Ugarit—Motse oa Boholo-holo o Neng o Laoloa ke Baale
KA 1928, mohoma oa monna e mong oa sehoai oa Syria o ile oa phethola lejoe le neng le koahetse lebitla le nang le lintho tsa boholo-holo tsa letsopa. O ne a sa nahane hore sena seo a se sibolotseng ke sa bohlokoa. Ha sehlopha sa Fora se epollang lintho tsa khale se utloa ka tšibollo ena e neng e sa lebelloa, selemong se latelang feela se ile sa nka leeto le eang sebakeng seo, se eteletsoe pele ke Claude Schaeffer.
Ka mor’a nako e khutšoanyane, ho ile ha epolloa ntho e ’ngoe e ngotsoeng e ileng ea nolofalletsa sehlopha sena ho tseba le ho bolela lebitso la lithako tse nyibokolotsoeng ke mehoma ea sona. E ne e le Ugarit, “e leng o mong oa metse ea bohlokoa ka ho fetisisa ea Bochabela bo Haufi.” Mongoli Barry Hoberman o ile a ba a re: “Ha ho na tšibollo ea lintho tsa khale, esita le eona ea Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, e bileng le matla a maholo hakana kutloisisong ea rōna ea Bibele.”—The Atlantic Monthly.
Mateanong a Litsela
Ugarit e ne e lutse holim’a lerallana le bitsoang Ras Shamra, Lebōpong la Leoatle la Mediterranean moo hona joale e leng Syria e ka leboea, ’me lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., e ne e le motse o hōlang haholo oo ho oona ho lulang batho ba tsoang libakeng tse ngata. Naha ea eona e ne e akaretsa sebaka sa lik’hilomithara tse 60 ho tloha Thabeng ea Casius ka leboea, ho fihla Tell Sukas ka boroa hape e akaretsa sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ho ea ho tse 50 ho tloha Leoatleng la Mediterranean ka bophirimela, ho ea fihla Phuleng ea Orontes ka bochabela.
Tlelaemete e loketseng ea Ugarit e ne e etsa hore liphoofolo tse ruiloeng li atlehe. Sebaka seo se ne se hlahisa lijo-thollo, oli ea mohloaare, veine le patsi—e neng e hlokahala haholo Mesopotamia le Egepeta. Ho feta moo, ho ba ha motse ona mateanong a libaka tse ka sehloohong tsa khoebo ho ile ha etsa hore e be o mong oa metse ea pele e nang le boema-kepe bo boholo ba machaba. Ugarit, bahoebi ba Aegean, Anatolia, Babylona, Egepeta le libakeng tse ling tsa Bochabela bo Hare ba ne ba reka lintho tsa tšepe, lihlahisoa tsa temo le lintho tse ling tse ngata tse etsoang sebakeng seo.
Ho sa tsotellehe borui ba eona, Ugarit e ne e ntse e le ’muso o busoang ke e meng. Motse ona e ne e le setsi sa sesole se ka leboea ka ho fetisisa sa ’Muso oa Egepeta ho fihlela ha o fetoha karolo ea ’Muso oa Bahethe lekholong la bo14 la lilemo B.C.E. Ugarit e ile ea qobelloa ho ntša sethabathaba le ho fepela ’muso o e busang ka masole. Ha “Batho ba Maoatleng”a ba qala ho futuhela Anatolia (e bohareng ba Turkey) le Syria e ka leboea, masole a Ugarit le sehlopha sa eona sa bahlabani a ile a bitsoa hore a thusetse Bahethe. Phello e bile hore Ugarit ka boeona e ile ea hlōleha ho itoanela ’me ea ripitloa ka ho feletseng hoo e ka bang ka 1200 B.C.E.
Ho Epolla Lintho Tsa Khale
Ha ho timetsoa Ugarit ho ile ha sala tutulu e khōlō e ka bang bophahamo ba limithara tse 20 ’me e ne e akaretsa sebaka sa lihekthere tse fetang 25. Ho epolotsoe karolo e nyenyane haholo ea sebaka sena. Har’a lithako, baepolli ba lintho tsa khale ba sibolotse mesaletsa ea mehaho e meholohali ea matlo a borena a nang le likamore tse ka bang lekholo le mabala a ka bang boholo ba lisekoere mithara tse 10 000. Mehaho ena e ne e e-na le lipompo tsa metsi, matloana a ka tlung le tsamaiso ea likhoerekhoere. Thepa ea ka tlung e ne e manehuoe ka khauta, mahakoe a bohlokoa a ’mala o moputsoa le lenaka la tlou. Ho ile ha fumanoa le lipilara tsa manaka a tlou tse betliloeng ka bokhabane. Serapa se haheletsoeng le letangoana la metsi le khabisitseng li ne li etsa hore ntlo ea borena e be ntle le ho feta.
Motse ona le thota e o potolohileng li ne li tletse litempele tsa Baale le Dagan.b Litora tsena tsa litempele, tseo mohlomong li neng li le bolelele ba limithara tse 20, li ne li e-na le mathule a manyenyane a lebisang ka kamoreng e ka hare e nang le setšoantšo sa molimo. Litepisi li ne li lebisa mathuleng ao morena a neng a tšoarela mekete e fapaneng a le ho ’ona. Masiung ao ho neng ho e-na le lifefo ka ’ona ho ne ho bonesoa mabone liqhooeng tsa litempele e le ho tataisa likepe hore li fihle li sireletsehile boema-kepeng. Ha ho pelaelo hore basesisi ba likepe ba neng ba bolela hore ba sirelelitsoe ke molimo oa sefefo Baal-Hadad ba ne ba phetha likano liankoreng tse 17 tsa majoe tse neng li le ka sehalalelisisong.
Ho Sibolloa Mengolo ea Bohlokoa
Ho ile ha fumanoa matlapa a mangata a letsopa lithakong tsa Ugarit. Ho fumanoe libuka tse buang ka lintho tsa moruo, tsa molao, tsa tšebelisano le linaha lisele le tsa tsamaiso, tse ngotsoeng ka lipuo tse robeli ’me e le ka mengolo e mehlano. Sehlopha sa Schaeffer se ile sa fumana mengolo eo ho tla fihlela ka nako eo e neng e ngotsoe ka puo e sa tsejoeng—e rehiloeng hore ke Seugarit—e nang le mekhoa e 30 ea ho ngola e bitsoang cuneiform, eo e leng alfabeta ea khale ka ho fetisisa e kileng ea sibolloa.
Ntle le hore e be li bua ka lintho tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, litokomane tsa Ugarit li na le lithoko tsa litsebi tse ileng tsa hlakisa mekhoa ea bolumeli ea nakong eo. Ho bonahala bolumeli ba Ugarit bo ne bo tšoana haholo le ba baahelani ba bona ba Bakanana. Ho ea ka Roland de Vaux, libuka tsena “li bontša ka ho nepahala setso sa naha ea Kanana pejana Baiseraele ba e hlōla.”
Bolumeli Motseng oa Baale
Ho buuoa ka melimo le melimotsana e ka holimo ho 200 libukeng tsa Ras Shamra. Molimo o ka sehloohong e ne e le El, ea bitsoang ntate oa melimo le oa batho. ’Me molimo oa sefefo Baal-Hadad e ne e le “mokalli oa maru” le “morena oa lefatše.” El o ne a bontšoa e le monna-moholo ea bohlale, ea litelu li putsoa ea sa tšoaneng le batho. Ka lehlakoreng le leng, Baale ke molimo o matla le o ratang botumo o batlang ho busa melimo le batho.
Ho ka etsahala hore ebe lithoko tse libukeng tse fumanoeng li ne li phetoa meketeng ea bolumeli, joaloka selemong se secha le nakong ea kotulo. Leha ho le joalo, tlhaloso e nepahetseng ha ea hlaka. Thothokisong e ’ngoe e buang ka qhoebeshano ea puso, Baale o hlōla mora oa El oa thatohatsi, e leng molimo oa leoatle Yamm. Mohlomong tlhōlo ena e ile ea etsa hore basesisi ba Ugarit ba tšepe hore Baale o tla ba sireletsa ha ba le leoatleng. Ha Baale a ne a loana le Mot, o ile a hlōloa a ba a theohela lefatšeng la bafu. Sena se ile sa fella ka hore ho be le komello, ’me mesebetsi ea batho ea ema. Mosali oa Baale e bile e le khaitseli ea hae Anat—e leng molimotsana oa lerato le ntoa—o bolaea Mot ’me o tsosa Baale. Baale o bolaea bara ba mosali oa El, Athirat (Asherah), ’me o lula teroneng hape. Empa Mot o khutla ka mor’a lilemo tse supileng.
Ba bang ba hlalosa hore thothokiso ena e bua ka phetoho ea selemo le selemo ea linako tsa selemo eo ho eona lipula tse fanang ka bophelo li nang ’me li felisa mocheso o tlabolang oa lehlabula le ha ho kena nako ea lehoetla. Ba bang ba nahana hore ho lala ha naha ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse supileng ho supa tšabo e neng e le teng ea tlala ea sekoboto le komello. Ho sa tsotellehe hore na ba nepileng ke bafe, ho ne ho nkoa hore ho phahama ha Baale ho tla atlehisa mesebetsi ea batho. Setsebi Peter Craigie se re: “Sepheo sa bolumeli ba Baale e ne e le ho sireletsa bophahamo ba hae; barapeli ba hae ba ne ba lumela hore hafeela a ntse a phahame, lijalo le mohlape tseo e neng e le tsa bohlokoahali bophelong li ne li tla tsoela pele li le teng.”
Ho Sireletsoa Boheteneng
Se bonahalang ka ho hlaka libukeng tse epolotsoeng, ke boitšoaro bo hlephileng ba bolumeli ba Ugarit. The Illustrated Bible Dictionary e re: “Libuka tsena li bontša kamoo borapeli ba melimo ena bo neng bo hlephisa boitšoaro ba batho kateng; e ne e le borapeli ba batho ba ratang ntoa, botekatse bo halalelang le ho khotsofatsa nama ho hlephisang boitšoaro.” De Vaux o re: “Ha motho a bala lithothokiso tsena, o utloisisa hantle manyala ao barapeli ba ’nete ba Yahweh le baprofeta ba baholo ba neng ba a bona borapeling bona.” Molao oo Molimo a neng a o file sechaba sa Baiseraele e ne e le tširelo bolumeling bo joalo ba bohata.
Bonohe, bolepi ba linaleli le boselamose li ne li sebelisoa haholo Ugarit. Ho ne ho sa batloe matšoao a boloi linthong tsa leholimo tse hloliloeng feela empa hape a ne a batloa baneng ba hlahang ba holofetse le likahareng tsa liphoofolo tse hlabuoeng. Rahistori Jacqueline Gachet o re: “Ho ne ho lumeloa hore phoofolo eo ka neano e neng e etsoa sehlabelo e ne e fetoha molimo le hore moea oa molimo o ne o tsoakana le moea oa phoofolo. Ka lebaka leo, ka ho bala matšoao a likahare tsena, ho ne ho le bonolo ho tseba hore na ke meea ea melimo efe e ka fanang ka karabo e monate kapa e mpe ha motho a botsa ka bokamoso kapa hore na a etse eng e tobileng maemong a itseng.” (Le pays d’Ougarit autour de 1200 av.J.C.) Ka ho fapaneng, Baiseraele ba ne ba lokela ho qoba mekhoa e joalo.—Deuteronoma 18:9-14.
Molao oa Moshe o ne o hanela ka ho hlaka ho robala le liphoofolo. (Levitike 18:23) Mokhoa oo o ne o nkoa joang Ugarit? Libukeng tse epolotsoeng, Baale o hoela khomo ea sethole. Moepolli oa lintho tsa khale ea bitsoang Cyrus Gordon, o re: “Haeba ho behoa lebaka la hore Baale o iphetola poho hore a etse sena, ho ke ke ha boleloa se tšoanang ka baprista ba hae ba neng ba etsisa lintho tse neng li etsahala litšōmong tsena tsa Baale.”
Baiseraele ba ne ba fuoe taelo e reng: “Le se ke la iphatsa ’meleng ka lebaka la moea o shoeleng.” (Levitike 19:28) Leha ho le joalo, ha El a utloa ka lefu la Baale, “o ile a itšeha letlalo ka thipa, a itšeha ka lehare; a seha marama a hae le selelu.” Kamoo ho bonahalang kateng mekete ea ho itšeha e ne e tloaelehile har’a barapeli ba Baale.—1 Marena 18:28.
Ho bonahala eka thothokiso e ’ngoe ea Seugarit e bolela hore ho pheha potsanyane ka lebese e ne e le karolo ea litšebeletso tsa kemolo tse neng li tloaelehile bolumeling ba Bakanana. Leha ho le joalo, Molaong oa Moshe Baiseraele ba ne ba fuoe taelo ena: “U se ke ua pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona.”—Exoda 23:19.
Ho Bapisa Libuka Tsa Seugarit le Litemana Tsa Bibele
Pele libuka tsa Seugarit li ile tsa fetoleloa ka thuso ea Seheberu se Bibeleng. Peter Craigie o re: “Ho na le mantsoe a mangata a Seheberu a Bibeleng ao ho sa utloisisoeng moelelo oa ’ona, ’me ka linako tse ling ebile ha a tsejoe; pele ho lekholo la bo20 la lilemo bafetoleli ba ne ba hakanya, ka litsela tse ngata, hore na e ka ’na eaba moelelo ke ofe. Empa ha ho hlaha mantsoe a tšoanang libukeng tsa Seugarit, ho utloisisoa moelelo hamolemonyana.”
Ka mohlala, lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng ho Esaia 3:18 hangata le fetoleloa e le “mabanta a roaloang hloohong.” Motso o tšoanang oa lentsoe lena la Seugarit o bontša hore ho buuoa ka letsatsi le molimotsana oa letsatsi. Kahoo, ho ka ’na ha etsahala hore ebe basali ba Jerusalema bao ho buuoeng ka bona boprofeteng ba Esaia ba ne ba ikhabisitse ka litšoantšo tse nyenyane tsa letsatsi haesita le ka “mekhabiso e bōpehileng joaloka khoeli” ba tlotlisa melimo ea Bakanana.
Ho Liproverbia 26:23 tabeng e ngotsoeng ea Masorete, “molomo o tukang le pelo e mpe” li bapisoa le sejana sa letsopa se koahetsoeng ka “manya a silevera.” Metso ea mantsoe a Seugarit e lumella hore ho etsoe papiso e reng “joaloka lereli le holim’a lengeta.” Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetolela maele ana hantle ha e re: “Molomo o chesehang hammoho le pelo e mpe li joaloka lereli la silevera le koahetsoeng holim’a lengeta.”
Na Libuka Tsa Bibele li Thehiloe ho Tsona?
Litsebi tse ling ha li hlahloba libuka tsa Ras Shamra li nahana hore likarolo tse ling tsa Bibele li kopilitse mokhoa oa ho ngola libukeng tsa lithoko tsa Seugarit. André Caquot, eo e leng setho sa Mokhatlo oa Sefora, o bolela hore “bolumeli ba Baiseraele bo thehiloe setsong sa Bakanana.”
Ha a bua ka Pesaleme ea 29, Mitchell Dahood oa Mokhatlo oa Bibele oa Babishopo Roma o re: “Pesalemeng ena barapeli ba Yahweh ba kopilitse sefela sa khale sa Bakanana sa molimo oa lifefo Baale . . . Hona joale ho ka fumanoa hoo e batlang e le lentsoe le leng le le leng pesalemeng ena le tšoanang le libuka tsa khale tsa Bakanana.” Na qeto e joalo e nepahetse? Ka sebele ha ho joalo!
Litsebi tse sa feteletseng litaba li hlokomela hore ho tšoana ho joalo ho ’nile ha feteletsoa. Ba bang ba nyatsa seo ba reng ke maikutlo a hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke ea Ugarit. Moruti oa thuto ea bolumeli Garry Brantley o re: “Ha ho na buka leha e le ’ngoe ea Seugarit e tšoanang hantle le Pesaleme ea 29. Ho bolela hore Pesaleme ea 29 (kapa taba leha e le efe e ngotsoeng ea Bibele) e kopilitsoe tšōmong ea bohetene ha ho na bopaki bo ho tšehetsang.”
Na taba ea hore e be ho na le ho tšoana ho teng ha mekhabo-puo, ha lithothokiso le ha mekhoa ea ho ngola ke bopaki ba hore ho kopilitsoe? Ha ho joalo, ho tšoana ho joalo ho lokela ho lebelloa. The Encyclopedia of Religion e re: “Lebaka lena la ho tšoana ha mokhoa oa ho ngola le oa ho tšoana ha litaba tse ngotsoeng, e mpa e le ho tšoana ha mekhoa ea bophelo feela: ho sa tsotellehe libaka tse fapaneng tsa Ugarit le Iseraele, e ne e le karolo ea lichaba tse ahisaneng tse sebelisang mantsoe a tšoanang a lithothokiso le a bolumeli.” Ka lebaka leo, Garry Brantley o phetha ka ho re: “Ke ho beha litaba hampe ho tsitlella hore litumelo tsa bohetene ke oona mohloli oa taba e ngotsoeng Bibeleng ka lebaka feela la ho tšoana ha mekhoa ea lipuo.”
Qetellong, re hlokomeleng hore haeba ho tšoana ho teng pakeng tsa libuka tsa Ras Shamra le Bibele, ke ho tšoana ha mokhoa oa ho ngola feela eseng hore li tšoana linthong tsa moea. Moepolli e mong oa lintho tsa khale, e leng Cyrus Gordon o re: “Melao e phahameng ea boitšoaro e ka Bibeleng e ke ke ea fumanoa Ugarit.” Ka sebele, lintho tse tšoanang li fokola haholo ka palo ha li bapisoa le tse ngata tse sa tšoaneng.
Ho ithuta Seugarit ho ka ’na ha tsoela pele ho thusa liithuti tsa Bibele ho utloisisa setso, histori le tikoloho ea bolumeli ea bangoli ba Bibele haesita le sechaba sa Baheberu ka kakaretso. Ho feta moo, ho hlahloba libuka tsa Ras Shamra ho ka boetse ha etsa hore ho utloisisoe bocha Seheberu sa boholo-holo. Leha ho le joalo, ka holimo ho tsohle, lintho tse sibolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale Ugarit li bontša ka ho hlakileng phapang pakeng tsa bolumeli bo hlephileng ba Baale le bolumeli bo hloekileng ba Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Batho ba Maoatleng” ba tsejoa e le basesisi ba likepe ba lihlekehlekeng tsa Mediterranean le libaka tse mabōpong a eona. Mohlomong Bafilista e ne e le ba bang ba bona.—Amose 9:7.
b Le hoja maikutlo a fapana tabeng ena, ba bang ba re tempele ea Dagan ke ea El. Roland de Vaux, eo e leng setsebi sa Lefora le moprofesa Sekolong sa Bibele sa Jerusalema o re ho ka etsahala hore ebe Dagan—eo e leng Dagone ho Baahloli 16:23 le ho 1 Samuele 5:1-5—ke lebitso la El. The Encyclopedia of Religion e bolela hore mohlomong “Dagan o ne a amana ka tsela e itseng le [El] kapa e le karolo ea hae.” Libukeng tsa Ras Shamra, Baale o bitsoa mora oa Dagan, empa ha ho hlake hore na ke “mora” ka kutloisiso efe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
Lintho tse sibolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale Ugarit li re thusitse ho utloisisa Mangolo
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’Muso oa Bahethe lekholong la bo14 la lilemo B.C.E.
LEOATLE LA MEDITERRANEAN
Eufrate
THABA EA CASIUS (JEBEL EL-AGRA)
Ugarit (Ras Shamra)
Tell Sukas
Orontes
SYRIA
EGEPETA
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Statuette of Baal and rhyton in the shape of an animal’s head: Musée du Louvre, Paris; painting of the royal palace: © D. Héron-Hugé pour “Le Monde de la Bible”
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mesaletsa ea monyako oa ntlo ea borena
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Thothokiso ea tšōmong ea Seugarit e ka ’na ea thusa hore ho utloisisoe lebaka la thibelo e neng e entsoe ho Exoda 23:19
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musée du Louvre, Paris
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Seemahale sa Baale
Sejana sa khauta se bontšang ha ho tsongoa
Sekoahelo sa lebokose la lenaka la tlou le tšelang litlolo le bontšang molimotsana oa kemolo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
All pictures: Musée du Louvre, Paris