Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e na le Nako ea Eona
    Molula-Qhooa—2009 | March 1
    • Ho hang mongoli ea bululetsoeng oa Bibele o ne a sa bue ka ho reroa ha bophelo ba motho leha e le ofe kapa hona hore na o tla qetella joang, ho e-na le hoo, o ne a bua ka morero oa Molimo le hore na o tla ama batho joang. Re tseba seo joang? Hobane ke sona seo ha e le hantle moelelo oa taba o re bolellang sona. Ka mor’a hore Solomone a bolele lintho tse ngata tseo ho bonahalang li e-na le “nako e behiloeng,” o ile a re: “Ke bone mosebetsi oo Molimo a o fileng bara ba moloko oa batho oo ba lokelang ho tšoareha ka oona. O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona.”—Moeklesia 3:10, 11.

      Molimo o file batho mesebetsi e mengata, kapa lintho tseo ba ka li etsang ’me Solomone o boletse tse ling tsa tsona. Molimo o boetse o re file bolokolohi ba ho ikhethela seo re batlang ho se etsa. Leha ho le joalo, ho na le nako e loketseng kapa e nepahetseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong e le hore o be le litholoana tse ntle. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a Solomone a fumanoang ho Moeklesia 3:2, a reng ho na le “nako ea ho lema le nako ea ho fothola se lenngoeng.” Lihoai lia tseba hore ho na le nako e loketseng ea ho jala mofuta o itseng oa peō. Joale ho etsahala’ng haeba sehoai se iphapanyetsa ’nete eo ’me se jala peō ka nako eo e seng ea eona kapa ka nako e fosahetseng ea selemo? Na joale ha se sa fumane chai e ntle le hoja se ile sa sebetsa ka thata, se tla re ke boemo bo neng bo ke ke ba qojoa kapa ke kamoo ho neng ho reriloe kateng? Le letho! Taba ke hore ha aa jala peō ka nako e loketseng. Sehoai se ka be se fumane chai e ntle haeba se ne se latetse mokhoa o tloaelehileng oa tlhaho o thehiloeng ke ’Mōpi.

      Ka hona, seo Molimo a se etselitseng qeto esale pele hase qetello ea batho kapa phello ea liketsahalo tsohle, empa ke melao-motheo e itseng e laolang tsela eo batho ba etsang lintho ka eona ho latela morero oa hae. E le hore batho ba atlehe linthong tseo ba li etsang, ba lokela ho lemoha morero oa Molimo le nako ea hae ’me ba etse lintho tumellanong le oona. Ntho eo Molimo a e etselitseng qeto esale pele le eo batho ba ke keng ba e fetola, ke morero oa hae, eseng qetello ea batho ka bomong. Jehova o ile a re ka moprofeta Esaia: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

  • Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e na le Nako ea Eona
    Molula-Qhooa—2009 | March 1
    • Ho Utloisisa Nako ea Molimo

      Solomone o fane ka leseli ntlheng ena. Ka mor’a ho bolela hore Molimo “o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona,” o ile a boela a re, “O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.” Phetolelo ea The NIV Study Bible e beha temana ena tjena: “Hape o behile bosafeleng lipelong tsa batho; le hoja ba ke ke ba utloisisa seo Molimo a se entseng ho tloha tšimolohong ho fihlela qetellong.”—Moeklesia 3:11.

      Ho ngotsoe lintho tse ngata ka temana ena. Empa ’nete ke hore kaofela ha rōna ho na le nako eo re kileng ra ipotsa ka ho teba hore na morero oa bophelo ke ofe le hore na qetello ea rōna e tla ba efe. Ho theosa le lilemo, batho ba ’nile ba fumana ho le thata ho amohela taba ea hore bophelong, motho o lokela ho sebetsa ka thata ebe qetellong oa shoa. Batho ba fapane le libōpuoa tse ling hobane ha ba nahane feela ka se ka etsahalang kajeno empa ba nahana le ka se tla etsahala ka moso. Ha e le hantle, re bile re lakatsa eka re ka be re phela ka ho sa feleng. Hobane’ng? Joalokaha lengolo lena le bontša, Molimo o “behile bosafeleng lipelong tsa batho.”

      E le ho khotsofatsa takatso eo, batho ba ’nile ba ipotsa hore na ebe motho o tsoela pele a phela ka mor’a lefu. Ba bang ba etsa qeto ea hore ka har’a rōna ho na le ntho e tsoelang pele e phela ka mor’a hore re shoe. Ba bang ba lumela hore re tla lula re tsoaloa hape ka mor’a hore re shoe. Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ke ke ea fetoha hobane Molimo o rerile hore e be joalo kapa ke thato ea hae hore e be joalo ’me ha ho letho leo ba ka le etsang ka seo. Ka masoabi, ha ho tlhaloso le e ’ngoe ho tsena e ’nileng ea khotsofatsa. Bibele e re sena se bakoa ke hore ho sa tsotellehe boiteko ba oona, ‘moloko oa batho o ke ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.’

      Batho ba bohlale le bo-rafilosofi ba ’nile ba tšoenyeha ka lilemo-lemo ka lebaka la hore e se e le nako e telele ba batla ho tseba empa ba sa fumane likarabo tsa lipotso tsena. Leha ho le joalo, kaha Molimo o kentse tabatabelo kapa takatso eo lipelong tsa rōna, na hase ho utloahalang ho lebella hore e be eena ea re fang se hlokahalang bakeng sa hore re fumane likarabo tseo? Etsoe bonneteng ha Bibele e bua ka Jehova e re: “U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pesaleme ea 145:16) Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, re ka fumana litlhaloso tse khotsofatsang ka bophelo le lefu le ka morero oa Molimo oa ka ho sa feleng mabapi le lefatše le moloko oa batho.—Baefese 3:11.

  • Joale ke Nako ea ho Ikhethela
    Molula-Qhooa—2009 | March 1
    • “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.”—Genese 1:27.

      MANTSOE ao a tloaelehileng a maqepheng a qalang a Bibele a hlalosa e ’ngoe ea lintho tse molemo ka ho fetisisa tseo Molimo ‘a li entseng li le ntle ka nako ea tsona’—e leng ho bōpa banyalani ba pele ba neng ba phethahetse, Adama le Eva. (Moeklesia 3:11) E le ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.”—Genese 1:28.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela