Khaolo ea Mashome a Mararo
“Tšelisang Batho ba Ka”
1. Tsela e ’ngoe eo Jehova a re tšelisang ka eona ke efe?
JEHOVA ke ‘Molimo ea fanang ka matšeliso.’ Tsela e ’ngoe eo a re tšelisang ka eona ke ka litšepiso tseo a entseng hore li tlalehoe Lentsoeng la hae. (Baroma 15:4, 5) Ka mohlala, ha u tobane le lefu la motho eo u mo ratang, ke eng e ka tšelisang ho feta tebello ea hore motho eo ea ratoang o tla tsoha bafung lefatšeng le lecha la Molimo? (Johanne 5:28, 29) ’Me ho thoe’ng ka tšepiso ea Jehova ea hore haufinyane o tla felisa bokhopo ’me a fetole lefatše lee paradeise? Na hase ho tšelisang ho ba le tebello ea ho pholohela Paradeiseng eo e tlang le ea ho se shoe le ka mohla?—Pesaleme ea 37:9-11, 29; Tšenolo 21:3-5.
2. Ke hobane’ng ha re ka tšepa litšepiso tsa Molimo?
2 Na ka sebele re ka tšepa litšepiso tsa Molimo? Ruri re ka li tšepa! Ea Etsang litšepiso tseo o tšepahala ka ho feletseng. O na le matla le takatso ea ho phethahatsa lentsoe la hae. (Esaia 55:10, 11) Sena se ile sa bonahala ka matla mabapi le polelo eo Jehova a ileng a e bua a sebelisa moprofeta Esaia ea hore o ne a tla tsosolosa borapeli ba ’nete Jerusalema. A re hlahlobeng boprofeta boo, joalokaha bo hlaha ho Esaia khaolo ea 40, kaha ho etsa joalo ho ka matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova, Mophethahatsi oa litšepiso.
Tšepiso e Tšelisang
3, 4. (a) Esaia o tlaleha mantsoe afe a tšelisang ao batho ba Molimo ba tlang ho a hloka hamorao? (b) Ke hobane’ng ha baahi ba Juda le Jerusalema ba tla isoa botlamuoeng Babylona, hona kholeho ea bona e tla nka nako e telele hakae?
3 Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., moprofeta Esaia o tlaleha mantsoe a tšelisang ao batho ba Jehova ba tlang ho a hloka hamorao. Hang ha a qeta ho bolella Morena Ezekiase ka timetso e atamelang ea Jerusalema le ho isoa ha batho ba Juda Babylona, Esaia o bolela mantsoe a Jehova a tšepisang tsosoloso: “‘Tšelisang, tšelisang batho ba ka,’ ho bolela Molimo oa lōna. ‘Buang le pelo ea Jerusalema ’me le e bolelle hore tšebeletso ea eona ea sesole e phethiloe, hore phoso ea eona e lefiloe. Etsoe e amohetse letsohong la Jehova karolo e feletseng bakeng sa libe tsohle tsa eona.’”—Esaia 40:1, 2.
4 Lentsoe le qalang la Esaia khaolo ea 40 le reng, “Tšelisang,” le hlalosa hantle molaetsa oa leseli le tšepo o fuperoeng ke karolo e setseng ea buka ea Esaia. Ka lebaka la bokoenehi ba bona, baahi ba Juda le Jerusalema ba tla isoa botlamuoeng Babylona ka 607 B.C.E. Empa batlamuoa bao ba Bajuda ha ba na ho sebeletsa Bababylona ka ho sa feleng. Che, ba tla ba kholehong feela ho fihlela phoso ea bona “e lefiloe.” Hoo ho tla nka nako e telele hakae? Ho ea ka moprofeta Jeremia, ho tla nka lilemo tse 70. (Jeremia 25:11, 12) Ka mor’a moo, Jehova o tla tataisa masala a bakileng ho tloha Babylona ho khutlela Jerusalema. Ka selemo sa bo70 sa ho etsoa ha Juda lesupi, e tla ba ho tšelisang hakaakang ho batlamuoa ho hlokomela hore nako ea topollo ea bona e tšepisitsoeng e atametse!—Daniele 9:1, 2.
5, 6. (a) Ke hobane’ng ha bolelele ba leeto la ho tloha Babylona ho ea Jerusalema bo ke ke ba sitisa tšepiso ea Molimo ho phethahala? (b) Ho khutlisetsoa ha Bajuda naheng ea habo bona ho tla ba le phello efe ho lichaba tse ling?
5 Leeto la ho tloha Babylona ho ea Jerusalema le nka lik’hilomithara tse 800 ho isa ho tse 1 600, ho itšetlehile ka tsela e sebelisoang. Na bolelele ba leeto bo tla sitisa tšepiso ea Molimo ho phethahala? Le hanyenyane! Esaia oa ngola: “Mamelang! E mong oa hoeletsa lefeelleng: ‘Hlekang tsela ea Jehova! Otlollang tsela e khōlō ea Molimo oa rōna thoteng ea lehoatata. Phula e ’ngoe le e ’ngoe e ke e phahamisoe, ’me thaba e ’ngoe le e ’ngoe le leralla li ke li batalatsoe. Sebaka se litutulu e be naha e motsitsa, le sebaka se matsaranka e be thota. Ka sebele khanya ea Jehova e tla senoloa, ’me nama eohle e tla e bona hammoho, etsoe molomo oa Jehova o boletse hoo.’”—Esaia 40:3-5.
6 Pele ba nka leeto, babusi ba Bochabela ba ne ba atisa ho romela banna ho ea lokisa tsela ka ho tlosa majoe a maholo esita le ho haha marokho le ho batalatsa maralla. Tabeng ea Bajuda ba khutlang, ho tla ba joalokaha eka Molimo ka boeena ke eena ea ka pele-pele, ea tlosang litšitiso leha e le life tseleng. Etsoe, bana ke batho ba lebitso la Jehova, ’me ho phethahatsa tšepiso ea hae ea ho ba khutlisetsa naheng ea habo bona ho tla etsa hore khanya ea hae e bonahale ka pel’a lichaba tsohle. Li rata kapa li sa rate, lichaba tseo li tla qobelloa ho bona hore Jehova ke Mophethahatsi oa litšepiso tsa hae.
7, 8. (a) Mantsoe a Esaia 40:3 a ile a phethahala joang lekholong la pele la lilemo C.E.? (b) Boprofeta ba Esaia bo bile le phethahatso efe e khōloanyane ka 1919?
7 Tsosoloso ea lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. e ne e se eona feela phethahatso ea boprofeta bona. Bo ile ba boela ba phethahala lekholong la pele la lilemo C.E. Johanne Mokolobetsi e ne e le lentsoe la e mong ea ‘hoeletsang lefeelleng,’ phethahatsong ea Esaia 40:3. (Luka 3:1-6) A le tlas’a pululelo, Johanne o ile a bontša hore mantsoe ana a Esaia a sebetsa ho eena. (Johanne 1:19-23) Ho qala ka 29 C.E., Johanne o ile a qala ho lokisetsa Jesu Kreste tsela.a Phatlalatso ea Johanne ea selelekela e ile ea susumelletsa batho ho batla Mesia ea tšepisitsoeng e le hore ba ka mo mamela le ho mo latela. (Luka 1:13-17, 76) A sebelisa Jesu, Jehova o ne a tla tataisetsa ba bakileng tokolohong eo e leng ’Muso oa Molimo feela o ka fanang ka eona—tokoloho bokhobeng ba sebe le lefu. (Johanne 1:29; 8:32) Mantsoe a Esaia a ile a phethahala ka tsela e khōloanyane ha masala a Iseraele ea moea a lopolloa Babylona e Moholo ka 1919 le ha a tsosolosetsoa borapeling ba ’nete.
8 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ba mocheng oa ho rua molemo phethahatsong ea pele ea tšepiso eo—e leng batlamuoa ba Bajuda ba leng Babylona? Na ka sebele ba ka tšepa tšepiso ea Jehova ea hore o tla ba khutlisetsa naheng ea habo bona e ratoang? Ruri ba ka e tšepa! A sebelisa mantsoe le lipapiso tse hlakileng tse nkiloeng bophelong ba letsatsi le letsatsi, Esaia joale o fana ka mabaka a susumetsang a bontšang hore na ke hobane’ng ha ba ka kholiseha ka ho feletseng hore Jehova o tla phethahatsa lentsoe la hae.
Molimo eo Lentsoe la Hae le Tšoarellang ka ho sa Feleng
9, 10. Esaia o bapisa tsela eo ka eona bophelo ba batho bo fetang kapele le kamoo “lentsoe” la Molimo le tšoarellang kateng joang?
9 Ntlha ea pele, lentsoe la Ea tšepisang tsosoloso ke le tšoarellang ka ho sa feleng. Esaia oa ngola: “Mamelang! E mong o re: ‘Hoeletsa!’ Eaba e mong o re: ‘Ke hoeletse ke re’ng?’ ‘Nama eohle ke joang bo botala, ’me mosa oohle oa bona o lerato o joaloka thunthung ea naha. Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne, kahobane moea oa Jehova o fokile holim’a tsona. Ka sebele batho ke joang bo botala. Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’”—Esaia 40:6-8.
10 Baiseraele ba tseba hantle hore joang ha bo tšoarelle ka ho sa feleng. Nakong ea komello, mocheso o matla oa letsatsi o etsa hore joang bo botala bo omelle. Ka litsela tse ling, bophelo ba motho bo tšoana le joang—bo bokhutšoanyane haholo. (Pesaleme ea 103:15, 16; Jakobo 1:10, 11) Esaia o bapisa bophelo ba batho bo fetang kapele le kamoo “lentsoe” la Molimo kapa morero oa hae o boletsoeng le tšoarellang kateng. E, “lentsoe la Molimo oa rōna” le hlola ka ho sa feleng. Ha Molimo a bua, ha ho letho le ka hlakolang mantsoe a hae kapa le ka a sitisang ho phethahala.—Joshua 23:14.
11. Ke hobane’ng ha re ka tšepa hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tseo Lentsoe la hae le ngotsoeng le li tšoereng?
11 Kajeno re ngoletsoe tlhaloso ea morero oa Jehova ka Bibeleng. Bibele e ’nile ea tobana le khanyetso e matla ho theosa le makholo a lilemo, ’me bafetoleli ba sebete le batho ba bang ba ’nile ba beha bophelo ba bona kotsing ho e sireletsa. Empa, boiteko boo ba bo entseng hase lona feela lebaka leo e ntseng e le teng ka lona. Tlotla eohle ea hore ebe e ntse e le teng e lokela ho lebisoa ho Jehova, “Molimo ea phelang le ea lulang a le teng” eo e bileng e leng Mosireletsi oa Lentsoe la hae. (1 Petrose 1:23-25) Nahana ka sena: Kaha Jehova o sirelelitse Lentsoe la hae le ngotsoeng, na re ke ke ra tšepa hore o tla phethahatsa litšepiso tseo le li tšoereng?
Molimo ea Matla ea Hlokomelang Linku Tsa Hae ka Lerato
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha tšepiso ea tsosoloso e le e ka tšeptjoang? (b) Ke litaba life tse molemo bakeng sa batlamuoa ba Bajuda, hona ke hobane’ng ha ba ka ba le kholiseho?
12 Esaia o fana ka lebaka la bobeli leo ka lona tšepiso ea tsosoloso e ka tšeptjoang. Ea etsang tšepiso eo ke Molimo ea matla ea hlokomelang batho ba hae ka lerato. Esaia o tsoela pele: “Nyolohela thabeng e phahameng, uena mosali ea tlisetsang Sione litaba tse molemo. Phahamisa lentsoe la hao ka matla, uena mosali ea tlisetsang Jerusalema litaba tse molemo. Le phahamise. U se ke ua tšoha. E-re ho metse ea Juda: ‘Molimo oa lōna ke enoa.’ Bonang! ’Musi Morena Jehova o tla tla joaloka ea matla [“esita le ka matla,” NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe], ’me letsoho la hae le tla busa bakeng sa hae. Bonang! Moputso oa hae o ho eena, ’me moputso oo a o lefang o ka pel’a hae. O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng. Tse anyesang o tla li tsamaisa ka tlhokomelo.”—Esaia 40:9-11.
13 Mehleng ea Bibele e ne e le tloaelo hore basali ba keteke tlhōlo, ka ho tlerola kapa ho bina litaba tse molemo tsa lintoa tse hlōtsoeng kapa tsa tokoloho e tlang. (1 Samuele 18:6, 7; Pesaleme ea 68:11) Ka boprofeta Esaia o bontša hore ho na le litaba tse molemo bakeng sa batlamuoa ba Bajuda, litaba tse ka phatlalatsoang ka sebete, esita le liqhooeng tsa lithaba—Jehova o tla tataisa batho ba hae ho ba khutlisetsa Jerusalema e ratoang! Ba ka kholiseha, kaha Jehova o tla tla “esita le ka matla.” Ka hona, ha ho letho le ka mo sitisang ho phethahatsa tšepiso ea hae.
14. (a) Ke joang Esaia a tšoantšang tsela e lerato eo ka eona Jehova a tlang ho tataisa batho ba hae? (b) Ke mohlala ofe o bontšang tsela e lerato eo balisa ba hlokomelang linku tsa bona ka eona? (Bona lebokose le leqepheng la 405.)
14 Leha ho le joalo, Molimo enoa ea matla o boetse o mosa. Esaia o hlalosa ka mofuthu kamoo Jehova a tlang ho tataisa batho ba hae kateng ho ba khutlisetsa naheng ea habo bona. Jehova o tšoana le molisa ea lerato ea bokellang likonyana tsa hae hammoho ebe o li beha “sefubeng.” Ka ho totobetseng mona lentsoe “sefubeng” le bolela mameno a karolong e ka holimo ea seaparo. Mona ke hona moo ka linako tse ling balisa ba behang likonyana tse sa tsoa tsoaloa teng tse sitoang ho khema le mohlape. (2 Samuele 12:3) Ha ho pelaelo hore pono e amang maikutlo joalo ea bophelo ba bolisa e tiisetsa batho ba Jehova ba botlamuoeng ka kameho ea hae e lerato ka bona. Ka sebele Molimo ea matla empa a le lerato joalo a ka tšepeloa ho phethahatsa seo a ba tšepisitseng sona!
15. (a) Jehova o tlile neng “esita le ka matla,” hona ‘letsoho le busang bakeng sa hae’ ke mang? (b) Ke litaba life tse molemo tse lokelang ho phatlalatsoa ka sebete?
15 Mantsoe a Esaia a na le moelelo oa boprofeta mehleng ena ea rōna. Ka 1914, Jehova o ile a tla “esita le ka matla” ’me a hloma ’Muso oa hae maholimong. ‘Letsoho le busang bakeng sa hae’ ke Mor’a hae, Jesu Kreste, eo Jehova a mo behileng teroneng ea hae ea leholimo. Ka 1919, Jehova o ile a lopolla bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng bokhobeng ba Babylona e Moholo ’me a qala ho tsosolosa ka ho feletseng borapeli bo hloekileng ba Molimo ea phelang oa ’nete. Tsena ke litaba tse molemo tse lokelang ho phatlalatsoa ka sebete, joalokaha eka li phatlalatsoa liqhooeng tsa lithaba e le hore phatlalatso ena e utloahale ho ea fihla libakeng tse hōle. Joale, a re phahamiseng mantsoe ’me ka sebete re tsebise ba bang hore Jehova Molimo o tsosolositse borapeli ba hae bo hloekileng lefatšeng lena!
16. Jehova o tataisa batho ba hae ka tsela efe kajeno, hona see se beha mohlala ofe?
16 Mantsoe a Esaia 40:10, 11 ke a bohlokoa ka tsela e sebetsang haholoanyane ho rōna kajeno. Ke ho tšelisang ho bona tsela e lerato eo Jehova a tataisang batho ba hae ka eona. Feela joalokaha molisa a utloisisa litlhoko tsa linku ka bonngoe—ho akarelletsa le likonyana tse nyenyane tse sitoang ho tsamaea kapele joaloka tse ling kaofela—Jehova o utloisisa mefokolo ea e mong le e mong oa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ho feta moo, joaloka Molisa ea lerato, Jehova o behela balisa ba Bakreste mohlala. Baholo ba lokela ho tšoara mohlape ka bonolo, ba etsisa kameho e lerato e bontšoang ke Jehova ka boeena. Kamehla ba lokela ho hopola kamoo Jehova a ikutloang kateng ka setho se seng le se seng sa mohlape, ‘oo a o rekileng ka mali a Mora oa hae.’—Liketso 20:28.
Ea Matla ’Ohle, Ea Nang le Bohlale Bohle
17, 18. (a) Ke hobane’ng ha batlamuoa ba Bajuda ba ka kholiseha ka tšepiso ea tsosoloso? (b) Esaia o botsa lipotso life tse susumetsang tšabo?
17 Batlamuoa ba Bajuda ba ka kholiseha ka tšepiso ea tsosoloso kahobane Molimo o matla ’ohle ebile o na le bohlale bohle. Esaia o re: “Ke mang ea lekantseng metsi ka seatla, a lekanya boholo ba maholimo ka boahlamo ba seatla ’me a akarelletsa lerōle la lefatše tekanyong eo, kapa a lekanya lithaba ka kofuto e lekanyang, le maralla ka sekala? Ke mang ea lekantseng boholo ba moea oa Jehova, ’me ke mang eo joaloka moeletsi oa hae a ka mo tsebisang letho? O rerisane hammoho le mang e le hore motho a etse hore a utloisise, kapa ke mang ea mo rutang tsela ea toka, kapa ea mo rutang tsebo, kapa ea mo tsebisang tsela ea kutloisiso ea sebele?”—Esaia 40:12-14.
18 Tsena ke lipotso tse susumetsang tšabo tseo batlamuoa ba Bajuda ba lokelang ho nahanisisa ka tsona. Na batho feela tjee ba ka emisa maqhubu a maoatle a maholo? Ka sebele ba ke ke! Empa, ho Jehova, maoatle a aparetseng lefatše a joaloka lerotholi la metsi seatleng sa hae.b Na batho ba fokolang ba ka lekanya maholimo a maholo, a tletseng linaleli kapa ba lekanya boima ba lithaba tsa lefatše le maralla a lona? Che. Empa, Jehova o lekanya maholimo habonolo feela joalokaha motho a ka lekanya ntho ka boahlamo ba seatla—e leng sebaka se pakeng tsa ntlha ea monoana o motona oa letsoho le ntlha ea monoana o monyenyane oa letsoho ha le fuparolotsoe. Ha e le hantle, Molimo a ka lekanya lithaba le maralla ka sekala. Na esita le batho ba bohlale ka ho fetisisa ba ka eletsa Molimo hore na a etse’ng tlas’a maemo a teng hona joale kapa na ba ka mo bolella hore na a etse’ng nakong e tlang? Ka sebele ba ke ke!
19, 20. Esaia o sebelisa lipapiso life tse hlakileng ho hatisa boholo ba Jehova?
19 Ho thoe’ng ka lichaba tse matla tsa lefatše—na li ka thibela Molimo ho phethahatsa lentsoe la hae la tšepiso? Esaia o araba ka ho hlalosa lichaba ka tsela e latelang: “Bonang! Lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong; ’me li lekantsoe joaloka lerōle sekaleng. Bonang! O phahamisa lihlekehleke joaloka lerōle feela le lesesaane. Esita le Lebanone ha ea lekana bakeng sa ho boloka mollo o tuka, ’me liphoofolo tsa eona tse hlaha ha lia lekana bakeng sa nyehelo ea secheso. Lichaba tsohle li tšoana le ho hong ho sa pheleng ka pel’a hae; o li lekantse joaloka lefeela le ntho eo e seng ea sebele.”—Esaia 40:15-17.
20 Ho Jehova, lichaba tsohle li joaloka lerotholi la metsi le rothang nkhong. Li tšoana feela le lerōle le lutseng sekaleng, le sa etseng phapang ea letho.c Ha re re motho o lokela ho haha aletare e khōlō le ho sebelisa lifate tsohle tse koahetseng lithaba tsa Lebanone e le patsi ea aletare. Joale ha re re o lokela ho etsa mahlabelo ka liphoofolo tsohle tse sollang lithabeng tseo. Esita le sehlabelo se joalo e ne e ke ke ea e-ba se tšoanelehang ho Jehova. Joalokaha eka papiso ena e sebelisitsoeng ho tla fihlela joale ha ea lekana, Esaia o sebelisa mantsoe a bileng a leng matla le ho feta—lichaba tsohle hase “letho” mahlong a Jehova.—Esaia 40:17, New Revised Standard Version.
21, 22. (a) Esaia o totobatsa joang hore ha ho ea ka bapisoang le Jehova? (b) Litlhaloso tsa Esaia tse hlakileng li re lebisa qetong efe? (c) Moprofeta Esaia o tlaleha taba efe e nepahetseng ho ea ka saense? (Bona lebokose le leqepheng la 412.)
21 E le hore a totobatse ka ho tsoelang pele hore ha ho ea ka bapisoang le Jehova, Esaia o tsoela pele ho bontša bothoto ba ba etsang melimo ea litšoantšo ka khauta, silevera, kapa lehong. Ke bothoto bo bokaakang ho nahana hore setšoantšo leha e le sefe se joalo e ne e ka ba se loketseng se emelang “Ea lulang ka holim’a selika-likoe sa lefatše” le ea busang ba ahileng ho sona!—Bala Esaia 40:18-24.
22 Litlhaloso tsena kaofela tse hlakileng li re lebisa qetong e le ’ngoe—ha ho letho le ka sitisang Jehova ea matla ’ohle, ea nang le bohlale bohle le eo ho seng ea ka bapisoang le eena ho phethahatsa tšepiso ea hae. E tlameha ebe mantsoe a Esaia e bile a tšelisang le a matlafatsang hakaakang ho batlamuoa ba Bajuda ba neng ba le Babylona ba neng ba labalabela ho khutlela naheng ea habo bona! Kajeno le rōna re ka kholiseha hore litšepiso tsa Jehova ka bokamoso ba rōna li tla phethahala.
“Ke Mang ea Bōpileng Lintho Tsee?”
23. Ke hobane’ng ha batlamuoa ba Bajuda ba ka tiea moko, hona ke eng seo joale Jehova a se hatisang ka eena?
23 Ho boetse ho na le lebaka le leng leo ka lona batlamuoa ba Bajuda ba ka tieang moko. Ea tšepisang topollo ke ’Mōpi oa lintho tsohle le Mohloli oa matla ’ohle a maholo. E le ho hatisa bokhoni ba hae bo hlollang, Jehova o lebisa tlhokomelo matleng a hae a bonahatsoang ke pōpo: “‘Le ka ntšoantša le mang hoo nka lekanngoang le eena?’ ho bolela Mohalaleli. ‘Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.’”—Esaia 40:25, 26.
24. Ha a ipuella, Jehova o bontša joang hore ha ho na ea lekanang le eena?
24 Mohalaleli oa Iseraele oa ipuella. Ho bontša hore ha ho na ea lekanang le eena, Jehova o lebisa tlhokomelo linaleling tsa leholimo. Jehova o laola linaleli, joaloka molaoli oa sesole ea khonang ho hlophisa mabotho a hae. Haeba a ne a ka li bokella, ‘ha ho le e ’ngoe ea tsona e neng e tla haella.’ Le hoja linaleli li le ngata haholo, o bitsa e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona ka lebitso, ebang ke ka mabitso a tsona ka bonngoe kapa ke ka tsela e itseng e li khethollang. Joaloka masole a mamelang, li lula libakeng tsa tsona ’me li latela tlhophiso e loketseng, kaha Moeta-pele oa tsona o na le ‘bonatla bo boholo’ le “matla a maholo.” Ka hona, batlamuoa ba Bajuda ba na le lebaka la ho ba le kholiseho. ’Mōpi, ea laolang linaleli, o na le matla a ho tšehetsa bahlanka ba hae.
25. Re ka arabela joang memong ea Molimo e tlalehiloeng ho Esaia 40:26, hona e le ka phello efe?
25 Ke mang ho rōna ea ka hanang memo ea Molimo e tlalehiloeng ho Esaia 40:26 e reng: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone”? Litšibollo tsa kajeno tsa litsebi tsa linaleli li bontšitse hore maholimo a tletseng linaleli ke a hlollang ho feta kamoo a neng a bonahala kateng mehleng ea Esaia. Litsebi tsa linaleli tse lekolang maholimo ka libonela-hōle tsa tsona tse matlahali li hakanya hore bokahohle bo bonahalang bo na le lihlopha tsa linaleli tse limilione tse likete tse 125. Ho ea ka likhakanyo tse ling, se seng sa lihlopha tsena—e leng sa Milky Way—se na le linaleli tse fetang limilione tse likete tse 100! Tsebo e joalo e lokela ho susumetsa lipelo tsa rōna hore li be le tlhompho e nang le tšabo bakeng sa ’Mōpi oa rōna le tšepo e feletseng lentsoeng la hae la tšepiso.
26, 27. Maikutlo a batlamuoa ba Babylona a hlalosoa joang, hona ke lintho life tseo e tlamehang ebe baa li tseba?
26 Ka ho tseba hore lilemo tseo batlamuoa ba Bajuda ba tlang ho ba kholehong ka tsona li tla ba nyahamisa, Jehova o bululela Esaia hore a tlalehe mantsoe ana a khothatso esale pele: “Etsoe Uena Jakobo, ke ka lebaka lefe u reng, ’me Uena Iseraele, ke ka lebaka lefe u bolelang ho re, ‘Tsela ea ka e patetsoe Jehova, ’me toka bakeng sa ka ha e lemohuoe ke Molimo oa ka’? Na ha ua tseba kapa ha ua utloa? Jehova, ’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše, ke Molimo ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ha a khathale kapa ho tepella. Kutloisiso ea hae e ke ke ea batlisisoa.”—Esaia 40:27, 28.d
27 Esaia o tlaleha mantsoe a Jehova a hlalosang maikutlo a batlamuoa ba Babylona, lik’hilomithara tse makholo-kholo ho tloha naheng ea habo bona. Ba bang ba nahana hore Molimo oa bona ha a bone kapa ha a tsebe “tsela” ea bona—tsela e thata eo ba phelang ka eona. Ba nahana hore Jehova ha a tsotelle ho hloka toka hoo ba ho utloang. Ba hopotsoa lintho tseo e tlamehang ebe baa li tseba, haeba e se ka phihlelo ea botho, bonyane e tlameha ebe ba li tsebile ka boitsebiso bo ’nileng ba neheletsanoa. Jehova o na le matla ebile o ikemiselitse ho lopolla batho ba hae. Ke Molimo oa ka ho sa feleng le ’Mōpi oa lefatše lohle. Kahoo, o ntse a e-na le matla ao a ileng a a bonahatsa pōpong, ’me a ke ke a hlōloa ke letho hore a finyelle esita le Babylona e matla. Molimo ea joalo a ke ke a khathala ’me a soetsa batho ba hae. Ha baa lokela ho lebella hore ba tla khona ho utloisisa liketso tsa Jehova ka ho feletseng, kaha kutloisiso ea hae—kapa temohisiso, temoho le kelo-hloko ea hae—e ka nģ’ane ho kutloisiso ea bona.
28, 29. (a) Jehova o hopotsa batho ba hae joang hore o tla thusa ba khathetseng? (b) Ho etsoa papiso efe ho bontša kamoo Jehova a matlafatsang bahlanka ba hae kateng?
28 A sebelisa Esaia, Jehova o tsoela pele ho khothatsa batlamuoa ba nyahameng: “O fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla. Bashanyana ba tla khathala ’me ba tepelle, ’me ruri bahlankana ba tla khoptjoa, empa ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla. Ba tla nyoloha ka mapheo a kang a ntsu. Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella; ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.”—Esaia 40:29-31.
29 Ha a bua ka tlhokahalo ea hore ea khathetseng a fuoe matla, e ka ’na eaba Jehova o hopotse leeto le boima leo batlamuoa ba tla lokela ho le nka ha ba khutlela hae. Jehova o hopotsa batho ba hae hore o tsebahala ka ho thusa ba khathetseng ba talimang ho eena bakeng sa ho fumana tšehetso. Esita le batho ba sehlahlo ka ho fetisisa—“bashanyana” le “bahlankana”—ba ka ’na ba tepella le ho khoptjoa ka lebaka la mokhathala. Empa Jehova o tšepisa ho fana ka matla—matla a ho matha le ho tsamaea ntle le ho khathala—ho ba mo tšepang. Ho etsoa papiso ka ntsu, e leng nonyana e matla e khonang ho qeta lihora tse ngata e ntse e fofa ka mokhoa oo e bonahalang e itsamaela bolacha feela, ho bontša kamoo Jehova a matlafatsang bahlanka ba hae kateng.e Ba e-na le tebello e joalo ea tšehetso ea Molimo, batlamuoa ba Bajuda ha ba na lebaka la ho nyahama.
30. Bakreste ba ’nete kajeno ba ka tšelisoa ke litemana tse qetellang tsa Esaia khaolo ea 40 joang?
30 Litemana tsena tse qetellang tsa Esaia khaolo ea 40 li na le mantsoe a tšelisang ho Bakreste ba ’nete ba phelang matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena e khopo ea lintho. Ka lebaka la likhatello le mathata a mangata hakana a ka bakang ho nyahama, ke ho khothatsang ho tseba hore Molimo oa rōna o lemoha mathata ao re a mameletseng le ho hloka toka hoo re ho utloang. Re ka kholiseha hore ’Mōpi oa lintho tsohle, Eo ‘kutloisiso ea hae e ke keng ea lokolisoa,’ o tla lokisa ho hloka toka hohle ka nako ea hae le ka tsela ea hae. (Pesaleme ea 147:5, 6) Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re mamelle ka matla a rōna. Jehova, ea nang le mehloli e sa psheng, a ka fana ka matla—esita le “matla a fetang se tloaelehileng”—ho bahlanka ba hae linakong tsa liteko.—2 Bakorinthe 4:7.
31. Ke tšepiso efe ea leseli eo boprofeta ba Esaia bo e fuparetseng batlamuoa ba Bajuda ba Babylona, hona ke eng seo re ka kholisehang ka sona ka ho feletseng?
31 Nahana ka batlamuoa bao ba Bajuda ba Babylona lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Lik’hilomithara tse makholo-kholo hōle le bona, Jerusalema ea bona e ratoang e setse e le lesupi, tempele ea eona e setse e le lithako. Boprofeta ba Esaia bo ne bo ba fuparetse tšepiso e tšelisang ea leseli le tšepo—Jehova o ne a tla ba khutlisetsa naheng ea habo bona! Ka 537 B.C.E., Jehova o ile a isa batho ba hae naheng ea habo bona, a ipakahatsa e le Mophethahatsi oa litšepiso. Le rōna ka ho tšoanang re ka tšepa Jehova ka ho feletseng. Litšepiso tsa hae tsa ’Muso, tse hlalositsoeng ka bokhabane bo boholo boprofeteng ba Esaia, li tla phethahala. Ka sebele tseo ke litaba tse molemo—ke molaetsa oa leseli molokong oohle oa batho!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Esaia o bolela esale pele ka ho lokisetsa Jehova tsela. (Esaia 40:3) Leha ho le joalo, Likosepele li bontša hore boprofeta bono bo sebetsa ho seo Johanne Mokolobetsi a ileng a se etsa ha a lokisetsa Jesu Kreste tsela. Bangoli ba bululetsoeng ba Mangolo a Segerike a Bakreste ba ile ba bontša hore bo sebetsa joalo hobane Jesu o ne a emela Ntate oa hae ’me o ne a tlile ka lebitso la Ntate oa hae.—Johanne 5:43; 8:29.
b Ho ’nile ha hakanngoa hore “boima ba maoatle bo ka ’na ba etsa lithane tse li-quintillion tse 1,35 (1,35 x 1018), kapa hoo e ka bang karolo ea 1/4400 ea boima bohle ba Lefatše.”—Encarta 97 Encyclopedia.
c The Expositor’s Bible Commentary e re: “Khoebo ea sebakeng sa ’maraka sa Bochabela bo Haufi e ne e sa natse lerotholi le sa reng letho la metsi le nkhong e lekanyang kapa lerōlenyana le sekaleng ha ho bekhoa nama kapa litholoana.”
d Ho Esaia 40:28, poleloana “nakong e sa lekanyetsoang” e bolela “ka ho sa feleng,” kaha Jehova ke “Morena oa bosafeleng.”—1 Timothea 1:17.
e Ntsu e lula e fofela holimo empa e sebelisa matla a seng makae feela. E fofa joalo ka ho sebelisa li-thermal, kapa maqhubu a moea o futhumetseng o nyolohang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 404, 405]
Jehova, Molisa ea Lerato
Esaia o tšoantša Jehova le molisa ea lerato ea behang likonyana tsa hae sefubeng. (Esaia 40:10, 11) Ho hlakile hore Esaia o thehile papiso ena e thobang pelo phihlelong ea sebele ea balisa. Motho e mong oa mehleng ena ea ileng a shebella balisa matsoapong a Thaba ea Hermone Bochabela bo Hare oa tlaleha: “Molisa e mong le e mong o ne a lula a lisitse mohlape oa hae ka hloko e le hore a bone hore na o ea joang. Ha a fumana konyana e sa tsoa tsoaloa o ne a e kenya ka har’a lemeno la . . . seaparo sa hae se seholo, kaha e ne e sa fokola haholo hore e ka sala ’m’a eona morao. Ha li tletse sefubeng, o ne a jara likonyana mahetleng, a li tšoere ka maoto, kapa a li tšela ka mokotleng kapa ka basketeng e belesitsoeng esele ho fihlela likonyana tseo li khona ho sala bo-’m’a tsona morao.” Na hase ho tšelisang ho tseba hore re sebeletsa Molimo ea nang le kameho e mosa joalo ka batho ba hae?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 412]
Sebōpeho sa Lefatše se Joang?
Mehleng ea boholo-holo batho ka kakaretso ba ne ba lumela hore lefatše le bataletse. Leha ho le joalo, mathoasong a lekholo la botšelela la lilemo B.C.E., rafilosofi oa Mogerike Pythagoras o ile a qapa khopolo ea hore e tlameha ebe lefatše le chitja. Leha ho le joalo, lilemo tse makholo a mabeli pele Pythagoras a theha khopolo eo ea hae, moprofeta Esaia o ne a ile a bolela ka ho hlaka le ka kholiseho e hlollang hore: “Ho na le Ea lulang ka holim’a selika-likoe sa lefatše.” (Esaia 40:22) Lentsoe la Seheberu chugh le fetoletsoeng mona e le “selika-likoe” le ka ’na la fetoleloa e le “chitja.” Ka ho thahasellisang, ke ntho e chitja feela e bonahalang e le selika-likoe ka mahlakoreng ’ohle.f Kahoo, nako e telele pele ho mehla ea hae, moprofeta Esaia o ile a tlaleha taba e nepahetseng ho ea ka saense le e se nang makhomeletso a litšōmo tsa boholo-holo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
f Ha re bua ho latela litsebi, lefatše le chitja hape le sephaphathi. Le batla le bataletse lintlheng tsa lona.
[Setšoantšo se leqepheng la 403]
Johanne Mokolobetsi e ne e le lentsoe la ea ‘hoeletsang lefeelleng’