Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 17. Phatlalatsong ea pele ea bomalimabe ea Esaia, ke boitšoaro bofe bo khopo bo nyatsoang?

      17 Temaneng ea 8, Esaia ha a sa qotsa mantsoe a Jehova. Ha a nyatsa o mong oa “morara oa naha” o hlahisitsoeng ke Juda, eena ka seqo o ntša phatlalatso ea pele liphatlalatsong tse tšeletseng tsa bomalimabe: “Ho malimabe ba kopanyang matlo, le ba eketsang masimo ho fihlela ho se ho se na sebaka se eketsehileng ’me le lulisitsoe le le bang har’a naha! Moo ke ntseng ke utloa Jehova oa mabotho [o hlapantse hore] matlo a mangata, le hoja a le maholo a bile a le matle, a tla makalloa, a hloke moahi. Etsoe esita le liakere tse leshome tsa serapa sa morara li tla hlahisa tekanyo e le ’ngoe feela ea bate, esita le tekanyo ea homere ea peō e tla hlahisa tekanyo ea efa feela.”—Esaia 5:8-10.

  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 19 Jehova o tšepisa ho amoha bana ba meharo leruo la bona kaofela leo ba le fumaneng ka bolotsana. Matlo ao ba inkelang ’ona ka likhoka a tla ‘hloka baahi.’ Masimo ao ba a lakatsang a tla hlahisa karolo e nyenyane feela ea seo a ka khonang ho se hlahisa. Ha hoa boleloa hore na ha e le hantle thohako ena e tla phethahala joang le hore na neng. Ho ka etsahala hore ebe ka lehlakoreng le leng, e bolela maemo a tlisoang ke ho ea botlamuoeng Babylona nakong e tlang.—Esaia 27:10.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela