Khaolo 9
Boprofeta bo Ileng ba Phethahala
Batho ba ke ke ba bolela bokamoso esale pele ka tieo. Nako le nako boiteko ba bona ba ho bolela lintho esale pele bo hlōleha ka mokhoa o soabisang. Kahoo buka ea boprofeta bo ileng ba phethahala e lokela ho ba e ipiletsang ho rōna. Bibele ke eona buka e joalo.
1. (Akarelletsa kenyelletso.) Ke eng e pakoang ke ’nete ea hore Bibele e tlaleha boprofeta bo ileng ba phethahala?
BOPROFETA bo bongata ba Bibele bo phethahetse ka lintlha tse qaqileng hoo bahlahlobisisi ba bolelang hore bo ngotsoe ka mor’a phethahatso ea bona. Empa lipolelo tse joalo hase ’nete. Molimo, kaha o matla ’ohle, o na le matla a felletseng a ho profeta. (Esaia 41:21-26; 42:8, 9; 46:8-10) Boprofeta ba Bibele bo phethahetseng ke bopaki ba hore e bululetsoe ke Molimo, eseng hore bo ngotsoe hamorao. Joale re tla hlahloba bo bong ba boprofeta bo ileng ba phethahala—bo fanang ka bopaki bo eketsehileng ba hore Bibele ke lentsoe la Molimo, eseng la motho feela tjee.
Kholeho ea Babylona
2, 3. Ke eng e ileng ea etsa hore Morena Ezekiase a bontše baemeli ba Babylona matlotlo ’ohle a ntlo ea hae le a ’muso oa hae?
2 Ezekiase e ile ea e-ba morena oa Jerusalema ka lilemo tse ka bang 30. Ka 740 B.C.E. o ile a bona ka mahlo timetso ea moahisani oa hae ea ka leboea Iseraele matsohong a Assyria. Ka 732 B.C.E. o ile a latsoa matla a Molimo a pholosang, ha boiteko ba Baassyria ba ho hapa Jerusalema bo hlōleha, ’me liphello ea e-ba koluoa ho ea neng a mo futuhetse.—Esaia 37:33-38.
3 Joale, Ezekiase o amohela moifo o tsoang ho Merodake-Baladane, morena oa Babylona. Kamoo a itlhahisang kateng, manģosa ao a tlile ho lebohela Ezekiase ka ho hlaphoheloa ha hae ho kuleng ho hoholo. Empa, mohlomong Merodake-Baladane o talima Ezekiase e le molekane oa hae oa ka moso ha a futuhela ’muso oa lefatše oa Assyria. Ezekiase ha a etse letho ho leleka khopolo e joalo ha a bontša Bababylona ba mo etetseng leruo lohle la ntlo ea hae le ’muso oa hae. Mohlomong le eena o batla balekane ba ka loantšang Baassyria haeba ho ka etsahala hore ba khutle.—Esaia 39:1, 2.
4. Esaia o ile a profeta liphello life tse bohloko tsa phoso ea Ezekiase?
4 Esaia ke moprofeta ea hlahelletseng oa mehleng eo, ’me ka potlako o hlokomela ho hloka temoho ha Ezekiase. Oa tseba hore tšireletso e tiileng ka ho fetisisa ea Ezekiase ke Jehova, eseng Babylona, ’me o ’molella hore ketso ena ea ho bontša Bababylona leruo la hae e tla tlisa mahlomola. Esaia o re: “Matsatsi a tla ao tsohle tse ka tlung ea hao li tla isoa Babylona, le tsohle tse bokeletsoeng ke bo-ntat’ao ho fihlela la kajeno.” Jehova o ile a laela: “Ho ke ke ha sala letho.”—Esaia 39:5, 6.
5, 6. (a) Jeremia o ile a re’ng ho tiisa boprofeta ba Esaia? (b) Boprofeta ba Esaia le Jeremia bo phethahalitsoe ka tsela efe?
5 Morao koana lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., ho ne ho ka ’na ha bonahala eka boprofeta boo bo ke ke ba phethahatsoa. Leha ho le joalo, lilemo tse lekholo hamorao, boemo bo ile ba fetoha. Babylona e ile ea nkela Assyria sebaka e le ’muso o ka holimo-limo oa lefatše, ha Juda, ntlheng ea bolumeli, e ile ea nyeliseha hoo Molimo o ileng oa e amoha tlhohonolofatso ea oona. Joale, moprofeta e mong, Jeremia, o ile a bululeloa hore a phete temoso ea Esaia. Jeremia o ile a phatlalatsa: “Ke tla . . . tlisa [Bababylona] ho loantša lefatše lena le baahi ba lona . . . Lefatše lena lohle le tla etsoa tšenyeho le makatso, ’me lichaba tsena li tla sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.”—Jeremia 25:9, 11.
6 Hoo e ka bang lilemo tse ’nè ka mor’a hore Jeremia a bolele boprofeta boo, Bababylona ba ile ba fetola Juda karolo ea ’muso oa bona. Lilemo tse tharo ka mor’a moo, ba isa Bajode ba bang kholehong Babylona, hammoho le leruo le leng la tempele e Jerusalema. Lilemo tse robeli hamorao, Juda e ile ea ba fetohela ’me ea boela ea futuheloa ke morena oa Babylona, Nebukadnezare. Lekhetlong lena, motse oo le tempele ea oona li ile tsa timetsoa. Leruo la oona kaofela, le Bajode ka bobona, ba isoa hōle Babylona, feela joalokaha Esaia le Jeremia ba ne ba boletse esale pele.—2 Likronike 36:6, 7, 12, 13, 17-21.
7. Ke joang ho epolloa ha lintho tsa khale ho netefatsang phethahatso ea boprofeta ba Esaia le Jeremia bo mabapi le Jerusalema?
7 The Archaeological Encyclopedia of the Holy Land e bolela hore ha tlhaselo ea Bababylona e se e fetile, “timetso ea motse [Jerusalema] e ne e le e felletseng.”1 Moepolli oa lintho tsa khale W. F. Albright o re: “Ho epolla le ho hlahloba Juda ho pakile hore hase feela hore metse ea Juda e ile ea timetsoa ka ho felletseng ke Bakalde liphutuhong tsa bona tse peli, empa ha e-ea ka ea ahoa ka makholo a lilemo—hangata ha e-ea ka ea hlola e ahoa historing.”2 Ka hona, ho epolla lintho tsa khale ho tiisa phethahatso e hlollang ea boprofeta bona.
Timetso ea Tyre
8, 9. Ezekiele o ile a bolela boprofeta bofe khahlanong le Tyre?
8 Ezekiele ke sengoli se seng sa boholo-holo se tlalehileng boprofeta bo bululetsoeng ke Molimo. O profetile ho tloha qetellong ea lekholo la bosupa la lilemo B.C.E. ho kenella lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.—ke hore, nakong ea lilemo tse neng li etelletse pele timetso ea Jerusalema le nakong ea mashome a lilemo a qalang a kholeho ea Bajode Babylona. Esita le bahlahlobisisi ba bang ba kajeno ba lumela hore buka eo e ngotsoe hoo e ka bang ka nako ena.
9 Ezekiele o tlalehile boprofeta bo hlollang bo mabapi le ho timetsoa ha moahisani ea ka leboea oa Iseraele, Tyre, ea neng a tlohile boemong ba botsoalle ho ea ho ba bora ho batho ba Molimo. (1 Marena 5:1-9; Pesaleme ea 83:2-8) O ngotse: “Morena Jehova o re: Bona, ke tla u futuhela, Tyre; ke tla u nyollela lichaba tse ngata, ka mokhoa oo leoatle le nyollang maqhubu a lona. Li tla heletsa marako a Tyre, li lihe litora tsa hae; ke tla fiela lerōle la hae, ke mo etse lefika le hlobotseng. . . . Ba [tla lahlela] majoe a hao le lifate tsa hao le lerōle la hao metsing.”—Ezekiele 26:3, 4, 12.
10-12. Boprofeta ba Ezekiele bo ile ba qetella bo phethahalitsoe neng, hona joang?
10 Na kannete see se ile sa etsahala? Koana, lilemo tse seng kae feela ka mor’a hore Ezekiele a bolele boprofeta boo, morena oa Babylona, Nebukadnezare, o ile a thibella Tyre. (Ezekiele 29:17, 18) Leha ho le joalo, ho e thibella ho ne ho se bonolo. Karolo e ’ngoe ea Tyre e ne e lutse karolong e khōlō ea naha (karolo e bitsoang Tyre ea Khale). Empa karolo e ’ngoe ea motse e ne e le sehleke-hlekeng se ka bang limithara tse 800 ho tloha lebōpong. Nebukadnezare o ile a thibella sehleke-hleke ka lilemo tse 13 pele se qetella se inehetse ho eena.
11 Leha ho le joalo, e bile ka 332 B.C.E. ha boprofeta ba Ezekiele bo qetella bo phethahalitsoe le lintlha tsohle tsa bona. Ka nako eo, Alexander e Moholo, mohapi ea tsoang Macedonia, o ile a futuhela Asia. Tyre, e lutse e sireletsehile tulong ea eona sehleke-hlekeng, e ile ea hana ho inehela ho eena. Alexander o ne a sa batle ho siea motse o ka ’nang oa fetoha sera sa hae, empa o ne a sa batle ho qeta lilemo a thibelletse Tyre, joalokaha Nebukadnezare a ne a entse.
12 O ile a rarolla bothata boo ba ntoa joang? O ile a haha borokho, kapa lerako le leholo ka har’a leoatle, bo tšelelang sehleke-hlekeng, e le hore masole a hae a ka tšela ’me a hlasela motse oo o sehleke-hlekeng. Empa, hlokomela seo a ileng a se sebelisa ho haha lerako leo le ka har’a leoatle. The Encyclopedia Americana e-ea tlaleha: “Ka likotoana tsa majoe a setseng motseng o neng o le karolong e khōlō ea naha, oo a neng a o helelitse, ka 332 o ile a haha lerako le leholo ka har’a leoatle le kopanyang sehleke-hleke le karolo e khōlō ea naha.” Ka mor’a ho thibelloa ka nako e khutšoanyane haholo, motse oo o sehleke-hlekeng o ile oa timetsoa. Ho feta moo, boprofeta ba Ezekiele bo ile ba phethahatsoa le lintlha tsa bona kaofela. Esita le ‘majoe le lifate le lerōle’ tsa Tyre ea Khale li ile tsa ‘lahleloa ka har’a metsi.’
13. Mohahlauli oa lekholong la bo19 la lilemo o hlalositse sebaka seo e neng e le Tyre ea boholo-holo joang?
13 Mohahlauli oa lekholong la bo19 la lilemo o hlalositse se neng se setse ho Tyre ea boholo-holo mehleng ea hae, a re: “Ho Tyre ea pele eo Salomone le baprofeta ba Iseraele ba neng ba e tseba, ha hoa sala leha e le mohlala feela haese litšoantšo tsa eona tse neng li entsoe mafikeng a mahlakoreng a lithaba, le marako a neng a entse moralo . . . Esita le sehleke-hleke, seo Alexander e Moholo, ha a thibelletse motse, a ileng a se fetola hloahloa ka ho kata metsi a pakeng tsa sona le karolo e khōlō ea naha, ha se na mosaletsa o ka tsejoang oa nakong ea pejana ntle le oa Lintoeng tsa Bolumeli. Motse oa kajeno, oo kaofela e leng o mocha ha o bapisoa le oo, o lutse halofong e ka leboea ea hoo e kileng ea e-ba sehleke-hleke, ha hoo e batlang e le karolo eohle e ’ngoe ea naha e koahetsoe ke lithako tse ke keng tsa tsejoa.”3
Ho Fetoha ha Babylona
14, 15. Esaia le Jeremia ba tlalehile boprofeta bofe khahlanong le Babylona?
14 Morao koana lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Esaia, moprofeta ea neng a lemositse Bajode ka ho haptjoa ha bona ke Babylona, o ile a boela a bolela esale pele ntho e ’ngoe e makatsang: thipitlo e felletseng ea Babylona ka boeona. O boletse sena esale pele ka lintlha tse hlakileng: “Bonang, ke tla tsosetsa Babylona ba-Mede . . . Babylona, letlōtlo la mebuso, khanya ea bokhabane ea ba-Kalde, o tla ba joale ka metse ea Sodoma le Gomorrha, mohla e senngoang ke Molimo. A ke ke a tsosoa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta.”—Esaia 13:17-20.
15 Moprofeta Jeremia le eena o ile a bolela esale pele ka ho oa ha Babylona, ho neng ho tla etsahala lilemo tse ngata hamorao. ’Me o ile a akarelletsa ntlha e thahasellisang: “Komello e metsing a hae, hore a tle a pshe. . . . Bahale ba Babylona ba lesitse ho loana, ba ituletse liqhobosheaneng, ba feletsoe ke bohale ba bona.”—Jeremia 50:38; 51:30.
16. Babylona e ile ea haptjoa neng, hona ke mang?
16 Ka 539 B.C.E., nako ea ho busa ha Babylona e le ’muso oa lefatše o tummeng e ile ea fela ha ’musi Cyruse ea matla oa Persia, a e-na le lebotho la Media, a futuhela motse. Leha ho le joalo, seo Cyruse a ileng a se fumana se ne se le boima haholo. Babylona e ne e potiloe ke marako a maholo ’me e ne e bonahala eka e ke ke ea kenoa. Nōka e khōlō ea Eufrate le eona e ne e phalla pakeng tsa motse ’me e tlatsetsa ka tsela ea bohlokoahali liqhobosheaneng tsa oona.
17, 18. (a) Ke ka tsela efe ho ileng ha e-ba le ‘komello ea metsi a Babylona’? (b) Ke hobane’ng ha ‘bahale ba Babylona ba ile ba lesa ho loana’?
17 Rahistori oa Legerike Herodotus o hlalosa kamoo Cyruse a ileng a sebetsana le bothata boo kateng: “O ile a beha karolo ea lebotho la hae sebakeng seo nōka e kenang motseng ho sona, le sehlopha se seng ka mor’a sebaka seo e hlahang ho sona, ka litaelo tsa ho kena motseng ba tsamaea ka har’a molatsoana, hang feela ha metsi a fokotsehile ho lekana . . . O ile a khelosa Eufrate ka molatsoana o kenang letamong [letša le iketselitsoeng le neng le chekiloe ke ’musi oa pele oa Babylona], leo joale e neng e se e le mokhoabo, leo nōka e ileng ea phallela ka ho lona ho fihlela bohōleng boo sebaka sa tlhaho seo molatsoana o phallang ho sona se neng se ka tšeloa ka maoto. Eaba Bapersia ba neng ba siiloe ka morero Babylona ka thōko ho nōka, ba kena ka har’a molatsoana, oo joale metsi a oona a neng a se a le tlaase hoo a neng a fihla bohareng ba serope sa monna, ’me ba kena motseng joalo.”4
18 Motse o ile oa oa ka tsela ena, joalokaha Jeremia le Esaia ba ne ba lemositse. Empa hlokomela phethahatso e qaqileng ea boprofeta. Ho hlile ha e-ba le ‘komello ea metsi a oona, ’me a psha.’ Ke ho fokotseha ha metsi a Eufrate ho ileng ha etsa hore Cyruse a khone ho kena motseng. Na ‘bahale ba Babylona ba ile ba lesa ho loana,’ joalokaha Jeremia a ne a lemositse? Bibele—hammoho le bo-rahistori ba Bagerike Herodotus le Xenophon—e tlaleha hore Bababylona ba ne ba hlile ba entse mokete ha Bapersia ba hlasela.5 Tlaleho ea Nabonidus, mongolo oa litlhaku tse kang lichesele oa ’muso, o bolela hore mabotho a Cyruse a ile a kena Babylona “ho se ntoa,” mohlomong ho boleloa hore ha ho ntoa e neng e tsamaea le tlhaselo e khōlō.6 Ka ho hlakileng, bahale ba Babylona ha baa ka ba etsa ho hongata ho e sireletsa.
19. Na boprofeta ba hore le ka mohla “batho ba ke ke ba aha” Babylona bo ile ba phethahatsoa? Hlalosa.
19 Ho thoe’ng ka ho bolela esale pele hore “batho ba ke ke ba aha” Babylona hape? Hoo ha hoa ka ha phethahatsoa hang-hang ka 539 B.C.E. Empa ntle le phoso boprofeta boo bo ile ba phethahala. Ka mor’a ho oa ha eona, Babylona e ile ea e-ba setsi sa liphetohelo tse ngata, ho fihlela ka 478 B.C.E. ha e timetsoa ke Xerxes. Qetellong ea lekholo la bone la lilemo, Alexander e Moholo o ile a rera ho e tsosa, empa o ile a shoa pele mosebetsi o tsoela pele haholo. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, motse o ile oa fetoha lesupi. Ho ne ho ntse ho e-na le batho ba phelang moo lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, empa kajeno sohle se setseng ho Babylona ea boholo-holo ke qubu ea lithako tse Iraq. Esita le haeba lithako tse ling tsa eona li ne li ka tsosoa, Babylona e ne e tla sala feela e le ntho e ka bonoang ke bahahlauli, eseng motse o phelang, o phetheselang. Sebaka sa eona seo e seng e le lesupi se paka phethahatso ea ho qetela ea boprofeta bo bululetsoeng khahlanong le eona.
Tlhahlamano ea Mebuso ea Lefatše
20, 21. Daniele o ile a bona boprofeta bofe ba tlhahlamano ea mebuso ea lefatše, ’me see se ile sa phethahatsoa joang?
20 Lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., ha Bajode ba le kholehong Babylona, moprofeta e mong, Daniele, o ile a bululeloa ho tlaleha lipono tse ling tse hlollang tse neng li bolela esale pele tsela eo liketsahalo tsa lefatše li neng li tla tsamaea ka eona. Ho e ’ngoe, Daniele o hlalosa liphoofolo tse ’maloa tsa tšoantšetso tse suthisanang litulong lefatšeng. Lengeloi le hlalosa hore liphoofolo tsena li emela tlhahlamano ea mebuso ea lefatše ho tloha mehleng eo ho ea pele. Ha le bua ka libata tsa ho qetela tse peli, le re: “Pheleu eo u e boneng e e-na le manaka a le mabeli, ke marena a ba-Mede le ba-Persia; phooko, ke morena oa ba-Gerike, ’me lenaka le lelelele le lipakeng tsa mahlo a eona ke morena oa pele. Lenaka le khorohileng, leo manaka a mane a melileng sebakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a sona.”—Daniele 8:20-22.
21 Ho bonela litaba pele hona ha boprofeta ho ile ha phethahatsoa ka mokhoa o nepahetseng. ’Muso oa Babylona o ile oa phetholoa ke Medo-Persia, eo, lilemo tse 200 hamorao, e ileng ea hlōloa ke ’muso oa lefatše oa Greece. ’Muso oa Greece o ne o etelletsoe pele ke Alexander e Moholo, “lenaka le lelelele.” Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Alexander, matona a hae a ile a loana a tseka puso, ’me qetellong ’muso oo o nammeng o ile oa tsekoloha ho fetoha mebuso e menyenyane e mene, “mebuso e mene.”
22. Boprofeteng ba tlhahlamano ea mebuso ea lefatše bo amanang le boo, ke ’muso ofe o mong oa lefatše oo ho ileng ha profetoa ka oona?
22 Ho Daniele khaolo ea 7, pono e ’ngoe e batlang e tšoana le eo le eona e ile ea talima pele nakong e tlang. ’Muso oa lefatše oa Babylona o ne o tšoantšetsoa ke tau, oa Persia o tšoantšetsoa ke bere, ’me oa Greece o tšoantšetsoa ke lengau le nang le mapheo a mane mokokotlong oa lona le lihlooho tse ’nè. Joale, Daniele o bona sebata se seng, “se tšabehang, se bohale, se fetisang ka matla, . . . se ne se na le manaka a leshome.” (Daniele 7:2-7) Sebata sena sa bone se ne se emela ’Muso oa Roma o matla, o qalileng ho hlaha hoo e ka bang makholo a mararo a lilemo ka mor’a hore Daniele a tlalehe boprofeta bona.
23. Ke ka tsela efe sebata sa bone boprofeteng ba Daniele se neng se le “hosele ho mebuso e meng kaofela”?
23 Lengeloi le ile la profeta mabapi le Roma: “Sebatana sa bone ke ’muso o mong oa bone, o tlang ho ba teng lefatšeng, o tla ba hosele ho mebuso e meng kaofela, ’me o tla rusolla lefatše kaofela, o le hatakele, o le silakanye.” (Daniele 7:23) H. G. Wells, bukeng ea hae A Pocket History of the World, o re: “’Muso ona o mocha oa Roma o ileng oa phahama ho busa lefatše le ka bophirimela lekholong la bobeli le la pele la lilemo B.C. lintlheng tse ’maloa e ne e le ntho e fapaneng le ofe kapa ofe oa mebuso e meholo e neng e busitse pele ho oona lefatšeng le tsoetseng pele.”7 O ile oa qala e le riphablike ’me oa tsoela pele e le ’muso oa borena ba tsoalo. Ho fapana le mebuso ea pele ho oona, o ne o sa hlahisoa ke mohapi leha e le ofe a le mong empa o ile oa ’na oa hōla o sa khaotse ho theosa le makholo a lilemo. O ile oa tšoarella nako e telele haholo, ’me oa busa sebaka se seholo ho feta ’muso leha e le ofe o mong oa pele.
24, 25. (a) Manaka a leshome a sebata a ile a hlaha joang? (b) Ke qhoebeshano efe pakeng tsa manaka a sebata eo Daniele a ileng a e bona esale pele?
24 Empa, ho thoe’ng ka manaka a leshome a sebata see se seholo? Lengeloi le itse: “Manaka a leshome ke marena a leshome, a tlang ho tsoaloa ’musong oo; e mong o tla hlaha ka mora’ ’ona, ea hosele ho a pele, ’me o tla kokobetsa marena a mararo.” (Daniele 7:24) See se ile sa phethahala joang?
25 Koana, ha ’Muso oa Roma o qala ho oa lekholong la bohlano la lilemo C.E., ha oa ka oa nkeloa sebaka hang-hang ke ’muso o mong oa lefatše. Ho fapana le hoo, o ile oa tsekoloha ho fetoha mebuso e mengata, “marena a leshome.” Qetellong, ’Muso oa Brithani o ile oa hlōla mebuso e meraro e neng e hlōlisana le oona ea Spain, France, le Netherlands ’me oa fetoha ’muso o moholo oa lefatše. Ka hona ‘lenaka’ le lecha le ile la kokobetsa “marena a mararo.”
Boprofeta ba Daniele—Na bo Ngotsoe ka Mor’a Phethahatso?
26. Bahlahlobisisi ba bolela hore Daniele e ngotsoe neng, hona hobane’ng?
26 Bibele e bontša hore buka ea Daniele e ngotsoe lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Leha ho le joalo, phethahatso ea boprofeta ba eona e nepahetse hoo bahlahlobisisi ba bolelang hore e tlameha e be e ngotsoe hoo e ka bang ka 165 B.C.E., ha boprofeta bo bongata bo ne bo se bo phethahetse.8 Ho sa tsotellehe ’nete ea hore lebaka feela la sebele la ho bolela sena ke hore boprofeta ba Daniele bo phethahalitsoe, nako ena ea morao ea ho ngoloa ha Daniele e hlahisoa e le ’nete e tiileng ho lingoliloeng tse ngata tse hlalosang litaba.
27, 28. Tse ling tsa linnete tse pakang hore Daniele ha e-ea ngoloa ka 165 B.C.E. ke life?
27 Empa, mabapi le thuto e joalo, re tlameha ho nahana ka linnete tse latelang. Pele, lingoliloeng tsa Bajode tse ngotsoeng lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., tse kang buka ea pele ea Maccabees, li bua ka buka eo. Hape, e ne e akarellelitsoe phetolelong ea Segerike ea Septuagint, e qalileng ho fetoleloa lekholong la boraro la lilemo B.C.E.9 Ntlha ea boraro, mesaletsa ea likopi tsa Daniele ke tse ling tsa lingoliloeng tse fumanoeng hangata Meqolong ea Leoatle le Shoeleng—’me ho lumeloa hore mesaletsa ena e ngotsoe hoo e ka bang ka 100 B.C.E.10 Ka ho hlakileng, nako e khutšoanyane ka mor’a eo ho nkoang hore Daniele e ngotsoe ka eona, e ne e se e ntse e tsejoa e bile e hlonepshoa ka ho pharalletseng: bopaki bo matla ba hore e ngotsoe nako e telele pele ho eo bahlahlobisisi ba reng e ngotsoe ka eona.
28 Ho feta moo, Daniele e na le lintlha tsa histori tseo sengoli sa lekholong la bobeli la lilemo se neng se ke ke sa li tseba. E hlahelletseng ke taba ea Belshatsare, ’musi oa Babylona ea ileng a bolaoa ha Babylona e oa ka 539 B.C.E. Mehloli e meholo ea seo re se tsebang ka ho oa ha Babylona ka thōko ho Bibele ke Herodotus (lekholo la bohlano la lilemo), Xenophon (lekholo la bohlano le la bone la lilemo), le Berossus (lekholo la boraro la lilemo). Ha ho lea mong ho bana ea neng a tseba ka Belshatsare.11 Ke ho sa utloahaleng hakaakang hore e be sengoli sa lekholong la bobeli la lilemo se ne se ka ba le boitsebiso boo bangoli bana ba pejana ba sa kang ba bo fumana! Tlaleho e mabapi le Belshatsare e ho Daniele khaolo ea 5 ke lebaka le matla la hore Daniele o ngotse buka ea hae pele lingoli tsena tse ling li ngola tsa tsona.a
29. Ke hobane’ng ha e le ho ke keng ha etsahala hore e be buka ea Daniele e ngotsoe ka mor’a phethahatso ea boprofeta bo ka hare ho eona?
29 Qetellong, ho na le boprofeta bo bongata ba Daniele bo phethahalitsoeng nako e telele ka mor’a 165 B.C.E. Bo bong ba bona ke boprofeta bo mabapi le ’Muso oa Roma, bo boletsoeng pejana. Bo bong ke boprofeta bo hlollang bo bolelang esale pele ka ho tla ha Jesu, Messia.
Ho Tla ha Motlotsuoa
30, 31. (a) Ke boprofeta bofe ba Daniele bo boletseng esale pele nako ea ho hlaha ha Messia? (b) Re itšetlehile ka boprofeta ba Daniele, re ka sebetsa selemo seo Messia a neng a lokela ho hlaha ka sona joang?
30 Boprofeta bona bo tlalehiloe ho Daniele, khaolo ea 9, ’me bo baleha tjena: “Libeke tse mashome a supileng [tsa lilemo, kapa lilemo tse makholo a mane le mashome a robong] li phatlalalitsoe holim’a batho ba heno le holim’a motse oa heno o halalelang.”b (Daniele 9:24, The Amplified Bible) Ho ne ho tla etsahala joang lilemong tsee tse 490? Rea bala: “Ho tloha ho tsoeng ha taelo ea ho tsosolosa le ho haha Jerusalema ho fihlela [ho tleng ha] motlotsuoa, khosana, e tla ba libeke tse supileng [tsa lilemo], le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli [tsa lilemo].” (Daniele 9:25, AB) Kahoo bona ke boprofeta bo mabapi le nako ea ho tla ha “motlotsuoa,” Messia. Bo phethahalitsoe joang?
31 Taelo ea ho tsosolosa le ho haha Jerusalema ‘e tsoile’ ka “selemo sa mashome a mabeli sa ho busa ha Artaxerxese” morena oa Persia, ke hore, ka 455 B.C.E. (Nehemia 2:1-9) Qetellong ea lilemo tse 49 (libeke tse 7 tsa lilemo), karolo e khōlō ea khanya ea Jerusalema e ne e tsosolositsoe. ’Me joale, ha re bala lilemo tse tletseng tse 483 (libeke tsa lilemo tse 62 ha li kopana le tse 7) ho tloha ka 455 B.C.E., re fihla ho 29 C.E. Ha e le hantle, sena e ne e le “lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tibere Cesare,” selemo seo ka sona Jesu a ileng a kolobetsoa ke Johanne Mokolobetsi. (Luka 3:1) Ka nako eo, Jesu o ile a tsebahatsoa phatlalatsa e le Mor’a Molimo ’me a qala tšebeletso ea hae ea ho bolela litaba tse molemo sechabeng sa Bajode. (Mattheu 3:13-17; 4:23) O ile a fetoha “motlotsuoa,” kapa Messia.
32. Ho latela boprofeta ba Daniele, tšebeletso ea Jesu lefatšeng e ne e tla ba telele hakae, ’me ho ne ho tla etsahala joang qetellong ea eona?
32 Boprofeta boa phaella: “’Me ka mor’a libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli [tsa lilemo] motlotsuoa o tla khaoloa.” Hape bo re: “’Me o tla kena selekaneng se matla le se tiileng le ba bangata ka beke e le ’ngoe [lilemo tse supileng]; ’me bohareng ba beke o tla etsa hore sehlabelo le nyehelo li khaotse.” (Daniele 9:26, 27, AB) Tumellanong le sena, Jesu o ile a ea ka ho khethehileng ho “ba bangata,” Bajode ba tlhaho. Ka linako tse ling, o ile a bolela ho Basamaria, ba neng ba lumela Mangolo a mang empa ba entse sehlotšoana se ikarotseng ho Bojode bo tloaelehileng. Joale, “bohareng ba beke,” ka mor’a lilemo tse tharo le halofo tsa boboleli, o ile a nehelana ka bophelo ba hae e le sehlabelo ’me ka tsela eo a “khaoloa.” Sena se ile sa bolela ho fela ha Molao oa Moshe hammoho le lihlabelo le linyehelo tsa oona. (Ba-Galata 3:13, 24, 25) Kahoo, ka lefu la hae, Jesu o ile a etsa hore “sehlabelo le nyehelo li khaotse.”
33. Jehova o ne a tla sebetsana ka ho khethehileng le Bajode halelele hakae, ’me ke ketsahalo efe e ileng ea tšoaea qetello ea nako ee?
33 Leha ho le joalo, ka lilemo tse ling tse tharo le halofo phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa tsoaloa e ne e pakela Bajode feela ’me, hamorao, le Basamaria kaha ba ne ba amana le bona. Leha ho le joalo, ka 36 C.E., qetellong ea libeke tse 70 tsa lilemo, moapostola Petrose o ile a tataisoa ho ea bolella Molichaba, Kornele. (Liketso 10:1-48) Joale, ‘selekane le ba bangata’ se ne se se se sa lekanyetsoa ho Bajode. Balichaba ba sa bollang le bona ba ne ba bolelloa ka polokeho.
34. Tumellanong le boprofeta ba Daniele, ho ile ha etsahala joang ka Iseraele ea tlhaho ka lebaka la ho hana ha eona Messia?
34 Kaha sechaba sa Bajode se ile sa hana Jesu ’me sa etsa ’momori oa hore a bolaoe, Jehova ha aa ka a ba sireletsa ha Baroma ba e-tla ’me ba timetsa Jerusalema ka 70 C.E. Ka hona, mantsoe a tsoelang pele a Daniele a ile a phethahatsoa: “’Me batho ba khosana e ’ngoe e tla tla ba tla timetsa motse le sehalalelo. Qetello ea oona e tla tla ka moroallo, ’me ntoa e tla ba teng esita le ho isa qetellong.” (Daniele 9:26b, AB) “Khosana” ena ea bobeli e ne e le Tite, molaoli oa sesole oa Roma ea ileng a timetsa Jerusalema ka 70 C.E.
Boprofeta bo Neng bo Bululetsoe
35. Ke boprofeta bofe bo eketsehileng bo mabapi le Jesu bo ileng ba phethahala?
35 Ka tsela ena, boprofeta ba Daniele ba libeke tse 70 bo ile ba phethahatsoa ka mokhoa o nepahetseng ka ho hlollang. Ka sebele, boprofeta bo tlalehiloeng ka Mangolong a Seheberu bo phethahalitsoe lekholong la pele la lilemo, ’me bo bong ba bona ke bo neng bo amana le Jesu. Sebaka sa tsoalo ea Jesu, cheseho ea hae bakeng sa ntlo ea Molimo, mosebetsi oa hae oa boboleli, ho ekoa ha hae ka likotoana tsa silevera tse 30, mokhoa oo a neng a tla shoa ka oona, ’nete ea hore liaparo tsa hae li ile tsa aroloa ka lotho—lintlha tsena tsohle li ne li profetiloe ka Mangolong a Seheberu. Ho phethahatsoa ha tsona ho pakile ntle le pelaelo hore Jesu e ne e le Messia, ’me ho ile ha bontša hape hore boprofeta bo ne bo bululetsoe.—Mikea 5:2; Luka 2:1-7; Zakaria 11:12; 12:10; Mattheu 26:15; 27:35; Pesaleme ea 22:18; 34:20; Johanne 19:33-37.
36, 37. Re ithuta eng ’neteng ea hore boprofeta ba Bibele bo ile ba phethahala, ’me tsebo ee e re fa kholiseho efe?
36 Ha e le hantle, boprofeta ba Bibele kaofela bo neng bo lokela ho phethahatsoa bo phethahetse. Lintho li ’nile tsa etsahala hantle feela ka tsela eo Bibele e neng e itse li tla etsahala ka eona. Bona ke bopaki bo matla ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. E tlameha e be ho ne ho e-na le ho hong ho fetang bohlale ba motho feela ho susumelitseng lipolelo tseo tsa boprofeta hore e be tse nepahetseng hakana.
37 Empa ho na le lintho tse ling tse boletsoeng esale pele ka Bibeleng tse sa kang tsa phethahatsoa mehleng eo. Hobane’ng? Hobane li ne li lokela ho phethahatsoa mehleng ea rōna, esita le bokamosong ba rōna. Botšepehi ba boprofeta boo ba boholo-holo bo re kholisa hore lintho tsena tse ling tse boletsoeng esale pele li tla phethahala ntle le phoso. Joalokaha re tla bona khaolong e latelang, ka sebele ho joalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Khaolo ea 4, “‘Testamente ea Khale’ e ka Lumeloa Hakae?” lirapa 16 le 17.
b Phetolelong ena, mantsoe a ka masakaneng a ekelitsoe ke mofetoleli ho hlakisa moelelo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 133]
Boprofeta bohle bo neng bo lokela ho phethahatsoa bo ile ba phethahala. Lintho li ile tsa etsahala hantle feela ka tsela eo Bibele e neng e itse li tla etsahala ka eona
[Setšoantšo se leqepheng la 118]
Baepolli ba lintho tsa khale ba sibollotse hore ho timetsoa ha Jerusalema ke Nebukadnezare e bile ho felletseng
[Setšoantšo se leqepheng la 121]
Foto ea Tyre ea kajeno. Ho batla ho se le mosaletsa feela oa Tyre eo baprofeta ba Iseraele ba neng ba e tseba
[Setšoantšo se leqepheng la 123]
Bahahlauli ba etelang sebaka seo e neng e le Babylona ea boholo-holo ke lipaki tsa ho phethahatsoa ha boprofeta bo neng bo le khahlanong le motse oo
[Litšoantšo tse leqepheng la 126]
Boprofeta ba Daniele ba tlhahlamano ea mebuso ea lefatše bo ile ba phethahatsoa ka mokhoa o nepahetseng hoo bahlahlobisisi ba kajeno ba nahanang hore bo ngotsoe ka mor’a hore bo phethahatsoe
BABYLONA
PERSIA
GREECE
ROMA
BRITHANI
[Setšoantšo se leqepheng la 130]
Daniele o profetile nako e nepahetseng hantle eo Messia a neng a tla hlaha Iseraeleng ka eona