Buka ea Boprofeta
Batho ba thahasella bokamoso. Ba batla lintho tse tšepahalang tse boleloang esale pele mabapi le litaba tse ngata, ho tloha ho tsa boemo ba leholimo ho isa ho tsa moruo. Leha ho le joalo, ha ba nka bohato ka lintho tse joalo tse boletsoeng esale pele, hangata baa soetseha. Bibele e na le lintho tse ngata tse boletsoeng esale pele kapa boprofeta. Boprofeta bo joalo bo nepahetse hakae? Na ke histori e ngotsoeng pele e etsahala? Kapa na ke histori e ikhakantseng joalokaha eka ke boprofeta?
SETSEBI litabeng tsa ’muso oa Roma Cato (234-149 B.C.E.) ho tlalehoa a ile a re: “Kea ipotsa hore na senohe ha se tšehe ha se bona senohe se seng.”1 Ka sebele, ho tla fihlela kajeno batho ba bangata ba tletse lipelaelo ka linohe tsa bokamoso, balepi ba linaleli le linohe tse ling. Hangata lintho tseo ba li bolelang esale pele ba li bolela ka mantsoe a sa hlakang ’me ke lintho tse ka hlalosoang ka mekhoa e mengata.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka boprofeta ba Bibele? Na ho na le lebaka la ho bo belaella? Kapa na ho na le motheo oa ho ba le tšepo?
Hase Feela Likhakanyo Tse Thehiloeng Tsebong e Itseng
Batho ba nang le tsebo ba ka ’na ba leka ho sebelisa litšekamelo tse hlokomelehang ho etsa likhopolo-taba tse nepahetseng ka bokamoso, empa ha ho mohla li nepahetseng ka linako tsohle. Buka e reng Future Shock ea hlokomela: “Sechaba se seng le se seng ha sea tobana feela le mokoloko oa lintho tsa ka moso tse ka ’nang tsa etsahala, empa le letoto la lintho tsa ka moso tse ka ’nang tsa finyelloa, le khohlano holim’a lintho tsa ka moso tse ka ratoang.” Ea phaella: “Ha e le hantle, ha ho motho ea ka ‘tsebang’ bokamoso ka kutloisiso leha e le efe e feletseng. Seo re ka mpang ra se etsa feela ke ho hlophisa le ho tebisa seo re nkang hore e ka ba ’nete le ho leka ho etsa qeto ea hore liketsahalo e ka ba tsa ’nete.”2
Empa bangoli ba Bibele ha baa ka ba ‘leka ho etsa qeto ka hore na phello’ ea ‘likhopolo’ tsa bona ka bokamoso e tla ba efe. Leha e le hore ho bolela ha bona lintho esale pele ho ka qheloa feela ka hore ke lipolelo tse sa hlakang tse ka hlalosoang ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. Ho fapana le moo, boprofeta ba bona bo bongata bo ile ba boleloa ka ho hlakileng ka tsela e sa tloaelehang ’me bo ne bo tobile ka ho sa tloaelehang, hangata bo bolela esale pele ntho e fapaneng ka ho feletseng le se lebeletsoeng. Ka mohlala, nka seo Bibele e se buileng esale pele ka motse oa boholo-holo oa Babylona.
Ho ‘Fieloa ka Lefielo la Tšenyo’
Babylona ea boholo-holo e ile ea fetoha “lehakoe la mebuso.” (Esaia 13:19, The New American Bible) Motse ona o hōlang ka tsela e sa tsitsang o ne o lutse sebakeng se setle tseleng ea khoebo ho tloha Koung ea Persia ho ea Leoatleng la Mediterranean, o sebeletsa e le setsi sa khoebo bakeng sa khoebo ea leoatleng le naheng pakeng tsa Bochabela le Bophirimela.
Lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., ho ne ho bonahala eka Babylona ke motse-moholo o ke keng oa haptjoa oa ’Muso oa Babylona. Motse ona o ne o takalalitse holim’a Nōka ea Eufrate, ’me metsi a nōka eo a ne a sebelisetsoa ho etsa foro e sephara, e tebileng le tsamaiso e rarahaneng ea likanale. Ho phaella moo, motse oo o ne o sirelelitsoe ka tsamaiso e khōlōhali ea marako a mabeli, a tšehelitsoeng ke litora tse ngata tsa tšireletso. Hase feela baahi ba oona ba neng ba ikutloa ba sireletsehile.
Leha ho le joalo, lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., pele Babylona e phahamela sehlohlolong sa khanya ea eona, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore Babylona e ne e tla ‘fieloa ka lefielo la tšenyo.’ (Esaia 13:19; 14:22, 23) Esaia o ile a boela a hlalosa mokhoa oo Babylona e neng e tla oa ka oona. Ba e futuhelang ba ne ba tla “pshesa” linōka tsa eona—mohloli oa tšireletso ea eona e kang ea liforo—ba etse hore motse o hlaselehe habonolo. Esaia o bile a fana le ka lebitso la mohapi—“Cyruse,” morena e moholo oa Persia, “eo ka pel’a hae likeiti li tlang ho buloa ’me ho se mamati a tlang ho koaloa.”—Esaia 44:27–45:2, The New English Bible.
Tsena e ne e le lipolelo tse bontšang sebete tse boletsoeng esale pele. Empa na li ile tsa phethahala? Histori e fana ka karabelo.
‘Kantle ho Ntoa’
Makholo a mabeli a lilemo ka mor’a hore Esaia a tlalehe boprofeta ba hae, bosiung ba la 5 October, 539 B.C.E., mabotho a Medo-Persia tlas’a molaoli Cyruse e Moholo a ne a hlomme liahelo haufi le Babylona. Empa Bababylona ba ne ba e-na le tšepo. Ho ea ka rahistori oa Mogerike Herodotus (oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.), ba ne ba e-na le lijo tse lekaneng tse bokeletsoeng ho qeta lilemo.3 Hape ba ne ba e-na le Nōka ea Eufrate le marako a maholo a Babylona hore a ba sireletse. Leha ho le joalo, hona bosiung boo, ho latela Tlaleho ea Naboniduse, “lebotho la Cyruse le ile la kena Babylona kantle ho ntoa.”4 Hoo ho ne ho ka etsahala joang?
Herodotus o hlalosa hore ka har’a motse, batho “ba ne ba tantša ’me ba ithabisa moketeng.”5 Leha ho le joalo, ka ntle, Cyruse o ne a khelositse metsi a Eufrate. Ha bophahamo ba metsi bo kokobela, lebotho la hae le ile la khasumana ka har’a nōka, metsi a ba khutla liropeng. Ba ile ba feta marako a malelele ’me ba kena ka seo Herodotus a se bitsang “likeiti tse bulehelang ka nōkeng,” likeiti tse siiloeng li butsoe ka bohlasoa.6 (Bapisa le Daniele 5:1-4; Jeremia 50:24; 51:31, 32.) Bo-rahistori ba bang, ho akarelletsa le Xenophon (oa hoo e ka bang ka 431 ho isa ho hoo e ka bang ka 352 B.C.E.), hammoho le matlapa a ngotsoeng ka mokhoa oa cuneiform a fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale, ba tiisa ho oa ha tšohanyetso ha Babylona ha e oela ho Cyruse.7
Kahoo boprofeta ba Esaia bo buang ka Babylona bo ile ba phethahatsoa. Kapa na e ne e hlile e se bona boprofeta bo phethahatsoang? Na ho ka etsahala hore see e ne e se ntho e boletsoeng esale pele empa ha e le hantle e le se ngotsoeng ka mor’a hore Babylona e oe? Ka sebele ho ka botsoa potso e tšoanang le ka boprofeta bo bong ba Bibele.
Na ke Histori e Ikhakanyang Eka ke Boprofeta?
Haeba baprofeta ba Bibele—ho kopanyelletsa le Esaia—ba ile ba ngola histori bocha hore e shebahale joaloka boprofeta, joale banna bana e tlameha hore ebe e ne e le baqhekelli ba bohlale haholo. Empa sepheo sa bona e ne e tla be e le sefe ka ho qhekella ho joalo? Baprofeta ba ’nete ba ile ba bolela ntle ho tikatiko hore ba ne ba ke ke ba amohela tjotjo. (1 Samuele 12:3; Daniele 5:17) ’Me re se re hlahlobile bopaki bo kholisang ba hore bangoli ba Bibele (bao bongata ba bona e neng e le baprofeta) e ne e le banna ba tšepahalang ba neng ba ikemiselitse le ho senola liphoso tsa bona tse hlabisang lihlong. Ho bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala hore banna ba mofuta ona ba ne ba ka sekamela ho qhekelleng ka hloko joalo, ba etsa eka histori ke boprofeta.
Ho na le ntho e ’ngoe hape e lokelang ho hlahlojoa. Boprofeta bo bongata ba Bibele bo ne bo e-na le likahlolo tse boima ho batho ba habo baprofeta, ba neng ba akarelletsa baprista le babusi. Ka mohlala, Esaia o ile a nyatsa ka thata boemo bo utloisang bohloko ba boitšoaro bo bobe ba Baiseraele—baeta-pele le sechaba—mehleng ea hae. (Esaia 1:2-10) Baprofeta ba bang ka matla ba ile ba senola libe tsa baprista. (Sofonia 3:4; Malakia 2:1-9) Ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba ne ba ka qapa boprofeta bo nang le likahlolo tse thata hakaalo ho batho ba habo bona le hore na ke hobane’ng ha baprista ba ne ba ka sebelisana le morero o joalo oa bolotsana.
Ho phaella moo, baprofeta baa—haeba e ne e le baikhakanyi feela—ba ne ba ka atleha joang ka leqheka le joalo? Ho tseba ho bala le ho ngola ho ne ho khothalletsoa Iseraele. Ho tloha ha ba sa le banyenyane, bana ba ne ba rutoa ho bala le ho ngola. (Deuteronoma 6:6-9) Ho ne ho khothalletsoa ho bala Mangolo boinotšing. (Pesaleme ea 1:2) Mangolo a ne a baloa phatlalatsa lisynagogeng ka Sabatha ea beke le beke. (Liketso 15:21) Ho bonahala e ne e se ntho e ka etsahalang hore sechaba seo kaofela se rutehileng, se tsebang Mangolo, se ne se ka thetsoa ka ho qhekelloa ho joalo.
Ho feta moo, ho na le ho eketsehileng boprofeteng ba Esaia ba ho oa ha Babylona. Ho bona ho akarelelitsoe ntlha eo ho neng ho ke ke ha etsahala hore ebe e ngotsoe ka mor’a hore e phethahale.
“A ke ke a Tsosoa le ka Mohla o le Mong”
Ho ne ho tla etsahala’ng ka Babylona ka mor’a hore e oe? Esaia o ile a bolela esale pele: “A ke ke a tsosoa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta; ba-Arabe ba ke ke ba hloma litente tsa bona teng balisa ba ke ke ba etsa meraka teng.” (Esaia 13:20) Ho ne ho ka bonahala e le ntho e makatsang, ho bolela esale pele hore motse o lutseng botleng bo joalo o ne o tla hloka baahi ka ho sa feleng. Na ho ka etsahala hore ebe mantsoe a Esaia a ngotsoe ka mor’a hore a hlokomele hore Babylona e entsoe lesupi?
Ka mor’a hore Cyruse e be eena ea busang, Babylona e hahiloeng—le hoja e le tlaasana—e ile ea tsoela pele e le teng ka makholo a lilemo. Hopola hore Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e akarelletsa kopi ea buka e feletseng ea Esaia ea lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Hoo e ka bang nakong eo moqolo oo o kopitsoang ka eona, Baparthia ba ile ba laola Babylona. Lekholong la pele la lilemo C.E., ho ne ho e-na le liahelo tsa Bajuda Babylona, ’me mongoli oa Bibele Petrose o ile a etela mono. (1 Petrose 5:13) Ka nako eo, Moqolo oa Leoatle le Shoeleng oa Esaia o ne o bile teng lilemo tse ka bang makholo a mabeli. Kahoo, ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E., Babylona e ne e ntse e e-s’o etsoe lesupi ka ho feletseng, empa buka ea Esaia e ne e le khale e felile pele ho nako eo.a
Joalokaha ho boletsoe esale pele, qetellong Babylona e ile ea fetoha “liqubu tsa majoe” feela. (Jeremia 51:37) Ho ea ka setsebi sa Seheberu Jerome (oa lekholong la bone la lilemo C.E.), mehleng ea hae Babylona e ne e le sebaka seo ho tsongoang ho sona moo “liphoofolo tsa mefuta eohle” li neng li solla teng.9 Babylona e ntse e le lesupi ho tla fihlela kajeno.
Esaia ha aa ka a phela hore a bone ha Babylona e hloka baahi. Empa lithako tsa motse oo o kileng oa e-ba matla, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 80 ka boroa ho Baghdad, Iraq ea kajeno, ke bopaki bo sisibetseng ba ho phethahala ha mantsoe a hae: “A ke ke a tsosoa le ka mohla o le mong.” Ho tsosolosoa leha e le hofe ha Babylona e le ho hohela bahahlauli ho ka ’na ha hohela baeti, empa “lekala le lehlomela” la Babylona le felile ka ho sa feleng.—Esaia 13:20; 14:22, 23.
Kahoo moprofeta Esaia ha aa ka a bolela lintho tse tla etsahala esale pele tse sa hlakang tse neng li ka tšoanela ketsahalo leha e le efe ea ka moso. Leha e le hore o ile a boela a ngola histori hore e hlahe eka ke boprofeta. Nahana ka hona: Ke hobane’ng ha moikhakanyi a ne a ka ipeha kotsing ka ho “profeta” ntho eo ho hang a neng a ke ke a e laola—hore Babylona e matla ha ho mohla e neng e ka hahuoa hape?
Boprofeta bona bo buang ka ho oa ha Babylona ke mohlala o le mong feela o tsoang Bibeleng.b Batho ba bangata ba bona ho phethahaleng ha boprofeta ba eona pontšo ea hore Bibele e tlameha ebe e tsoa mohloling o mong o phahametseng motho. Mohlomong u tla lumela hore bonyane buka ena ea boprofeta ke ea bohlokoa hore e ka hlahlojoa. Re kholisehile ka ntho e le ’ngoe: Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa lintho tse boleloang esale pele tse sa hlakang kapa tse amang maikutlo tsa linohe tsa kajeno le boprofeta ba Bibele bo hlakileng, bo hlaphohetsoeng le bo tobileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho na le bopaki bo tiileng ba hore libuka tsa Mangolo a Seheberu—ho akarelletsa le Esaia—li ngotsoe nako e telele pele ho lekholo la pele la lilemo C.E. Rahistori Josephus (oa lekholong la pele la lilemo C.E.) o ile a bontša hore lethathamo la libuka tseo e leng karolo ea Mangolo a Seheberu e ne e se e le khale le tiisitsoe le pele ho mehla ea hae.8 Ho phaella moo, Septuagint ea Segerike, e leng phetolelo ea Mangolo a Seheberu Segerikeng, e ile ea qaloa lekholong la boraro la lilemo B.C.E. ’me e ile ea phethoa lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.
b Mabapi le puisano e tsoelang pele ea boprofeta ba Bibele le linnete tsa histori tse pakang ho phethahala ha bona, ka kōpo bona buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., leqepheng la 117-33.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
Na bangoli ba Bibele e ne e le baprofeta ba nepisisang kapa baqhekelli ba bohlale?
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lithako tsa Babylona ea boholo-holo