla le ho botsisisa ka hlalefo ntho tsohle tse etsoang tlas’a maholimo.” Ka “mosebetsi” Solomone o ne a sa bolele hakaalo-kaalo tšebetso e itseng kapa khiro, empa ho e-na le hoo sohle seo banna le basali ba tšoarehileng ka sona bophelong ba bona bohle. (Moeklesia 1:12, 13) A re ke re nahaneng ka lintho tse ling tse ka sehloohong tseo ba amehileng ka tsona kapa mesebetsi, ebe re li bapisa le mesebetsi ea rōna ka borōna le lintho tse tlang pele.
5. O mong oa mesebetsi e ka sehloohong ea batho ke ofe?
5 Ka sebele chelete ke eona motheo oa lintho tseo batho ba amehang ka tsona le mesebetsi ea bona. Ha ho motho eo ka nepo a ka bolelang hore Solomone o ne a e-na le pono ea ho se tsotelle chelete eo batho ba bang ba ruileng ba nang le eona. Ntle ho tika-tiko o ne a lumela hore chelete ea hlokahala ka tekanyo e itseng; ho ba le chelete e lekaneng ho molemo ho feta ho phela ka thata kapa bofutsaneng. (Moeklesia 7:11, 12) Empa e tlameha ebe u bone hore chelete, le lintho tseo e li rekang, e ka ba pakane e ka sehloohong bophelong—bakeng sa mafutsana le barui.
6. Re ka ithuta eng ka chelete ho se seng sa litšoantšo tsa Jesu le phihlelong ea Solomone ka boeena?
6 Hopola setšoantšo sa Jesu sa monna oa morui eo, kaha le ka mohla o ne a sa khotsofale, a ileng a sebeletsa ho fumana lintho tse eketsehileng. Molimo o ile a etsa qeto ea hore ha a na kahlolo e molemo. Hobane’ng? Hobane ‘bophelo ba rōna ha bo hlahe linthong tseo re nang le tsona.’ (Luka 12:15-21) Phihlelo ea Solomone—mohlomong e pharaletseng haholoanyane ho feta ea rōna—e tiisa mantsoe a Jesu. Bala tlhaloso e ho Moeklesia 2:4-9. Ka nako e itseng Solomone o ile a ikitlaelletsa ho fumana maruo. O ile a haha matlo a matle a etsa lirapa tse ntle. O ne a e-na le chelete ’me o ile a fumana balekane ba basali ba batle. Na leruo le seo le neng le mo nolofalletsa ho se etsa li ile tsa mo tlisetsa khotsofalo e tebileng, boikutlo ba sebele ba ho finyella se itseng, le morero bophelong ba hae? O ile a araba ka botšepehi: “Empa eitse ha ke talima mesebetsi eohle eo matsoho a ka a e entseng, ’me ke bala mokhathala oo ke ikhathalitseng ka oona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihleloang ka tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.”—Moeklesia 2:11; 4:8.
7. (a) Phihlelo e paka eng mabapi le bohlokoa ba chelete? (b) Ke eng eo uena ka bouena u e boneng e tiisang qeto ea Solomone?
7 Sena ke ho talima litaba ka tsela ea sebele, ke ’nete e pakiloeng bophelong ba ba bangata. Re tlameha ho lumela hore ho ba le chelete e ngata ha ho hlile ha ho rarolle mathata ’ohle. Ho ka rarolla a mang, a kang ho etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho fumana lijo le liaparo. Empa motho a ka apara seaparo se le seng feela ka nako ’me a thabela lijo le lino ka tekanyo e itseng feela. ’Me u balile ka batho ba ruileng bao bophelo ba bona bo hlasetsoeng ke tlhalo, tšebeliso e mpe ea tahi kapa lithethefatsi le ho se utloane le beng ka bona. Ralimilione J. P. Getty o itse: “Chelete ha e hlile ha e amane le thabo. Mohlomong e amana le ho se thabe.” Ka lebaka le letle, Solomone o ile a beha lerato la silevera sehlopheng se le seng le lefeela. Bapisa ’nete eo le seo Solomone a ileng a se hlokomela: “Boroko ba motho ea sebetsang bo monate, leha a e-ja haholo, leha a e-ja hanyenyane; empa khora ea morui ha e mo fe boroko.”—Moeklesia 5:10-12.
8. Ho na le lebaka lefe la ho se phahamise bohlokoa ba chelete ho feta tekano?
8 Chelete le matlotlo le tsona ha li tlise boikutlo ba khotsofalo mabapi le nako e tlang. Haeba u ne u e-na le chelete e eketsehileng le matlotlo, mohlomong u ka be u ekelitse matšoenyeho tabeng ea ho a sireletsa, ’me u ne u ntse u sa tl’o tseba se tla etsahala nakong e tlang. Na ho ka etsahala hore u lahleheloe ke ’ona kaofela, hammoho le bophelo ba hao? (Moeklesia 5:13-17; 9:11, 12) Ha ho le joalo, ha hoa lokela ho ba thata ho bona hore na ke hobane’ng ha bophelo ba rōna kapa mosebetsi li lokela ho ba le morero o phahameng haholoanyane le o tšoarellang haholoanyane ho feta oa ho ba le chelete le matlotlo.
Lelapa, Botumo le Matla
9. Ke hobane’ng ha bophelo ba lelapa ka nepo bo hlahella tlhahlobong ea Solomone?
9 Tlhahlobo ea Solomone ea bophelo e ne e akarelletsa taba ea ho ameha haholo ka lelapa. Bibele e lebisa tlhokomelo bophelong ba lelapa, ho akarelletsa le thabo ea ho ba le bana le ho ba hōlisa. (Genese 2:22-24; Pesaleme ea 127:3-5; Liproverbia 5:15, 18-20; 6:20; Mareka 10:6-9; Baefese 5:22-33) Leha ho le joalo, na eo ke tšobotsi e ka sehloohong ea bophelo? Ho bonahala eka ba bangata ba nahana joalo, ha ho talingoa khatiso e behoang lenyalong, baneng le litlamong tsa lelapa lichabeng tse ling. Empa Moeklesia 6:3 e bontša hore esita le ho ba le bana ba lekholo hase senotlolo sa khotsofalo bophelong. Nahana kamoo batsoali ba bangata ba itetseng kateng molemong oa bana ba bona e le hore ba ka ba thusa ho qalisa hantle bophelong le ho etsa hore bophelo ba bona bo be bonolo haholoanyane. Le hoja boitelo bo joalo e le ba bohlokoa, ka sebele ’Mōpi oa rōna o ne a sa bolele hore morero o ka sehloohong oa bophelo ba rōna ke feela ho fetisetsa bophelo molokong o latelang, joalokaha ka tlhaho liphoofolo li etsa joalo ho ntšetsa pele mofuta oa tsona.
10. Ke hobane’ng ha ho lebisa tlhokomelo e sa lokelang bophelong ba lelapa e ka ba lefeela?
10 Solomone ka temoho o ile a lebisa tlhokomelo linneteng tsa bophelo ba lelapa. Ka mohlala, monna a ka ’na a tsepamisa mohopolo tabeng ea ho hlokomela bana ba hae le litloholo. Empa na ba tla ba bohlale? Kapa e tla ba maoatla tšebelisong ea seo a ileng a leka ka matla ho ba bokellela sona? Ha e ka ba maoatla, e ne e tla ba ‘lefeela le kotsi e khōlō’ hakaakang!—Moeklesia 2:18-21; 1 Marena 12:8; 2 Likronike 12:1-4, 9.
11, 12. (a) Ba bang ba ’nile ba tsepamisa mehopolo ea bona telekisong ea lintho life bophelong? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ho batla botumo ke “ho lelekisa moea”?
11 Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba nka bophelo ba bona ba lelapa e le ba bohlokoa bo tlaasana ho boikemisetso ba bona ba ho finyella botumo kapa matla a ho busa ba bang. E ka ’na eaba ena ke phoso e tloaelehileng haholoanyane har’a batho ba batona. Na u bone see ho bao u kenang sekolo le bona, bao u sebetsang le bona kapa baahelani? Ba bangata ba ikitlaetsa ka matla hore tlhokomelo e lebisoe ho bona, hore e be bo-semang-mang kapa ba be le matla a ho laela ba bang. Empa see se hlile se na le morero hakae?
12 Nahana kamoo ba bang ba lekang ka matla hore ba tume, ho sa tsotellehe hore na ke ka tekanyo e nyenyane kapa e khōlō. Re ho bona sekolong, ho baahelani le lihlopheng tse sa tšoaneng sechabeng. Hape ke matla a susumetsang ho ba batlang ho tuma litabeng tsa mesebetsi e khabane, boithabiso le lipolotiki. Leha ho le joalo, na hase boiteko boo ha e le hantle e leng ba lefeela? Solomone ka nepo o ile a re ke “ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:4, NW) Esita le haeba mocha a ne a ka tuma mokhatlong o itseng, sehlopheng sa lipapali kapa sehlopheng sa ’mino—kapa monna kapa mosali ea itseng a ne a ka tuma k’hamphaning kapa sechabeng—ke ba bakae ba hlileng ba tsebang ka hona? Na batho ba bangata ba karolong e ’ngoe ea lefatše (kapa esita le naheng eona eo) baa tseba hore motho eo o teng? Kapa ba mpa feela ba tsoela pele bophelong ho hang ba sa hlokomele botumo bo bonyenyane boo a nang le bona? ’Me se tšoanang se ka boleloa ka puso efe kapa efe kapa matla a ho laela ao motho a bang le ’ona mosebetsing, motseng kapa sehlopheng se itseng.
13. (a) Moeklesia 9:4, 5 e re thusa joang ho ba le pono e nepahetseng ka ho phehella botumo kapa matla? (b) Re lokela ho talimana le linnete life haeba bophelo boo ke bona phetho bo teng? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
13 Botumo bo joalo kapa matla a ho laela bo fella ka eng? Ha moloko o mong o fela o mong oa hlaha, batho ba tummeng kapa ba matla baa shoa ’me baa lebaloa. Ho etsahala se tšoanang ho lihahi, libini le litsebi tsa mesebetsi e meng, bo-raliphetoho sechabeng, joalo-joalo, joalokaha se etsahala ho bo-ralipolotiki ba bangata le baeta-pele ba sesole. Mabapi le mesebetsi e joalo, ke batho ba bakae bao u ba tsebang ba neng ba phela lipakeng tsa selemo sa 1700 le 1800? Solomone o ile a lekanyetsa litaba ka nepo, a re: “Ntja e utloang e fetisa tau e shoeleng. Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, . . . lebitso la bona le lebetsoe.” (Moeklesia 9:4, 5) ’Me haeba bophelo bona ke bona phetho bo teng, joale ho loanela botumo kapa matla ka sebele ke lefeela.a
Sepheo le Tšoanelo Tsa Rōna
14. Ke hobane’ng ha buka ea Moeklesia e lokela ho re thusa ka borōna?
14 Solomone ha aa ka a bua ka mesebetsi e mengata, lipakane tse ngata le menyaka e mengata tseo batho ba ka lebisang tlhokomelo ho tsona bophelong ba bona. Empa, seo a ileng a se ngola se lekane. Ho hlahloba ha rōna buka ena ha ho hlokahale hore ho bonahale e le ho tepeletsang kapa ho seng molemo, hobane ka tsela ea sebele re hlahlobile buka ea Bibele eo ka morero Jehova Molimo a ileng a e bululela molemong oa rōna. E ka thusa e mong le e mong oa rōna ho lokisa pono ea hae bophelong le seo a lebisang tlhokomelo ea hae ho sona. (Moeklesia 7:2; 2 Timothea 3:16, 17) Ho joalo ka ho khetheha ha ho talingoa liqeto tseo Jehova a ileng a thusa Solomone ho li fihlela.
15, 16. (a) Pono ea Solomone e ne e le efe ka ho thabela bophelo? (b) Solomone o ile a hlalosa ho thabela bophelo joang ka nepo?
15 Ntlha e ’ngoe eo Solomone a ileng a e phahamisa khafetsa e bile ea hore bahlanka ba Molimo oa ’nete ba lokela ho thabela mesebetsi ea bona ka pel’a Hae. “Ke lemohile hobane ha ho letho le ka bang molemo ho bona, ha e se ho itumela le ho [etsa se molemo, NW] ka tšiu tsa bophelo ba bona; ke lemohile hape hoba, ere ha motho a e-ja lijo, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hae, le teng e sa le neo ea Molimo.” (Moeklesia 2:24; 3:12, 13; 5:18; 8:15) Hlokomela hore Solomone o ne a sa khothalletse moketjana o lerata; leha e le hona hore o ne a emela boikutlo ba ‘A re jeng, re noeng ’me re ithabise, etsoe hosasane re tla shoa.’ (1 Bakorinthe 15:14, 32-34) O ne a bolela hore re lokela ho thabela menyaka e tloaelehileng, e kang ho ja le ho noa, ha re ntse re ‘etsa se molemo ka tšiu tsa bophelo ba rōna.’ Ha ho pelaelo hore seo se etsa hore bophelong ba rōna re lebise tlhokomelo ho etseng thato ea ’Mōpi, ea rerang hore na ka sebele se leng molemo ke sefe.—Pesaleme ea 25:9; Moeklesia 9:1; Mareka 10:17, 18; Baroma 12:2.
16 Solomone o ile a ngola: “E-ea, u je bohobe ba hao ka thabo, u noe veine ea hao ka pelo e nyakaletseng; etsoe Molimo o khahlisitsoe le khale ke liketso tsa hao.” (Moeklesia 9:7-9) E, monna kapa mosali eo ka sebele a nang le bophelo bo enneng le bo khotsofatsang o tšoarehile mesebetsing eo Jehova a khahloang ke eona. Seo se hloka hore re nahane ka eena kamehla. Pono ena e fapane hakaakang le ea batho ba bangata, ba atamelang bophelo ba itšetlehile ka monahano oa batho!
17, 18. (a) Batho ba bangata ba itšoara joang mabapi le linnete tsa bophelo? (b) Re lokela ho hopola phello efe kamehla?
17 Le hoja malumeli a mang a ruta ka bokamoso bo itseng, batho ba bangata ba lumela hore ka sebele bophelo bona ke bona phetho boo ba ka tiisehang ka bona. E ka ’na eaba u ba bone ba itšoara joalokaha Solomone a hlalositse: “Ereka ha kahlolo e ahlolang mesebetsi eohle e khopo e sa phakise ho etsahala, ka hoo pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.” (Moeklesia 8:11) Esita le ba sa qoeleng liketsong tse nyonyehang ba bontša hore kameho ea bona e ka sehloohong ke nako ea hona joale. Leo ke lebaka le leng leo ka lona chelete, matlotlo, botumo, matla a ho laela ba bang, lelapa kapa lithahasello tse ling tse joalo e bang tsa bohlokoa bo tlōlisang ho bona. Leha ho le joalo, Solomone ha aa ka a tlohela monahano oo moo. O ile a eketsa: “Leha moetsalibe a etsa hampe halekholo, ’me a ateloa ke matsatsi, leha ho le joalo, ke tseba hoba ba tšabang Molimo ho tla lula hantle le bona, e leng ba tšabang ho etsa hampe pel’a sefahleho sa oona. Molotsana eena ho ke ke ha lula hantle le eena, ’me a ke ke a ateloa ke matsatsi. O tla feta joalo ka lesoiti, hobane ha a ka a tšaba ho etsa hampe pel’a sefahleho sa Molimo.” (Moeklesia 8:12, 13) Ho hlakile hore Solomone o ne a kholisehile hore lintho li tla re tsamaela hantle haeba re ‘tšaba Molimo.’ Hantle hakae? Re ka fumana karabo papisong eo a ileng a e etsa. Jehova a ka ‘atisa matsatsi a rōna.’
18 Ba e-song ho tsofale ka ho khetheha ba tlameha ho nahanisisa ka ’nete e ka tšeptjoang ka ho feletseng ea hore haeba ba tšaba Molimo lintho li tla ba tsamaela hantle. Joalokaha e ka ’na eaba uena ka bouena u bone, semathi se lebelo ka ho fetisisa se ka ’na sa khoptjoa ’me sa hlōloa peisong. Lebotho le matla le ka ’na la hlōloa. Rakhoebo ea seli a ka ’na a iphumana e le mofutsana. Le lintho tse ling tse ngata tse sa lebelloang li etsa hore bophelo bo hle bo se ke ba tsitsa. Empa u ka tiiseha ka ho feletseng ka sena: Tsela e bohlale ka ho fetisisa le e tšepahalang ka ho fetisisa ke ho thabela bophelo ha u ntse u etsa se molemo ka har’a meeli ea melao ea Molimo ea boitšoaro le ho latela thato ea hae. (Moeklesia 9:11) Sena se akarelletsa ho ithuta seo thato ea Molimo e leng sona Bibeleng, hore motho a nehele bophelo ba hae ho eena, le ho ba Mokreste ea kolobelitsoeng.—Matheu 28:19, 20.
19. Bacha ba ka sebelisa bophelo ba bona joang, empa tsela e bohlale ke efe?
19 ’Mōpi a ke ke a qobella bacha kapa ba bang ho latela tataiso ea hae. Ba ka ikakhela ka setotsoana thutong, mohlomong esita le ho ithuta libuka tse ngata-ngata tsa bohlale ba motho bophelo ba bona bohle. Qetellong seo e tla ba se khathatsang ’mele. Kapa ba ka tataisoa ke lipelo tsa bona tsa botho tse sa phethahalang kapa ba latela se ipiletsang mahlong a bona. Seo ka sebele se tla tlisa mahlomola, ’me bophelo bo sebelisitsoeng ka tsela eo ha nako e ntse e feta e tla ba lefeela. (Moeklesia 11:9–12:12; 1 Johanne 2:15-17) Ka hona Solomone o ipiletsa ho bacha—e leng boipiletso boo re lokelang ho bo nahana ka tieo, ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae: “U mpe u hopole ’Mopi oa hao matsatsing a bocha ba hao, ho e-so ho tle litšiu tsa tlokotsi, ho e-so ho fihle le lilemo tseo ka tsona u tla re: Ha ke sa khahlisoa ke tsona.”—Moeklesia 12:1.
20. Pono e leka-lekaneng ea molaetsa o ho Moeklesia ke efe?
20 Joale re tla etsa qeto efe? Ha e le hantle, ho thoe’ng ka qeto eo Solomone a ileng a e fihlela? O ile a bona kapa a hlahloba “mesebetsi eohle e etsoang tlas’a letsatsi; ’me bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.” (Moeklesia 1:14) Bukeng ea Moeklesia ha re fumane mantsoe a motho ea nyatsa-nyatsang kapa ea sa thabang le ea sa khotsofalang. Ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le leo re lokelang ho le hlahloba.
21, 22. (a) Solomone o ile a nahana ka litšobotsi life tsa bophelo? (b) O ile a fihlela qeto efe e bohlale? (c) Ho hlahloba se fuperoeng ke Moeklesia ho u amme joang?
21 Solomone o ile a hlahloba ho sehla ha motho, mathata a hae le litabatabelo tsa hae. O ile a nahana ka kamoo lintho li fellang kateng bophelong bo tloaelehileng, phello e ferekanyang le eo e leng lefeela eo batho ba bangata hakana ba e latsoang. O ile a nahana ka bonnete ba ho se phethahale ha botho ho fellang ka lefu. ’Me o ile a kenyelletsa tsebo eo Molimo a fanang ka eona ka boemo ba bafu le litebello tsa bophelo leha e le bofe ba nakong e tlang. Sena sohle se ile sa lekanyetsoa ke motho ea neng a e-na le bohlale bo ekelitsoeng ke Molimo, e, e mong oa batho ba bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela. Joale qeto eo a ileng a e fihlela e ile ea kenyelletsoa Mangolong a Halalelang molemong oa bohle ba batlang bophelo boo ka sebele bo nang le morero. Na ha rea lokela ho lumellana le eona?
22 “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho; hobane Molimo o sa tla isa mesebetsi eohle kahlolong, le tse patiloeng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.”—Moeklesia 12:13, 14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o kile oa etsa tlhaloso ena e bontšang temohisiso: “Ha rea lokela ho senya bophelo bona ka mafeela-feelane . . . Haeba bophelo bona ke bona phetho bo teng, ha ho letho la bohlokoa. Bophelo bona bo tšoana le bolo e akheloang moeeng eo kapele e oelang fatše hape. Ke seriti se fetang kapele-pele, palesa e ponang, qoba ea joang e lokelang ho heloa ’me kapele e omelle. . . . Sekaleng sa bosafeleng nako eo re e phelang ke nthonyana e sa reng letho. Nakong e teng ka kakaretso, nako eo re e phelang hase le lerotholi ka har’a molatsoana oa metsi. Ka sebele [Solomone] o nepile ha a hlahloba lintho tse ngata tseo batho ba amehileng ka tsona bophelong le mesebetsi ea bona ’me a bolela hore ke lefeela. Re shoa kapele hoo ho bonahalang ho se na thuso hore ebe re ile ra ba teng, re ba bang ba ba limilione tse likete ba bileng teng ba ba ba e-shoa, ’me ho na le ba fokolang haholo ba kileng ba tseba hore ha e le hantle re bile teng. Pono ena hase e hlokisang tšepo kapa e sithabetsang kapa e hlonamisang kapa e tšosang. Ke ’nete, ke taba eo re lokelang ho talimana le eona, ke pono e utloahalang, haeba bophelo bona ke bona phetho bo teng.”—August 1, 1957, leqepheng la 472.
Na U sa Hopola?
◻ Ke tekanyetso efe e bohlale mabapi le sebaka sa matlotlo bophelong ba hao?
◻ Ke hobane’ng ha re sa lokela ho beha khatiso e sa lokelang lelapeng, botumong kapa matleng a ho laela ba bang?
◻ Solomone o ile a khothalletsa boikutlo bofe ba bomolimo mabapi le thabo?
◻ U ruile molemo joang ka ho hlahloba buka ea Moeklesia?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Chelete le matlotlo ha li tiisetse motho khotsofalo
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Bacha ba ka tiiseha hore lintho li tla ba tsamaela hantle haeba ba tšaba Molimo