Khaolo ea Bosupa
Khutlelang Borapeling ba Jehova
1. Mabitso a melimo e ’meli ea Babylona e ka sehloohong ke bo-mang, hona ke eng se boleloang esale pele ka eona?
HA Iseraele e le botlamuoeng Babylona, e tla be e pota-potiloe ke borapeli ba bohata. Mehleng ea Esaia, batho ba Jehova ba ntse ba le naheng ea habo bona, ’me ba na le tempele le baprista. Leha ho le joalo, ba bangata sechabeng sa Molimo se inehetseng ba oetse borapeling ba litšoantšo. Kahoo, ke habohlokoa ho ba hlomella esale pele e le hore ba tle ba se ke ba tšosoa ke melimo ea bohata ea Babylona kapa ba hoheloa hore ba e sebeletse. Kahoo, ha a bua ka tsela ea boprofeta ka melimo e ’meli e ka sehloohong ea Babylona, Esaia o re: “Bele e khumame, Nebo e kotlobane; litšoantšo tsa tsona tse rapeloang li fetohile tsa libata le liphoofolo tse ruuoang, mejaro ea tsona, thōtō e litsekana, li fetohile moroalo oa liphoofolo tse khathetseng.” (Esaia 46:1) Bele ke molimo ea ka sehloohong oa setšoantšo har’a Bakalde. Nebo ke molimo oa bohlale le thuto ea hlomphuoang ka tsela ea borapeli. Tlhompho eo ba bangata ba hlomphang melimo ena e ’meli ka eona e bonahatsoa ke ’nete ea hore mabitso a eona a kenyelelitsoe mabitsong a ’maloa a batho ba Babylona—Belshatsare, Nabopolassare, Nebukadnezare le Nebuzaradane, ha re bolela a seng makae feela.
2 Esaia o bolela hore Bele o “khumame” ’me Nebo o “kotlobane.” Melimo ena ea bohata e tla kokobetsoa. Ha Jehova a tlisa liketso tsa hae tsa kahlolo khahlanong le Babylona, melimo ena e tla sitoa ho namolela barapeli ba eona. E tla sitoa le ho ipholosa ka boeona! Bele le Nebo ha ba sa tla hlola ba isoa sebakeng se hlomphehang ba etselitsoe mekoloko, joaloka nakong ea mokete oa Babylona oa Letsatsi la Selemo se Secha. Ho e-na le hoo, ba tla tlameha ho hulanngoa ke barapeli ba bona joaloka thōtō feela tjee. Thoriso le tlhompho e eang ho bona e tla nkeloa sebaka ke ho songoa le ho nyelisoa.
3 Ke ho tšosang hakaakang ho Bababylona ho hlokomela hore melimo ea bona ea litšoantšo eo ba e ratang ke moroalo feela tjee o lokelang ho jaroa ke liphoofolo tse khathetseng! Ka ho tšoanang le kajeno, melimo ea lefatše—lintho tseo batho ba behang tšepo ea bona ho tsona le tseo ba senyang matla a bona ka tsona esita le ho li tella bophelo ba bona—ke lintho tse thetsang. Leruo, libetsa, menyaka, babusi, lefatše la bo-ntat’a bona kapa matšoao a le emelang, le lintho tse ling tse ngata li fetohile lintho tse rapeloang. Ho hloka thuso ha melimo e joalo ho tla pepesoa ka nako ea Jehova e loketseng.—Daniele 11:38; Matheu 6:24; Liketso 12:22; Bafilipi 3:19; Bakolose 3:5; Tšenolo 13:14, 15.
4 Ha bo totobatsa ka ho eketsehileng ho hlōleha ho soabisang ha melimo ea Babylona, boprofeta bo tsoela pele: “Li tla kotlobana; e ’ngoe le e ’ngoe ka ho tšoana e tla khumama; ho hang ha li khone ho pholosa moroalo, empa meea ea tsona e tla ea kholehong.” (Esaia 46:2) Melimo ea Babylona e bonahala e “kotlobana” ebile e “khumama” joalokaha eka e lemalitsoe ntoeng kapa e kotlobantsoe ke boqheku. E sitoa le ho bebofaletsa liphoofolo tse tlaasana tse e jereng moroalo leha e le hona ho li pholosa. Kahoo, le hoja batho ba Jehova ba selekane ba le botlamuoeng Babylona, na ba lokela ho hlompha leha e le ofe oa eona? Che! Ka tsela e tšoanang, le ha bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba ne ba le botlamuoeng ba moea, ha baa ka ba hlompha melimo ea bohata ea “Babylona e Moholo,” e sitiloeng ho e thibela ho oa ka 1919 eo hape e tla sitoa ho e pholosa tlokotsing e tlang ho e oela holimo nakong ea “matšoenyeho a maholo.”—Tšenolo 18:2, 21; Matheu 24:21.
5 Bakreste ba ’nete kajeno ha ba khumamele melimo leha e le efe ea litšoantšo. (1 Johanne 5:21) Litšoantšo tsa Kreste a le sefapanong, lifaha tsa thapelo le litšoantšo tsa bahalaleli ha li etse hore ho be bonolo haholoanyane ho bua le ’Mōpi. E ke ke ea e-ba babuelli ba rōna. Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae tsela e loketseng ea ho rapela Molimo ha a ne a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na. Haeba le kōpa ntho leha e le efe ka lebitso la ka, ke tla e etsa.”—Johanne 14:6, 14.
“Ba Ntšitsoeng ka Pōpelong”
6 Ka mor’a ho pepesa ho hloka thuso ha ho rapela melimo ea litšoantšo ea Babylona, Jehova o re ho batho ba hae: “’Mamele, Uena ntlo ea Jakobo, le lōna bohle ba setseng ba ntlo ea Iseraele, lōna ba fetisitsoeng ke ’na ho tsoa ka mpeng, ba ntšitsoeng ka pōpelong.” (Esaia 46:3) Jehova ke ea fapaneng hakaakang le litšoantšo tsa Babylona tse betliloeng! Melimo ea Babylona e sitoa ho etsetsa barapeli ba eona letho. Haeba e lokela ho tsamaea, e tlameha ho jaroa ke lipelesa. Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ’nile a jara batho ba hae. O ’nile a ba tšehetsa ‘ho tsoa pōpelong,’ ho tloha nakong ea ho thehoa ha sechaba seo. Khopolo e khathollang ea ho jaroa ke Jehova e lokela ho khothalletsa Bajuda ho qoba borapeli ba melimo ea litšoantšo le hore ba mo tšepe joaloka Ntate le Motsoalle oa bona.
7 Jehova o na le mantsoe a mang a mofuthu a eang ho batho ba hae: “Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na ke Ea tšoanang; le ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle. Ka sebele ke tla nka bohato, e le hore ke nke ’me ke mamelle ’me ke pholose.” (Esaia 46:4) Tlhokomelo e lerato ea Jehova ho batho ba hae e phahametse ea motsoali oa motho ea hlokolosi ka ho fetisisa. Ha bana ba ntse ba hōla, batsoali ba ka ’na ba ikutloa ba se ba sa ikarabelle hakaalo ka bona. Ha batsoali ba tsofala, hangata ba hlokomeloa ke bana. Ha ho mohla ho bang joalo ka Jehova. Ha ho mohla a khaotsang ho hlokomela bana ba hae ba batho—esita le botsofaling ba bona. Barapeli ba Molimo kajeno ba tšepa ’Mōpi oa bona ba bile baa mo rata ’me ba fumana matšeliso a maholo mantsoeng ana a boprofeta ba Esaia. Ha ho hlokahale hore ba tšoenyehe ka matsatsi kapa lilemo tse setseng tseo ba tlamehang ho li qeta ba ntse ba le tsamaisong ena ea lintho. Jehova o tšepisa ho ‘mamella’ ba tsofetseng, ho ba fa matla a hlokahalang e le hore ba mamelle ’me ba lule ba tšepahala. O tla ba jara, a ba matlafatse le ho ba pholosa.—Baheberu 6:10.
Hlokomela Melimo ea Kajeno ea Litšoantšo
8 Nahana ka masoabi a letetseng Bababylona ba tšepileng melimo ea bona ea litšoantšo, e tlang ho ipaka e se na thuso ka ho feletseng! Na Iseraele e lokela ho lumela hore melimo eo e lokela ho bapisoa le Jehova? Ka sebele che. Ka ho loketseng, Jehova oa botsa: “Le tla ntšoantša le mang kapa le ntekanye le mang kapa le mpapise le mang e le hore re tle re tšoane?” (Esaia 46:5) Ke ho se nang boikemelo hakaakang hore ebe ba bang ba batho ba habo Esaia ba retelehetse borapeling ba litšoantšo tse sa khoneng ho bua, tse sa pheleng le tse se nang thuso! Ka sebele ke bothoto hore sechaba se tsebang Jehova, se itšetlehe ka litšoantšo tse sa pheleng, tse ke keng tsa fana ka tšireletso tse entsoeng ke matsoho a batho.
9 Nahana ka mabaka a se nang kelello ao barapeli ba melimo ea litšoantšo ba a behang. Boprofeta bo tsoela pele: “Ho na le ba hafang khauta sepacheng, ’me ba bekha silevera ka balaka ea sekala. Ba hira ea sebetsang ka tšepe, ’me o e etsa molimo. Ba itihela fatše ka lifahleho, e, baa inama.” (Esaia 46:6) Joalokaha eka molimo oa setšoantšo o bitsang chelete e ngata o na le matla a ho pholosa a fetang a o entsoeng ka lehong, barapeli ba oona ba ikhokhotha sohle seo ba nang le sona ha ba etsa molimo oa bona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ho etsoa boiteko bo bokae kapa hore na ho sebelisoa thepa e bitsang hakae, molimo oa setšoantšo o sa pheleng o sala e ntse e le molimo oa setšoantšo o sa pheleng, eseng ho hong ho fetang hoo.
10 Ha bo totobatsa ka ho eketsehileng bothoto ba ho rapela melimo ea litšoantšo, boprofeta bo tsoela pele: “Ba o jara mahetleng, baa o jara ’me ba o beha sebakeng sa oona e le hore o eme. Ha o tlohe sebakeng seo o emeng ho sona. E mong oa o hoeletsa, empa ha o arabe; ha o pholose motho mahlomoleng a hae.” (Esaia 46:7) Ke bothoto bo bokaakang ho rapela setšoantšo se sa khoneng ho utloa leha e le hona ho nka khato! Mopesaleme o hlalosa hantle kamoo lintho tse joalo tse rapeloang e leng tse hlokang thuso kateng: “Litšoantšo tsa bona tse rapeloang ke silevera le khauta, mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše. Li na le melomo, empa ha li bue; li na le mahlo, empa ha li bone; li na le litsebe, empa ha li utloe. Li na le linko, empa ha li fofonele. Li na le matsoho, empa ha li ame. Li na le maoto, empa ha li tsamaee; ha li ntše molumo ka ’metso ea tsona. Ba li etsang ba tla ba feela joaloka tsona, bohle ba li tšepileng.”—Pesaleme ea 115:4-8.
‘Itete Sebete’
11 Ka mor’a ho bontša hore ho rapela melimo ea litšoantšo ha ho na thuso ea letho, joale Jehova o fa batho ba hae mabaka ao ka ’ona ba lokelang ho mo sebeletsa: “Hopolang sena, e le hore le ka iteta sebete. Se beheng pelong, lōna batlōli. Hopolang lintho tsa pele tsa nakong ea khale, hore ke ’na Ea Nang le Bomolimo ’me ha ho na Molimo e mong, leha e le mang ea joaloka ’na.” (Esaia 46:8, 9) Ba ntseng ba theputsa pakeng tsa borapeli ba ’nete le borapeli ba litšoantšo ba lokela ho hopola histori. Ba lokela ho hopola lintho tseo Jehova a li entseng. Hona ho tla ba thusa ho iteta sebete le ho etsa ntho e nepahetseng. Ho tla ba thusa ho khutlela borapeling ba Jehova.
12 Khothatso ena e ntse e hlokahala le kajeno. Joaloka Baiseraele, Bakreste ba tšepahalang ba lokela ho loana le liteko le ho se phethahale ha bona. (Baroma 7:21-24) Ho phaella moo, ba loana ntoa ea moea le sera se sa bonahaleng empa se le matla haholo. Moapostola Pauluse o re: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso, le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.”—Baefese 6:12.
13 Satane le bademona ba hae ba tla etsa sohle se matleng a bona ho khelosa Bakreste borapeling ba ’nete. E le hore ba loane ka katleho ntoeng, Bakreste ba lokela ho latela keletso ea Jehova ’me ba itete sebete. Joang? Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.” Jehova ha a romele bahlanka ba hae ntoeng ba sa hlomelloa hantle. Lihlomo tsa bona tsa moea li akarelletsa “thebe e khōlō ea tumelo, eo ka eona [ba] tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo.” (Baefese 6:11, 16) Baiseraele e ne e le batlōli kahobane ba ile ba hlokomoloha litokisetso tsa moea tseo Jehova a neng a ba etselitse tsona. Hoja ba ne ba ile ba thuisa ka liketso tse matla tseo Jehova a li entseng khafetsa molemong oa bona, ho ne ho se mohla ba tla retelehela borapeling bo manyala ba melimo ea litšoantšo. E se eka re ka ithuta mohlaleng oa bona ’me ra ikemisetsa hore le ka mohla re se ke ra thekesela ntoeng ea ho etsa se nepahetseng.—1 Bakorinthe 10:11.
14 Jehova ke “Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe; Ea reng, ‘Morero oa ka o tla ema o tiile, ’me ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang.’” (Esaia 46:10) Ke molimo ofe o mong o ka bapisoang le Jehova ntlheng ee? Bokhoni ba ho bolela bokamoso esale pele ke bopaki bo totobetseng ba Bomolimo ba ’Mōpi. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale ponelo-pele feela ho tiisa hore lintho tse boletsoeng esale pele lia phethahala. Phatlalatso e reng “morero oa ka o tla ema o tiile” e hatisa ho se fetohe ha morero oa Molimo o hlomamisitsoeng. Kaha Jehova o na le matla a sa lekanyetsoang, ha ho letho bokahohleng le ka mo sitisang ho phetha thato ea hae. (Daniele 4:35) Ka hona, re ka kholiseha hore boprofeta leha e le bofe bo e-s’o phethahale ka sebele bo tla phethahala ka nako ea Molimo e loketseng.—Esaia 55:11.
15 Se re hlokomelisang mohlala o tsotehang oa bokhoni ba Jehova ba ho bolela liketsahalo tsa nakong e tlang esale pele, a ntan’o phethahatsa mantsoe a hae, ke boprofeta bo latelang ba Esaia: “Ea bitsang nonyana e jang nama bochaba-tsatsi, ea bitsang motho naheng e hōle hore a phethise morero oa ka. Ke o boletse; ke tla boela ke o tlise. Ke o entse, ke tla boela ke o phethe.” (Esaia 46:11) E le “Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong,” Jehova Molimo o tla laola maemo a litaba tsa batho e le hore a phethahatse morero oa hae. O tla bitsa Cyruse “bochaba-tsatsi,” kapa Persia e ka bochabela, e leng moo motse-moholo o ratoang oa Cyruse, Pasargadae, o tlang ho ba teng. Cyruse o tla tšoana le “nonyana e jang nama,” a tsometse Babylona ka ho e hlasela ka tšohanyetso.
16 Ho tiea ha seo Jehova a se bolelang esale pele mabapi le Babylona ho tiisoa ke mantsoe a reng, “Ke o boletse; ke tla boela ke o tlise.” Le hoja motho ea sa phethahalang a e-na le tšekamelo ea ho ba lehala ha a etsa litšepiso, ha ho mohla ’Mōpi a hlōlehang ho phethahatsa lentsoe la hae. Kaha Jehova ke Molimo “ea ke keng a bua leshano,” re ka kholiseha hore haeba o “o entse,” o tla ‘boela a o phethe.’—Tite 1:2.
Lipelo Tse se Nang Tumelo
17 Hape, Jehova o lebisa tlhokomelo ea hae ka tsela ea boprofeta ho Bababylona, o re: “’Mameleng, lōna ba lipelo li matla, lōna ba hōle le ho loka.” (Esaia 46:12) Polelo “ba lipelo li matla” e hlalosa batho ba manganga le ba ikemiselitseng ho hanyetsa thato ea Molimo. Ntle ho pelaelo, Bababylona ba hōle le Molimo. Lehloeo la bona ho Jehova le ho batho ba hae le ba susumelletsa ho timetsa Jerusalema le tempele ea eona le ho isa baahi ba eona botlamuoeng.
18 Kajeno, batho ba tletseng lipelaelo le ba lipelo li hlokang tumelo ka manganga ba hana ho mamela molaetsa oa ’Muso, o boleloang lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Matheu 24:14) Ha ba batle ho amohela Jehova e le ’Musi ea loketseng. (Pesaleme ea 83:18; Tšenolo 4:11) Ka lipelo tse “hōle le ho loka,” ba hanyetsa thato ea hae le ho e loantša. (2 Timothea 3:1-5) Joaloka Bababylona, ba hana ho mamela Jehova.
Poloko ea Molimo e ke ke ea Siuoa ke Nako
19 Mantsoe a qetellang ho Esaia khaolo ea 46 a totobatsa litšobotsi tsa botho ba Jehova: “Ke atamelitse ho loka ha ka. Ha ho hōle, ’me poloko ea ka e ke ke ea siuoa ke nako. Ke tla fana ka poloko Sione, ke fe Iseraele botle ba ka.” (Esaia 46:13) Ho lokolla ha Molimo Iseraele e tla ba ketso ea ho loka. Ha a na ho lumella batho ba hae ho solla botlamuoeng. Poloko ea Sione e tla tla ka nako e loketseng, “e ke ke ea siuoa ke nako.” Ka mor’a ho lokolloa ha bona botlamuoeng, Baiseraele ba tla fetoha sebonoang ho lichaba tse ba potolohileng. Ho lopolla ha Jehova sechaba sa hae e tla ba bopaki ba matla a hae a pholosang. Ho hloka thuso ha melimo ea Babylona, Bele le Nebo, ho tla pepesoa hore bohle ba ho bone, ho hloka matla ha eona ho senoloe.—1 Marena 18:39, 40.
20 Ka 1919, Jehova o ile a lokolla batho ba hae botlamuoeng ba moea. O ne a sa siuoa ke nako. Ketsahalo eo, hammoho le liketsahalo tsa boholo-holo tsa ha Babylona e oela ho Cyruse, lia re khothatsa kajeno. Jehova o tšepisitse ho felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho, ho akarelletsa le borapeli ba eona ba bohata. (Tšenolo 19:1, 2, 17-21) Ha ba talima lintho ho ea ka pono ea batho, Bakreste ba bang ba ka ’na ba nahana hore poloko ea bona ea lieha. Leha ho le joalo, ho se fele pelo ha Jehova ho fihlela nako ea hae e loketseng ea hore a phethahatse tšepiso eo e fihla, ka sebele ke ketso ea ho loka. Etsoe “[Jehova] ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ka hona, kholiseha hore feela joaloka mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, ‘poloko e ke ke ea siuoa ke nako.’ Ka sebele, ha letsatsi la poloko le ntse le atamela, ka lerato Jehova o tsoela pele ho ntša memo: “Batlang Jehova, ha a sa ntse a ka fumanoa. Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi. Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano ea hae; a ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela, le ho Molimo oa rōna, etsoe o tla tšoarela ka tsela e khōlō.”—Esaia 55:6, 7.
2. Ho hloka thuso ha melimo ea Babylona ho totobatsoa joang?
3. (a) Ke eng se tla tšosa Bababylona? (b) Re ka ithuta eng kajeno ho se ileng sa etsahalla melimo ea Babylona?
4. Melimo ea Babylona e “kotlobana” le ho “khumama” ka kutloisiso efe?
5. Bakreste kajeno ba qoba ho pheta liphoso tse entsoeng ke Bababylona ba neng ba rapela melimo ea litšoantšo joang?
6. Jehova o fapane joang le melimo ea lichaba?
7. Ke joang tlhokomelo e lerato ea Jehova ho barapeli ba hae e fetang tlhokomelo ea batsoali ba batho ho bana ba bona?
8. Ba bang ba batho ba habo Esaia ba entse sebe sefe se se nang boikemelo?
9. Hlalosa mabaka a se nang kelello ao ba bang ba barapeli ba melimo ea litšoantšo ba a behang.
10. Ho hloka thuso ho feletseng ha borapeli ba melimo ea litšoantšo ho hlalosoa joang?
11. Ke’ng e tla thusa ba ntseng ba theputsa ho “iteta sebete”?
12, 13. Bakreste ba loana ntoa efe, hona e ka ba bahlōli joang ho eona?
14. Jehova o supa bokhoni bofe ho bontša hore ke eena Molimo a le mong feela oa ’nete?
15. Ke mohlala ofe o tsotehang oa bokhoni ba Jehova ba ho bolela bokamoso esale pele oo re o hlokomelisoang?
16. Jehova o netefatsa ho tiea ha seo a se bolelang esale pele mabapi le Babylona joang?
17, 18. Ke bo-mang ba ka hlalosoang e le “ba lipelo li matla” (a) mehleng ea boholo-holo? (b) kajeno?
19. Jehova o tla etsetsa Iseraele ketso ea ho loka ka tsela efe?
20. Bakreste ba ka kholiseha joang hore ‘poloko ea Jehova e ke ke ea siuoa ke nako’?
[Litšoantšo tse leqepheng la 94]
Melimo ea Babylona ha e e sireletse timetsong
[Litšoantšo tse leqepheng la 98]
Kajeno Bakreste ba lokela ho hlokomela melimo ea kajeno ea litšoantšo
[Litšoantšo tse leqepheng la 101]
Itete sebete ho etsa se nepahetseng