Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Tšoanelo Eohle ea Motho”
    Molula-Qhooa—1997 | February 15
    • 13. (a) Moeklesia 9:4, 5 e re thusa joang ho ba le pono e nepahetseng ka ho phehella botumo kapa matla? (b) Re lokela ho talimana le linnete life haeba bophelo boo ke bona phetho bo teng? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      13 Botumo bo joalo kapa matla a ho laela bo fella ka eng? Ha moloko o mong o fela o mong oa hlaha, batho ba tummeng kapa ba matla baa shoa ’me baa lebaloa. Ho etsahala se tšoanang ho lihahi, libini le litsebi tsa mesebetsi e meng, bo-raliphetoho sechabeng, joalo-joalo, joalokaha se etsahala ho bo-ralipolotiki ba bangata le baeta-pele ba sesole. Mabapi le mesebetsi e joalo, ke batho ba bakae bao u ba tsebang ba neng ba phela lipakeng tsa selemo sa 1700 le 1800? Solomone o ile a lekanyetsa litaba ka nepo, a re: “Ntja e utloang e fetisa tau e shoeleng. Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, . . . lebitso la bona le lebetsoe.” (Moeklesia 9:4, 5) ’Me haeba bophelo bona ke bona phetho bo teng, joale ho loanela botumo kapa matla ka sebele ke lefeela.a

  • “Tšoanelo Eohle ea Motho”
    Molula-Qhooa—1997 | February 15
    • a Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o kile oa etsa tlhaloso ena e bontšang temohisiso: “Ha rea lokela ho senya bophelo bona ka mafeela-feelane . . . Haeba bophelo bona ke bona phetho bo teng, ha ho letho la bohlokoa. Bophelo bona bo tšoana le bolo e akheloang moeeng eo kapele e oelang fatše hape. Ke seriti se fetang kapele-pele, palesa e ponang, qoba ea joang e lokelang ho heloa ’me kapele e omelle. . . . Sekaleng sa bosafeleng nako eo re e phelang ke nthonyana e sa reng letho. Nakong e teng ka kakaretso, nako eo re e phelang hase le lerotholi ka har’a molatsoana oa metsi. Ka sebele [Solomone] o nepile ha a hlahloba lintho tse ngata tseo batho ba amehileng ka tsona bophelong le mesebetsi ea bona ’me a bolela hore ke lefeela. Re shoa kapele hoo ho bonahalang ho se na thuso hore ebe re ile ra ba teng, re ba bang ba ba limilione tse likete ba bileng teng ba ba ba e-shoa, ’me ho na le ba fokolang haholo ba kileng ba tseba hore ha e le hantle re bile teng. Pono ena hase e hlokisang tšepo kapa e sithabetsang kapa e hlonamisang kapa e tšosang. Ke ’nete, ke taba eo re lokelang ho talimana le eona, ke pono e utloahalang, haeba bophelo bona ke bona phetho bo teng.”—August 1, 1957, leqepheng la 472.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela