Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Sefela sa Lifela
“JOALOKA khahla har’a litlama-tlama tse meutloa, kharebe ea ka e joalo har’a barali.” “Joaloka sefate sa liapole har’a lifate tsa moru, moratuoa oa ka o joalo har’a bara.” “Ngoanana enoa ke mang ea talimang tlaase joaloka mafube, e motle joaloka khoeli e tolokileng, ea hloekileng joaloka letsatsi le khanyang?” (Sefela sa Lifela 2:2, 3; 6:10) Litemana tsee tse tsoang bukeng ea Bibele ea Sefela sa Lifela li susumetsa maikutlo hakaakang! Buka ena kaofela ke thoko ea bohlokoa haholo le e ngotsoeng ka bokhabane hoo e bitsoang “pina e monate ka ho fetisisa.”—Sefela sa Lifela 1:1.
Pina ena e qapiloeng ke Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo, mohlomong hoo e ka bang ka 1020 B.C.E., qalong ea puso ea hae ea lilemo tse 40, ke pale ea lerato ea molisana le ngoanana oa mahaeng, e leng Moshulame. Ba bang bao ho buuoang ka bona thokong ena ke ’mè oa ngoanana enoa le likhaitseli tsa hae, “barali ba Jerusalema [mafumahali a lekhotla]” le “barali ba Sione [basali ba Jerusalema].” (Sefela sa Lifela 1:5; 3:11) Ho thata hore ’mali oa Bibele a tsebe batho bohle bao ho buuoang ka bona bukeng ena ea Sefela sa Lifela, empa seo se ka khoneha ka hore a hlahlobe seo ba se buang kapa seo ba se bolelloang.
Joaloka karolo ea Lentsoe la Molimo, molaetsa oa buka ea Sefela sa Lifela o bohlokoa haholo ka mabaka a mabeli. (Baheberu 4:12) La pele, e re ruta seo lerato la sebele pakeng tsa monna le mosali le se bolelang. La bobeli, pina ena e bontša mofuta oa lerato le pakeng tsa Jesu Kreste le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng.—2 Bakorinthe 11:2; Baefese 5:25-31.
LE SE KE LA LEKA HO ‘TSOSA LERATO HO ’NA’
“E se eka a ka nkaka ka likako tsa molomo oa hae, etsoe lipontšo tsa hao tsa lerato li molemo ho feta veine.” (Sefela sa Lifela 1:2) Puisano bukeng ea Sefela sa Lifela e qala ka mantsoe ana a ngoanana ea ikokobelitseng oa mahaeng ea tlisoang tenteng ea borena ea Solomone. O fihlile joang moo?
O re: “Bara ba ’Mè ba ile ba nkhalefela; ba mpeha mohlokomeli oa lirapa tsa morara.” Likhaitseli tsa hae li mo halefetse hobane molisana eo a ratanang le eena o mo kōpile hore ba ke ba otlolle maoto letsatsing le khathollang la selemo. E le hore a se ke a ea, li mo file mosebetsi oa ho thiba “liphokojoe tse nyenyane tse senyang lirapa tsa morara.” Mosebetsi ona o etsa hore a sebetse haufi le liahelo tsa Solomone. Botle ba hae boa hlokomeleha ha a theohela “serapeng sa lifate tsa linate,” ’me o tlisoa liahelong.—Sefela sa Lifela 1:6; 2:10-15; 6:11.
Ha moroetsana enoa a ntse a bolela kamoo a hlolohetsoeng molisana oa hae ea ratehang kateng, mafumahali a lekhotla a mo bolella hore a ‘ee le mehlala ea mohlape’ ’me a mo batle. Empa Solomone ha a mo lumelle hore a tsamaee. Ha a tsota botle ba moroetsana enoa, o mo tšepisa “mekhabiso e chitja ea khauta, hammoho le likonopo tsa silevera.” Leha ho le joalo, moroetsana eena ha a khahloe ke lintho tseo. Molisana o kena liahelong tsa Solomone, o fumana moroetsana a le teng ’me oa hoeletsa: “Bona! U motle, Uena kharebe ea ka. Bona! U motle.” Moroetsana o hlapantša mafumahali a lekhotla o re: “Le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.”—Sefela sa Lifela 1:8-11, 15; 2:7; 3:5.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:2, 3—Ke hobane’ng ha ho hopoloa ha lipontšo tsa lerato tsa molisana ho le joaloka veine ’me lebitso la hae le le joaloka oli? Feela joalokaha veine e thabisa pelo ea motho ’me ho tlotsa hlooho ea motho ka oli ho khatholla, moroetsana enoa o ile a matlafala a ba a tšeliseha ha a hopola lerato le lebitso la moshemane enoa. (Pesaleme ea 23:5; 104:15) Ka ho tšoanang, Bakreste ba ’nete, haholo-holo batlotsuoa, ba matlafatsoa le ho khothatsoa ke ho nahana ka lerato leo Jesu Kreste a ba bontšitseng lona.
1:5—Ke hobane’ng ha ngoanana enoa oa mahaeng a tšoantša lebala la hae le letšoana le “litente tsa Kedare”? Boea ba pōli, boo ho neng ho etsoa lesela ka bona, bo ne bo sebelisetsoa lintho tse ngata. (Numere 31:20) Ka mohlala, ho ile ha sebelisoa ‘masela a boea ba pōli’ ho etsa ‘tente e neng e le holim’a tabernakele.’ (Exoda 26:7) Joalokaha litente tsa Bedouin li le joalo le kajeno, ho ka etsahala hore ebe litente tsa Kedare li ne li entsoe ka boea ba pōli e ntšo.
1:15—Molisana o bolela’ng ha a re: “Mahlo a hao ke a maeba”? Molisana o bolela hore mahlo a kharebe ea hae a shebahala a le bolea a bile a le botsoalle joaloka a maeba.
2:7; 3:5—Ke hobane’ng ha mafumahali a lekhotla a hlapantšoa “ka litšephe tse tšehali kapa ka likhama tse tšehali tsa naha”? Litšephe le likhama tse tšehali li tsejoa ka ho khahleha ha tsona le botle ba tsona. Ha e le hantle, moroetsana oa Moshulame o hlapantša mafumahali a lekhotla ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khahlehang le e ntle hore a se ke a leka ho tsosa lerato ka ho eena.
Seo re Ithutang Sona:
1:2; 2:6. Lipontšo tse hloekileng tsa lerato e ka ba tse loketseng nakong ea lefereho. Leha ho le joalo, batho ba babeli ba tla nyalana ba lokela ho ela hloko hore lipontšo tsena ke tsa lerato la sebele eseng tsa takatso e sa hloekang, e leng se ka lebisang boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate.—Bagalata 5:19.
1:6; 2:10-15. Likhaitseli tsa Moshulame ha lia ka tsa lumella khaitseli ea tsona hore e ee le moratuoa oa eona sebakeng se ka thōko lithabeng eseng hobane e ne e itšoere hampe kapa e e-na le sepheo se fosahetseng. Ho e-na le hoo, ba ile ba nka bohato bona bo neng bo reretsoe ho mo sireletsa hore a se ke a ipeha boemong bo neng bo ka mo kenya molekong oa ho etsa bobe. Seo batho ba rerang ho nyalana ba ka ithutang sona mona ke hore ba lokela ho qoba ho ba libakeng tse ka thōko ba le bang.
2:1-3, 8, 9. Le hoja moroetsana oa Moshulame a ne a le motle, ka boikokobetso o ile a inka e le “safrone feela [palesa feela e tloaelehileng] ea thota e lebōpong la leoatle.” Kaha o ne a le motle a bile a tšepahala ho Jehova, molisana o ne a mo nka e le “khahla har’a litlama-tlama tse meutloa.” Molisana eena o ne a ka hlalosoa joang? Kaha e ne e le tjaka, ho moroetsana enoa o ne a tšoana le “tšephe.” E tlameha ebe le eena o ne a tšaba Molimo a bile a tšepahala ho Jehova. Moroetsana o re: “Joaloka sefate sa liapole [se fanang ka moriti le litholoana] har’a lifate tsa moru, moratuoa oa ka o joalo har’a bara.” Na tumelo le boinehelo ho Molimo hase tsona litšobotsi tse ratehang tseo motho a lokelang ho li sheba ho motho eo a tla nyalana le eena ka moso?
2:7; 3:5. Ngoanana oa mahaeng o ne a se na maikutlo a lerato bakeng sa Solomone. Hape o ile a hlapantša mafumahali a lekhotla hore a se ke a leka ho tsosa ka ho eena lerato bakeng sa motho leha e le ofe ntle ho molisana. Ha ho khonehe ebile ha hoa lokela hore motho a be le maikutlo a lerato bakeng sa motho leha e le ofe feela. Mokreste oa lesoha ea lakatsang ho kena lenyalong o lokela ho nahana feela ka ho nyalana le mohlanka oa Jehova ea tšepahalang.—1 Bakorinthe 7:39.
“LE BONA ENG HO MOSHULAME?”
Ho na le ntho “e nyolohang lefeelleng joaloka topallo ea mosi.” (Sefela sa Lifela 3:6) Basali ba Jerusalema ba bona eng ha ba tsoela ka ntle? Ba bona Solomone le bahlanka ba hae ba khutlela motseng! Ebile morena o tlile le moroetsana oa Moshulame.
Molisana o ne a ntse a latetse moroetsana ’me kapele oa mo bona. Ha molisana a tiisetsa moroetsana hore oa mo rata, moroetsana o bolela hore o batla ho tloha motseng, o re: “Ho fihlela letsatsi le phola le meriti e balehile, ke tla ea thabeng ea myra le leralleng la libano tse tšoeu.” O mema molisana hore “a ke a tle serapeng sa hae ’me a je litholoana tsa sona tse monate ka ho fetisisa.” Molisana oa mo araba: “Ke tlile ka serapeng sa ka, Uena khaitseli ea ka, monyaluoa oa ka.” Basali ba Jerusalema ba re ho bona: “Jang, Lōna metsoalle! Noang ’me le tahoe ke lipontšo tsa lerato!”—Sefela sa Lifela 4:6, 16; 5:1.
Ka mor’a ho phetela mafumahali a lekhotla toro, Moshulame o re ho ’ona: “Ke kulisoa ke lerato.” Aa mo botsa: “Ke joang moratuoa oa hao a fetang moratuoa leha e le ofe e mong?” Oa a araba: “Moratuoa oa ka oa benya ’me o mofubelu, o hlaheletse ka ho fetisisa ho ba likete tse leshome.” (Sefela sa Lifela 5:2-10) Ha Solomone a mo rorisa haholo, o araba ka boikokobetso o re: “Le bona eng ho Moshulame?” (Sefela sa Lifela 6:4-13) A nka sena e le monyetla oa hore a hape lerato la moroetsana enoa, morena o mo rorisa haholo le ho feta. Leha ho le joalo, lerato la moroetsana enoa bakeng sa molisana ha le thekesele. Qetellong Solomone o mo tlohela hore a ikele hae.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
4:1; 6:5—Ke hobane’ng ha moriri oa moroetsana o bapisoa le “mohlape oa lipōli”? Papiso ena e fana ka maikutlo a hore moriri oa hae o ne o benya o bile o le mongata joaloka boea bo botšo ba lipōli.
4:11—Ho ‘rotha ha molomo oa Moshulame mahe a linotši a khekheng’ le ‘mahe a linotši le lebese a tlas’a leleme la hae’ ho bolela’ng? Mahe a linotši a khekheng a monate ho feta mahe a linotši a kenoeng ke moea. Papiso ena, hammoho le taba ea hore mahe a linotši le lebese li ne li le tlas’a leleme la moroetsana, e hatisa molemo le ho khahleha ha mantsoe a neng a buuoa ke Moshulame.
5:12—Polelo e reng “mahlo a hae a joaloka maeba a leng likotopong tsa metsi, a itlhatsoang ka lebese” e bolela’ng? Moroetsana o bua ka mahlo a moratuoa oa hae a matle. Mohlomong ka tsela ea thothokiso o bapisa thaka e ntšo ea leihlo e pota-potiloeng ke mahlo a hae a masoeu le maeba a maputsoa a itlhatsoang ka har’a lebese.
5:14, 15—Ke hobane’ng ha matsoho le maoto a molisana a hlalosoa ka tsela ee? Kamoo ho bonahalang kateng, moroetsana o bontša hore menoana ea molisana e joaloka meqomo ea khauta ’me manala a hae a joaloka krysolite. O tšoantša maoto a hae le “litšiea tsa ’mabole” hobane a matla ebile a matle.
6:4—Na “Motse o Khahlehang” ke Jerusalema? Che. “Motse o Khahlehang” ke “Tirza.” Joshua o ile a hapa motse ona oa Bakanana, ’me ka mor’a mehla ea Solomone e ile ea e-ba motse-moholo oa pele oa ’muso o ka leboea oa meloko e leshome ea Iseraele. (Joshua 12:7, 24; 1 Marena 16:5, 6, 8, 15) Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Kamoo ho bonahalang kateng, e tlameha ebe motse ona o ne o le motle haholo, e leng se etsang hore ho buuoe ka oona mona.”
6:13—“Motjeko oa liahelo tse peli” ke eng? Polelo ena e ka fetoleloa hape e le “motjeko oa Mahanaime.” Motse o bitsoang ka lebitso lena o ne o le ka bochabela ho Nōka ea Jordane haufi le phula ea molapo o phoroselang oa Jaboke. (Genese 32:2, 22; 2 Samuele 2:29) Mohlomong “motjeko oa liahelo tse peli” ke motjeko o itseng o neng o etsetsoa motseng oo nakong ea mokete.
7:4—Ke hobane’ng ha Solomone a tšoantša molala oa moroetsana oa Moshulame le “tora ea lenaka la tlou”? Pejana, moroetsana enoa o ile a babatsoa ka ho re: “Molala oa hao o joaloka tora ea Davida.” (Sefela sa Lifela 4:4) Tora e telele ebile e tšesaane, ’me lenaka la tlou le boreleli. Solomone o khahliloe ke bosesanyane le boreleli ba molala oa moroetsana enoa.
Seo re Ithutang Sona:
4:1-7. Ka ho hana maqiti a Solomone a ho mo hohela, Moshulame, le hoja a sa phethahala, o ile a ipaka e le motho ea nang le boitšoaro bo botle. Boitšoaro ba hae bo botle bo ile ba etsa hore a be motle le ho feta. Basali ba Bakreste le bona ba lokela ho ba joalo.
4:12. Joaloka serapa se setle se kampetsoeng ka lekhoakhoa kapa lerako, seo ho neng ho ka kenoa ho sona ka heke e notleloang feela, moroetsana oa Moshulame o ne a batla hore lerato la hae le mofuthu le fumanoe feela ke monna ea neng a tla mo nyala. Ona ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa banna le basali ba masoha ba Bakreste!
“LELAKABE LA JAH”
Ha likhaitseli tsa Moshulame li mo bona a khutlela lapeng li ile tsa botsa: “Ngoanana enoa ke mang ea nyolohang lefeelleng, ea itšetlehileng ka moratuoa oa hae?” Pejana e mong oa tsona o ne a ile a re: “Haeba e ka ba lerako, re tla haha holim’a hae tora ea silevera; empa haeba e ka ba monyako, re tla mo thiba ka lepolanka la kedare.” Joale ha e le mona matla le botsitso ba lerato la Moshulame li lekiloe, o re: “’Na ke lerako, ’me matsoele a ka a joaloka litora. Ka lebaka lena mahlong a hae ke fetohile ea joaloka ea fumanang khotso.”—Sefela sa Lifela 8:5, 9, 10.
Lerato la ’nete ke “lelakabe la Jah.” Hobane’ng? Hobane lerato le joalo le tsoa ho Jehova. Ke Eena ea re fileng matla a ho bontša lerato. Ke lelakabe leo mollo oa lona a sa timeng. Sefela sa Lifela se bontša ka bokhabane kamoo lerato pakeng tsa monna le mosali le ka bang “matla [le ho tšoarella] joaloka lefu.”—Sefela sa Lifela 8:6.
Pina ea Solomone e monate ka ho fetisisa e boetse e re thusa ho utloisisa kamano e leng teng pakeng tsa Jesu Kreste le litho tsa “monyaluoa” oa hae oa leholimo. (Tšenolo 21:2, 9) Lerato leo Jesu a ratang Bakreste ba tlotsitsoeng ka lona le feta lerato leha e le lefe le ka bang teng pakeng tsa monna le mosali. Litho tsa sehlopha sa monyaluoa ha li thekesele boinehelong ba tsona. “Linku tse ling” le tsona Jesu o li shoetse ka lerato. (Johanne 10:16) Kahoo, barapeli bohle ba ’nete, ba ka etsisa mohlala oa Moshulame oa lerato le botšepehi bo sa thekeseleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 18, 19]
Sefela sa Lifela se re ruta hore re shebe eng ho molekane oa lenyalo?