Khaolo ea Bone
“Le Lipaki Tsa ka”!
1. Jehova o sebelisa boprofeta joang, hona batho ba hae ba lokela ho arabela joang phethahatsong ea boprofeta?
BOKHONI ba ho bolela bokamoso esale pele ke ntho e ’ngoe e khethollang Molimo oa ’nete ho melimo eohle ea bohata. Empa ha Jehova a profeta, morero oa hae hase feela ho paka Bomolimo ba hae. Joalokaha ho bontšitsoe ho Esaia khaolo ea 43, Jehova o etsa hore boprofeta e be bopaki ba Bomolimo ba hae le ba lerato la hae ho batho ba hae ba selekane. Ka lehlakoreng le leng, batho ba hae ha baa lokela ho lemoha ho phethahala ha boprofeta feela ebe ba itulela ba khutsitse; ba lokela ho paka seo ba se boneng. E, e lokela ho ba lipaki tsa Jehova!
2. (a) Boemo ba Iseraele ba moea ke bofe mehleng ea Esaia? (b) Jehova o bula mahlo a batho ba hae joang?
2 Ka masoabi, mehleng ea Esaia Iseraele e boemong bo soabisang hoo Jehova a nkang batho ba eona e le ba holofetseng moeeng. “Tlisang batho ba foufetseng le hoja mahlo a le teng, le ba sa utloeng litsebeng le hoja ba e-na le litsebe.” (Esaia 43:8) Ke joang batho ba foufetseng le ba sa utloeng litsebeng ka kutloisiso ea moea ba ka sebeletsang Jehova e le lipaki tsa hae tse phelang? Tsela e ’ngoe feela. Ba lokela ho buloa mahlo le ho thibolloa litsebe ka tsela ea mohlolo. ’Me seo ke sona seo Jehova a se etsang! Joang? Pele, Jehova o fana ka taeo e matla—baahi ba ’muso oa Iseraele o ka leboea ba isoa botlamuoeng ka 740 B.C.E., ’me ba ’muso oa Juda, ka 607 B.C.E. Joale, Jehova o nka khato e matla molemong oa batho ba hae ka ho ba lokolla le ho khutlisetsa masala a tsosolositsoeng moeeng le a bakileng naheng ea habo ’ona ka 537 B.C.E. Ha e le hantle, Jehova o kholisehile hore morero oa hae ntlheng ena o ke ke oa sitisoa hoo lilemo tse ka bang 200 esale pele, a buang ka ho lokolloa ha Iseraele joalokaha eka ho se ho etsahetse.
3. Jehova o fa batlamuoa ba nakong e tlang khothatso efe?
3 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi oa hao, Uena Jakobo, le Moetsi oa hao, Uena Iseraele: ‘U se ke ua tšoha, etsoe ke u rekolotse. Ke u bitsitse ka lebitso. U oa ka. Haeba u ka feta metsing, ke tla ba le uena; le linōkeng, li ke ke tsa u hohola. Haeba u ka tsamaea mollong, u ke ke ua tlaboha, kapa hona hore lelakabe le u tlabole. Etsoe ke ’na Jehova Molimo oa hao, Mohalaleli oa Iseraele Mopholosi oa hao.’”—Esaia 43:1-3a.
4. Ke joang Jehova e leng ’Mōpi oa Iseraele, hona o fa batho ba hae tiiso efe ka ho khutlela ha bona naheng ea habo bona?
4 Jehova o thahasella Iseraele ka ho khethehileng kahobane ke sechaba sa hae. Ke pōpo ea hae e phethahatsang selekane sa Abrahama. (Genese 12:1-3) Kahoo, Pesaleme ea 100:3 e re: “Tsebang hore Jehova ke Molimo. Ke eena ea re entseng, eseng rōna. Re batho ba hae le linku tsa lekhulo la hae.” Kaha ke ’Mōpi oa Iseraele le Morekolli oa eona, Jehova o tla khutlisetsa batho ba hae naheng ea habo bona ba sireletsehile. Litšitiso, tse kang metsi, linōka tse jang litlhokoa le mahoatata a chesang, ha li na ho ba sitisa kapa ho ba ntša kotsi, feela joalokaha lintho tse tšoanang li sa ka tsa sitisa bo-ntat’a bona moholo tseleng e eang Naheng e Tšepisitsoeng lilemo tse sekete pejana.
5. (a) Mantsoe a Jehova a tšelisa Iseraele ea moea joang? (b) Metsoalle ea Iseraele ea moea ke bo-mang, hona e ne e tšoantšetsoa ke bo-mang?
5 Mantsoe a Jehova a boetse a tšelisa masala a Iseraele ea moea kajeno, eo litho tsa eona e leng “pōpo e ncha” e tsoetsoeng ka moea. (2 Bakorinthe 5:17) Kaha a eme ka sebete ka pel’a ‘metsi’ a moloko oa batho, a thabetse tšireletso e lerato ea Molimo nakong ea likhohola tsa tšoantšetso. Ha aa ntšoa kotsi ke mollo o tsoang ho lira tsa ’ona empa, ho e-na le hoo, o a hloekisitse. (Zakaria 13:9; Tšenolo 12:15-17) Tlhokomelo ea Jehova e boetse e atolohetse ho “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” bo ikopantseng le sechaba sa Molimo sa moea. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Bana ba ne ba tšoantšetsoa ke “sehlopha se seholo se tsoakaneng” se ileng sa kena Leetong la ho falla Egepeta le Baiseraele hammoho le bao e seng Bajuda ba ileng ba khutla le batlamuoa ba lokolotsoeng Babylona.—Exoda 12:38; Esdrase 2:1, 43, 55, 58.
6. Jehova o iponahatsa joang hore ke Molimo oa toka tabeng ea ha a rekolla (a) Iseraele ea nama? (b) Iseraele ea moea?
6 Jehova o tšepisa ho lopolla batho ba hae Babylona a sebelisa mabotho a Media le a Persia. (Esaia 13:17-19; 21:2, 9; 44:28; Daniele 5:28) Kaha ke Molimo oa toka, Jehova o tla lefa “bahlanka” ba hae ba Medo-Persia thekollo e loketseng bakeng sa Iseraele. “Ke fane ka Egepeta e le thekollo bakeng sa hao, Ethiopia le Seba sebakeng sa hao. Ka lebaka la hore u bile bohlokoa mahlong a ka, u talimiloe u hlompheha, ’me ke u ratile. Ke tla fana ka batho sebakeng sa hao, le lichaba sebakeng sa moea oa hao.” (Esaia 43:3b, 4) Histori e tiisa hore ’Muso oa Persia o ile oa hlōla Egepeta, Ethiopia le Seba e haufi, feela joalokaha Molimo a ne a boletse esale pele. (Liproverbia 21:18) Ka 1919, a sebelisa Jesu Kreste, Jehova ka ho tšoanang o ile a lokolla masala a Iseraele ea moea botlamuoeng. Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa hloke moputso bakeng sa tšebeletso ea hae. E ne e se ’musi oa mohetene. ’Me o ne a lokolla barab’abo ba moea. Ho feta moo, Jehova o ne a se a ntse a mo file ‘lichaba e le lefa la hae le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hae’ ka 1914.—Pesaleme ea 2:8.
7. Jehova o ikutloa joang ka batho ba hae, ba mehleng ea boholo-holo le ba kajeno?
7 Hlokomela kamoo Jehova a bonahatsang maikutlo a hae a bonolo phatlalatsa kateng ka batlamuoa ba rekolotsoeng. O ba bolella hore ke ba “bohlokoa” le ba ‘hlomphehang’ ho eena le hore oa ba ‘rata.’ (Jeremia 31:3) O ikutloa ka tsela e tšoanang—esita le ka tsela e fetang eo—ka bahlanka ba hae ba tšepahalang kajeno. Bakreste ba tlotsitsoeng ha baa tlisoa kamanong le Molimo ka tsoalo, empa ba tlisitsoe ka tšebetso ea moea o halalelang oa Molimo ka mor’a hore ba inehele ho ’Mōpi oa bona. Jehova o ba huletse ho eena le ho Mora oa hae ’me o ngotse melao le melao-motheo ea hae lipelong tsa bona tse amohelang.—Jeremia 31:31-34; Johanne 6:44.
8. Jehova o fa batlamuoa tiisetso efe, hona ba tla ikutloa joang ka ho lopolloa ha bona?
8 Ha a tiisetsa batlamuoa ka ho eketsehileng, Jehova oa phaella: “U se ke ua tšoha, etsoe ke na le uena. Ke tla tlisa peō ea hao e tsoa bochaba-tsatsi, ’me ke tla u phutha bophirima-tsatsi. Ke tla re ho leboea, ‘Fana!’ le ho boroa, ‘U se ke ua thiba. Tlisa bara ba ka ho tsoa hōle, le barali ba ka ho tsoa pheletsong ea lefatše, e mong le e mong ea bitsoang ka lebitso la ka le eo ke mo bōpetseng khanya ea ka, eo ke mo entseng, e, eo ke mo entseng.’” (Esaia 43:5-7) Esita le likarolo tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše li ke ke tsa sirela ho Jehova ha ho fihla nako ea hore a lokolle bara le barali ba hae le hore a ba khutlisetse naheng ea habo bona e ratoang. (Jeremia 30:10, 11) Ha ho pelaelo hore kutloisisong ea bona ho lokolloa hona ho tla etsa hore ketsahalo ea pejana ea ha sechaba se ne se lopolloa Egepeta e bonahale e se letho ha e bapisoa le hona.—Jeremia 16:14, 15.
9. Jehova o amahanya liketso tsa hae tsa topollo le lebitso la hae ka litsela life tse peli?
9 Ka ho hopotsa batho ba hae hore ba bitsoa ka lebitso la hae, Jehova o tiisa tšepiso ea hae ea ho lopolla Iseraele. (Esaia 54:5, 6) Ho feta moo, Jehova o amahanya lebitso la hae le litšepiso tsa hae tsa tokollo. Ka ho etsa joalo, o tiisa hore o tla tlotlisoa ha lentsoe la hae la boprofeta le phethahala. Esita le mohlōli oa Babylona ha a na ho tšoaneloa ke tlhompho e lokelang Molimo a le mong feela ea phelang.
Melimo ea Qosoa
10. Jehova o tekela lichaba le melimo ea tsona phephetso efe?
10 Joale Jehova o etsa hore tšepiso ea hae ea ho lokolla Iseraele e be motheo oa nyeoe ka lekhotleng la bokahohle eo ho eona a qosang melimo ea lichaba. Rea bala: “Lichaba kaofela li ke li bokelloe sebakeng se le seng, ’me lihlopha tsa lichaba li bokelloe. Ke mang har’a [melimo ea] tsona ea ka bolelang sena? Kapa na li ka etsa hore re utloe lintho tsa pele? [Melimo ea tsona e] ke [e] hlahise lipaki tsa [eona], e le hore ho boleloe hore [e] lokile, kapa [e] utloe ’me [e] re, ‘Ke ’nete!’” (Esaia 43:9) Jehova o teka phephetso e tšosang ka pel’a lichaba tsa lefatše. Ha e le hantle, o re: ‘Melimo ea lōna a e ipake hore ke melimo ka ho bolela bokamoso esale pele ka nepo.’ Kaha ke Molimo oa ’nete feela ea ka profetang ka nepo, tlhahlobo ena e tla senola baikhakanyi bohle. (Esaia 48:5) Empa Ea Matla ’Ohle o boetse o kenyelletsa tekanyetso e ’ngoe ea molao: Bohle ba ipolelang hore ke melimo ea ’nete ba lokela ho hlahisa lipaki, tsa lintho tseo ba li boletseng esale pele le tsa ho phethahala ha tsona. Joalokaha ho ka lebelloa, Jehova ha a ipehelle ka thōko tekanyetsong ena ea molao.
11. Jehova o fa mohlanka oa hae thōmo efe, hona Jehova o senola eng ka Bomolimo ba hae?
11 Kaha ha e na matla, melimo ea bohata e sitoa ho hlahisa lipaki. Kahoo, sebaka seo lipaki li emang ho sona se sala se ntse se re na u ne u ’nehile’ng. Empa joale ho fihla nako ea hore Jehova a netefatse Bomolimo ba hae. Ha a talima ka ho batho ba hae, o re: “Le lipaki tsa ka, . . . eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, e le hore le tle le tsebe ’me le be le tumelo ho ’na, le hore le utloisise hore ke ’na Ea tšoanang. Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa, ’me le ka mor’a ka ho ile ha tsoela pele ho se e mong. ’Na—ke ’na Jehova, ’me ha ho na mopholosi ntle ho ’na. Ke boletse ’me ke pholositse ’me ke entse hore ho utluoe, ha ho ne ho se na molimo osele har’a lōna. Kahoo le lipaki tsa ka, . . . ’me ke ’na Molimo. Hape, ka linako tsohle ke ’na Ea tšoanang; ’me ha ho na ea lopollang letsohong la ka. Ke tla sebetsa, ’me ke mang ea ka . . . tlosang [letsoho la ka]?”—Esaia 43:10-13.
12, 13. (a) Ke bopaki bofe bo bongata boo batho ba Jehova ba nang le bona boo ba ka bo hlahisang? (b) Ho tlile joang hore lebitso la Jehova le tsebahale mehleng ea kajeno?
12 Tumellanong le mantsoe a Jehova, ka potlako sebaka seo lipaki li emang ho sona se tlala tsoete! ka lipaki tse thabileng. Bopaki ba tsona bo hlakile ebile bo ke ke ba hanyetsoa. Joaloka Joshua, li paka hore ‘sohle seo Jehova a se boletseng se phethahetse. Ha ho lentsoe leha le le leng le hlōlehileng ho phethahala.’ (Joshua 23:14) Litsebeng tsa batho ba Jehova ho sa ntse ho luma mantsoe a Esaia, Jeremia, Ezekiele le baprofeta ba bang bao, joalokaha eka ke ka ntsoe-leng, ba ileng ba bolela esale pele hore Juda e tla ba botlamuoeng ’me e lopolloe ka mohlolo botlamuoeng. (Jeremia 25:11, 12) Molopolli oa Juda, Cyruse, o ile a boleloa ka lebitso nako e telele le pele a tsoaloa!—Esaia 44:26–45:1.
13 Ha ho nahanoa ka bopaki bona bo phaellaneng, ke mang ea ka latolang hore Jehova ke eena feela Molimo a le mong oa ’nete? Ho fapana le melimo ea bohetene, Jehova ke eena feela ea sa bōptjoang; ke eena feela Molimo oa ’nete.a Ka lebaka leo, batho ba jereng lebitso la Jehova ba na le tokelo e ikhethang le e thabisang ea ho bolela liketso tsa hae tse hlollang melokong e tlang le ho ba bang ba botsang ka eena. (Pesaleme ea 78:5-7) Ka tsela e tšoanang, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li na le tokelo ea ho phatlalatsa lebitso la Jehova lefatšeng lohle. Lilemong tsa bo-1920 Liithuti tsa Bibele li ile tsa hlokomela ka ho eketsehileng ho teba ha se boleloang ke lebitso la Molimo, Jehova. Kahoo, ka la 26 July, 1931, kopanong ea Columbus, Ohio, mopresidente oa Mokhatlo, Joseph F. Rutherford, o ile a hlahisa qeto e nang le sehlooho se reng “Lebitso le Lecha.” Mantsoe a reng, “Re lakatsa ho tsejoa le ho bitsoa ka lebitso leo, e leng, lipaki tsa Jehova,” a ile a thabisa ba neng ba tlile kopanong, ba ileng ba amohela qeto eo ka “E!” e utloahalang. Ho tloha nakong eo, lebitso la Jehova le ’nile la tsebahala lefatšeng ka bophara.—Pesaleme ea 83:18.
14. Jehova o hopotsa Baiseraele eng, hona ke hobane’ng ha khopotso ee e le nakong?
14 Jehova o hlokomela ba jarang lebitso la hae ka tlhompho, o ba talima joaloka “thaka ea leihlo la hae.” O hopotsa Baiseraele sena, o ba bolella kamoo a ileng a ba lopolla kateng Egepeta le ho ba tataisa lefeelleng ba sireletsehile. (Deuteronoma 32:10, 12) Ka nako eo ho ne ho se molimo osele har’a bona, kaha ba ile ba iponela ka mahlo ha melimo eohle ea Egepeta e hlabisoa lihlong. E, melimo eohle ea Egepeta e ile ea sitoa ho sireletsa Egepeta leha e le ho thibela Iseraele ho tsamaea. (Exoda 12:12) Ka ho tšoanang, Babylona e matla, eo sebaka sa motse oa eona se nang le bonyane litempele tse 50 tsa melimo ea bohata, e tla sitoa ho thiba letsoho la Ea Matla ’Ohle ha a lokolla batho ba hae. Ka ho hlakileng, “ha ho na mopholosi” ntle ho Jehova.
Lipere Tsa Ntoa Lia oa, Lichankana Lia Buleha
15. Jehova o profeta eng mabapi le Babylona?
15 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli oa lōna, Mohalaleli oa Iseraele: ‘Molemong oa lōna ke tla romeletsa Babylona ke lihe mekoallo ea lichankana, ’me ke etse hore Bakalde ba bokolle likepeng. Ke ’na Jehova Mohalaleli oa lōna, ’Mōpi oa Iseraele, Morena oa lōna.’ Sena ke seo Jehova a se boletseng, Ea etsang tsela leoatleng le tsela har’a metsi a matla, Ea hlahisang koloi ea ntoa le pere, lebotho la sesole le ba matla ka nako e tšoanang: ‘Ba tla robala. Ba ke ke ba tsoha. Ka sebele ba tla felisoa. Ba tla tima joaloka khoele ea lebone ea folakse.’”—Esaia 43:14-17.
16. Ke’ng e tla oela Babylona, bahoebi ba Bakalde leha e le bafe ba ipolelang hore ke basireletsi ba Babylona?
16 Babylona e tšoana le chankana ho batlamuoa kaha e ba thibela ho khutlela Jerusalema. Empa tšireletso ea Babylona hase tšitiso ho Ea Matla ’Ohle, Eo pejana a ileng a etsa “tsela [Leoatleng le Lefubelu] le tsela har’a metsi a matla”—ao kamoo ho bonahalang kateng e leng a Jordane. (Exoda 14:16; Joshua 3:13) Ka ho tšoanang, mohlanka oa Jehova, Cyruse, o tla etsa hore Eufrate e matla e kokobele, e le hore masole a hae a khone ho kena motseng. Bahoebi ba Bakalde ba sebelisang linōka tsa Babylona—linōkana tseo ho tsona ho sesang likepe tsa khoebo tse likete le liketsoana tse jereng melimo ea Babylona—ba tla bokolla ka mesarelo ha motse-moholo oa bona o matla o oa. Ho tšoana le likoloi tsa Faro Leoatleng le Lefubelu, likoloi tse lebelo tsa Babylona e tla ba tse se nang thuso. Ha li na ho e pholosa. Habonolo feela joalokaha motho a tima khoele ea folakse ea lebone la oli, mohlaseli o tla felisa bophelo ba leha e le bafe ba ipolelang hore ke basireletsi.
Jehova o Etella Batho ba Hae Pele ho ba Isa Hae ba Sireletsehile
17, 18. (a) Jehova o profeta ntho efe ‘e ncha’? (b) Batho ha baa lokela ho hopola lintho tsa pele ka tsela efe, hona hobane’ng?
17 Ha a bapisa liketso tsa hae tsa pejana tsa topollo le seo a leng haufi le ho se etsa, Jehova o re: “Le se ke la hopola lintho tsa pele, ’me le se ke la nahana ka lintho tsa pele. Bonang! Ke etsa ho hong ho hocha. Joale ho tla hlaha. Le tla ho tseba, na ha ho joalo? Ruri, ke tla beha tsela lefeelleng, ke behe linōka lehoatateng. Sebata sa naha se tla ntlotlisa, liphokojoe le limpshe; kahobane ke tla be ke fane ka metsi lefeelleng, linōka lehoatateng, ho etsa hore sechaba sa ka, mokhethoa oa ka, a noe, sechaba seo ke iketselitseng sona, e le hore se phete thoriso ea ka.”—Esaia 43:18-21.
18 Ha Jehova a re, “le se ke la hopola lintho tsa pele,” ha a fane ka maikutlo a hore bahlanka ba hae ba lebale liketso tsa hae tsa nakong e fetileng tsa poloko. Ha e le hantle, tse ngata tsa liketso tsena ke karolo ea histori ea Iseraele e bululetsoeng ke Molimo, ’me Jehova o ile a laela hore ho tsoa Egepeta ho hopoloe selemo le selemo moketeng oa Paseka. (Levitike 23:5; Deuteronoma 16:1-4) Leha ho le joalo, hona joale Jehova o batla hore batho ba hae ba mo tlotlise ka “ho hong ho hocha”—ho hong hoo ba tlang ho iponela hona ho feta ho hoo. Hona ha ho akarelletse feela ho lopolloa ha bona Babylona empa ho boetse ho akarelletsa leeto la mohlolo leo ba le nkang ho leba hae, mohlomong ka tsela ea lehoatateng e batlang e khaoletsa. Naheng eo e omeletseng, Jehova o tla ba etsetsa “tsela” ’me o tla etsa mesebetsi e matla e ba hopotsang seo a ileng a se etsetsa Baiseraele mehleng ea Moshe—ka sebele, o tla fepa ba khutlang lehoatateng ’me a time lenyora la bona ka linōka tsa sebele. Litokisetso tsa Jehova e tla ba tse ngata hoo le libata tsa naha li tlang ho tlotlisa Molimo ’me li khaotse ho hlasela batho.
19. Masala a Iseraele ea moea le metsoalle ea ’ona a tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo’ joang?
19 Ka mokhoa o tšoanang, ka 1919 masala a Iseraele ea moea a ile a lokolloa botlamuoeng ba Babylona, ’me a kena tseleng eo Jehova a neng a a lokiselitse eona, e leng “Tsela ea Khalalelo.” (Esaia 35:8) Ho fapana le Baiseraele, ha aa ka a lokela ho haola lehoatateng le chesang ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, ’me leeto la ’ona ha lea ka la fela ka mor’a likhoeli tse seng kae ha a fihla Jerusalema. Leha ho le joalo, “Tsela ea Khalalelo” e ile ea lebisa masala a Bakreste ba tlotsitsoeng paradeiseng ea moea. Boemong ba bona, a ntse a le ‘Tseleng eo ea Khalalelo,’ kaha a ntse a lokela ho haola tsamaisong ena ea lintho. Hafeela a ntse a le tseleng e khōlō—hafeela a ntse a boloka litekanyetso tsa Molimo tsa bohloeki le khalalelo—a lula a le paradeiseng ea moea. ’Me ke thabo e kaakang ho ’ona ho kopana hammoho le metsoalle ea ’ona ea bongata bo boholo eo “e seng Baiseraele”! Ho fapana le ba itšetlehileng ka tsamaiso ea Satane, masala hammoho le metsoalle ea ’ona a tsoela pele ho thabela mokete o enneng oa moea o etsoang ke Jehova. (Esaia 25:6; 65:13, 14) Ha ba hlokomela tlhohonolofatso ea Jehova ho batho ba hae, batho ba bangata ba kang libatana ba fetotse litsela tsa bona ’me ba tlotlisitse Molimo oa ’nete.—Esaia 11:6-9.
Jehova o Senola Bohloko Boo a bo Utloang
20. Iseraele ea mehleng ea Esaia e sitetsoe Jehova joang?
20 Mehleng ea boholo-holo masala a tsosolositsoeng a Iseraele ke sechaba se fetohileng ha se bapisoa le moloko o khopo oa mehleng ea Esaia. Ha a bua ka moloko oo oa mehleng ea Esaia, Jehova o re: “Ha ua mpitsa, Uena Jakobo, kahobane u khathetse ke ’na, Uena Iseraele. Ha ua ntlisetsa linku tsa linyehelo tsa hao tse feletseng tsa secheso, ’me ha ua ntlotlisa ka mahlabelo a hao. Ha kea u qobella hore u ntšebeletse ka mpho, kapa ka u khathatsa ka libano tse tšoeu. Ha ua nthekela lehlaka le monate ka chelete; ’me ha ua nkhotsofatsa ka mafura a mahlabelo a hao. Ha e le hantle u nqobeletse hore ke sebeletse ka lebaka la libe tsa hao; u nkhathalitse ka liphoso tsa hao.”—Esaia 43:22-24.
21, 22. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore litlhokahalo tsa Jehova ha li boima? (b) Ha e le hantle, sechaba se etsa hore Jehova a se sebeletse joang?
21 Ka ho re, “Ha kea u qobella hore u ntšebeletse ka mpho, kapa ka u khathatsa ka libano tse tšoeu,” Jehova ha a fane ka maikutlo a hore sehlabelo le libano tse tšoeu (e leng karolo ea libano tse halalelang) ha li hlokahale. Ha e le hantle, lintho tsena ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete tlas’a selekane sa Molao. Hoa tšoana le ka “lehlaka,” e leng karolo ea motsoako o nkhang hamonate, o nang le lephoka le ratehang oa oli e halalelang e tlotsang. Baiseraele ba ’nile ba hlokomoloha ho sebelisa lintho tsena tšebeletsong ea tempele. Empa na litlhokahalo tse joalo li boima? Le hanyenyane! Litlhokahalo tsa Jehova li bobebe ha li bapisoa le tsa melimo ea bohata. Ka mohlala, molimo oa bohata Moloke o ne a hloka hore ho etsoe mahlabelo a bana—e leng ntho eo ho seng mohla Jehova a kileng a e batla!—Deuteronoma 30:11; Mikea 6:3, 4, 8.
22 Hoja feela Baiseraele ba ne ba e-na le temoho moeeng, ho ne ho se mohla ba tla ‘khathala ke Jehova.’ Ka ho talima Molaong oa hae, ba ne ba tla bona lerato la hae le tebileng ho bona ’me ka thabo ba mo fe “mafura,” e leng karolo e ntle ka ho fetisisa ea mahlabelo a bona. Ho e-na le hoo, ba ipolokela mafura ao ka meharo. (Levitike 3:9-11, 16) Sechaba sena se khopo se imetsa Jehova hakaakang ka libe tsa sona tse boima—ha e le hantle, se etsa hore a se sebeletse!—Nehemia 9:28-30.
Taeo e Beha Litholoana
23. (a) Ke hobane’ng ha taeo ea Jehova e loketse? (b) Ho ameha eng ha Molimo a laea Iseraele?
23 Le hoja, taeo ea Jehova e le matla, ’me e le ka ho loketseng, e hlahisa liphello tse lakatsehang, e etsa hore mohau o khone ho ba teng. “’Na—ke ’na Ea hlakolang litlōlo tsa hao molemong oa ka, ’me nke ke ka hopola libe tsa hao. Nkhopotse; a re kene kahlolong hammoho; bolela tlaleho ea hao e le hore u ka nepa. Ntat’ao oa pele, o entse sebe, ’me babuelli [“bahlalosi,” NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe] ba hao ba ntšitetsoe. Kahoo ke tla silafatsa likhosana tsa sebaka se halalelang, ’me ke tla nehelana ka Jakobo hore e be motho ea nehetsoeng timetso le Iseraele ke nehelane ka eona hore e be mantsoe a nyefolo.” (Esaia 43:25-28) Joaloka lichaba tsohle tsa lefatše, Iseraele e tsoa lelokong la Adama, “oa pele.” Kahoo, ha ho Moiseraele ea ka ipakang a “nepa.” Esita le “babuelli” ba Iseraele—mesuoe ea eona, kapa bahlalosi ba eona ba Molao—ba sitetsoe Jehova ’me ba rutile lithuto tsa bohata. Ka hona, Jehova o tla nehela sechaba sohle “timetso” le “mantsoe a nyefolo.” Hape o tla silafatsa bohle ba sebeletsang ‘sebakeng sa hae se halalelang,’ kapa sehalalelong.
24. Jehova o tla tšoarela batho ba hae ka lebaka lefe la motheo—mehleng ea boholo-holo le kajeno—hona o ikutloa joang ka bona?
24 Leha ho le joalo, hlokomela hore mohau oa Molimo o hlahisoang ke seo ha o na ho tlisoa feela ke pako ea Iseraele; o tla ba teng ka lebaka la Jehova. E, lebitso la hae lea ameha. Ha a ne a ka tlohella Iseraele botlamuoeng ka ho sa feleng, lebitso la hae le ne le tla rohakoa ke ba shebeletseng. (Pesaleme ea 79:9; Ezekiele 20:8-10) Ka ho tšoanang le kajeno, ho bolokeha ha batho ho latela ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho tlosoa ha qoso bobusing ba hae. Leha ho le joalo, Jehova o rata ba amohelang taeo ea hae ba sa khanane le ba mo rapelang ka moea le ka ’nete. O ba bontša lerato la hae—ebang ke batlotsuoa kapa ke linku tse ling—ka ho hlakola litlōlo tsa bona motheong oa sehlabelo sa Jesu Kreste.—Johanne 3:16; 4:23, 24.
25. Jehova o tla etsa lintho life tse susumetsang tšabo haufinyane, hona re ka bontša kananelo ea rōna joang hona joale?
25 Ho feta moo, haufinyane Jehova o tla bonahatsa lerato la hae ho bongata bo boholo ba barapeli ba hae ba tšepahalang ha a etsa ho hong ho hocha molemong oa bona ka ho bo pholosa “matšoenyehong a maholo” ho bo kenya ‘lefatšeng le lecha’ le hloekisitsoeng. (Tšenolo 7:14; 2 Petrose 3:13) Bo tla bona ponahatso e hlollang ka ho fetisisa ea matla a Jehova eo batho ba kileng ba e bona. Tebello e tiileng ea ketsahalo eo e thabisa masala a tlotsitsoeng le bohle ba tlang ho etsa bongata bo boholo ’me e ba susumelletsa hore ba phele letsatsi ka leng tumellanong le taelo eo e phahameng: “Le lipaki tsa ka”!—Esaia 43:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litšōmong tsa lichaba, melimo e mengata ea “tsoaloa” ebile e ba le “bana.”
[Setšoantšo se leqepheng la 48, 49]
Jehova o tla tšehetsa Bajuda ha ba leba hae Jerusalema
[Litšoantšo tse leqepheng la 52]
Jehova o phephetsa lichaba hore li hlahise lipaki tsa melimo ea tsona
1. Seemahale sa boronse sa Baale 2. Liemahale tsa letsopa tsa Ashtorethe 3. Boraro-bo-bong ba Egepeta, e leng Horus, Osiris le Isis 4. Melimo ea Bagerike Athena (ka ho le letšehali) le Aphrodite
[Litšoantšo tse leqepheng la 58]
“Le lipaki tsa ka.”—Esaia 43:10