Khaolo ea Borobong
Jehova o re Ruta Hore re Rue Molemo
1. Batho ba bohlale ba arabela joang mantsoeng a Jehova?
HA Jehova a bua, ba bohlale ba mamela ka tlhompho e tebileng ’me baa arabela mantsoeng a hae. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e buang e molemong oa rōna, ’me o thahasella ka matla boiketlo ba rōna. Ka mohlala, ke ho thabisang hakaakang ho nahana ka tsela eo ka eona Jehova a ileng a bua le batho ba hae ba boholo-holo ba selekane: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko!” (Esaia 48:18) Bohlokoa bo pakiloeng ba lithuto tsa Molimo bo lokela ho re susumelletsa ho mo mamela le ho latela tataiso ea hae. Tlaleho ea boprofeta bo phethahetseng e tlosa khoao leha e le efe tabeng ea hore Jehova o ikemiselitse ho phethahatsa litšepiso tsa hae.
2. Mantsoe a ho Esaia 48 a ne a tlalehetsoe bo-mang, ’me ke bo-mang hape ba ka ruang molemo ho ’ona?
2 Kamoo ho bonahalang kateng, mantsoe a khaolong ea 48 ea buka ea Esaia a ne a ngoletsoe Bajuda bao e neng e tla ba batlamuoa Babylona. Ho feta moo, mantsoe ana a fupere molaetsa oo Bakreste kajeno ba ke keng ba o hlokomoloha. Ho Esaia khaolo ea 47, Bibele e ile ea bolela esale pele ka ho oa ha Babylona. Joale Jehova o hlalosa seo a se hopotseng ka batlamuoa ba Bajuda ba motseng oo. Jehova o utloisoa bohloko ke boikaketsi ba batho ba hae ba khethiloeng le ho se lumele ha bona ka manganga litšepiso tsa hae. Ho ntse ho le joalo, o batla ho ba rupela hore ba rue molemo. O bonela pele nako ea tlhoekiso e lebisang ho tsosolosetsoeng ha masala a tšepahalang naheng ea habo ’ona.
3. Ke’ng e neng e le phoso ka borapeli ba Juda?
3 Batho ba Jehova ba khelohile hakaakang borapeling bo hloekileng! Mantsoe a qalang a Esaia a etsa hore motho a nahane ka ho teba: “Utloang sena, Lōna ba ntlo ea Jakobo, lōna ba ipitsang ka lebitso la Iseraele le ba tsoileng metsing a Juda, lōna ba hlapanyang ka lebitso la Jehova le ba buang ka Molimo oa Iseraele, eseng ka ’nete hape eseng ka ho loka. Etsoe ba ipolela hore ba tsoa motseng o halalelang, ’me ba itšetlehile ka Molimo oa Iseraele, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho.” (Esaia 48:1, 2) Ke boikaketsi bo bokaakang! Ho hlakile hore ho ‘hlapanya ka lebitso la Jehova’ hase ho sebelisa lebitso la Molimo ka tsela e tloaelehileng feela. (Sofonia 1:5) Pele ba e-ea botlamuoeng Babylona, Bajuda ba ne ba rapela Jehova “motseng o halalelang,” Jerusalema. Empa borapeli ba bona e ne e le ba boikaketsi. Lipelo tsa bona li ne li le hōle le Molimo, ’me liketso tsa bona tsa borapeli e ne e ‘se tsa ’nete hape e se tsa ho loka.’ Ba ne ba se na tumelo e kang ea bapatriareka.—Malakia 3:7.
4. Jehova o khahlisoa ke borapeli ba mofuta ofe?
4 Mantsoe a Jehova a re hopotsa hore borapeli ha ea lokela ho ba moritaoke feela. Bo tlameha ho tsoa pelong. Tšebeletso ea ho phetha tšoanelo feela—mohlomong e etsetsoang ho khahlisa kapa ho thabisa ba bang feela—hase ‘liketso tsa boinehelo ba bomolimo.’ (2 Petrose 3:11) Taba feela ea hore motho o ipitsa Mokreste ka boeona ha e etse hore borapeli ba hae bo amohelehe ho Molimo. (2 Timothea 3:5) Ho hlokomela hore Jehova o teng ke habohlokoa, empa ke qalo feela. Jehova o batla borapeli ba pelo eohle le bo susumetsoang ke lerato le kananelo tse tebileng.—Bakolose 3:23.
Ho Bolela Lintho Tse Ncha Esale Pele
5. Tse ling tsa “lintho tsa pele” tseo Jehova a ileng a li bolela esale pele ke life?
5 Mohlomong ho hlokahala hore Bajuda bao ba Babylona ba hopotsoe. Kahoo, Jehova o boetse o ba hopotsa hore ke Molimo oa boprofeta ba ’nete: “Ke boletse lintho tsa pele ho tloha ka nako eo, ’me li tsoile molomong oa ka, ’me ka ’na ka etsa hore li utluoe. Ka tšohanyetso ke ile ka nka bohato, ’me lintho tsa tla.” (Esaia 48:3) “Lintho tsa pele” ke lintho tseo Molimo a seng a ntse a li finyeletse, tse kang ho lokolla Baiseraele Egepeta le ho ba fa Naha e Tšepisitsoeng e le lefa. (Genese 13:14, 15; 15:13, 14) Lintho tse joalo tse boletsoeng esale pele li tsoa molomong oa Molimo; li simolohile ho Molimo. Molimo o etsa hore batho ba utloe litaelo tsa hae, ’me seo ba se utloang se lokela ho ba susumelletsa ho mamela. (Deuteronoma 28:15) O nka bohato ka tšohanyetso ho phetha seo a se boletseng esale pele. ’Nete ea hore Jehova o Matla ’Ohle e netefatsa hore morero oa hae oa phethahala.—Joshua 21:45; 23:14.
6. Bajuda ba fetohile ba ‘manganga le ba tletseng borabele’ ho isa bohōleng bofe?
6 Batho ba Jehova ba fetohile ba ‘manganga le ba tletseng borabele.’ (Pesaleme ea 78:8) O ba bolella pepenene: “U thata le . . . molala oa hao ke mosifa oa tšepe ’me phatla ea hao ke koporo.” (Esaia 48:4) Bajuda ba hana ho kobeha, ba tšoana le tšepe—ba manganga. Ke le leng la mabaka a etsang hore Jehova a senole lintho pele li etsahala. Ho seng joalo, batho ba hae ba tla bua tjena ka lintho tseo Jehova a li entseng: “Setšoantšo sa ka se rapeloang se li entse, ’me setšoantšo sa ka se betliloeng le setšoantšo sa ka se entsoeng ka ho qhibilihisoa se li laetse.” (Esaia 48:5) Na seo Jehova a se bolelang joale se tla ama Bajuda ba sa tšepahaleng ka tsela leha e le efe? Molimo o re ho bona: “Le utloile. E talimeng kaofela. Ha e le lōna, na le ke ke la e bolela? Ke entse hore le utloe lintho tse ncha ho tloha nakong ea hona joale, esita le lintho tse bolokiloeng, tseo le sa kang la li tseba. Nakong ea hona joale li tla bōptjoa, eseng ho tloha ka nako eo, lintho tseo pele ho kajeno le sa kang la li utloa, e le hore le se ke la re, ‘Bonang! Ke se ke ntse ke li tseba.’”—Esaia 48:6, 7.
7. Bajuda ba botlamuoeng ba tla tlameha ho lumela eng, hona ba ka lebella eng?
7 Nako e telele esale pele Esaia o ile a tlaleha boprofeta ba ho oa ha Babylona. Joale e le batlamuoa Babylona, Bajuda ba laeloa ka tsela ea boprofeta hore ba nahanisise ka phethahatso ea boprofeta boo. Na ba ka latola hore Jehova ke Molimo oa boprofeta bo phethahetseng? ’Me kaha baahi ba Juda ba bone ba bile ba utloile hore Jehova ke Molimo oa ’nete, na le bona ha baa lokela ho phatlalatsa ’nete ee ho ba bang? Lentsoe la Jehova le senotsoeng le bolela esale pele lintho tse ncha tse e-s’o etsahale, joaloka ho hlōla ha Cyruse Babylona le ho lokolloa ha Bajuda. (Esaia 48:14-16) Liketsahalo tse hlollang joalo li bonahala eka li iketsahalla ka tšohanyetso feela tjee. Ho ne ho se ea ka li bonang esale pele ka hore feela a hlahlobe maemo a lefatše a fetohang. Li etsahala joalokaha eka ha li na sesosa. Ke mang ea etsang liketso tsee? Kaha Jehova o li bolela esale pele lilemo tse ka bang 200 esale pele, karabo e totobetse.
8. Bakreste kajeno ba lebeletse lintho life tse ncha, hona ke hobane’ng ha ba tšepa lentsoe la Jehova la boprofeta ka ho feletseng?
8 Ho feta moo, Jehova o phethahatsa lentsoe la hae ho latela kemiso ea hae ea nako. Boprofeta bo phethahetseng ha bo pakele Bajuda ba boholo-holo feela hore ke eena Molimo empa bo pakela le Bakreste kajeno. Tlaleho ea likarolo tse ngata tsa boprofeta bo ileng ba phethahala nakong e fetileng—“lintho tsa pele”—ke tiiso ea hore lintho tse ncha tse tšepisitsoeng ke Jehova—‘matšoenyeho a maholo’ a tlang, ho phonyoha ha “bongata bo boholo” matšoenyehong ao, “lefatše le lecha” le tse ling tse ngata—li tla phethahala. (Tšenolo 7:9, 14, 15; 21:4, 5; 2 Petrose 3:13) Tiiso eo e susumelletsa ba lipelo li lokileng kajeno ho bua ka eena ka cheseho. Ba na le boikutlo bo kang ba mopesaleme, ea ileng a re: “Ke boletse litaba tse molemo tsa ho loka phuthehong e khōlō. Bona! Ha ke thibe molomo oa ka.”—Pesaleme ea 40:9.
Jehova oa Ithiba
9. Sechaba sa Iseraele e bile “motlōli ho tloha ka mpeng” joang?
9 Ho se lumele ha Bajuda boprofeta ba Jehova ho ba sitisitse ho ela hloko litemoso tsa hae. Ke kahoo a tsoelang pele ho re ho bona: “Ho feta moo, ha lea utloa, kapa la tseba, kapa litsebe tsa lōna tsa buleha ho tloha ka nako eo ho ea pele. Etsoe ruri ke tseba hantle hore le ’nile la sebetsa ka bolotsana, ’me le bitsitsoe ‘motlōli ho tloha ka mpeng.’” (Esaia 48:8) Juda e hanne ho mamela litaba tse thabisang tsa Jehova. (Esaia 29:10) Tsela eo batho ba Molimo ba selekane ba itšoereng ka eona e bontša hore sechaba seo ke “motlōli ho tloha ka mpeng.” Ho tloha ho tsoaloeng ha sona le ho theosa le pale eohle ea sona, sechaba sa Iseraele se ’nile sa iketsetsa tlaleho ea borabele. Ho etsa tlōlo le bolotsana ke litšito tseo sechaba se tloaetseng ho li etsa, hase libe tseo se li etsang ka seoelo.—Pesaleme ea 95:10; Malakia 2:11.
10. Ke hobane’ng ha Jehova a tla ithiba?
10 Na ha ho sa na tšepo ho hang? Che. Le hoja Juda e ’nile ea rabela le ho etsa ka bolotsana, kamehla Jehova ke oa ’nete le ea tšepahalang. E le ho hlompha lebitso la hae le leholo, o tla lekanyetsa ho tšolloa ha khalefo ea hae. O re: “Ke tla tšoara bohale ba ka ka lebaka la lebitso la ka, ’me bakeng sa thoriso ea ka ke tla ithiba e le hore le se ke la felisoa.” (Esaia 48:9) Eo ke phapang e kaakang! Batho ba Jehova, ba Iseraele le ba Juda, ha baa tšepahala ho eena. Empa Jehova o tla halaletsa lebitso la hae, o tla nka khato ka tsela e tla le tlisetsa thoriso le tlhompho. Ka hona, ha a na ho felisa batho ba hae ba khethiloeng.—Joele 2:13, 14.
11. Ke hobane’ng ha Molimo a ke ke a lumella hore batho ba hae ba timetsoe ka ho feletseng?
11 Batho ba lipelo li lokileng har’a Bajuda ba botlamuoeng ba tsosoa molota ke khalemelo e matla ea Molimo ’me ba ikemisetsa ho ela hloko lithuto tsa hae. Ho ba joalo phatlalatso e latelang ke e khothatsang haholo: “Bonang! Ke le hloekisitse, empa eseng joaloka silevera. Ke le entse ba khethehileng sebōping sa ho qhibilihisa sa mahloreho. Ka lebaka la ka, ka lebaka la ka ke tla nka bohato, etsoe ke joang motho a ka itlohellang hore a silafatsoe? Nke ke ka fa e mong khanya ea ka.” (Esaia 48:10, 11) Liteko tse matla tse hlokofatsang—tse kang ‘sebōpi sa mahloreho’—tseo Jehova a li lumeletseng hore li hlahele batho ba hae li ba lekile le ho ba hloekisa, li senotse se ka lipelong tsa bona. Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang le eo lilemong tse makholo pejana ha Moshe a ne a re ho baholo-holo ba bona: ‘Jehova Molimo oa hao o u tsamaisitse ka lilemo tsena tse mashome a mane lefeelleng, hore a u kokobetse, a u leke e le hore a tsebe se ka pelong ea hao.’ (Deuteronoma 8:2) Ho sa tsotellehe boitšoaro ba sona ba borabele, Jehova ha aa ka a timetsa sechaba seo ka nako eo, ’me ha a na ho timetsa sechaba seo ka ho feletseng hona joale. Ka tsela eo, lebitso la hae le tla phahamisoa ’me a hlomphuoe. Haeba batho ba hae ba ne ba ka timetsoa ke Bababylona, o ne a tla be a sa tšepahalla selekane sa hae ’me lebitso la hae le ne le tla silafatsoa. Ho ne ho tla bonahala eka Molimo oa Iseraele ha a na matla a ho pholosa batho ba hae.—Ezekiele 20:9.
12. Bakreste ba ’nete ba ile ba hloekisoa joang nakong ea ntoa ea pele ea lefatše?
12 Le mehleng ea kajeno, ho ile ha hlokahala hore batho ba Jehova ba hloekisoe. Morao koana mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, ba bangata har’a sehlotšoana sa Liithuti tsa Bibele ba ne ba sebeletsa Molimo ba e-na le takatso e tiileng ea ho mo khahlisa, empa ba bang ba ne ba e-na le sepheo se fosahetseng, ba lakatsa ho hlahella. Pele sehlotšoana seo se ka etella pele boboleli ba litaba tse molemo lefatšeng ka bophara bo profetiloeng bakeng sa mehla ea rōna, se ne se tla lokela ho hloekisoa. (Matheu 24:14) Ke oona mosebetsi oo oa tlhoekiso oo moprofeta Malakia a ileng a profeta hore o ne o tla etsoa mabapi le ho tla ha Jehova tempeleng ea hae. (Malakia 3:1-4) Mantsoe a hae a ile a phethahala ka 1918. Bakreste ba ’nete ba ile ba feta nakong ea teko e matla e kang mollo ea ntoa ea pele ea lefatše ’me teko eo e ile ea lebisa ho koalloeng chankaneng ha Joseph F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, hammoho le basebetsi ba bang ba oona ba ka sehloohong. Bakreste bao ba tšepahalang ba ile ba rua molemo ka ho feta tlhoekisong e joalo. Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ba ne ba ikemiselitse ho feta leha e le neng pele ho sebeletsa Molimo oa bona e moholo ka tsela leha e le efe eo a e laelang.
13. Batho ba Jehova ba ’nile ba itšoara joang ha ba hlorisoa lilemong tsa ho tloha ntoeng ea pele ea lefatše?
13 Ho tloha nakong eo, khafetsa Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tobana le mahloriso a sehlōhō ka ho fetisisa. Sena ha sea ka sa etsa hore li belaelle tšepiso ea ’Mōpi oa tsona. Ho e-na le hoo, li ile tsa ela hloko mantsoe a moapostola Petrose ho Bakreste ba neng ba hlorisoa mehleng ea hae: “Le baketsoe mesarelo ke liteko tse sa tšoaneng, e le hore tšobotsi e lekiloeng ea tumelo ea lōna . . . e ka fumanoa e le lebaka la thoriso le khanya le tlhompho tšenolong ea Jesu Kreste.” (1 Petrose 1:6, 7) Mahloriso a matla ha a senye botšepehi ba Bakreste ba ’nete. Ho e-na le hoo, a senola ho hloeka ha sepheo sa bona. A ekelletsa tšobotsi e lekiloeng tumelong ea bona ’me a bontša ho teba ha boinehelo ba bona le lerato la bona.—Liproverbia 17:3.
‘Ke ’na oa Pele, ke ’na oa ho Qetela’
14. (a) Jehova ke “oa pele” le “oa ho qetela” ka tsela efe? (b) Ke mesebetsi efe e matla eo Jehova a e entseng ka “letsoho” la hae?
14 Joale, Jehova o ipiletsa ka mofuthu ho batho ba hae ba selekane: “’Mamele, Uena Jakobo, le uena Iseraele oa ka ea bitsitsoeng. Ke ’na Ea tšoanang. Ke ’na oa pele. Ho feta moo, ke ’na oa ho qetela. Ho feta moo, letsoho la ka le ralile motheo oa lefatše, ’me letsoho la ka le letona le atolositse maholimo. Kea a bitsa, e le hore a eme hammoho.” (Esaia 48:12, 13) Ho fapana le batho, Molimo o phela ka ho sa feleng ’me ha a fetohe. (Malakia 3:6) Ho Tšenolo, Jehova oa phatlalatsa: “Ke ’na Alfa le Omega, oa pele le oa ho qetela, qalo le qetello.” (Tšenolo 22:13) Ho ne ho se na Molimo ea matla ’ohle pele ho Jehova ’me a ke ke a ba teng le ka morao ho eena. Ke eena Ea Phahameng ka ho Fetisisa le Oa ka ho sa Feleng, ’Mōpi. “Letsoho” la hae—matla a hae a sebetsang—le thehile lefatše le ho phutholla maholimo a tletseng linaleli. (Jobo 38:4; Pesaleme ea 102:25) Ha a bitsa lintho tseo a li bōpileng, li ema e le malala-a-laotsoe ho mo sebeletsa.—Pesaleme ea 147:4.
15. Jehova o “ratile” Cyruse ka tsela efe hona ka morero ofe?
15 Ho lebisoa memo e khethehileng ho Bajuda le bao e seng Bajuda: “Phuthehang, kaofela ha lōna, ’me le utloe. Ke mang har’a bona ea boletseng lintho tsee? Jehova o mo ratile. O tla etsa seo a se thabelang ho Babylona, ’me letsoho la hae le tla ba holim’a Bakalde. ’Na—ke buile. Ho feta moo, ke mo bitsitse. Ke mo tlisitse, ’me tsela ea hae e tla atlehisoa.” (Esaia 48:14, 15) Ke Jehova feela ea matla ’ohle le ea khonang ho bolela liketsahalo esale pele ka nepo. Ha ho le ea mong har’a “bona,” melimo ea litšoantšo e se nang thuso, ea khonang ho bolela lintho tsena. Ke Jehova ea ‘ratileng’ Cyruse, eseng melimo ea litšoantšo—ka mantsoe a mang, Jehova o mo khethetse morero o itseng o tobileng. (Esaia 41:2; 44:28; 45:1, 13; 46:11) O bone esale pele ho hlahella ha Cyruse liketsahalong tsa lefatše ’me a mo khetha hore e be eena ea tla hlōla Babylona.
16, 17. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore lintho tseo Molimo a li bolelang esale pele ha lia bueloa sephiring? (b) Jehova o phatlalalitse merero ea hae joang kajeno?
16 Ka boikutlo bo ipiletsang, Jehova o tsoela pele: “Atamelang ho ’na. Utloang sena. Ho tloha qalong ho hang ha kea bua sebakeng seo ho ipatoang ho sona. Ho tloha ha se etsahala ke bile teng.” (Esaia 48:16a) Lintho tseo Jehova a li bolelang esale pele ha lia bueloa sephiring kapa ho tsebisoa ba seng bakae feela ba qalang ho etsa mosebetsi. Baprofeta ba Jehova ba ne ba bua pepenene lebitsong la Molimo. (Esaia 61:1) Ba ne ba bolela thato ea Molimo phatlalatsa. Ka mohlala, liketsahalo tse mabapi le Cyruse li ne li se ncha ho Molimo kapa e se tse hlahileng a sa li lebella. Lilemo tse ka bang 200 esale pele, Molimo o ile a li bolela phatlalatsa ka Esaia.
17 Ka ho tšoanang le kajeno, Jehova ha a boloke merero ea hae e le sephiri. Batho ba limilione linaheng le lihlekehlekeng tsa leoatle tse makholo ba ea ka ntlo le ntlo, literateng le hohle moo ba ka fihlang teng ba phatlalatsa temoso ea bofelo bo tlang ba tsamaiso ena ea lintho le litaba tse molemo tsa litlhohonolofatso tse tla ba teng tlas’a ’Muso oa Molimo. Ka sebele, Jehova ke Molimo ea tsebahatsang merero ea hae.
“Ela Litaelo Tsa ka Hloko!”
18. Takatso ea Jehova ke efe ka batho ba hae?
18 A matlafalitsoe ke moea oa Jehova, moprofeta oa phatlalatsa: “’Musi Morena Jehova o nthomile, oona moea oa hae. Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli oa hao, Mohalaleli oa Iseraele: ‘’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.’” (Esaia 48:16b, 17) Ponahatso ena e lerato ea tlhokomelo eo Jehova a fanang ka eona e lokela ho tiisetsa sechaba sa Iseraele hore Molimo o tla se lopolla Babylona. Ke eena Morekolli oa sona. (Esaia 54:5) Takatso ea Jehova e tiileng ke hore Baiseraele ba tsosolose kamano ea bona le eena ’me ba ele hloko litaelo tsa hae. Borapeli ba ’nete bo itšetlehile ka ho mamela litaelo tsa Molimo. Baiseraele ba ke ke ba tsamaea tseleng e lokileng ntle le hore ba rutoe ‘tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona.’
19. Jehova o etsa boipiletso bofe bo matla?
19 Hore Jehova o lakatsa ha batho ba hae ba qoba tlokotsi ’me ba thabela bophelo ho hlalosoa ka tsela e ipiletsang: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.” (Esaia 48:18) Ke boipiletso bo matla hakaakang bo etsoang ke ’Mōpi ea matla ’ohle! (Deuteronoma 5:29; Pesaleme ea 81:13) Ho e-na le ho ea botlamuoeng, Baiseraele ba ka thabela khotso e tla ba ngata joaloka metsi a phallang nōkeng. (Pesaleme ea 119:165) Liketso tsa bona tsa ho loka li ka ba ngata joaloka maqhubu a leoatle. (Amose 5:24) Kaha o ba thahasella ka tieo, Jehova o ipiletsa ho Baiseraele, ka lerato o ba bontša tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja feela ba tla mamela!
20. (a) Takatso ea Molimo ke efe ka Iseraele ho sa tsotellehe borabele ba eona? (b) Re ithuta eng ka Jehova litšebelisanong tsa hae le batho ba hae? (Bona lebokose le leqepheng la 133.)
20 Ho ne ho tla tla litlhohonolofatso life haeba Iseraele e ne e ka baka? Jehova o re: “Bana ba hao ba ne ba tla tšoana le lehlabathe, ’me litloholo tse tsoang lithong tsa hao tse ka hare li tšoane le lithollo tsa lona. Lebitso la motho le ne le ke ke la tlosoa kapa la felisoa ka pel’a ka.” (Esaia 48:19) Jehova o hopotsa sechaba ka tšepiso ea hae ea hore peō ea Abrahama e ne e tla ata, “joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle.” (Genese 22:17; 32:12) Leha ho le joalo, litloholo tsena tsa Abrahama li fetohile marabele, ’me ha li na tokelo ea ho amohela phethahatso ea tšepiso eo. Ha e le hantle, tlaleho ea tsona e bile mpe hoo ho latela Molao oa Jehova, lebitso la tsona e le sechaba le lokelang ho hlakoloa. (Deuteronoma 28:45) Leha ho le joalo, Jehova ha a lakatse hore batho ba hae ba felisoe, ’me ha a batle ho ba lahla ka ho feletseng.
21. Re ka fumana litlhohonolofatso life kajeno haeba re batla ho rutoa ke Jehova?
21 Melao-motheo e fuperoeng ke litemana tsena tse matla ea sebetsa ho barapeli ba Jehova kajeno. Jehova ke Mohloli oa bophelo, ’me o tseba hamolemo ho feta motho leha e le ofe hore na re lokela ho sebelisa bophelo ba rōna joang. (Pesaleme ea 36:9) O re file melao e tataisang, eseng ho re amoha thabo, empa ho re ruisa molemo. Bakreste ba ’nete ba arabela ka ho batla ho rutoa ke Jehova. (Mikea 4:2) Melao-taelo ea hae e sireletsa bomoea ba rōna le kamano ea rōna le eena, ’me e re sireletsa tšusumetsong e senyang ea Satane. Ha re ananela melao-motheo e tsamaisanang le melao ea Molimo, rea bona hore Jehova o re ruta hore re rue molemo. Rea hlokomela hore “litaelo tsa hae ha li boima.” ’Me ha re na ho felisoa.—1 Johanne 2:17; 5:3.
“Tsamaeang, le Tsoe Babylona!”
22. Bajuda ba tšepahalang ba phehelloa hore ba etse’ng, hona ba tiisetsoa eng?
22 Ha Babylona e oa, na ho tla ba le Bajuda leha e le bafe ba tla bontša boikutlo bo nepahetseng ba pelo? Na ba tla sebelisa topollo ea Molimo hamolemo, ba khutlele naheng ea habo bona, ’me ba tsosolose borapeli bo hloekileng? E. Mantsoe a latelang a Jehova a bontša hore o kholisehile hore sena se tla etsahala. “Tsamaeang, le tsoe Babylona! Balehang ho Bakalde. Bolelang ka mohoo oa thabo, etsang hore sena se utluoe. Etsang hore se fihle pheletsong ea lefatše. E-reng: ‘Jehova o rekolotse mohlanka oa hae Jakobo. Ha baa ka ba nyoroa ha a ne a etsa hore ba tsamaee libakeng tse ripitliloeng. O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng bakeng sa bona, eaba o petsola lefika e le hore metsi a ka phalla.’” (Esaia 48:20, 21) Batho ba Jehova ba phehelloa ka tsela ea boprofeta hore ba tsoe Babylona ntle ho tieho. (Jeremia 50:8) Topollo ea bona e tlameha ho tsebahatsoa ho isa lipheletsong tsa lefatše. (Jeremia 31:10) Ka mor’a Ho Falla Egepeta, Jehova o ile a hlokomela litlhoko tsa batho ba hae ha ba haola lehoatateng. Ka tsela e tšoanang, o tla hlokomela batho ba hae leetong la bona ha ba khutlela hae ba tsoa Babylona.—Deuteronoma 8:15, 16.
23. Ke bo-mang ba sa tl’o thabela khotso e fanoang ke Molimo?
23 Ho na le molao-motheo o mong oa bohlokoa oo Bajuda ba lokelang ho o hopola mabapi le liketso tsa Jehova tse pholosang. Ba sekametseng ho lokeng ba ka ’na ba utloa bohloko ka lebaka la libe tsa bona, empa ba ke ke ba timetsoa. Leha ho le joalo, boemo bo fapane ka ba sa lokang. “Jehova o itse: ‘Ha ho na khotso bakeng sa ba khopo.’” (Esaia 48:22) Baetsalibe ba sa bakeng ha ba na ho fumana khotso eo Molimo a e boloketseng ba mo ratang. Liketso tse pholosang ha lia rereloa ba etsang bokhopo ka manganga kapa ba sa lumeleng. Liketso tse joalo li reretsoe feela ba nang le tumelo. (Tite 1:15, 16; Tšenolo 22:14, 15) Khotso e tsoang ho Molimo hase ea ba khopo.
24. Ke’ng e tliselitseng batho ba Molimo thabo mehleng ea kajeno?
24 Ka 537 B.C.E., monyetla oa ho tloha Babylona o ile oa tlisetsa Baiseraele ba tšepahalang thabo e khōlō. Ka 1919 ho lokolloa ha batho ba Molimo botlamuoeng ba Babylona ho ile ha ba lebisa thabong. (Tšenolo 11:11, 12) Ba ne ba tletse tšepo, ’me kahoo ba sebelisa monyetla oo ho atolosa mosebetsi oa bona. Ka sebele, sehlotšoana seo sa Bakreste se ne se hloka sebete e le hore se sebelise hamolemo menyetla e mecha ea boboleli lefatšeng le tletseng bora. Empa ka thuso ea Jehova, se ile sa qalisa mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo. Histori e tiisa hore Jehova o se hlohonolofalitse.
25. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ela hloko melao-taelo e lokileng ea Molimo?
25 Karolo ena ea boprofeta ba Esaia e hatisa hore Jehova o re ruta hore re rue molemo. Ke habohlokoa haholo hore re ele hloko melao-taelo e lokileng ea Molimo. (Tšenolo 15:2-4) Haeba re ikhopotsa bohlale le lerato la Molimo, hoo ho tla re thusa ho etsa seo Jehova a reng se lokile. Litaelo tsohle tsa hae li molemong oa rōna.—Esaia 48:17, 18.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 133]
Molimo ea Matla ’Ohle oa Ithiba
Jehova o ile a bolella Baiseraele ba bakoenehi: “Ke tla tšoara bohale ba ka . . . ke tla ithiba.” (Esaia 48:9) Lipolelo tse joalo li re thusa ho bona hore Molimo o beha mohlala o phethahetseng oa hore le ka mohla a se ke a sebelisa matla hampe. Ke ’nete hore ha ho motho ea nang le matla a fetang a Molimo. Ke kahoo re mo bitsang Ea matla ’ohle, Ea matla a sa lekanyetsoang. Ke ka nepo a ipitsang ka tlotla ea “Ea Matla ’Ohle.” (Genese 17:1) Hase feela hore o na le matla a sa lekanyetsoang empa o boetse o na le bolaoli bohle ka lebaka la boemo ba hae e le ’Musi Morena oa bokahohle, boo a bo bōpileng. Ke kahoo ho seng motho ea ka lekang ho thiba letsoho la hae kapa ho re ho eena, “U ne u ntse u etsa’ng?”—Daniele 4:35.
Leha ho le joalo, Molimo o lieha ho halefa, esita le ha ho hlokahala hore a bonahatse matla a hae khahlanong le lira tsa hae. (Nahume 1:3) Jehova a ka ‘tšoara bohale ba hae’ ’me o hlalosoa ka nepo e le ea “liehang ho halefa” kaha tšobotsi ea hae e ka sehloohong ke lerato—eseng bohale. Ha a bonahatsa bohale ba hae, kamehla bo lokile, bo loketse ebile boa laoleha.—Exoda 34:6; 1 Johanne 4:8.
Ke hobane’ng ha Jehova a etsa lintho ka tsela ee? Hobane o leka-lekanya ka ho phethahetseng ho ba ha hae ea matla ’ohle le litšobotsi tsa hae tse ling tse tharo tsa bohlokoa—bohlale, toka le lerato. Kamehla o sebelisa matla a hae tumellanong le litšobotsi tsena tse ling.
[Setšoantšo se leqepheng la 122]
Molaetsa oa Esaia oa tsosoloso o fana ka tšepo e khanyang ho Bajuda ba tšepahalang ba botlamuoeng
[Litšoantšo tse leqepheng la 124]
Bajuda ba ne ba e-na le tšekamelo ea ho amahanya liketso tsa Jehova le melimo ea litšoantšo
1. Ishtare 2. Mokhabiso o benyang oa litene oa Tsela ea Mokoloko ea Babylona 3. Setšoantšo sa drakone sa Marduke
[Setšoantšo se leqepheng la 127]
‘Sebōpi sa mahloreho’ se ka senola hore na sepheo sa rōna sa ho sebeletsa Jehova se hloekile kapa che
[Setšoantšo se leqepheng la 128]
Bakreste ba ’nete ba ’nile ba tobana le mahloriso a sehlōhō ka ho fetisisa