Khaolo 1
Ke Hobane’ng ha Jehova a Lokela ho Ba le Lipaki?
LEFATŠENG ka bophara Lipaki tsa Jehova li tsejoa ka ho qophella ha tsona ho buisana le batho kae kapa kae ka Jehova Molimo le ’Muso oa hae. Li boetse li tsebahala e le batho ba khomarelang litumelo tsa bona ho sa tsotellehe khanyetso ea mefuta eohle, esita le lona lefu.
Buka The Court and the Constitution, ea Archibald Cox (1987), e re: “Bahlaseluoa ba ka sehloohong ba tlhoriso ea bolumeli United States lekholong la mashome a mabeli la lilemo e bile Lipaki tsa Jehova.” Tony Hodges o re: “Lipaki tsa Jehova . . . li ’nile tsa hleka-hlekoa le ho hlorisoa ke mebuso lefatšeng ka bophara. Jeremane ea Bonazi li ’nile tsa bokelloa ’me tsa isoa likampong tsa mahloriso. Ntoeng ea Bobeli ea Lefatše, Mokhatlo [oa Watch Tower] o ile oa thibeloa Australia le Canada. . . . Hona joale [ka bo-1970] Lipaki tsa Jehova lia hleka-hlekoa Afrika.”—Jehovah’s Witnesses in Africa, Khatiso ea 1985.
Ke hobane’ng ha li hlorisoa? Sepheo sa boboleli ke sefe? Na Lipaki tsa Jehova li hlile li romiloe ke Molimo? Hona ke hobane’ng ha Jehova a ne a ka ba le lipaki—le hona ebile e le lipaki tsa batho tse sa phethahalang? Likarabelo tsa lipotso tseo li amana le litseko tse nyeoeng e ka lekhotleng la bokahohleng—e leng nyeoe ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng. Re tlameha ho hlahloba litseko tsena e le hore re tle re utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a e-na le lipaki le hore na ke hobane’ng ha lipaki tsena li ikemiselitse ho mamella esita le eona khanyetso e matla ka ho fetisisa.
Bobusi ba Jehova boa Phephetsoa
Litseko tsena tsa bohlokoa li akarelletsa hore na bobusi, kapa puso e phahameng, ba Jehova Molimo bo na le tokelo. Ke ’Musi oa Bokahohleng ka baka la hore ke eena ’Mōpi, Molimo, le ea Matla ’Ohle. (Gen. 17:1; Ex. 6:3; Tšen. 4:11) Ka hona o na le tokelo ea ho busa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leholimong le e lefatšeng. (1 Likron. 29:12, NW mongolo o botlaaseng ba leqephe) Empa ka mehla o sebelisa bobusi ba hae ka lerato. (Bapisa le Jeremia 9:24.) Ka hona, ke eng seo eena a se batlang ho libōpuoa tsa hae tse bohlale? O batla hore li mo rate ’me li bontše kananelo bakeng sa bobusi ba hae. (Pes. 84:10) Leha ho le joalo, lilemong tse likete tse fetileng tokelo ea bobusi ba Jehova e ile ea phephetsoa. E ile ea phephetsoa joang? Hona ke mang? Buka ea pele ea Bibele, Genese, e hlakisa taba ena.
E tlaleha hore Molimo o ile a bōpa batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, ’me a ba fa lehae le letle la serapa. O ile a boela a ba fa taelo ena: “Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Gen. 2:16, 17) “Sefate sa ho tseba botle le bobe” e ne e le eng, ’me ho ja tholoana ea sona ho ne ho tla bolela eng?
E ne e le sefate sa sebele, empa Molimo o ile oa se sebelisa ka morero oa tšoantšetso. Ka baka la hore o ile oa se bitsa “sefate sa ho tseba botle le bobe” le ka baka la hore o ile oa laela batho ba babeli ba pele hore ba se ke ba ja tholoana tsa sona, ka nepo sefate seo se ne se tšoantšetsa tokelo ea Molimo ea ho etsetsa batho qeto ea hore na ke sefe se ‘setle’ (se khahlisang Molimo) le hore na ke sefe se ‘sebe’ (se sa khahliseng Molimo). Ka hona ho ba teng ha sefate sena ho ile ha leka tlhompho ea motho bakeng sa bobusi ba Molimo. Ka masoabi, batho bao ba babeli ba pele ha baa ka ba mamela Molimo ’me ba ile ba ja tholoana e thibetsoeng. Ba ile ba hlōleha tekong ena e bonolo empa e le e tebileng ea kutlo le kananelo.—Gen. 3:1-6.
Ketso ena e neng e bonahala e le nyenyane e ne e hlile e le bofetoheli khahlanong le bobusi ba Jehova. Joang? Ho utloisisa tsela eo rōna batho re entsoeng ka eona ho tla re thusa ho utloisisa hore na seo Adama le Eva ba ileng ba se etsa se ne se hlile se bolela eng. Ha Jehova a bōpa batho ba babeli ba pele, o ile a ba fa mpho e tsotehang—boikhethelo. Ho tlatselletsa mphong ena, Jehova o ile a ba fa matla a kelello a neng a akarelletsa matla a ho ela lintho hloko, ho nahana le ho ahlola. (Ba-Heb. 5:14, NW) Ba ne ba sa tšoane le liroboto tse sa nahaneng; ebile ba ne ba sa tšoane le liphoofolo, tse etsang lintho li itšetlehile haholo-holo ka tšekamelo ea tlhaho. Leha ho le joalo, tokoloho ea bona e ne e le e lekanyelitsoeng, e le tlas’a puso ea melao ea Molimo. (Bapisa le Jeremia 10:23, 24.) Adama le Eva ba ile ba khetha ho ja tholoana e thibetsoeng. Ka hona ba ile ba sebelisa tokoloho ea bona hampe. Ke eng se ileng sa ba khannela tseleng ee?
Bibele e hlalosa hore sebōpuoa se seng sa Molimo sa moea se ile sa khetha ka boomo ho nka tsela e hanyetsang Molimo le e khahlanong le eena. Sebōpuoa sena, seo hamorao se ileng sa tsejoa e le Satane, se ile sa sebelisa noha ho bua Edene ’me sa khelosa Eva tseleng ea ho ikokobeletsa bobusi ba Molimo, sa ba sa mo sebelisa ho khelosa Adama. (Tšen. 12:9) Ka ho ja tholoana ea sefate, Adama le Eva ba ile ba phahamisetsa kahlolo ea bona ka holimo ho kahlolo ea Molimo, ba bontša hore ba batla ho ikahlolela ka bobona hore na ke sefe se setle le se sebe.—Gen. 3:22.
Ka hona ho ile ha hlahisoa tseko ena, Na Jehova o na le tokelo ea ho busa batho, hona na o sebelisa bobusi ba hae ho ruisa bao a ba busang molemo o moholo ka ho fetisisa? Mantsoe a Noha ho Eva a ile a bontša tseko ena ka ho hlaka: “A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” Maikutlo a neng a fetisoa mona e ne e le hore ka phoso Molimo o ne o thibetse mosali hammoho le monna oa hae ho fumana ntho e ’ngoe e molemo.—Gen. 3:1.
Bofetoheli ba Edene bo ile ba hlahisa tseko e ’ngoe: Na batho ba ka tšepahala ho Molimo ha ba le tlas’a teko? Tseko ena e amanang le ea pele e ile ea hlakisoa lilemo tse makholo a 24 hamorao tabeng ea Jobo ea tšepahalang. Satane, e leng lona ‘lentsoe’ le neng le susumetsa noha ho bua, o ile a phephetsa Jehova pepenene, a re: “Na ke feela ha Jobo a tšaba Molimo na?” Satane o ile a mo nģosa ka hore: “Na ha ua ka ua mo sireletsa, eena le ntlo ea hae, le tsohle tsa hae, ka ’nģa tsohle na? Na ha ua ka ua atlisa mosebetsi oa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ea hae lefatšeng na?” Ka hona Satane o ile a fana ka maikutlo a hore ho loka ha Jobo ho ne ho susumetsoa ke lithahasello tsa botho. O ile a tsoela pele ho mo nģosa: “Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka li ntšetsa bophelo ba hae.” Kaha ‘ho ne ho se motho ea joale ka Jobo lefatšeng,’ joalokaha Jehova a ne a boletse, Satane o ne a hlile a bolela hore o ne a ka etsa hore mohlanka ofe kapa ofe oa Molimo a Mo furalle. (Jobo 1:8-11; 2:4) Ka hona bahlanka ba Molimo kaofela ba ile ba phephetsoa ka tsela e sa tobang mabapi le botšepehi ba bona bo sa sekisetseng le bo sa sisinyeheng bobusing ba Hae.
Hang ha litseko tseo li se li hlahisitsoe, li ne li tlameha ho rarolloa. Ho feta ha nako—hoo joale e ka bang lilemo tse 6 000—le ho hlōleha ho soabisang ha mebuso ea batho li bontša ka ho hlaka hore batho ba hloka bobusi ba Molimo. Empa na baa bo batla? Na ho na le batho ba tla bontša ho amohela bobusi ba Jehova bo lokileng ho tloha botebong ba pelo? E! Jehova o na le lipaki tsa hae! Empa pele re hlahloba bopaki ba tsona, a re ke re hlahlobeng hore na ho ba paki ho akarelletsa eng.
Seo ho ba Paki ho se Bolelang
Mantsoe a puo ea pele a fetoletsoeng e le “paki” a fana ka temohisiso ho se boleloang ke ho ba paki ea Jehova. Ka Mangolong a Seheberu, lereho le fetoletsoeng e le “paki” (ʽedh) le nkiloe ho leetsi (ʽudh) le bolelang “ho khutla” kapa “ho pheta, kapa ho etsa hape.” Mabapi le lereho (ʽedh), Theological Wordbook of the Old Testament e re: “Paki ke motho eo, ka ho pheta, a tiisang bopaki ba hae ka matla. Lentsoe [ʽedh] le tloaelehile puong e sebelisoang ka lekhotleng.” A Comprehensive Etymological Dictionary of the Hebrew Language for Readers of English ea phaella: “Mohlomong moelelo oa mathomo [oa leetsi ʽudh] e ne e le ‘o boletse khafetsa esita le ka matla.’”
Ka Mangolong a Bokreste, mantsoe a Segerike a fetoletsoeng e le “paki” (marʹtys) le “ho paka” (mar·ty·reʹo) a ne a boetse a e-na le moelelo oa litaba tsa molao, le hoja ka mor’a nako a ile a ba le moelelo o pharalletseng haholoanyane. Ho latela Theological Dictionary of the New Testament, “khopolo ea bopaki [e sebelisitsoe] ka kutloisiso ea ho ba paki ea lintlha tse ka tiisoang esita le ka khopolo ea ho ba paki ea linnete, ke hore, ho tsebahatsa le ho lumela litumelo tse tiileng.” Kahoo paki e pheta lintlha tse tiileng tseo eona ka boeona e li tsebang ka ho toba, kapa e bolela lipono kapa linnete tseo e kholisehileng ka tsona.a
Tsela ea botšepehi ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ile ea atolosa moelelo oa “paki” haholoanyane. Ba bangata har’a Bakreste bao ba pele ba ne ba paka tlas’a mahloriso esita leha ba talimane le lefu. (Lik. 22:20; Tšen. 2:13) Ka baka leo, hoo e ka bang lekholong la bobeli la lilemo C.E., lentsoe la Segerike le bolelang paki (marʹtys, leo ho lona ho nkiloeng lentsoe “martyr” [moshoela-tumelo]) le ile la ba le moelelo o neng o sebetsa ho batho ba neng ba ikemiselitse ho “tiisa ho teba ha bopaki ba bona kapa tumelo ea bona ka lefu.” Ha baa ka ba bitsoa lipaki ka baka la ho shoa ha bona; ba ile ba shoa ka baka la hore e ne e le lipaki tse tšepahalang.
Ka hona, lipaki tsa Jehova tsa pele e ne e le bo-mang? Ke bo-mang ba neng ba ikemiselitse ho bolela “khafetsa esita le ka matla”—ka mantsoe le ka tsela eo ba phelang ka eona—hore Jehova ke eena ea nang le tokelo, le ea tšoanelehang ho ba ’Musi? Ke bo-mang ba neng ba ikemiselitse ho boloka botšepehi ho Molimo, esita le ho isa lefung?
Lipaki tsa Pele tsa Jehova
Moapostola Pauluse o re: “Re teetsoe hare ke leru le lekalo [neʹphos, ka Segerike, e bolelang leru le leholo le kopaneng] la lipaki.” (Ba-Heb. 12:1) ‘Leru lena le leholo le kopaneng’ la lipaki le ile la qala ho hlaha nakoana ka mor’a hore ho hlahe bofetoheli khahlanong le bobusi ba Molimo Edene.
Ho Ba-Heberu 11:4, Pauluse o tsebahatsa Abele e le paki ea pele ea Jehova, o re: “Ka tumelo, Abele o hlahisitse pel’a Molimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; ’me ka baka la eona o pakiloe hore o lokile, hobane Molimo o pakile lineo tsa hae; ’me leha a shoele, le joale o sa bua ka eona tumelo eo.” Abele o ile a sebeletsa e le paki ea Jehova ka tsela efe? Karabelo e itšetlehile ka lebaka leo sehlabelo sa Abele se neng se ‘fetisa’ sa Kaine ka lona.
Ka mantsoe a bonolo, Abele o ile a fana ka nyehelo e ntle ka sepheo se setle ’me a e tšehetsa ka mesebetsi e metle. O ile a fana ka sehlabelo sa mali se emelang bophelo ba matsibolo a mohlape oa hae e le mpho eo a e nyehelang—athe Kaine eena o ile a nyehela limela tse se nang bophelo. (Gen. 4:3, 4) Sehlabelo sa Kaine se ne se hloka tšusumetso ea tumelo e ileng ea etsa hore nyehelo ea Abele e be e amohelehang. Ho ne ho hlokahala hore Kaine a fetole borapeli ba hae. Ho e-na le hoo, o ile a bonahatsa boikutlo bo bobe ba pelo ea hae ka ho furalla keletso le temoso ea Molimo le ka ho bolaea Abele ea tšepahalang.—Gen. 4:6-8; 1 Joh. 3:11, 12.
Abele o ile a bontša tumelo eo batsoali ba hae ba neng ba e hloka. Ka tsela ea hae ea botšepehi, o ile a tsebahatsa tumelo ea hae e tiileng ea hore bobusi ba Jehova bo lokile ebile boa tšoaneleha. Nakong ea lilemo tse ka bang lekholo tseo a phetseng ka tsona, Abele o ile a bontša hore motho a ka tšepahala ho Molimo ho isa bohōleng ba ho tiisa bopaki ba hae ka lefu. ’Me mali a Abele a sa ‘bua,’ hobane tlaleho e bululetsoeng ea ho shoela tumelo ha hae e bolokiloe ka Bibeleng bakeng sa meloko e tlang!
Lilemo tse ka bang makholo a mahlano ka mor’a lefu la Abele, Henoke o ile a qala ‘ho tsamaea le Molimo,’ a phehella tsela e lumellanang le litekanyetso tsa Jehova tsa se setle le se sebe. (Gen. 5:24) Nakong eo, ho furalla bobusi ba Molimo ho ne ho bakile ho ata ha mekhoa e bontšang ho se tšabe Molimo har’a batho. Henoke o ne a kholisehile hore ’Musi ea Phahameng o ne a tla nka khato khahlanong le batho ba sa tšabeng Molimo, ’me moea oa Molimo o ile oa mo susumelletsa ho bolela ka timetso ea bona e tlang. (Juda 14, 15) Henoke o ile a lula e le paki e tšepahalang esita le ho isa lefung, hobane Jehova ‘o ile a mo nka,’ kamoo ho bonahalang ka teng o ile a mo phemisa lefu le mabifi matsohong a lira tsa hae. (Ba-Heb. 11:5) Ka hona lebitso la Henoke le ne le ka kenngoa lethathamong le eketsehang la mabitso a ‘leru le leholo la lipaki’ tsa pele ho mehla ea Bokreste.
Moea oa ho se tšabe Molimo o ile oa ’na oa tsoela pele ho kenella litabeng tsa batho. Nakong ea bophelo ba Noe, ea hlahileng lilemo tse ka bang 70 ka mor’a lefu la Henoke, bara ba Molimo ba mangeloi ba ile ba tla lefatšeng, ’me ka ho totobetseng ba ile ba nka sebōpeho se bonahalang sa batho, ’me ba tla phela le basali ba khahlehang joalokaha eka ba ba nyetse. Bana bao ba ileng ba ba hlahisa ba ile ba tsejoa e le Banefilime; e ne e le linatla har’a batho. (Gen. 6:1-4, NW) Phello ea kopano ee eo e seng ea tlhaho ea libōpuoa tsa moea le batho le motsoako oa bana o ileng oa hlaha e ile ea ba efe? Tlaleho e bululetsoeng ea arabela: “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle. Molimo oa talima lefatše, ’me oa bona hoba le bolile, le hoba nama eohle e sentse mokhoa oa eona lefatšeng.” (Gen. 6:5, 12) E ne e le ho soabisang hakaakang hore e be lefatše, leo e leng bonamelo ba maoto a Molimo, le ne “le tletse ho bolaeana.”—Gen. 6:13; Esa. 66:1.
Ka lehlakoreng le leng, ‘Noe e ne e le motho ea lokileng,’ ea “neng a hloka koli har’a ba mehla eo.” (Gen. 6:9, BPN) O ile a bontša ho ikokobelletsa ha hae bobusi ba Molimo ka ho etsa ‘hantle feela kamoo Molimo o mo laetseng ka teng.’ (Gen. 6:22, NW) A sebetsa ka tumelo, o ile “a haha areka ho pholosa ba ntlo ea hae.” (Ba-Heb. 11:7) Empa Noe e ne e se sehahi feela; joaloka “’moleli [kapa lenģosa la seboholi] oa ho loka,” o ile a lemosa ka timetso e tlang. (2 Pet. 2:5) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho paka ha Noe ka sebete, batho ba moloko oo o khopo “ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.”—Matt. 24:37-39.
Ka morao ho mehla ea Noe, Jehova o ile a ’na a ba le lipaki har’a bapatriareka ba ka morao ho mehla ea Moroallo. Abrahama, Isaaka, Jakobo, le Josefa ba boleloa e le karolo ea pele ea leru la lipaki tsa pele ho mehla ea Bokreste. (Ba-Heb. 11:8-22; 12:1) Ba ile ba bontša ho tšehetsa ha bona bobusi ba Jehova, ba etsa seo ka ho boloka botšepehi. (Gen. 18:18, 19) Ka tsela eo ba ile ba tlatsetsa ho halaletseng lebitso la Jehova. Ho fapana le ho batla tšireletseho ’musong o itseng oa lefatše, ‘ba ile ba bolela hore ke basele le baeti lefatšeng,’ ’me ka tumelo ba ne ba “lebeletse motse o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.” (Ba-Heb. 11:10, 13) Ba ile ba amohela Jehova e le ’Musi oa bona, ba theha tšepo ea bona ’Musong oa leholimo o tšepisitsoeng oo e neng e tla ba ponahatso ea bobusi ba hae bo loketseng.
Lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., litloholo tsa Abrahama e ne e le makhoba a hlokang topollo botlamuoeng Egepeta. Ke mothating oo moo Moshe le ngoan’abo Aarone ba ileng ba fetoha batho ba ka sehloohong ‘ntoeng ea melimo.’ Ba ile ba itlhahisa ka pel’a Faro ’me ba fana ka qeto eo Jehova a e entseng: “Lokolla sechaba sa ka.” Empa Faro ea ikhohomosang o ile a thatafatsa pelo ea hae; o ne a sa batle ho lahleheloa ke sechaba se seholo hakaalo sa basebetsi ba fetotsoeng makhoba. O ile a arabela: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae, ’me ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.” (Ex. 5:1, 2) Ka karabelo eo e nyelisang, Faro, eo ho neng ho lumeloa hore eena ka boeena ke molimo o phelang, o ile a hana ho ela hloko Bomolimo ba Jehova.
Kaha ho ne ho se ho hlahisitsoe tseko ea bomolimo, joale Jehova o ile a tsoela pele ho paka hore ke eena Molimo oa ’nete. Ka baprista ba hae ba sebelisang boloi, Faro o ile a mema matla a kopaneng a melimo ea Egepeta e le ho phephetsa matla a Jehova. Empa Jehova o ile a romela likotlo tse leshome, tseo Moshe le Aarone ba ileng ba li phatlalatsa ka bonngoe, ho bontša bobusi ba hae holim’a lihloliloeng le libōpuoa tsa lefatše haesita le hore o phahametse melimo ea Egepeta. (Ex. 9:13-16; 12:12) Ka mor’a kotlo ea leshome, Jehova o ile a ntša Iseraele Egepeta ka “letsoho le matla.”—Ex. 13:9.
Ho ne ho hlokahala sebete le tumelo e matla hore Moshe, ‘ea neng a ikokobelitse ho feta batho bohle,’ a itlhahise ka pel’a Faro, eseng hanngoe feela, empa ka makhetlo a mangata. (Num. 12:3, NW) Leha ho le joalo, ha ho mohla Moshe a kileng a bebofatsa molaetsa oo Jehova a neng a mo laetse hore a o ise ho Faro. Esita le ho tšosoa ka lefu ha hoa ka ha khutsisa bopaki ba hae! (Ex. 10:28, 29; Ba-Heb. 11:27) Moshe e ne e le paki ka kutloisiso e felletseng ea lentsoe leo; o ile a pakela Bomolimo ba Jehova “khafetsa esita le ka matla.”
Ka mor’a hore sechaba se lopolloe Egepeta ka 1513 B.C.E., Moshe o ile a ngola buka ea Genese. Ka hona ho ile ha qaleha mehla e mecha—mehla ea ho ngoloa ha Bibele. Kaha ho bonahala eka Moshe ke eena ea ngotseng buka ea Jobo, o ile a lemoha tseko e teng pakeng tsa Molimo le Satane. Empa ha ho ngoloa ha Bibele ho ntse ho tsoela pele, litseko tse amang bobusi ba Molimo le botšepehi ba motho li ne li tla tlalehoa ka ho hlaka; ka hona bohle ba amehang ba ne ba ka fumana tsebo e felletseng ea litseko tse khōlō tse amehang. Khabareng, ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a rala motheo bakeng sa ho hlahisa sechaba sa lipaki.
Sechaba sa Lipaki
Khoeling ea boraro ka mor’a ho tsoa ha Baiseraele Egepeta, Jehova o ile a ba kenya kamanong e khethehileng ea selekane se pakeng tsa hae le bona, a ba etsa ‘thepa ea hae e khethehileng.’ (Ex. 19:5, 6, NW) Joale o ile a sebetsana le bona joaloka sechaba a sebelisa Moshe, a ba fa puso ea Molimo e thehiloeng selekaneng sa Molao hore e be molao oa motheo oa sechaba sa bona. (Esa. 33:22) E ne e le batho ba Jehova ba khethiloeng, ba neng ba hlophiselitsoe ho ba baemeli ba hae joaloka Morena ’Musi oa bona.
Leha ho le joalo, ka makholo a lilemo a ileng a latela, sechaba seo ha sea ka sa tsoela pele ho ikokobeletsa bobusi ba Jehova ka linako tsohle. Ka mor’a hore Iseraele e ahe Naheng e Tšepisitsoeng, ka linako tse ling e ne e oela borapeling ba melimo ea bademona ea lichaba. Ka baka la ho hlōleha ha bona ho mo utloa joaloka ’Musi ea nang le tokelo, Jehova o ile a ba lumella hore ba haptjoe ke lichaba tse ling, ’me ka tsela eo ho ile ha bonahala eka melimo ea lichaba e matla ho feta Jehova. (Esa. 42:18-25) Empa lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Jehova o ile a phephetsa melimo ea lichaba pepenene e le hore ho felisoe khopolo eo e fosahetseng ’me ho arabeloe potso, Molimo oa ’nete ke mang?
Ka moprofeta Esaia, Jehova o ile a phatlalatsa phephetso: “Ke mang har’a eona [melimo ea lichaba] ea ka bolelang see [ea ka profetang ka mokhoa o nepahetseng]? Kapa na e ka etsa hore re utloe esita le lintho tsa pele [ke hore, lintho esale pele]? A e ke [joaloka melimo] e hlahise lipaki tsa eona, e le hore e ka boleloa e lokile, kapa [batho ba lichaba] a ba ke ba utloe ’me ba re, ‘Ke ’nete!’ ” (Esa. 43:9, NW) E, melimo ea lichaba a e ke e hlahise lipaki tse ka pakang mabapi le boprofeta ba melimo ea tsona ka hore, “Ke ’nete!” Empa ho ne ho se le ea mong oa melimo e joalo ea neng a ka hlahisa lipaki tsa ’nete tse ka pakelang bomolimo ba hae!
Jehova o ile a hlakisetsa Iseraele boikarabelo ba eona mabapi le ho arabela potso, Molimo oa ’nete ke mang? O ile a re: “Ke lōna lipaki tsa ka, . . . le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, hore le tle le tsebisise, ’me le ntumele, ’me le ikutloele hobane ke ’na. Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng ka morao ho ’na. Ke ’na, ke ’na Jehova; ha ho ’moloki e mong, ha e se ’na. Ke ’na ea boletseng pele, ka ntoo pholosa, ka ba tsebisa taba tseo; har’a lōna ho no ho se Molimo o mong; ka baka leo, le lipaki tsa ka, . . . ke ’na Molimo.”—Esa. 43:10-12.
Kahoo batho ba Jehova ba Iseraele e ne e le sechaba sa lipaki. Ba ne ba ka tiisa ka matla hore bobusi ba Jehova ke bo nang le tokelo, bo tšoanelehang. Motheong oa liphihlelo tsa bona tse fetileng, ba ne ba ka bolela ka kholiseho hore Jehova ke Molopolli e Moholo oa batho ba hae ebile ke Molimo oa boprofeta ba ’nete.
Ho Paka ka Messia
Ho sa tsotellehe bopaki bo bongata ba ‘leru leo le leholo le kopaneng’ la lipaki tsa pele ho mehla ea Bokreste, litseko li ne li ntse li e-s’o rarolloe ka ho felletseng ka lehlakoreng la Molimo. Hobane’ng? Hobane ka nako ea Molimo e khethiloeng, ka mor’a hore ho bontšoe ka ho hlaka hore batho ba hloka puso ea Jehova le hore ba ke ke ba busa ka katleho ba le bang, Jehova o tlameha ho liha kahlolo holim’a bohle ba hanang ho hlompha matla a hae a loketseng. Ho phaella moo, litseko tse hlahisitsoeng li fetela ka ’nģane ho lefatše la batho. Kaha lengeloi le leng le ile la bontša bofetoheli Edene, khang ea ho boloka botšepehi bobusing ba Molimo e ile ea fetela ho libōpuoa tsa Molimo tsa leholimo ’me ea li akarelletsa. Kahoo, Jehova o ile a rera hore mora oa hae oa moea a tle lefatšeng, moo Satane a neng a tla ba le monyetla o felletseng oa ho ’meha tekong. Mora eo oa moea o ne a tla fuoa monyetla oa ho arabela ka ho phethahetseng potso e reng, Na ho na le motho leha e le ofe ea tla tšepahala ho Molimo tlas’a teko efe kapa efe eo a ka lekoang ka eona? Ha a se a pakile botšepehi ba hae joalo, mora enoa oa Molimo o ne a tla fuoa matla e le motlosi e moholo oa qoso ho Jehova, ea neng a tla felisa ba khopo ’me a phethe ka botlalo morero oa Molimo oa mathomo mabapi le lefatše.
Empa eo o ne a tla tsejoa joang? Edene, Jehova o ile a tšepisa ho romela “peō” e neng e tla khoba hlooho ea Mohanyetsi ea kang noha ’me e tlose qoso bobusing ba Molimo. (Gen. 3:15) Ka baprofeta ba Baheberu, Jehova o ile a fana ka lintlha tse ngata tse qaqileng mabapi le “peō” ea Messia—boemo boo a neng a tla hlaha har’a bona le mesebetsi ea hae, esita le nako eo a neng a tla hlaha ka eona.—Gen. 12:1-3; 22:15-18, NW; 49:10; 2 Sam. 7:12-16; Esa. 7:14; Dan. 9:24-27; Mik. 5:2.
Bohareng ba lekholo la bohlano la lilemo B.C.E., ha ho ngoloa ha Mangolo a Seheberu ho phethoa, boprofeta bo ne bo se bo tlalehiloe, bo emetse ho fihla ha Messia ho tla bo phethahatsa. Bopaki ba paki ena—eo ha e le hantle e leng paki ea Molimo e khōlō ka ho fetisisa—bo tla tšohloa khaolong e latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ka paka lintlha tse tiileng tsa histori mabapi le Jesu—tse amang bophelo, lefu, le tsoho ea hae—tseo bona ka bobona ba neng ba li tseba ka ho toba. (Lik. 1:21, 22; 10:40, 41) Leha ho le joalo, batho ba ileng ba lumela ho Jesu hamorao ba ne ba ka beha bopaki ka ho bolella ba bang bohlokoa ba bophelo, lefu, le tsoho ea hae.—Lik. 22:15.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Batho ba ka khetha ho rua molemo bobusing ba Jehova. Empa pele ba tlameha ho utloa ka bona
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
Abele e ile ea ba paki ea pele ea Jehova
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Henoke o ile a pakela kahlolo ea Molimo khahlanong le batho ba sa tšabeng Molimo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]
Jehova o ile a hlakisetsa sechaba sohle hore na boikarabelo ba sona e ne e le bofe joaloka lipaki tsa hae
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 18]
“Ke lōna lipaki tsa ka, . . . ke ’na Molimo”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Liketsahalo tse ileng tsa hlaha Edene, li ile tsa hlahisa litseko tsa bohlokoa: Na bobusi ba Jehova bo lokile? Na libōpuoa tsa hae li tla tšepahala ho eena?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Noe e ne e le ’moleli oa ho loka pele Molimo o felisa lefatše ka moroallo
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Moshe le Aarone ba ile ba pakela Faro ka matla ka Bomolimo ba Jehova