Haha Lelapa la Hao ka “Mantsoe a Thabisang”
HA NAKO e ntse e feta, David o ne a ntse a ferekana le ho feta. Ha a ntse a emetse mosali oa hae ka koloing, o ne a ntse a sheba nako khafetsa. Ha mosali oa hae Diane a qetella a tsoile ka tlung, David o ile a sitoa ho itšoara.
David a mo omanya a re: “Ho neng ke u emetse? Ha ho mohla u tšoarang nako! U tla ke u tšoare nako neng bophelong ba hao?”
Diane o ne a utloile bohloko eaba o itšela ka likhapha ’me a khutlela ka tlung. Eaba David oa hlokomela hore o sentse litaba. Ho tlakoloha ha hae ho ne ho mpefalitse litaba. Joale o ne a tla etsa’ng? O ile a tima koloi, a feheloa, eaba o latela mosali oa hae.
Papiso ena ke ea lintho tse etsahalang, na ha ho joalo? Na u kile ua lakatsa eka u ka hula mantsoe a hao? Ha re phasoloha feela, hangata re bua lintho tseo re ikoahlaelang tsona hamorao. Kahoo ho loketse hore ebe Bibele e re: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.”—Liproverbia 15:28.
Leha ho le joalo, ha ho bonolo ho nahana pele re bua, haholo-holo ha re halefile, re tšohile kapa re utloile bohloko. Haholo-holo ha re buisana le litho tsa lelapa, re ka qetella re behana molato kapa re tšoaeana liphoso ha re leka ho ntša maikutlo a rōna. Ka lebaka leo, re ka utloisana bohloko le ho tsosa likhang.
Re ka etsa’ng hore lintho li tsamaee hantle? Re ka laola maikutlo a rōna joang? Re ka rua molemo keletsong ea e mong oa bangoli ba Bibele, e leng Solomone.
Nahana Pele U Bua U be U Khethe Mantsoe
Ha Solomone, ea ngotseng buka ea Bibele ea Moeklesia, a ntse a ngola kamoo bophelo e leng lefeela kateng, ntle ho pelaelo o ne a amehile haholo ka taba eo a neng a bua ka eona. O itse: “Ke ne ke hloile bophelo.” Ka nako e ’ngoe o ile a re ke “lefeela la mafeela.” (Moeklesia 2:17; 12:8) Leha ho le joalo, Moeklesia hase lethathamo la lintho tse neng li ferekanya Solomone. Ha aa ka a nka hore ho loketse ho bua ka mathata a bophelo feela. Qetellong ea buka eo, Solomone o hlalosa hore “o ile a batla ho fumana mantsoe a thabisang le ho ngoloa ha mantsoe a nepahetseng a ’nete.” (Moeklesia 12:10) Phetolelo e ’ngoe e re o ile “a leka ho hlalosa lintho tsena ka tsela e molemo le e nepahetseng ka ho fetisisa.”—Contemporary English Version.
Ka ho hlakileng, Solomone o ile a hlokomela hore o tlameha ho laola maikutlo a hae. E tlameha ebe o ne a ipotsa: ‘Na ruri seo ke rerileng ho se bua ke ’nete kapa se nepahetse? Haeba ke sebelisa mantsoe aa, na ba bang ba tla utloa e le a thabisang, a loketseng?’ Kaha o ile a batlisisa “mantsoe a thabisang” a ’nete, o ile a khona ho laola maikutlo a hae hore a se ke a ferekanya mehopolo ea hae.
Ka lebaka leo, ha aa etsa mosebetsi o tsoileng matsoho feela empa o boetse o ngotse mantsoe a bohlale a bululetsoeng ke Molimo mabapi le morero oa bophelo. (2 Timothea 3:16, 17) Na tsela eo Solomone a ileng a sebetsa litaba ka eona ha a bua ka lintho tse sisinyang maikutlo e ka re thusa ho ntlafatsa ha re buisana le baratuoa ba rōna? Nahana ka mohlala.
Ithute ho Laola Maikutlo
Ha re tea mohlala: A re re moshanyana o fihla lapeng a nkile ripoto e tsoang sekolong ’me o bonahala a nyahame. Ntate oa hae o sheba lithuto ’me o hlokomela hore ho na le thuto eo a e feitseng. O loloma ka bohale ha a hopola makhetlo a mangata ao ka ’ona mora oa hae a neng a ntse a chirachira ha a tlameha ho etsa mosebetsi oa hae oa sekolo. Ntate oa hae o utloa ekare a ka phasoloha a re: “U botsoa moshanyana tooe! Ha u ka ’na ua etsa tjena u ke ke ua ba le bokamoso ho hang!”
Pele ntate a itumella hore a laoloe ke khalefo, e ka ba hantle hore a ipotse, ‘Na ruri seo ke se nahanang ke ’nete kapa se nepahetse?’ Potso ena e ka mo thusa hore a sebetse litaba ka kelello e hlaphohetsoeng. (Liproverbia 17:27) Na kannete mora a ke ke a ba le bokamoso hobane feela a hlōloa ke thuto e le ’ngoe? Na mokho’a hae ke motho ea botsoa, kapa o mpa a sa etse mosebetsi oa hae hobane ho e-na le lintho tse mo hlōlang thutong eo? Khafetsa Bibele e hatisa bohlokoa ba ho talima lintho ka tsela e leka-lekaneng le ho se feteletse litaba. (Tite 3:2; Jakobo 3:17) Hore motsoali a khothatse ngoana, ho hlokahala hore a bue “mantsoe a nepahetseng a ’nete.”
Khetha Mantsoe a Nepahetseng
Hang ha ntate a entse qeto ea hore na o batla ho re’ng, a ka ’na a ipotsa, ‘Nka sebelisa mantsoe afe ao mora oa ka a tla utloa e le a thabisang, a loketseng?’ Ke ’nete hore ha ho bonolo ho fumana mantsoe a nepahetseng. Empa ho hlokahala hore batsoali ba hopole hore hangata bacha baa inehela ha ba sa khone ho etsa ntho ka mokhoa o phethahetseng. E ka ’na eare ha ba hlōleha kapa ba fokola nthong e itseng, eaba ba se ba inka ba se na thuso. Haeba motsoali a fetelletsa litaba, a ka a ’na a etsa hore ngoana a lumele hore ehlile ha a na thuso. Bakolose 3:21 e re: “Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”
Hangata mantsoe a kang “kamehla” le “ho hang” aa akaretsa kapa a fetelletsa litaba. Ha motsoali a re, “U ke ke ua ba le bokamoso ho hang,” na ngoana o sa tla ikutloa a e-na le seriti? Haeba maemo a mangata bophelong a hlalosoa ka mantsoe a bohloko joalo, ngoana a ka ’na a qetella a nka hore ha a na thuso ho hang. Bonneteng taba e joalo ea nyahamisa ebile hase ’nete.
Hangata boemong bo bong le bo bong ho molemo hore ho buuoe haholo ka makhabane a motho. Ntate eo re entseng mohlala ka eena a ka ’na a khetha ho re: “Mor’a ka, kea bona hore ha ua thaba hobane ho na le thuto eo u e feitseng. Kea tseba hore u tloaetse ho sebetsa ka thata lithutong tsa hao. Kahoo, a re bue ka thuto ena eo u e feitseng ’me re leke ho rarolla mathata ao e ka ’nang eaba u na le ’ona.” E le ho bona hore na a ka thusa mora oa hae joang ka tsela e molemo, ntate a ka boela a botsa lipotso tse tobileng hore a bone hore na bothata bona bo bakiloe ke eng.
Ho etsa lintho ka mosa le ka kelo-hloko joalo ho ka atleha ho feta ho tlakoloha ka bohale. Bibele e re tiisetsa hore: “Lipolelo tse khahlehang . . . li monate moeeng ’me ke pholiso masapong.” (Liproverbia 16:24) Bana—ha e le hantle, litho tsohle tsa lelapa—baa thaba moo ho renang khotso le lerato.
“Molomo o Bua ho Tsoa ho se Tletseng Pelong”
Hopola monna eo ho buuoeng ka eena qalong. Na ho ka be ho sa ka ha e-ba molemo hore ebe o ile a ipha nako ea ho khetha “mantsoe a thabisang” a ’nete ho e-na le ho jajabetsa mosali oa hae ka bohale? E ka ba hantle hore monna ea boemong bo joalo a ipotse: ‘Le haeba ho hlokahala hore mosali oa ka a loanele ho boloka nako, na ruri ke ’nete hore ha ho mohla a tšoarang nako? Na ke nako ea ho bua ka taba eo? Na ho mo halefela le ho mo omanya ho tla mo thusa hore a ntlafatse?’ Ha re ipha nako ea ho ipotsa lipotso tseo re ka qoba ho utloisa batho bao re ba ratang bohloko re sa rera.—Liproverbia 29:11.
Re lokela ho etsa’ng haeba puisano ea rōna ka lapeng e atisa ho fella ka likhang? Ho ka ’na ha hlokahala hore re iphenye mahafi, re bone hore na ke eng se etsang hore re bue ka tsela e itseng. Seo re se buang, haholo-holo ha re tšoenyehile kapa re imetsoe, se ka ’na sa senola seo re leng sona botebong ba pelo. Jesu o itse: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Matheu 12:34) Ka mantsoe a mang, hangata seo re se buang se senola menahano ea rōna, lintho tseo re li ratang le maikutlo a rōna.
Na tsela eo re talimang lintho ka eona bophelong e bontša hore ha re feteletse litaba, re lumela hore maemo a tla ntlafala ’me re na le tšepo? Haeba ho joalo, re tla bontša seo ka mokhoa oo re buang ka ’ona le seo re se buang. Na re tsitlella maikutlong a rōna, re hloka tšepo kapa rea nyatsa-nyatsa? Haeba ho joalo, re ka ’na ra nyahamisa batho ba bang ka mantsoe a rōna kapa ka tsela eo re buang ka eona. Re ka ’na ra se ke ra hlokomela hore na menahano ea rōna kapa lipuo tsa rōna li nyahamisa hakae. Re ka ba ra nahana hore tsela eo re talimang lintho ka eona e nepahetse. Empa re tlameha ho ba hlokolosi hore re se ke ra ithetsa.—Liproverbia 14:12.
Ka lehlohonolo, re na le Lentsoe la Molimo. Bibele e ka re thusa hore re hlahlobe menahano ea rōna ebe re sekaseka hore na ke efe e nepahetseng le e lokelang ho lokisoa. (Baheberu 4:12; Jakobo 1:25) Ho sa tsotellehe lefutso kapa hore na re hōlisitsoe joang, kaofela ha rōna re ka ikhethela ho fetola menahano ea rōna le liketso tsa rōna, haeba re hlile re batla.—Baefese 4:23, 24.
Ho phaella ho sebeliseng Bibele, ho na le ho hong hape hoo re ka ho etsang ho sekaseka tsela eo re buang le ba bang ka eona. Batla maikutlo a batho ba bang. Ka mohlala, e-re molekane oa hao kapa ngoana oa hao a u bolelle a sa pate letho hore na boemo ba hao ke bofe tabeng ena. Bua le motsoalle ea tsitsitseng kelellong ea u tsebang hantle. Ho tla hlokahala u ikokobetse e le hore u amohele seo a u bolellang sona ’me u lokise moo ho hlokahalang.
Nahana Pele U Bua!
Qetellong, haeba ruri re batla ho qoba ho hlaba ba bang ka mantsoe, re lokela ho etsa seo Liproverbia 16:23 e se buang, ha e re: “Batho ba bohlale ba nahana pele ba bua; ebe seo ba se buang se susumetsa haholoanyane.” (Today’s English Version) Hase kamehla ho ka bang bonolo hore re laole maikutlo a rōna. Empa ha re batla ho utloisisa seo ba bang ba leng sona ho e-na le ho ba beha molato kapa ho ba nyelisa, joale ho ka ba bonolo ho fumana mantsoe a nepahetseng ao re ka a buang.
Ka sebele, ha ho le ea mong oa rōna ea phethahetseng. (Jakobo 3:2) Ka linako tse ling kaofela ha rōna re bua re sa nahane. (Liproverbia 12:18) Empa ka thuso ea Lentsoe la Molimo re ka ithuta ho nahana pele re bua ’me re eteletse maikutlo le lithahasello tsa ba bang ka pel’a tsa rōna. (Bafilipi 2:4) A re ikemisetseng ho batla “mantsoe a thabisang” a ’nete, haholo-holo ha re bua le litho tsa lelapa. Haeba re etsa joalo, lipuo tsa rōna e ke ke ea e-ba tse hlabang kapa tse nyelisang empa e tla ba tse thobang le tse hahang baratuoa ba rōna.—Baroma 14:19.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
U ka qoba joang ho bua ntho eo u tla ikoahlaela eona hamorao?