-
“’Na, Jehova Molimo oa Hao, ke U Tšoara ka Letsoho la Hao le Letona”Molula-Qhooa—2012 | January 1
-
-
“’Na, Jehova Molimo oa Hao, ke U Tšoara ka Letsoho la Hao le Letona”
HA BA itokisetsa ho tšela seterata se phetheselang, ntate o re ho moshanyana oa hae, “Tšoara letsoho la ka.” Ha letsohonyana la hae le kopelitsoe ke letsoho le matla la ntate oa hae, moshanyana o ikutloa a sireletsehile a bile a sa tšabe. Na u kile ua lakatsa eka motho ea itseng a ka u tšoara ka letsoho ’me a u tataise ka hloko bophelong bona bo sa tsitsang? Haeba ho joalo u ka tšelisoa ke mantsoe a tlalehiloeng ke Esaia.—Bala Esaia 41:10, 13.
Esaia o ne a lebisitse mantsoe a hae ho Baiseraele. Le hoja Molimo a ne a talima sechaba seo joaloka ‘thepa ea hae e khethehileng,’ se ne se le har’a lira tsa sona. (Exoda 19:5) Na ho ne ho hlokahala hore Baiseraele ba tšohe? Jehova o ile a sebelisa Esaia hore a fetise molaetsa o khothatsang. Ha re ntse re hlahloba mantsoe a molaetsa oo, re lokela ho lula re hopola hore a ntse a sebetsa le ho barapeli ba Molimo kajeno.—Baroma 15:4
-
-
“’Na, Jehova Molimo oa Hao, ke U Tšoara ka Letsoho la Hao le Letona”Molula-Qhooa—2012 | January 1
-
-
Joale, barapeli ba Jehova ba ka lebella’ng ho eena? Oa tšepisa: “Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.” (Temana ea 10) Hape o re: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona.” (Temana ea 13) Ho tla eng ka kelellong ea hao ha u utloa mantsoe ao? Buka e ’ngoe e hlalosa tjena: “Ha litemana tsena tse peli li hlahlojoa hammoho li fana ka setšoantšo se hlakileng sa motsoali le ngoana. [Ntate] ha a eme feela pel’a ngoana ho mo sireletsa, empa o bile o mo tšoara ka letsoho; a ke ke a mo lumella hore a arohane le eena.” Nahana feela—Jehova a ke ke a lumella batho ba hae hore ba arohane le eena, le linakong tseo ho bonahalang ho le thata ka ho fetisisa bophelong ba bona.—Baheberu 13:5, 6.
-