Lentsoe la Molimo le Tšoarella ka ho sa Feleng
“Ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho ea nakong e sa feleng.”—ESAIA 40:8, NW.
1. (a) Ho boleloa’ng ka “lentsoe la Molimo oa rōna”? (b) Litšepiso tsa batho li fapana joang le lentsoe la Molimo?
BATHO ba sekametse ho beheng tšepo ea bona litšepisong tsa banna le basali ba tummeng. Empa ho sa tsotellehe hore na litšepiso tsena li bonahala li lakatseha hakae ho batho ba labalabelang ntlafatso tseleng ea bona ea bophelo, li tšoana le lipalesa tse ponang ha li bapisoa le lentsoe la Molimo oa rōna. (Pesaleme ea 146:3, 4) Lilemong tse fetileng tse fetang 2700, Jehova Molimo o ile a bululela moprofeta Esaia hore a ngole sena: “Nama eohle ke joang bo botala, ’me mosa oa bona o lerato oohle o joaloka thunthung ea naha. . . . Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna le tla tšoarella, ka ho sa feleng.” (Esaia 40:6, 8, NW) “Lentsoe” leo le tšoarellang ke eng? Ke polelo ea Molimo mabapi le morero oa hae. Kajeno re ngoletsoe “lentsoe” leo ka Bibeleng.—1 Petrose 1:24, 25.
2. Jehova o ile a phethahatsa lentsoe la hae mabapi le Iseraele le Juda tsa boholo-holo ho sa tsotellehe boemo le liketso life?
2 Batho ba phetseng Iseraeleng ea boholo-holo ba ile ba thulana le bonnete ba seo Esaia a se tlalehileng. Ka baprofeta ba hae Jehova o boletse esale pele hore, ka lebaka la ho se tšepahale ho totobetseng ho eena, ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome ke oona oa pele o neng o tla isoa botlamuoeng ebe ho latela ’muso oa Juda oa meloko e ’meli. (Jeremia 20:4; Amose 5:2, 27) Le hoja ba ile ba hlorisa, esita le ho bolaea baprofeta ba Jehova, ba chesa meqolo e neng e fupere molaetsa oa Molimo oa temoso, ’me ba ipiletsa Egepeta bakeng sa thuso ea lebotho la ntoa ho thibela ho phethahala ha oona, lentsoe la Jehova ha lea ka la hlōleha. (Jeremia 36:1, 2, 21-24; 37:5-10; Luka 13:34) Ho feta moo, tšepiso ea Molimo ea ho khutlisetsa masala a Bajuda a bakileng naheng ea ’ona e ile ea phethahala ka ho babatsehang.—Esaia, khaolo ea 35.
3. (a) Esaia o tlalehile litšepiso life tseo re li thahasellang ka ho khetheha? (b) Ke hobane’ng ha u kholisehile hore lintho tsee li tla hle li etsahale?
3 Ka Esaia, Jehova o ile a boela a bolela esale pele ka puso ea ho loka ea Mesia holim’a moloko oa batho, topollo sebeng le lefung le ho fetoloa ha lefatše paradeise. (Esaia 9:6, 7; 11:1-9; 25:6-8; 35:5-7; 65:17-25) Na lintho tsee le tsona li tla etsahala? Ntle ho pelaelo! ‘Molimo a ke ke a bua leshano.’ O ile a etsa hore lentsoe la hae la boprofeta le tlalehoe molemong oa rōna, ’me o tiisitse hore lea bolokoa.—Tite 1:2; Baroma 15:4.
4. Le hoja libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho li sa ka tsa bolokoa, ke joang e leng ’nete hore lentsoe la Molimo lea “phela”?
4 Jehova ha aa ka a boloka libuka tsa pele tse ngotsoeng ka letsoho tseo ho tsona bangoli ba hae ba boholo-holo ba ngotseng boprofeta boo. Empa “lentsoe” la hae, morero oa hae o phatlalalitsoeng, le ipakile e le lentsoe le phelang. Morero oo o tsoela pele o sa thijoe ke letho, ’me ha o ntse o tsoela pele, ho bonahala menahano e tebileng le se susumetsang batho bao bophelo ba bona bo angoang ke oona. (Baheberu 4:12) Ho feta moo, tlaleho ea histori e bontša hore ho bolokoa le ho fetoleloa ha Mangolo a bululetsoeng li finyeletsoe ka tataiso ea bomolimo.
Ha le Talimane le Boiteko ba ho le Thibela
5. (a) Morena oa Syria o ile a etsa boiteko bofe ba ho felisa Mangolo a Seheberu a bululetsoeng? (b) Ke hobane’ng ha a ile a hlōleha?
5 Ka makhetlo a mangata, babusi ba ’nile ba leka ka matla ho felisa mangolo a bululetsoeng. Ka 168 B.C.E., Morena oa Syria Antiochus Epiphanes (ea setšoantšong se leqepheng la 10) o ile a hahela Zeuse aletare ka tempeleng e neng e nehetsoe ho Jehova. O ile a boela a batla ‘libuka tsa Molao,’ a li chesa, ’me a bolela hore mang kapa mang ea nang le Mangolo a joalo o ne a tla bolaoa. Ho sa tsotellehe hore na o chesitse likopi tse kae Jerusalema le Judea, o ne a ke ke a thibela Mangolo ka ho feletseng. Ka nako eo metsana ea Bajuda e ne e qalikane linaheng tse ngata, ’me synagoge ka ’ngoe e ne e e-na le pokello ea eona ea meqolo.—Bapisa le Liketso 13:14, 15.
6. (a) Ho entsoe boiteko bofe bo matla ho felisa Mangolo ao Bakreste ba pele ba neng ba a sebelisa? (b) Phello e bile efe?
6 Ka 303 C.E., Moemphera oa Moroma Diocletian ka ho tšoanang o ile a laela hore libaka tsa Bakreste tsa liboka li heletsoe le hore ‘Mangolo a bona a chesoe.’ Tšenyo e joalo e ile ea tsoela pele ka lilemo tse leshome. Le hoja mahloriso ana a ne a tšosa, Diocletian ha aa ka a atleha ho felisa Bokreste, leha e le hona hore Molimo o ile a lumella baemeli ba moemphera ho felisa likopi tsohle tsa karolo leha e le ’ngoe ea Lentsoe la Hae le bululetsoeng. Empa ka karabelo ea bona kabong ea Lentsoe la Molimo le boboleling ba lona, bahanyetsi ba ile ba bontša se ka lipelong tsa bona. Ba ile ba itsebahatsa e le banna ba foufalitsoeng ke Satane le ba etsang thato ea hae.—Johanne 8:44; 1 Johanne 3:10-12.
7. (a) Ho ile ha etsoa boiteko bofe ho thibela ho hasoa ha tsebo ea Bibele Europe e ka bophirimela? (b) Ho ile ha finyelloa eng ho fetoleleng le ho hatisoeng ha Bibele?
7 Boiteko ba ho thibela ho hasoa ha tsebo ea Bibele bo ile ba boela ba nka libōpeho tse ling. Ha Selatine se se se sa sebelisoe, ha ea ka ea e-ba babusi ba bahetene empa e bile ba ipolelang hore ke Bakreste—Mopapa Gregory VII (1073-85) le Mopapa Innocent III (1198-1216)—bao ka mafolofolo ba ileng ba hanyetsa ho fetoleloa ha Bibele lipuong tse sebelisoang ke batho feela ba tloaelehileng. Ka boiteko ba ho felisa ho se lumellane le taolo ea kereke, Lekhotla la Kereke e K’hatholike la Toulouse, Fora, ka 1229, le ile la laela hore batho feela ba tloaelehileng ba ne ba ke ke ba e-ba le Libibele ka puo e tloaelehileng. Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la sebelisoa hore ka tieo le qobelle taelo ena. Empa, ka mor’a lilemo tse 400 tsa Lekhotla le Otlang Bakhelohi, barati ba Lentsoe la Molimo ba ne ba fetoletse Bibele e feletseng ’me ba ne ba aba likopi tsa eona tse hatisitsoeng ka lipuo tse ka bang 20, ho kopanyelletsa le maleme a mang a eketsehileng, le likarolo tse ling tsa eona tse ka sehloohong ka maleme a mang a 16.
8. Lekholong la bo19 la lilemo, ke’ng se neng se etsahala phetolelong le kabong ea Bibele Russia?
8 E ne e se Kereke ea Roma e K’hatholike feela e ileng ea leka ka matla ho thibela batho feela ba tloaelehileng ho fumana Bibele. Mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, Pavsky, moprofesa oa St. Petersburg Academy of Divinity, o ile a fetolela Kosepele ea Matheu ea Segerike Serussieng. Libuka tse ling tsa Mangolo a Segerike a Bakreste le tsona li ile tsa fetoleloa Serussieng, ’me Pavsky o ile a sebeletsa e le mohlophisi. Tsena li ile tsa ajoa ka ho pharaletseng ho fihlela ka 1826 ha ho sebelisoa maqheka a bolumeli ho phehella moemphera hore Mokhatlo oa Bibele oa Russia o be tlas’a taolo ea “Sinoto e Halalelang” ea Kereke ea Orthodox ea Russia, eo ka nako eo e ileng ea atleha ho thibela mesebetsi ea oona. Hamorao, Pavsky o ile a fetolela Mangolo a Seheberu ho tloha Seheberung ho ea Serussieng. Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, Makarios, moromuoa oa Kereke ea Orthodox, le eena o ile a fetolela Mangolo a Seheberu ho tloha Seheberung ho ea Serussieng. Ka bobeli ba ile ba fuoa kotlo ka lebaka la boiteko ba bona, ’me liphetolelo tsa bona li ile tsa behoa sebakeng sa polokelo ea litlaleho tsa kereke. Kereke e ne e ikemiselitse ho boloka Bibele e le puong ea Seslavone, eo ka nako eo e neng e sa baloe kapa ho utloisisoa ke batho feela ba tloaelehileng. Ke feela ha boiteko ba batho ba ho fumana tsebo ea Bibele bo ne bo ke ke ba hlola bo thibeloa moo “Sinoto e Halalelang” ka 1856, e ileng ea qalisa phetolelo ea eona e lumeletsoeng ke sinoto, e etsa joalo ka lintlha tse tataisang tse neng li qapiloe ka hloko ho tiisa hore lipolelo tse sebelisitsoeng li ne li tla lumellana le maikutlo a kereke. Kahoo, mabapi le ho jala Lentsoe la Molimo, phapang pakeng tsa ponahalo ea ka ntle ea baeta-pele ba bolumeli le seo e hlileng e leng morero oa bona e ne e bonahala ka ho hlakileng, joalokaha ho bontšitsoe ke lipolelo le liketso tsa bona.—2 Bathesalonika 2:3, 4.
Ho Sireletsa Lentsoe Tšilafatsong
9. Bafetoleli ba bang ba Bibele ba ile ba bontša lerato la bona joang bakeng sa Lentsoe la Molimo?
9 Banna bao ka sebele ba neng ba rata Lentsoe la Molimo ba bile ba etsa boiteko bo matla ba hore le fumanoe ke bohle, ba ne ba le har’a ba neng ba fetolela Mangolo le ho a kopitsa. William Tyndale o ile a shoela tumelo (ka 1536) bakeng sa seo a ileng a se etsa hore Bibele e fumanehe ka Senyesemane. Francisco de Enzinas o ile a kenngoa teronkong ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi la K’hatholike (ka mor’a 1544) ka lebaka la ho fetolela le ho hatisa Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sepanishe. Ka ho beha bophelo ba hae kotsing, Robert Morrison (ho tloha ka 1807 ho ea ho 1818) o ile a fetolela Bibele Sechaeneng.
10. Ke mehlala efe e bontšang hore ho ne ho e-na le bafetoleli ba neng ba susumetsoa ke litšusumetso tse ling ntle ho lerato la Lentsoe la Molimo?
10 Leha ho le joalo, ka linako tse ling mabaka a mang ntle ho lerato la Lentsoe la Molimo a ile a susumetsa mosebetsi oa bakopitsi le bafetoleli. Nahana ka mehlala e mene: (1) Basamaria ba ile ba haha tempele Thabeng ea Gerizime hore e hlōlisane le tempele e Jerusalema. Ho tšehetsa seo, ho ile ha fetoloa Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele tsa Basamaria ho Exoda 20:17. Ho ile ha kenyelletsoa taelo ea ho haha aletare ea majoe Thabeng ea Gerizime le ho nyehela mahlabelo ho eona, joalokaha eka ke karolo ea Melao e Leshome. (2) Motho eo e bileng eena oa pele ea ileng a fetolela buka ea Daniele ho Septuagint ea Segerike o ile a tlōla melao phetolelong ea hae. O ile a kenyelletsa lipolelo tseo a neng a nahana hore li ne li tla hlalosa kapa li ntlafatse se neng se le tabeng e ngotsoeng ea Seheberu. O ile a tlosa makolopetso ao a neng a nahana hore babali ba ke ke ba a thabela. Ha a ne a fetolela boprofeta bo mabapi le nako ea ho hlaha ha Mesia, bo fumanoang ho Daniele 9:24-27, o ile a bua bohata mabapi le nako e bontšitsoeng ’me a eketsa, a fetola mantsoe a ba a a tlosa sebakeng se itseng a a beha ho se seng, kamoo ho bonahalang kateng e le ka morero oa ho etsa hore ho bonahale eka boprofeta bo tšehetsa ntoa ea Maccabees. (3) Lekholong la bone la lilemo C.E., tlalehong ea Selatine, ho bonahala hore ’muelli oa thuto ea Boraro-bo-bong ea chesehang ka ho feteletseng o ile a kenyelletsa mantsoe ana, “leholimong, Ntate, Lentsoe le moea o halalelang; ’me bana ba bararo ke ntho e le ’ngoe” joalokaha eka mantsoe ana a ne a qotsitsoe ho 1 Johanne 5:7. Hamorao temana eo e ile ea kenyelletsoa tabeng e ngotsoeng ea Bibele ea Selatine e ngotsoeng ka letsoho. (4) Fora, Louis XIII (1610-43), o ile a lumella Jacques Corbin ho fetolela Bibele Seforeng hore a thibele boiteko ba Maprostanta. A nahanne ka morero oo, Corbin o ile a kenyelletsa liphetoho tse ling tabeng e ngotsoeng, ho akarelletsa le tšupiso e mabapi le “sehlabelo se halalelang sa ’Misa” ho Liketso 13:2.
11. (a) Ke joang Lentsoe la Molimo le ileng la tšoarella ho sa tsotellehe ho hloka botšepehi ha bafetoleli ba bang? (b) Ho na le bopaki bo bokae libukeng tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho bo tiisang seo Bibele e neng e se bua qalong? (Bona lebokose.)
11 Jehova ha aa ka a thibela ho kena-kenana ho joalo le Lentsoe la hae, leha e le hona hore ho ile ha fetola morero oa hae. Ho bile le liphello life? Ho kenyelletsa litšupiso tse mabapi le Thaba ea Gerizime ha hoa ka ha etsa hore bolumeli ba Basamaria e be kofuto ea Molimo ea ho hlohonolofatsa moloko oa batho. Ho e-na le hoo, ho ile ha fana ka bopaki ba hore le hoja bolumeli ba Basamaria bo ne ba ipolela hore bo lumela Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, bo ne bo ke ke ba tšepeloa ho ruta ’nete. (Johanne 4:20-24) Ho khopamisoa ha lipolelo ho Septuagint ha hoa ka ha thibela Mesia ho tla ka nako eo moprofeta Daniele a e boletseng esale pele. Ho feta moo, le hoja Septuagint e ne e sebelisoa lekholong la pele la lilemo, ho hlakile hore Bajuda ba ne ba tloaetse ho utloa ha Mangolo a baloa ka Seheberu lisynagogeng tsa bona. Ka lebaka leo, ‘batho ba ne ba lebeletse’ ha nako ea phethahatso ea boprofeta e atamela. (Luka 3:15) Ha e le mantsoe ana a kenyelelitsoeng ho 1 Johanne 5:7 bakeng sa ho tšehetsa Boraro-bo-bong le a ho Liketso 13:2 bakeng sa ho lokafatsa ’Misa, ha aa ka a fetola ’nete. ’Me ha nako e ntse e feta bolotsana bona bo ile ba pepeseha ka botlalo. Pokello e khōlō ea meqolo ea Bibele ea puo ea pele e fana ka mokhoa oa ho hlahloba ho tšoaneleha ha phetolelo efe kapa efe.
12. (a) Bafetoleli ba bang ba Bibele ba ile ba etsa liphetoho life tse tebileng? (b) Li ne li tebile hakae?
12 Boiteko bo bong ba ho fetola Mangolo bo ne bo ama ho fetang ho fetola lipolelo litemaneng tse seng kae. Boiteko bona e ile ea e-ba tlhaselo ea seo Molimo oa ’nete a leng sona. Mofuta oa liphetoho tsena ka booona le boholo ba tsona o ile oa fana ka bopaki bo hlakileng ba hore li susumelitsoe ke mohloli o matla haholoanyane ho feta motho leha e le ofe kapa mokhatlo oa batho—e, ke tšusumetso e tsoang ho sera se seholo sa Jehova, Satane Diabolose. Ha ba inehela tšusumetsong eo, bafetoleli le bakopitsi—ba bang ka cheseho, ba bang ka monyebe—ba ile ba qala ho tlosa lebitso la Molimo, Jehova, Lentsoeng la hae le bululetsoeng libakeng tse likete tseo le neng le hlaha ho tsona. Nakong ea pele, liphetolelo tse ling tsa ho tloha Seheberung ho ea Segerikeng, Selatineng, Sejeremaneng, Senyesemaneng, Setalianeng le Sedacheng, har’a tse ling, li ile tsa tlosa lebitso la Molimo ka ho feletseng kapa tsa le siea libakeng tse seng kae. Le ile la boela la tlosoa likoping tsa Mangolo a Segerike a Bakreste.
13. Ke hobane’ng ha boiteko bo bongata ba ho fetola Bibele bo sa ka ba fella ka ho hlakoloa ha lebitso la Molimo mehopolong ea batho?
13 Empa, lebitso leo le khanyang ha lea ka la hlakoloa mehopolong ea batho. Liphetolelo tsa Mangolo a Seheberu Sepanisheng, Sepotoketsing, Sejeremaneng, Senyesemaneng, Seforeng le lipuong tse ling tse ngata, ka botšepehi li ne li kentse lebitso la Molimo. Lekholong la bo16 la lilemo, lebitso la Molimo le ile la boela la qala ho hlaha liphetolelong tse sa tšoaneng tsa Seheberu tsa Mangolo a Segerike a Bakreste; lekholong la bo18 la lilemo, ka Sejeremane; lekholong la bo19 la lilemo, ka Secroatia le Senyesemane. Le hoja e ka ’na eaba batho ba leka ho pata lebitso la Molimo, ha “letsatsi la Jehova” le fihla, ka nako eo, joalokaha Molimo a bolela, ‘lichaba li tla tseba hoba ke ’na Jehova.’ Morero oo oa Molimo o phatlalalitsoeng o ke ke oa hlōleha.—2 Petrose 3:10; Ezekiele 38:23; Esaia 11:9; 55:11.
Molaetsa o Fihla Lefatšeng Lohle
14. (a) Lekholong la bo20 la lilemo, Bibele e ne e hatisitsoe ka lipuo tse kae tsa Europe, ’me e le ka phello efe? (b) Qetellong ea 1914, Bibele e ne e fumaneha ka lipuo tse kae tsa Afrika?
14 Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, Bibele e ne e se e ntse e hatisoa ka lipuo tsa Europe tse 94. E ne e hlokomelisa liithuti tsa Bibele tse karolong eo ea lefatše ’nete ea hore liketsahalo tse sisinyang lefatše li ne li tla tla qetellong ea Linako tsa Balichaba ka 1914, ’me, ka sebele li ile tsa fela tsa tla! (Luka 21:24) Pele selemo se ikhethang sa 1914 se fela, Bibele, e feletseng kapa libuka tse ling tsa eona, e ne e hatisitsoe ka lipuo tsa Afrika tse 157, ho ekelletsa Senyesemaneng se sebelisoang ka bophara, Seforeng le Sepotoketsing. Kahoo motheo o ne o raliloe bakeng sa ho ruta linnete tsa Bibele tse lokollang moeeng ho ba ikokobelitseng ba merabe e mengata le ba lichaba tse ngata tse lulang moo.
15. Ha matsatsi a ho qetela a qaleha, Bibele e ne e fumaneha ho isa kae ka lipuo tsa batho ba Linaha tsa Amerika?
15 Ha lefatše le kena matsatsing a ho qetela a boletsoeng esale pele, Bibele e ne e fumaneha hohle Linaheng tsa Amerika. Bajaki ba tlohang Europe ba ne ba tlile le eona ka maleme ’ohle a bona a sa tšoaneng. Lenaneo le atolositsoeng la thuto ea Bibele le ne le tsoela pele, ka lipuo tsa phatlalatsa le kabo e eketsehileng ea lingoliloeng tsa Bibele tse hatisitsoeng ke Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Ho phaella moo, Bibele e ne e se e ntse e hatisoa ke mekhatlo ea Bibele ka lipuo tse ling tse 57 ho khotsofatsa litlhoko tsa baahi bao e leng matsoalloa a Karolo ea Lefatše e ka Bophirimela.
16, 17. (a) Bibele e ne e fumaneha ho isa kae ha nako ea boboleli ba lefatše lohle e fihla? (b) Bibele e ile ea hla ea ipaka joang hore ke buka e tšoarellang le e nang le tšusumetso e khōlō?
16 Ha nako e fihla ea ho boleloa ha litaba tse molemo lefatšeng lohle pele ‘bofelo bo e-tla,’ Bibele e ne e se ncha Asia le lihlekehlekeng tsa Pacific. (Matheu 24:14) E ne e se e ntse e hatisoa ka lipuo tse 232 tsa karolo ka ’ngoe ea lefatše. Tse ling e ne e le Libibele tse feletseng; tse ngata e ne e le liphetolelo tsa Mangolo a Segerike a Bakreste; tse ling e ne e le buka e le ’ngoe ea Mangolo a Halalelang.
17 Ho hlakile hore Bibele e ne e sa tšoarelle feela joaloka buka ea khale e behiloeng pepeneneng polokelong ea lintho tsa khale. Har’a libuka tsohle tse teng, e ne e le eona buka e fetoleloang ka ho fetisisa le e ajoang ka ho fetisisa. Tumellanong le bopaki boo ba kamohelo ea bomolimo, se neng se tlalehiloe ka bukeng eo se ne se etsahala. Lithuto tsa eona le moea o neng o e tšehelitse li ne li boetse li e-na le phello e tšoarellang bophelong ba batho linaheng tse ngata. (1 Petrose 1:24, 25) Empa ho eketsehileng ho ne ho sa ntse ho tla tla—ho hongatanyana.
Na U sa Hopola?
◻ “Lentsoe la Molimo oa rōna” le tšoarellang ka ho sa feleng ke eng?
◻ Ho entsoe boiteko bofe ho thibela Bibele, ’me e le ka liphello life?
◻ Botšepehi ba Bibele bo ile ba sireletsoa joang?
◻ Polelo ea Molimo mabapi le morero oa hae e ipakile e le lentsoe le phelang joang?
[Lebokose le leqepheng la 12]
Na re Hlile re Tseba Seo Bibele e Neng e se Bua Qalong?
Libuka tsa Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho tse ka bang 6000 li tiisa bonnete ba se fuperoeng ke Mangolo a Seheberu. Tse seng kae ho tsona ke tsa morao koana mehleng ea pele ho Bokreste. Bonyane libuka tse 19 tse sa ntseng li le teng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Seheberu a feletseng ke tsa mehleng ea pele ho qaptjoa khatiso ea mechine ea mofuta oa litlhaku tse tsamaisoang ka letsoho. Ho ekelletsa moo, ho tloha nakong eona eo, ho na le liphetolelo tse neng li entsoe ka lipuo tse ling tse 28.
Bakeng sa Mangolo a Segerike a Bakreste, ho ’nile ha thathamisoa libuka tsa Segerike tse ngotsoeng ka letsoho tse ka bang 5000. E ’ngoe ea tsona ke ea pele ho 125 C.E., e leng lilemo tse seng kae feela ka mor’a nako ea ho ngoloa ha eona ka lekhetlo la pele. ’Me ho nahanoa hore likhechana tse ling ke tsa khale haholo. Libukeng tse 22 ho tse 27 tse bululetsoeng, ho na le libuka tse feletseng tse 10 ho ea ho 19 tse ngotsoeng ka letsoho tsa mongolo o bitsoang uncial. Karolong ena ea Bibele, buka ea Tšenolo e na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa mongolo o bitsoang uncial tse fokolang ka ho fetisisa, tse tharo feela. Buka e ’ngoe e ngotsoeng ka letsoho ea Mangolo a Segerike a Bakreste a feletseng ke ea morao koana lekholong la bone la lilemo C.E.
Ha ho lingoliloeng tse ling tsa boholo-holo tse pakoang ke litokomane tsa boholo-holo tse ngata hakana hore ke tsa ’nete.