Ba ne ba Lebeletse Mesia
“Batho ba ne ba lebeletse ’me kaofela ba ne ba nahana ka lipelong tsa bona mabapi le Johanne, hore na ebe e ne e se eena Mesia.”—LUKA 3:15, THE EMPHATIC DIAGLOTT.
1. Balisa ba bang ba ile ba utloa ha lengeloi le phatlalatsa molaetsa ofe?
KE BOSIU. Balisa ba naheng, ba hlokometse mehlape ea bona. Ba makala hakaakang ha lengeloi la Jehova le ema haufi le bona ’me khanya ea Molimo e phatsima ho ba pota-pota! Mamela! Lengeloi le phatlalatsa molaetsa ona o hlollang: “Le se ke la tšoha, etsoe, bonang! ke le bolella litaba tse molemo tsa thabo e khōlō eo batho bohle ba tla ba le eona, hobane kajeno le tsoaletsoe Mopholosi, e leng Kreste Morena,” eo e tla ba Mesia. Balisa ba ka fumana lesea lena le robetse ka sejelong motseng o haufi le bona. Ka tšohanyetso, “letšoele la lekhotla la leholimo” le qala ho rorisa Jehova le re: “Khanya e be ho Molimo bophahamong bo holimo, ’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng.”—Luka 2:8-14.
2. Lentsoe “Mesia” le bolela’ng, hona batho ba ka mo tseba joang?
2 Ho hlakile hore balisa ba Bajuda baa tseba hore lentsoe “Mesia” kapa “Kreste,” le bolela “Motlotsuoa” oa Molimo. (Ex. 29:5-7) Empa ba tla ithuta haholoanyane le ho kholisa ba bang joang hore lesea leo lengeloi le buang ka lona e tla ba Mesia ea khethiloeng ke Jehova? Ka ho hlahloba boprofeta bo fumanoang ka Mangolong a Seheberu le ho bo bapisa le lintho tseo ngoana enoa a tla li etsa le tsela eo a tla phela ka eona.
Ke Hobane’ng ha Batho ba ne ba Lebeletse Mesia?
3, 4. Boprofeta ba Daniele 9:24, 25 bo phethahetse joang?
3 Ha Johanne Mokolobetsi a ne a qala tšebeletso ea hae lilemo hamorao, lipolelo tsa hae le liketso tsa hae li ile tsa etsa hore batho ba bang ba ipotse hore na ebe Mesia o ne a se a fihlile. (Bala Luka 3:15.) Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba ne ba utloisisa ka nepo boprofeta bo mabapi le Mesia ba “libeke tse mashome a supileng.” Haeba ho joalo, ba ne ba ka tseba hore na Mesia o ne a tla hlaha neng. Karolo e ’ngoe ea boprofeta boo e re: “Ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape ho fihlela ho Mesia Moeta-pele, ho tla ba le libeke tse supileng, le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.” (Dan. 9:24, 25) Litsebi tse sa tšoaneng lia lumellana hore tsena ke libeke tsa lilemo. Ka mohlala, Bibele ea Revised Standard Version e re: “Libeke tse mashome a supileng tsa lilemo li phatlalalitsoe ka molao.”
4 Kajeno, bahlanka ba Jehova baa hlokomela hore libeke tse 69, kapa lilemo tse 483 tseo ho buuoang ka tsona ho Daniele 9:25, li qalile ka 455 B.C.E. ha Morena Artaxerxerse oa Persia a ne a fa Nehemia tumello ea ho tsosolosa le ho haha Jerusalema bocha. (Neh. 2:1-8) Libeke tseo li ile tsa fela lilemo tse 483 hamorao, ka 29 C.E., ha Jesu oa Nazaretha a ne a kolobetsoa ’me a tlotsoa ka moea o halalelang, kahoo e e-ba Mesia.—Mat. 3:13-17.a
5. Hona joale re tla tšohla boprofeta bofe?
5 Joale, a re ke re tšohleng bo bong ba boprofeta bo mabapi le Mesia bo ileng ba phethahala tsoalong ea Jesu, bophelong ba hae ha a sa le monyenyane le tšebeletsong ea hae. Ha ho pelaelo hore sena se tla matlafatsa tumelo ea rōna lentsoeng la Molimo la boprofeta. Se tla boela se fane ka bopaki bo hlakileng ba hore ka sebele Jesu e ne e le Mesia eo e leng khale a lebeletsoe.
Ho Ile ha Profetoa Hore na ho ne ho Tla Etsahala’ng Bonyenyaneng ba Hae
6. Hlalosa hore na Genese 49:10 e ile ea phethahala joang.
6 Mesia o ne a tla hlaha lelokong la Baiseraele la Juda. Ha mopatriareka Jakobo a ne a hlohonolofatsa bara ba hae a le liphateng tsa lefu, o ile a bolela sena esale pele: “Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda, leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla; ’me lichaba li tla mo mamela.” (Gen. 49:10) Litsebi tse ngata tsa Bajuda tsa nakong e fetileng li ile tsa amahanya mantsoe ao le Mesia. Ho qala ka puso ea Morena oa Juda, e leng Davida, lere la borena (bobusi) le lere la molaoli (matla a ho laela) li ne li le lelokong la Juda. “Shilo” e bolela “Eo e Leng ea Hae.” Leloko la borena la Juda le ne le tla qetella ka “Shilo” e le eena Mojalefa oa ka ho sa feleng oa borena, kaha Molimo o ile a bolella Tsedekia, e leng morena oa ho qetela oa Juda hore borena bo ne bo tla fuoa ea nang le tokelo ea molao ea ho bo fuoa. (Ezek. 21:26, 27) Ka mor’a Tsedekia, Jesu e ne e le eena feela setloholo sa Davida se neng se tšepisitsoe borena. Pele ho tsoalo ea Jesu, lengeloi Gabriele le ile la re ho Maria: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) E tlameha ebe Shilo ke Jesu Kreste, eo e neng e le setloholo sa Juda le sa Davida.—Mat. 1:1-3, 6; Luka 3:23, 31-34.
7. Mesia o ile a hlahela kae, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?
7 Mesia o ne a tla hlahela Bethlehema. Moprofeta Mikea o ile a ngola a re: “Uena Bethlehema Efratha, e monyenyane haholo hore u ka ba har’a likete tsa Juda, ho uena ho tla tsoa bakeng sa ka eo e tlang ho ba ’musi oa Iseraele, eo lesika la hae le tsoang linakong tsa pele, matsatsing a nako e sa lekanyetsoang.” (Mik. 5:2) Mesia o ne a tla hlahela motseng oa Bethlehema o Judea, oo ho bonahalang eka pele o ne o bitsoa Efratha. Le hoja ’mè oa Jesu, e leng Maria, le ntate oa hae oa mohōlisi Josefa, ba ne ba lula Nazaretha, molao oa Baroma oa hore batho ba il’o ingolisa o ile oa etsa hore ba ee Bethlehema, moo Jesu a ileng a hlahela teng ka 2 B.C.E. (Mat. 2:1, 5, 6) Boprofeta boo bo ile ba phethahala ka tsela e hlollang hakaakang!
8, 9. Ke lintlha life tse ileng tsa boleloa esale pele mabapi le tsoalo ea Mesia le lintho tse ileng tsa etsahala ka mor’a eona?
8 Mesia o ne a tla tsoaloa ke moroetsana. (Bala Esaia 7:14.) Lentsoe la Seheberu bethu·lahʹ le bolela “moroetsana,” empa ho Esaia 7:14 ho sebelisitsoe lentsoe le leng, e leng (ʽal·mahʹ). Moo ho ile ha profetoa hore “moroetsana [ha·ʽal·mahʹ]” o tla tsoala mora. Lentsoe lena ʽal·mahʹ le sebelisitsoe ho moroetsana Rebeka pele a nyaloa. (Gen. 24:16, 43) Matheu o ile a bululeloa hore a sebelise (par·theʹnos), e leng lentsoe la Segerike le bolelang “moroetsana,” ha a bontša hore Esaia 7:14 e ile ea phethahala mabapi le tsoalo ea Jesu. Bangoli ba Likosepele, e leng Matheu le Luka, ba bolela hore Maria e ne e le moroetsana ea ileng a emola ka moea oa Molimo.—Mat. 1:18-25; Luka 1:26-35.
9 Bana ba banyenyane ba ne ba tla bolaoa ka mor’a tsoalo ea Mesia. Ntho e tšoanang e ile ea etsahala lilemo tse makholo pejana ha Faro oa Egepeta a ne a ntša molao o neng o bolela hore bana ba batona ba Baheberu ba lahleloe ka Nōkeng ea Nile. (Ex. 1:22) Empa taba ea bohlokoa ka ho khetheha ke e hlahang ho Jeremia 31:15, 16, moo ho boleloang hore Ragele o llela bara ba hae ba ileng ba isoa “naheng ea sera.” Sello sa hae se ile sa utloahala hōle koana Rama, e tikolohong ea Benjamine, ka leboea ho Jerusalema. Matheu o bontša hore mantsoe a Jeremia a ile a phethahala ha Morena Heroda a ne a ntša taelo ea hore ho bolaoe bana ba bashanyana ba banyenyane Bethlehema le libakeng tse e potolohileng. (Bala Matheu 2:16-18.) Nahana feela hore na batho ba ile ba utloa bohloko hakaakang sebakeng seo!
10. Hlalosa hore na Hosea 11:1 e ile ea phethahala joang ho Jesu.
10 Joaloka Baiseraele, Mesia o ne a tla bitsoa Egepeta. (Hos. 11:1) Pele Heroda a ntša taelo ea hore bana ba bolaoe, lengeloi le ile la fana ka taelo ea hore Josefa le Maria le Jesu ba ee Egepeta. Ba ile ba lula moo “ho fihlela Heroda a shoa, hore ho phethahale se ileng sa buuoa ke Jehova ka moprofeta oa hae [Hosea], ha a re: ‘Ke bitsitse mora oa ka Egepeta.’” (Mat. 2:13-15) Ho hlakile hore Jesu ka boeena o ne a ke ke a laola lintho tse neng li boletsoe esale pele mabapi le tsoalo ea hae le bophelo ba hae ba bonyenyaneng, ho etsa hore li phethahale ka tsela eo li ileng tsa phethahala ka eona.
Mesia o Kena Khabong!
11. Motlotsuoa oa Jehova o ile a lokisetsoa tsela joang?
11 Motlotsuoa oa Molimo o ne a lokela ho lokisetsoa tsela. Malakia o ile a bolela esale pele hore “moprofeta Elia” o ne a tla etsa mosebetsi ona oa ho lokisa lipelo tsa batho bakeng sa ho tla ha Mesia. (Bala Malakia 4:5, 6.) Jesu ka boeena o ile a bolela hore “Elia” enoa e ne e le Johanne Mokolobetsi. (Mat. 11:12-14) Ho feta moo, Mareka o ile a bolela hore tšebeletso ea Johanne e ile ea phethahatsa mantsoe a Esaia a boprofeta. (Esa. 40:3; Mar. 1:1-4) Jesu ha aa ka a lokisetsa hore Johanne a mo etelle pele ka hore a etse mosebetsi o kang oa Elia. Ho e-na le hoo, Molimo o ne a batla hore batho ba tsebe Mesia, kahoo o ile a khetha Johanne hore a etse mosebetsi o kang oa “Elia,” e le hore a lokisetse batho hore ba amohele Mesia.
12. Ke mosebetsi ofe o khethollang Mesia?
12 Mesia o khetholloa ka mosebetsi oo Molimo a mo fileng oona. Ha Jesu a le ka synagogeng Nazaretha, e leng motse oo a neng a hōletse ho oona, o ile a bala moqolo oa Esaia ’me a bolela hore mantsoe ana a latelang a phethahala ho eena: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo, o nthometse hore ke bolelle baholehuoa tokollo le hore ba foufetseng ba boele ba bone, ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile, ho bolela selemo se amohelehang sa Jehova.” Kaha ka sebele Jesu e ne e le Mesia, ka nepo o ne a ka re: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.”—Luka 4:16-21.
13. Ho ile ha boleloa esale pele joang ka mosebetsi oa boboleli oo Mesia a neng a tla o etsa Galilea?
13 Ho ile ha boleloa esale pele ka mosebetsi oa boboleli oo Mesia a neng a tla o etsa Galilea. Mabapi le “naha ea Zabulone le naha ea Nefthali . . . Galilea ea lichaba,” Esaia o ile a ngola a re: “Batho ba neng ba tsamaea lefifing ba bone leseli le leholo. Ha e le ba lulang naheng ea moriti o lefifi, ba chabetsoe ke leseli.” (Esa. 9:1, 2) Jesu o ile a qala tšebeletso ea hae ea boboleli Galilea, a lula Kapernauma, moo boholo ba baahi ba Zabulone le ba Nefthali ba ileng ba rua molemo leseling la moea leo a ileng a ba tlisetsa lona. (Mat. 4:12-16) Ha Jesu a le Galilea, o ile a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng e sisinyang maikutlo, a khetha baapostola ba hae, a etsa mohlolo oa hae oa pele ’me ho ka etsahala hore ke hona moo a ileng a hlaha ho barutuoa ba 500 ka mor’a tsoho ea hae. (Mat. 5:1–7:27; 28:16-20; Mar. 3:13, 14; Joh. 2:8-11; 1 Bakor. 15:6) Kahoo, o ile a phethahatsa boprofeta ba Esaia ka hore a etse mosebetsi oa boboleli ‘naheng ea Zabulone le naheng ea Nefthali.’ Ho hlakile hore Jesu o ile a bolela molaetsa oa ’Muso le libakeng tse ling tsa Iseraele.
Boprofeta bo Buang ka Mesebetsi e Meng ea Mesia
14. Jesu o ile a phethahatsa Pesaleme ea 78:2 joang?
14 Mesia o ne a tla bua a sebelisa lipapiso kapa litšoantšo. Mopesaleme Asafe o ile a bina a re: “Ke tla ahlamisa molomo oa ka ka polelo ea maele.” (Pes. 78:2) Re tseba joang hore boprofeta boo bo ne bo bua ka Jesu? Matheu o re bolella seo. Ka mor’a hore a phete lipapiso tseo ho tsona Jesu a ileng a tšoantša ’Muso le peō ea mosetareta e hōlang hammoho le tomoso, Matheu o ile a re: “[Jesu] o ne a sa bue le bona kantle ho papiso; e le hore ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta ea ileng a re: ‘Ke tla ahlamisa molomo oa ka ka lipapiso, ke tla phatlalatsa lintho tse patiloeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.’” (Mat. 13:31-35) Tse ling tsa litsela tsa ho ruta tse atlehang tseo Jesu a ileng a li sebelisa, ke lipolelo tsa maele kapa lipapiso.
15. Bontša hore na Esaia 53:4 e ile ea phethahala joang.
15 Mesia o ne a tla jara mefokolo ea rōna. Esaia o ile a bolela esale pele a re: “Kannete o ile a jara maloetse a rōna; ’me ha e le bohloko ba rōna, o ile a bo jara.” (Esa. 53:4) Matheu o ile a bolela hore ka mor’a hore Jesu a phekole mohoehali oa Petrose, o ile a folisa le batho ba bang e le hore “ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta Esaia, ha a re: ‘O ile a nka maloetse a rōna ’me a jara mafu a rōna.’” (Mat. 8:14-17) Ha e le hantle, ena ke e ’ngoe ea litlaleho tse ngata tsa moo Jesu a ileng a folisa batho ba kulang.
16. Moapostola Johanne o ile a bontša joang hore Jesu o ile a phethahatsa Esaia 53:1?
16 Ho sa tsotellehe lintho tse ntle tseo Mesia a ileng a li etsa, batho ba bangata ba ne ba sa lumele ho eena. (Bala Esaia 53:1.) Ho bontša hore boprofeta bona bo ile ba phethahala, moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Le hoja [Jesu] a ne a entse lipontšo tse ngata hakaalo ka pel’a bona, ba ne ba sa behe tumelo ho eena, hoo lentsoe la moprofeta Esaia le ileng la phethahala leo a ileng a le bua: ‘Jehova, ke mang ea behileng tumelo nthong eo re e utloileng? Ha e le letsoho la Jehova, le senoletsoe mang?’” (Joh. 12:37, 38) Hape, ke batho ba seng bakae feela ba ileng ba lumela litaba tse molemo tse mabapi le Jesu, Mesia, nakong ea tšebeletso ea moapostola Pauluse.—Bar. 10:16, 17.
17. Johanne o ile a bontša hore Pesaleme ea 69:4 e phethahala joang?
17 Mesia o ne a tla hlouoa ntle ho lebaka. (Pes. 69:4) Moapostola Johanne o ile a qotsa mantsoe a Jesu ha a ne a re: “Hoja ke ne ke sa etsa har’a [batho] mesebetsi eo ho seng ea ileng a e etsa, ba ka be ba se na sebe; empa joale ba bone ’me ba hloile ’na hammoho le Ntate. Empa ke hore lentsoe le ngotsoeng Molaong oa bona le ka phethahala, ‘Ba ntlhoile ntle ho lebaka.’” (Joh. 15:24, 25) Hangata ‘Molao’ o bolela Lengolo lohle. (Joh. 10:34; 12:34) Litlaleho tsa Kosepele li tiisa hore Jesu o ne a hloiloe, haholo-holo ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Ho feta moo, Kreste o ile a re: “Lefatše ha le na lebaka la ho le hloea, empa ’na le ntlhoile, hobane ke paka malebana le lona hore mesebetsi ea lona e khopo.”—Joh. 7:7.
18. Re tla boela re tšohle ntlha efe e tla matlafatsa kholiseho ea rōna ea hore Jesu ke Mesia?
18 Balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba kholisehile hore Jesu e ne e le Mesia, kaha ka sebele o ile a phethahatsa boprofeta bo buang ka Mesia bo ka Mangolong a Seheberu. (Mat. 16:16) Joalokaha re se re bone, bo bong ba boprofeta bona bo phethahetse ha Jesu oa Nazaretha a ne a sa le monyenyane le nakong ea tšebeletso ea hae. Boprofeta bo bong bo mabapi le Mesia bo tla tšohloa sehloohong se latelang. Ruri ho nahanisisa ka bona le ho rapela ka bona ho tla matlafatsa kholiseho eo re nang le eona ea hore ka sebele Jesu Kreste ke Mesia ea khethiloeng ke Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba khaolo ea 11 ea buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! moo taba ea “libeke tse mashome a supileng” e tšohloang ka ho qaqileng.
U ka Araba Joang?
• Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahala mabapi le tsoalo ea Jesu?
• Mesia o ile a lokisetsoa tsela joang?
• Ke mantsoe afe a boprofeta a hlahang ho Esaia khaolo ea 53 a ileng a phethahala ho Jesu?