Khaolo ea Botšelela
Jehova—“Molimo ea Lokileng le Mopholosi”
1, 2. Ho Esaia khaolo ea 45 ho fanoe ka litšepiso life, hona ho tla hlahlojoa lipotso life?
LITŠEPISO tsa Jehova lia tšepahala. Ke Molimo oa tšenolo le Molimo oa pōpo. O ipakile khafetsa hore ke Molimo ea lokileng le Mopholosi oa batho ba lichaba tsohle. Tsena ke tse ling tsa litšepiso tse thabisang tse fumanoang ho Esaia khaolo ea 45.
2 Ho phaella moo, Esaia khaolo ea 45 e fupere mohlala o ikhethang oa bokhoni ba Jehova ba ho profeta. Moea oa Molimo o nolofalletsa Esaia ho talima linaha tse hōle le ho hlahlobisisa lintho tse tlang ho etsahala lilemong tse makholo tse tlang, ’me o mo susumelletsa ho hlalosa ketsahalo eo e leng Jehova feela, Molimo oa boprofeta ba ’nete, ea ka e bolelang esale pele ka ho nepahala ho joalo. Ketsahalo eo ke efe? E ama batho ba Molimo joang mehleng ea Esaia? Ke ea bohlokoa bofe ho rōna kajeno? A re hlahlobeng mantsoe a moprofeta.
Phatlalatso ea Jehova Khahlanong le Babylona
3. Esaia 45:1-3a e hlalosa ho hlōla ha Cyruse ka lipolelo life tse hlakileng?
3 “Sena ke seo Jehova a se buileng ho motlotsuoa oa hae, ho Cyruse, eo ke tšoereng letsoho la hae le letona, hore ke hlōle lichaba ka pel’a hae, e le hore nka tlamolla linyepa mathekeng a marena; hore ke bule ka pel’a hae menyako e nang le mamati a mabeli, hoo le liheke li ke keng tsa koaloa: ‘Ke tla tsamaea ka pel’a hao, ’me ke tla batalatsa makukuno a naha. Ke tla roba mamati a koporo likoto, ’me ke tla poma mekoallo ea tšepe. Ke tla u fa matlotlo a lefifing le matlotlo a patiloeng libakeng tse patehileng.’”—Esaia 45:1-3a.
4. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a bitsa Cyruse “motlotsuoa” oa hae? (b) Jehova o tla tiisa joang hore Cyruse oa hlōla?
4 A sebelisa Esaia, Jehova o bua le Cyruse joalokaha eka oa phela, le hoja Cyruse a ne a e-s’o tsoaloe mehleng ea Esaia. (Baroma 4:17) Kaha Jehova o khetha Cyruse esale pele hore a phethe mosebetsi o itseng o khethehileng, Cyruse a ka bitsoa “motlotsuoa” oa Molimo. Ka tataiso ea Molimo, o tla kokobetsa lichaba, a fokolise marena le ho a hlokisa matla a ho mo hanyetsa. Joale, ha Cyruse a hlasela Babylona, Jehova o tla tiisa hore menyako ea motse e siuoa e butsoe, a etse hore e be e se nang thuso joaloka liheke tse soahlamaneng. O tla etella Cyruse pele, a tlose litšitiso tsohle. Qetellong, masole a Cyruse a tla hlōla motse le ho hapa ‘matlotlo a oona a patiloeng,’ leruo la oona le bokeletsoeng likamoreng tse lefifi tse ka tlas’a mohaho oa polokelo. Sena ke seo Esaia a se bolelang esale pele. Na mantsoe a hae aa phethahala?
5, 6. Boprofeta ba ho oa ha Babylona bo phethahala neng hona joang?
5 Ka selemo sa 539 B.C.E.—lilemo tse ka bang 200 ka mor’a hore Esaia a tlalehe boprofeta bona—Cyruse o fela a fihla marakong a Babylona ho tla hlasela motse. (Jeremia 51:11, 12) Leha ho le joalo, Bababylona ha baa tšoenyeha. Ba nahana hore motse oa bona o ke ke oa hlōloa. Marako a oona a phahameng a okametse liforo tse tebileng tse tletseng metsi a Nōka ea Eufrate, eo e leng karolo ea tšireletso ea motse. Ka lilemo tse fetang lekholo, ha ho sera se kileng sa atleha ho tsometsa Babylona! Ha e le hantle, ’musi oa Babylona ea litulong, Belshatsare, o ikutloa a sireletsehile hoo a ketekang le litho tsa lekhotla la hae. (Daniele 5:1) Bosiung bona boo—bosiung ba la 5/6 October—Cyruse o phetha leqheka le ikhethang la sesole.
6 Pele nōka e kena Babylona, masole a Cyruse a phunya lebōpo la Nōka ea Eufrate, a khelosa metsi a eona e le hore a se ke a phallela nģ’a boroa ho kena motseng. E se neng, metsi a nōka ka hare le ka thōko ho Babylona a fokotseha hoo masole a Cyruse a khonang ho tsamaea ka har’a nōka ho leba khubung ea motse. (Esaia 44:27; Jeremia 50:38) Ka ho makatsang, feela joalokaha Esaia a ne a boletse esale pele, liheke tse haufi le nōka li butsoe. Mabotho a Cyruse a itšohlometsa Babylona, a hapa ntlo ea borena, ’me a bolaea Morena Belshatsare. (Daniele 5:30) Ka bosiu bo le bong feela o hlōla ka ho feletseng. Babylona e oele, ’me boprofeta bo phethahala ka ho feletseng.
7. Ho phethahala ho hlollang ha boprofeta ba Esaia bo mabapi le Cyruse ho matlafatsa Bakreste joang?
7 Ho phethahala ho nepahetseng ha boprofeta bona ho matlafatsa tumelo ea Bakreste kajeno. Ho ba fa lebaka le matla la ho lumela hore boprofeta ba Bibele bo e-s’o ka bo phethahala le bona bo ka tšeptjoa ka ho feletseng. (2 Petrose 1:20, 21) Barapeli ba Jehova baa tseba hore ketsahalo e neng e tšoantšetsoa ke ho oa ha Babylona ka 539 B.C.E.—e leng ho oa ha “Babylona e Moholo”—e etsahetse morao koana ka 1919. Ho ntse ho le joalo, ba lebeletse ka thabo ho timetsoa ha mokhatlo oo oa kajeno oa bolumeli hammoho le ho tlosoa ho tšepisitsoeng ha tsamaiso ea lipolotiki e laoloang ke Satane, ho koalloa ha Satane sekoting le ho tla ha maholimo a macha le lefatše le lecha. (Tšenolo 18:2, 21; 19:19-21; 20:1-3, 12, 13; 21:1-4) Baa tseba hore boprofeta ba Jehova hase litšepiso tsa lefeela, empa ke litlhaloso tsa liketsahalo tsa sebele tsa nakong e tlang. Tšepo ea Bakreste ba ’nete ea matlafala ha ba hopola ho phethahala ha likarolo tsohle tsa boprofeta ba Esaia bo mabapi le ho oa ha Babylona. Baa tseba hore kamehla Jehova o phethahatsa lentsoe la hae.
Lebaka Leo Jehova a Tlang ho Amohela Cyruse ka Lona
8. Lebaka le leng le etsang hore Jehova a etse hore Cyruse a hlōle Babylona ke lefe?
8 Ka mor’a ho bolela hore na ke mang ea tlang ho hlōla Babylona le kamoo a tlang ho e hlōla kateng, Jehova o tsoela pele ho hlalosa lebaka le leng leo Cyruse a tlang ho fuoa tlhōlo ka lona. Ha a bua le Cyruse ka tsela ea boprofeta, Jehova o re lebaka ke “hore u ka tseba hore ke ’na Jehova, Ea u bitsang ka lebitso, Molimo oa Iseraele.” (Esaia 45:3b) Ke ho loketseng hore ebe ’musi oa ’muso oa bone oa lefatše historing ea Bibele oa lemoha hore tlhōlo ea hae e tsoileng matsoho e tlisoa ke tšehetso ea ea mo phahametseng—Jehova, ’Musi oa Bokahohle. Cyruse o lokela ho hlokomela hore ea mo bitsang, kapa ea mo romang, ke Jehova, Molimo oa Iseraele. Tlaleho ea Bibele e bontša hore Cyruse o ile a fela a hlokomela hore tlhōlo ea hae e tsoileng matsoho e tsoa ho Jehova.—Esdrase 1:2, 3.
9. Lebaka la bobeli le etsang hore Jehova a etse hore Cyruse a hlōle Babylona ke lefe?
9 Jehova o hlalosa lebaka la bobeli leo ka lona a etsang hore Cyruse a hlōle Babylona: “Molemong oa mohlanka oa ka Jakobo le oa Iseraele mokhethoa oa ka, ke u bitsitse ka lebitso; ke u file lebitso le hlomphehang, le hoja u ne u sa ntsebe.” (Esaia 45:4) Ho hlōla ha Cyruse Babylona ho na le phello e tebileng. Ho tšoaea ho oa ha ’muso o mong oa lefatše le ho phahama ha o mong, ’me ho siea letšoao le tla lula le le teng historing melokong le melokong. Leha ho le joalo, batho ba lichaba tsa boahelani ba shebeletseng liketsahalo tsena ka tjantjello ba ka ’na ba makatsoa ke ho elelloa hore sena sohle se etsahala molemong oa batlamuoa “bao e seng ba bohlokoa” ba likete tse seng kae ba leng Babylona—Bajuda, bao e leng litloholo tsa Jakobo. Leha ho le joalo, mahlong a Jehova, bana ba phonyohileng sechabeng sa Iseraele sa boholo-holo ke ba bohlokoa. Ke “mohlanka” oa hae. Lichabeng tsohle tsa lefatše, ke “mokhethoa” oa hae. Le hoja pele Cyruse a ne a sa tsebe Jehova, Jehova o mo sebelisa e le motlotsuoa oa Hae ho liha motse o hanneng ho lokolla batlamuoa ba oona. Morero oa Molimo hase hore batho ba hae ba khethiloeng ba tose ka ho sa feleng naheng esele.
10. Lebaka le leng la bohlokoa ka ho fetisisa leo ka lona Jehova a sebelisang Cyruse ho felisa ’Muso oa Lefatše oa Babylona ke lefe?
10 Ho na le lebaka la boraro, leo e bileng e leng la bohlokoa le ho feta leo ka lona Jehova a sebelisang Cyruse ho timetsa Babylona. Jehova o re: “Ke ’na Jehova, ha ho e mong. Kantle ho ’na ha ho na Molimo. Ke tla u tlama haufi-ufi, le hoja u sa ka ua ntseba, e le hore batho ba ka tseba ho tloha bochaba-tsatsi le ho tloha bophirima-tsatsi hore ha ho e mong ntle ho ’na. Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong.” (Esaia 45:5, 6) E, ho oa ha ’Muso oa Lefatše oa Babylona ke pontšo ea hore Jehova ke eena Molimo, ke bopaki ho e mong le e mong ba hore ke eena feela ea tšoaneloang ke ho rapeloa. Ka lebaka la ho lokolloa ha batho ba Molimo, batho ba tsoang lichabeng tse ngata—ho tloha bochabela ho isa bophirimela—ba tla lumela hore Jehova ke eena Molimo a le mong feela oa ’nete.—Malakia 1:11.
11. Jehova o bontša joang hore o na le matla a ho phethahatsa morero oa hae mabapi le Babylona?
11 Hopola hore boprofeta bona ba Esaia bo ile ba tlalehoa lilemo tse ka bang 200 pele ho ketsahalo eo. Mohlomong ha ba bang ba bo utloa, ba ile ba ipotsa, ‘Na ka sebele Jehova o na le matla a ho bo phethahatsa?’ Joalokaha histori e bontša, karabo ke e. Jehova o hlalosa lebaka leo ka lona e leng ho utloahalang ho lumela hore a ka phetha seo a se bolelang: “Ea etsang leseli ’me a bōpa lefifi, ea etsang khotso ’me a baka tlokotsi, ’na, Jehova, ke etsa lintho tsena tsohle.” (Esaia 45:7) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe pōpong—ho qala ka leseli ho isa ho lefifi—le ntho e ’ngoe le e ’ngoe historing—ho qala ka khotso ho isa ho tlokotsi—e taolong ea Jehova. Feela joalokaha a hlahisa leseli motšehare le lefifi bosiu, o tla tlisetsa Iseraele khotso ’me Babylona a e tlisetse tlokotsi. Jehova o na le matla a ho bōpa bokahohle, hape o na le matla a ho phethahatsa seo a se profetileng. Seo se khothatsa Bakreste kajeno, ba ithutang ka hloko lentsoe la hae la boprofeta.
12. (a) Jehova o etsa hore maholimo a tšoantšetso le lefatše la tšoantšetso li hlahise eng? (b) Mantsoe a Esaia 45:8 a fupere tšepiso efe e tšelisang bakeng sa Bakreste kajeno?
12 Ka ho loketseng, Jehova o sebelisa lintho tse etsahalang kamehla pōpong ho bontša lintho tse letetseng Bajuda ba botlamuoeng: “Lōna maholimo, etsang hore ho be le ho rotha ho tsoang holimo; ’me maholimo a koahetsoeng ke maru a ke a rothe ho loka. Lefatše le ke le bulehe, ’me le ateloe ke poloko, ’me le hlahise ho loka ka nako e tšoanang. ’Na, Jehova, ke a bōpile.” (Esaia 45:8) Feela joalokaha maholimo a sebele a nesa pula e fanang ka bophelo, Jehova o tla tšollela batho ba hae litšusumetso tse lokileng tse tsoang maholimong a tšoantšetso. Feela joalokaha lefatše la sebele le khona ho hlahisa chai, Jehova o tla laela lefatše la tšoantšetso ho hlahisa liketsahalo tse lumellanang le morero oa hae o lokileng—haholo-holo oa ho boloka batho ba hae ba botlamuoeng Babylona. Ka 1919, Jehova o ile a etsa hore ‘leholimo’ le “lefatše” li hlahise liketsahalo tse tšoanang e le hore a lokolle batho ba hae. Ho bona lintho tse joalo ho thabisa Bakreste kajeno. Hobane’ng? Hobane liketsahalo tseo li matlafatsa tumelo ea bona ha ba ntse ba lebeletse ka thabo nako eo ka eona maholimo a tšoantšetso, e leng ’Muso oa Molimo, a tlang ho tlisa litlhohonolofatso lefatšeng la ho loka. Ka nako eo ho loka le poloko tse tsoang maholimong a tšoantšetso le lefatšeng la tšoantšetso li tla ba teng ka tekanyo e khōlō haholo ho feta ha Babylona ea boholo-holo e ne e timetsoa. Eo e tla ba phethahatso ea ho qetela e khanyang hakaakang ea mantsoe a Esaia!—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1.
Litlhohonolofatso Tsa ho Amohela Bobusi ba Jehova
13. Ke hobane’ng ha e le ho sa utloahaleng hore batho ba belaelle merero ea Jehova?
13 Ka mor’a tlhaloso ena ea litlhohonolofatso tse thabisang tsa nakong e tlang, tsela eo boprofeta bo fanoang ka eona e fetoha ka tšohanyetso, ’me Esaia o phatlalatsa bomalimabe bo habeli: “Ho malimabe ea tsekisaneng le ’Mōpi oa hae, joaloka lengeta le mangeta a mang a lefatše! Na letsopa le ka re ho ’mōpi oa lona: ‘U etsa’ng?’ Le ntho eo u e finyeletseng na e ka re: ‘Ha a na matsoho’? Ho malimabe ea reng ho ntate: ‘U tsoetse eng?’ le ho mosali: ‘U bohlokong ba pelehi bakeng sa eng?’” (Esaia 45:9, 10) Kamoo ho bonahalang kateng, bara ba Iseraele ba hanyetsa seo Jehova a se bolelang esale pele. Mohlomong ha ba lumele hore Jehova o tla lumella hore batho ba hae ba ee botlamuoeng. Kapa mohlomong ba nyatsa khopolo ea hore Iseraele e tla lokolloa ke morena oa sechaba sa bohetene ho fapana le morena oa ntlo ea Davida. Ho bontša bothoto ba ho hanyetsa lintlha tseo, Esaia o bapisa bahanyetsi le likhoabi tse lahliloeng tsa letsopa le mangeta a lahliloeng a lijana tsa letsopa tse itetang sefuba ho belaella bohlale ba moetsi oa tsona. Eona ntho eo sebōpi sa lipitsa tsa letsopa se e bōpileng joale e bolela hore sebōpi ha se na matsoho kapa matla a ho bōpa. Ke booatla bo bokaakang! Bahanyetsi ba tšoana le bana ba banyenyane ba lekang ho nyatsa-nyatsa bolaoli ba batsoali ba bona.
14, 15. Mantsoe “Mohalaleli” le “Moetsi” a senola eng ka Jehova?
14 Esaia o fana ka karabo ea Jehova ho bahanyetsi ba joalo: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, Mohalaleli oa Iseraele le Moetsi oa eona: ‘Mpotseng ka lintho tse tlelang bara ba ka; ’me le ntaele malebana le mosebetsi oa matsoho a ka. Ke entse lefatše ’me ke bōpile le motho holim’a lona. ’Na—matsoho a ka a otlolotse maholimo, ’me ke laetse makhotla ’ohle a ’ona. Ke tsositse e mong ka ho loka, ’me ke tla otlolla litsela tsohle tsa hae. Ke eena ea tla haha motse oa ka, ’me o tla tlohela ba ka ba isitsoeng kholehong hore ba se ke ba tsamaea, ka tefello kapa tjotjo,’ ho boletse Jehova oa mabotho.”—Esaia 45:11-13.
15 Ho hlalosa Jehova e le “Mohalaleli” ho hatisa ho halalela ha hae. Ho mo bitsa “Moetsi,” ho totobatsa tokelo eo a nang le eona e le ’Mōpi ea ho etsa qeto ea hore na lintho li tla tsamaea joang. Jehova o khona ho tsebisa bara ba Iseraele lintho tse tlang le ho hlokomela mosebetsi oa liatla tsa hae, ke hore, batho ba hae. Le mona hape ho bontšoa hore melao-motheo ea pōpo le tšenolo ea amana. E le ’Mōpi oa bokahohle bohle, Jehova o na le tokelo ea ho tataisa liketsahalo ka tsela eo a rerang ka eona. (1 Likronike 29:11, 12) Tabeng eo ho buuoang ka eona, ’Musi oa Bokahohle o rerile ho hlahisa Cyruse, oa mohetene, hore e be molokolli oa Iseraele. Le hoja e le hona Cyruse a tla tla, ho tla ha hae ho tiile joaloka boteng ba leholimo le lefatše. Joale, ke mora ofe oa Iseraele ea ka itetang sefuba ho tšoaea Ntate, e leng “Jehova oa mabotho,” phoso?
16. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba lokela ho ikokobelletsa eena?
16 Litemana tsona tsena tsa Esaia li fupere lebaka le leng hape leo ka lona bahlanka ba Molimo ba lokelang ho ikokobelletsa eena. Kamehla liqeto tsa hae li molemong oa bahlanka ba hae. (Jobo 36:3) O entse melao e le ho thusa batho ba hae hore ba ithuele molemo. (Esaia 48:17) Bajuda ba mehleng ea Cyruse ba amohelang bobusi ba Jehova ba fumana hore sena ke ’nete. A sebetsa tumellanong le ho loka ha Jehova, Cyruse o ba ntša Babylona ho ba khutlisetsa hae e le hore ba e’o tsosolosa tempele. (Esdrase 6:3-5) Ka ho tšoanang le kajeno, ba sebelisang melao ea Molimo bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi le ba ikokobelletsang bobusi ba hae ba fumana litlhohonolofatso.—Pesaleme ea 1:1-3; 19:7; 119:105; Johanne 8:31, 32.
Litlhohonolofatso ho Lichaba Tse Ling
17. Ke bo-mang ntle ho Iseraele ba tlang ho rua molemo liketsong tse pholosang tsa Jehova, hona joang?
17 Hase sechaba sa Iseraele feela se tla rua molemo ha Babylona e oa. Esaia o re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Basebetsi ba sa lefuoeng ba Egepeta le bahoebi ba Ethiopia le Basabea, banna ba balelele, ba tla tla ho uena, ’me e tla ba ba hao. Ba tla tsamaea ka mor’a hao; ba tla tla ba le litlamong, ’me ba tla u inamela. Ba tla u rapela, ba re, “Ruri Molimo o bonngoeng le uena, ’me ha ho e mong; ha ho Molimo e mong.”’” (Esaia 45:14) Mehleng ea Moshe, “sehlopha se seholo se tsoakaneng” sa bao e seng Baiseraele se ile sa tsamaea le Baiseraele Leetong la bona ha ba tloha Egepeta. (Exoda 12:37, 38) Ka tsela e tšoanang, basele ba tla tsamaea le batlamuoa ba Bajuda ba khutlelang hae ba e-tsoa Babylona. Bana bao e seng Bajuda ha ba na ho qobelloa ho tsamaea empa “ba tla tla.” Ha Jehova a re, “ba tla u inamela” hape “ba tla u rapela,” o bua ka ho ithaopela ha basele bana ho ikokobelletsa Iseraele le ho tšepahala ho eona. Haeba ba ikenya litlamo, e tla ba ka kutloisiso ea boithaopo, ho bontša ho ikemisetsa ha bona ho sebeletsa batho ba Molimo ba selekane, bao ba tla re ho bona: “Molimo o bonngoeng le uena.” Ba tla rapela Jehova e le basokolohi, ba latela litekanyetso tsa selekane sa hae le Iseraele.—Esaia 56:6.
18. Ke bo-mang kajeno ba ruileng molemo ha Jehova a lokolla “Iseraele ea Molimo,” hona ka litsela life?
18 Ho tloha ka 1919 ha “Iseraele ea Molimo” e ne e lokolloa botlamuoeng ba moea, mantsoe a Esaia a phethahetse ka tsela e khōloanyane ho feta mehleng ea Cyruse. Ba limilione lefatšeng ka bophara ba bontša hore ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova. (Bagalata 6:16; Zakaria 8:23) Ho tšoana le “basebetsi” le “bahoebi” bao Esaia a buang ka bona, ka thabo ba nehelana ka matla a bona a ’mele le lichelete tsa bona ho tšehetsa borapeli ba ’nete. (Matheu 25:34-40; Mareka 12:30) Ba inehela ho Molimo ’me ba tsamaea litseleng tsa hae, e ba makhoba a hae a thabileng. (Luka 9:23) Ba rapela Jehova feela, ba thabela melemo ea ho kopanela le “lekhoba [la Jehova] le tšepahalang le le masene,” le kamanong e khethehileng ea selekane le Molimo. (Matheu 24:45-47; 26:28; Baheberu 8:8-13) Le hoja ba sa kopanele selekaneng seo, “basebetsi” le “bahoebi” bao ba rua molemo ho sona ’me ba mamela melao e tsamaisanang le sona, ba phatlalatsa ka sebete: “Ha ho Molimo e mong.” Ke ho thabisang hakaakang kajeno ho bona ka mahlo keketseho e khōlō ea lenane la bao ba ithaopelang ho tšehetsa borapeli ba ’nete!—Esaia 60:22.
19. Ho tla etsahala’ng ka ba tsitlellang ho rapela melimo ea litšoantšo?
19 Ka mor’a ho senola hore batho ba lichaba ba tla kopanela borapeling ba Jehova, moprofeta oa hooa: “Kannete u Molimo ea lulang a ipatile, Molimo oa Iseraele, Mopholosi”! (Esaia 45:15) Le hoja Jehova a qoba ho bonahatsa matla a hae hona joale, nakong e tlang ha a sa tla hlola a ipata. O tla iponahatsa hore ke eena Molimo oa Iseraele, Mopholosi oa batho ba hae. Leha ho le joalo, Jehova ha e na ho ba Mopholosi oa ba tšepang melimo ea litšoantšo. Ka ba joalo Esaia o re: “Ka sebele ba tla hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlolohe, kaofela ha bona. Ka tlotlollo baetsi ba litšoantšo tse rapeloang ba tla tsamaea hammoho.” (Esaia 45:16) Ho tlotloloha ha bona ha e na ho ba boikutlo ba nakoana feela ba ho hlajoa ke lihlong le ba ho soaba. Ho tla bolela lefu—e leng se fapaneng le seo joale Jehova a se tšepisang Iseraele.
20. Iseraele e tla fumana “poloko ho isa linakong tse sa lekanyetsoang” joang?
20 “Ha e le Iseraele, ka sebele e tla pholosoa bonngoeng le Jehova ka poloko ho isa linakong tse sa lekanyetsoang. Le ke ke la hlajoa ke lihlong, kapa la tlotlolloa ho isa linakong tse sa lekanyetsoang tsa bosafeleng.” (Esaia 45:17) Jehova o tšepisa Iseraele poloko ea ka ho sa feleng, empa e behetsoe meeli. Iseraele e lokela ho lula e le “bonngoeng le Jehova.” Ha Iseraele e senya bonngoe boo ka ho hana ho amohela Jesu e le Mesia, sechaba seo se tla lahleheloa ke tebello ea sona ea “poloko ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Leha ho le joalo, ba bang Iseraele ba tla bontša tumelo ho Jesu, ’me bana ba tla fetoha motheo oa Iseraele ea Molimo, e tlang ho nkela Iseraele ea nama sebaka. (Matheu 21:43; Bagalata 3:28, 29; 1 Petrose 2:9) Ha ho mohla Iseraele ea moea e tla tlotlolloa. E tla kenngoa ‘selekaneng se sa feleng.’—Baheberu 13:20.
Jehova oa Tšepahala, Pōpong le Tšenolong
21. Jehova o iponahatsa e le ea tšepahalang ka ho feletseng joang pōpong le tšenolong?
21 Na Bajuda ba ka itšetleha ka tšepiso ea Jehova ea ho boloka Iseraele ka ho sa feleng? Esaia oa araba: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo, Eena Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi: ‘Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong. Ha kea bua sebakeng seo ho ipatoang ho sona, sebakeng se lefifi sa lefatše; leha e le ho re ho peō ea Jakobo, “Mpatleng bakeng sa lefeela.” Ke ’na Jehova, ea buang se lokileng, ea bolelang se nepahetseng.’” (Esaia 45:18, 19) Ka lekhetlo la bone ebile e le la ho qetela khaolong ena, Esaia o simolla karolo ea boprofeta bo matla ka poleloana e reng: “Sena ke seo Jehova a se buileng.” (Esaia 45:1, 11, 14) Jehova o re’ng? O re ke ea tšepahalang pōpong le tšenolong. Ha aa bōpela lefatše “lefeela.” Ka ho tšoanang, ha a batle hore batho ba hae, ba Iseraele, ba mo batlele “lefeela.” Feela joalokaha morero oa Molimo ka lefatše o tla phethahala, ka ho tšoanang morero oa Molimo ka batho ba hae ba khethiloeng o tla phethahala. Ho fapana le lipolelo tse sa hlakang tsa ba sebeletsang melimo ea bohata, mantsoe a Jehova a buuoa phatlalatsa. Mantsoe a hae a lokile, ’me a tla phethahala. Ba mo sebeletsang ha ba na ho mo sebelletsa lefeela.
22. (a) Bajuda ba botlamuoeng Babylona ba ka kholiseha ka eng? (b) Bakreste kajeno ba tiisehile ka eng?
22 Ho batho ba Molimo ba botlamuoeng Babylona, mantsoe ao ke tiiso ea hore Naha e Tšepisitsoeng ha e na ho lula e le lesupi. E tla boela e be le baahi. ’Me litšepiso tsa Jehova ho bona lia phethahala. Ha ho atolosoa taba, mantsoe a Esaia a tiisetsa batho ba Molimo kajeno hore lefatše ha le na ho fetoha lesupi—le chesitsoeng ka mollo, joalokaha ba bang ba lumela, kapa le timelitsoeng ka libomo tsa nyutlelie, joalokaha ba bang ba e-na le tšabo eo. Morero oa Molimo ke hore lefatše le tla ba teng ka ho sa feleng, e be paradeise e ntle hohle ’me le ahuoe ke baahi ba lokileng. (Pesaleme ea 37:11, 29; 115:16; Matheu 6:9, 10; Tšenolo 21:3, 4) E, joaloka tabeng ea Iseraele, mantsoe a Jehova a tla ipaka e le ’nete.
Jehova o Atolosa Mohau oa Hae
23. Phello ke efe ho barapeli ba melimo ea litšoantšo, hona barapeli ba Jehova ba tsoella joang?
23 Poloko ea Iseraele e hatisoa ke mantsoe a Jehova a latelang:“Phuthehang ’me le tle. Atamelanang haufi, lōna baphonyohi ba tsoang lichabeng. Ba jarang lehong la setšoantšo sa bona se betliloeng ha baa tseba letho, leha e le ba rapelang molimo ea ke keng a pholosa. Etsang tlaleho ea lōna le nehelano ea lōna. E, ba ke ba rerisane hammoho ka bonngoe. Ke mang ea entseng hore sena se utluoe ho tloha nakong ea khale? Ke mang ea entseng hore sena se utluoe ho tloha hona ka nako eo? Na hase ’na, Jehova, eo ntle ho eena ho seng Molimo e mong; Molimo ea lokileng le Mopholosi, kaha ha ho e mong ntle ho ’na?” (Esaia 45:20, 21) Jehova o laela “baphonyohi” hore ba bapise poloko ea bona le se etsahallang ba rapelang melimo ea litšoantšo. (Deuteronoma 30:3; Jeremia 29:14; 50:28) Kaha barapeli ba melimo ea litšoantšo ba rapela melimo e se nang matla e ke keng ea ba pholosa ebile baa e sebeletsa, “ha baa tseba letho.” Borapeli ba bona ke ba lelea—ke ba lefeela. Leha ho le joalo, barapeli ba Jehova ba fumana hore o na le matla a ho phethahatsa liketsahalo tseo a li boletseng esale pele “nakong ea khale,” tse akarelletsang ho boloka batho ba hae ba botlamuoeng Babylona. Matla a joalo le ponelo-pele e joalo li khetholla Jehova ho melimo e meng eohle. Ka sebele, ke “Molimo ea lokileng le Mopholosi.”
“Poloko ea Rōna e Tsoa ho Molimo oa Rōna”
24, 25. (a) Jehova o atolosa memo efe, hona ke hobane’ng ha ho se pelaelo hore tšepiso ea hae e tla phethahala? (b) Jehova o batla eng ka ho loketseng?
24 Mohau oa Jehova o mo susumelletsa hore a atolose memo: “Retelehelang ho ’na ’me le pholosoe, lōna bohle ba lipheletsong tsa lefatše; etsoe ke ’na Molimo, ’me ha ho e mong. Ke hlapantse ka ’na—lentsoe le tsoile molomong oa ka ka ho loka, hoo le ke keng la khutla—hore lengole le leng le le leng le tla nkhumamela, leleme le leng le le leng le tla hlapanya, le re, ‘Ruri ho na le ho loka ho feletseng le matla ho Jehova. Bohle ba mo halefelang ba tla tla ho eena ka ho toba ’me ba hlajoe ke lihlong. Peō eohle ea Iseraele e tla nepahala ’me e tla ithorisa ka Jehova.’”—Esaia 45:22-25.
25 Jehova o tšepisa Iseraele hore o tla boloka ba leng Babylona ba retelehelang ho eena. Boprofeta ba hae bo ke ke ba hlōleha kaha Jehova o na le takatso le bokhoni ba ho pholosa batho ba hae. (Esaia 55:11) Mantsoe a Molimo aa tšepahala ka booona, empa a tšepahala le ho feta ha Jehova a bile a a tiisa ka ho a hlapanyetsa. (Baheberu 6:13) Ka ho loketseng o batla hore ba lakatsang hore a ba amohele ba ikokobeletse eena (“lengole le leng le le leng le tla nkhumamela”) ’me ba itlame (“leleme le leng le le leng le tla hlapanya”). Baiseraele ba tiisetsang borapeling ba Jehova ba tla pholosoa. Ba tla khona ho ikotla sefuba ka seo Jehova a ba etselitseng sona.—2 Bakorinthe 10:17.
26. “Bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle bo arabela joang memong ea Jehova ea hore bo retelehele ho eena?
26 Leha ho le joalo, memo ea Molimo ea ho retelehela ho eena ha ea lekanyetsoa ho batlamuoa ba leng Babylona ea boholo-holo feela. (Liketso 14:14, 15; 15:19; 1 Timothea 2:3, 4) Ho sa ntsane ho fanoa ka memo ena, ’me “bongata bo boholo . . . bo [tsoang] lichabeng tsohle” boa arabela ’me boa phatlalatsa: “Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna . . . le Konyana [Jesu].” (Tšenolo 7:9, 10; 15:4) Selemo se seng le se seng, ba bacha ba likete tse makholo ba eketsa lenane la bongata bo boholo ka ho retelehela ho Molimo, ba amohela bobusi ba hae ka ho feletseng ’me ba bolela phatlalatsa botšepehi ba bona ho eena. Ho feta moo, ka botšepehi ba tšehetsa Iseraele ea moea, “peō ea Abrahama.” (Bagalata 3:29) Ba bonahatsa lerato la bona bakeng sa puso e lokileng ea Jehova ka ho phatlalatsa lefatšeng ka bophara: “Ruri ho na le ho loka ho feletseng le matla ho Jehova.”a Lengolong la hae le eang ho Baroma, moapostola Pauluse o ile a qotsa Septuagint ho ea kamoo e fetoletseng Esaia 45:23 kateng ho bontša hore qetellong e mong le e mong ea phelang o tla ela hloko bobusi ba Molimo le ho rorisa lebitso la hae a sa khaotse.—Baroma 14:11; Bafilipi 2:9-11; Tšenolo 21:22-27.
27. Ke hobane’ng ha Bakreste kajeno ba ka tšepa litšepiso tsa Jehova ka ho feletseng?
27 Ke hobane’ng ha litho tsa bongata bo boholo li ka tšepa hore ho retelehela ho Molimo ho bolela poloko? Hobane litšepiso tsa Jehova lia tšepahala, joalokaha mantsoe a boprofeta a fumanoang ho Esaia khaolo ea 45 a bontša seo ka ho hlaka. Feela joalokaha Jehova a bile le matla le bohlale ba ho bōpa maholimo le lefatše, kahoo o na le matla le bohlale ba ho etsa hore boprofeta ba hae bo phethahale. ’Me feela joalokaha a ile a tiisa hore boprofeta bo mabapi le Cyruse boa phethahala, o tla phethahatsa boprofeta leha e le bofe bo bong ba Bibele bo ntseng bo e-s’o phethahale. Ka hona, barapeli ba Jehova ba ka kholiseha hore haufinyane Jehova o tla boela a ipaka hore ke “Molimo ea lokileng le Mopholosi.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sebelisa poleloana “ho loka ho feletseng” hobane taba e ngotsoeng ea Seheberu e na le lentsoe “ho loka” le le ka bongateng. Mona ho sebelisitsoe lentsoe le ka bongateng ho bontša ho pharalla ha ho loka ha Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 80, 81]
Jehova, ea hlahisang leseli le lefifi, a ka hlahisa khotso le ho tlisa tlokotsi
[Setšoantšo se leqepheng la 83]
Jehova o tla etsa hore “maholimo” a tšolle litlhohonolofatso ’me “lefatše” le hlahise poloko
[Setšoantšo se leqepheng la 84]
Na mangeta a lahliloeng a pitsa ea letsopa a lokela ho belaella bohlale ba moetsi oa ’ona?
[Setšoantšo se leqepheng la 89]
Jehova ha aa ka a bōpela lefatše lefeela