Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Esaia—II
ESAIA o phetha thōmo ea hae ea ho ba moprofeta ka botšepehi. Likahlolo tseo a li phatlalalitseng khahlanong le ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome li se li phethahetse. Joale o na le molaetsa o mong oo a o bolelang mabapi le bokamoso ba Jerusalema.
Motse oa Jerusalema o tla timetsoa, ’me baahi ba oona ba tla isoa botlamuoeng. Leha ho le joalo, timetso eo e ke ke ea e-ba ea ka ho sa feleng. Ka mor’a nako e itseng, borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa. Ona ke molaetsa oa mantlha oa Esaia 36:1–66:24.a Re tla rua molemo ha re hlahloba se boletsoeng likhaolong tsena hobane karolo e khōlō kapa ea ho qetela ea boprofeta bo bongata bo boleloang mona e se e ntse e phethahala mehleng ea rōna kapa e tla phethahala haufinyane nakong e tlang. Karolo ena ea buka ea Esaia e boetse e na le boprofeta bo hlollang bo buang ka Mesia.
“BONA! MATSATSI AA TLA”
Ka selemo sa bo14 sa puso ea Morena Ezekiase (732 B.C.E.), Baasyria ba hlasela Juda. Jehova o tšepisa hore o tla sireletsa Jerusalema. Tšokelo ea ho hlaseloa ea fela ha lengeloi le le leng la Jehova le bolaea masole a Assyria a 185 000.
Ezekiase oa kula. Jehova o araba thapelo ea hae, oa mo phekola, o bile o mo ekeletsa bophelo ka lilemo tse 15. Ha morena oa Babylona a romela manģosa a hae ho ea mo lebohela, ka booatla Ezekiase o a bontša matlotlo ’ohle a hae. Esaia o tlisa molaetsa oa Jehova ho Ezekiase, o re: “Bona! Matsatsi aa tla, ’me sohle se ka tlung ea hao le seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babylona.” (Esaia 39:5, 6) Lilemo tse ka holimonyana ho 100 hamorao, boprofeta boo boa phethahala.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
38:8—“Litepisi” tseo moriti o neng o chechisetsoa morao ho tsona e ne e le eng? Kaha Egepeta le Babylona ho ne ho sebelisoa litšupa-nako tse sebetsang ka moriti lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., e ka ’na eaba litepisi tsena e ne e le litekanyo tsa tšupa-nako eo ho ka etsahalang hore Akaze, ntat’a Ezekiase o ne a e-na le eona. Kapa e ka ’na eaba ho ne ho e-na le litepisi tseo ho tsamauoang ho tsona ka ntlong ea borena. Tšiea e neng e le pel’a litepisi tseo, butle-butle e ne e etsa moriti litepising, o neng o ka sebelisetsoa ho tseba hore na nako ke mang.
Seo re Ithutang Sona:
36:2, 3, 22. Le hoja Shebna a ile a tlosoa boemong ba ho ba motsamaisi, o ile a lumelloa ho tsoela pele tšebeletsong ea morena e le mongoli oa motsamaisi e mocha ea neng a nkile sebaka sa hae. (Esaia 22:15, 19) Haeba ka lebaka le itseng re tlosoa boemong ba boikarabello ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, na ha rea lokela ho tsoela pele re sebeletsa Molimo boemong leha e le bofe boo a re lumellang ho sebeletsa ho bona?
37:1, 14, 15; 38:1, 2. Linakong tsa matšoenyeho, re lokela ho rapela Jehova ’me re mo tšepe ka ho feletseng.
37:15-20; 38:2, 3. Ha Baassyria ba ne ba sokela Jerusalema, ntho ea bohlokoa eo Ezekiase a neng a amehile ka eona e ne e le hore ho timetsoa ha Jerusalema ho ne ho tla tlisetsa lebitso la Jehova thohako. Ha Ezekiase a lemoha hore ho kula ha hae ho ne tla mo bolaea, ha aa ka a ameha feela ka bophelo ba hae. Se neng se mo tšoenya le ho feta e ne e le hore na ha a e-shoa a se na mojalefa, lesika la Davida la marena le ne le tla ameha joang. Hape o ne a amehile ka hore na ke mang ea neng a tla etella pele ha ho loantšoa Baassyria. Joaloka Ezekiase, re talima ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho phethahala ha morero oa hae ho le bohlokoa ho feta polokeho ea rōna.
38:9-20. Pina ena ea Ezekiase e re ruta hore bophelong ha ho ntho e bohlokoa ho feta ho rorisa Jehova.
“E TLA TSOSOLOSOA”
Hang ka mor’a hore Esaia a bolele esale pele hore Jerusalema e tla timetsoa ’me batho ba isoe botlamuoeng Babylona, o profeta ka ho tsosolosoa ha eona. (Esaia 40:1, 2) Esaia 44:28 e re: “[Jerusalema] e tla tsosolosoa.” Litšoantšo tsa melimo ea Babylona li tla tlosoa joaloka “thōtō e litsekana.” (Esaia 46:1) Babylona e tla timetsoa. Sena sohle sea phethahala ka mor’a lilemo tse makholo a mabeli.
Jehova o tla fana ka mohlanka oa hae e le “leseli la lichaba.” (Esaia 49:6) “Maholimo” a Babylona kapa babusi ba eona, ba “tla arohanngoa likoto joaloka mosi,” ’me bafo ba eona ba “shoe joaloka monoang”; empa ‘morali oa Sione ea isitsoeng kholehong o tla lokolla marapo a molaleng oa hae.’ (Esaia 51:6; 52:2) Ho ba tlang ho eena ho tla mamela, Jehova o re: “Hang-hang ke tla hlaba le lōna selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang mabapi le lipontšo tse tšepahalang tsa mosa o lerato ho Davida.” (Esaia 55:3) Ha batho ba phela tumellanong le melao e lokileng ea Molimo, ba fumana “thabo e phethehileng ho Jehova.” (Esaia 58:14) Ka lehlakoreng le leng, liphoso tsa batho li ‘baka karohano pakeng tsa bona le Molimo oa bona.’—Esaia 59:2.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
40:27, 28—Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba re: “Tsela ea ka e patetsoe Jehova, ’me toka bakeng sa ka ha e lemohuoe ke Molimo oa ka”? E ka ’na eaba Bajuda ba bang ba neng ba le Babylona ba ne ba nahana hore ho hloka toka hoo ba neng ba ho utloa ho ne ho patetsoe Jehova kapa a sa ho bone. Ba ile ba hopotsoa hore ’Mōpi oa lefatše ea sa khathaleng kapa hona ho tepella, o ne a ka fihla le Babylona.
43:18-21—Ke hobane’ng ha ba neng ba khutla botlamuoeng ba ile ba bolelloa hore ba ‘se ke ba hopola lintho tsa pele’? Sena se ne se sa bolele hore ba lokela ho lebala liketso tsa nako e fetileng tsa Jehova tsa poloko. Ho e-na le hoo, Jehova o ne a batla hore ba mo rorise ka lebaka la “ho hong ho hocha” hoo ba neng ba tla ho bona ka bobona, ho kang leeto le se nang mathata la ho ea Jerusalema le neng le ka nka tsela e sa potoloheng ea lehoatata. “Bongata bo boholo” bo tsoang “matšoenyehong a maholo” le bona bo tla ba le mabaka a macha le a bo ammeng ka ho toba a hore bo tlotlise Jehova.—Tšenolo 7:9, 14.
49:6—Ho tla joang hore Mesia e be “leseli la lichaba,” le hoja ha a ne a le lefatšeng a ne a sebeletsa bara ba Iseraele feela? Ke ka lebaka la se ileng sa etsahala ka mor’a lefu la Jesu. Bibele e bontša hore Esaia 49:6 e sebetsa ho barutuoa ba hae. (Liketso 13:46, 47) Kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng, ba thusoang ke bongata bo boholo ba barapeli, ba sebetsa e le “leseli la lichaba,” ba beha lichaba leseling “ho isa pheletsong ea lefatše.”—Matheu 24:14; 28:19, 20.
53:10—Ke ka tsela efe Jehova a ileng a thabela ho sithabetsa Mor’a hae? E tlameha ebe Jehova, Molimo ea nang le qenehelo le kutloelo-bohloko, o ile a utloa bohloko haholo ha a bona Mor’a hae ea ratoang a utloa bohloko. Leha ho le joalo, O ile a thabela ha Jesu a ithaopela ho mamela, a thabela le sohle se neng se tla finyelloa ka ho utloa bohloko ha Jesu le ka lefu la hae.—Liproverbia 27:11; Esaia 63:9.
53:11—Ke tsebo efe eo ka eona Mesia a “tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata”? Ena ke tsebo eo Jesu a ileng a e fumana ka ho tla lefatšeng, ka hore e be motho oa nama le ka hore a utloisoe bohloko ka leeme ho fihlela a e-shoa. (Baheberu 4:15) Kahoo o ile a etsa sehlabelo sa thekollo, se neng se hlokahala ho nolofalletsa Bakreste ba tlotsitsoeng le bongata bo boholo hore ba be le boemo bo lokileng ka pel’a Molimo.—Baroma 5:19; Jakobo 2:23, 25.
56:6—“Basele” ke bo-mang, hona ke ka litsela life ba “tšoarellang selekaneng sa [Jehova]”? “Basele” ke “linku tse ling” tsa Jesu. (Johanne 10:16) Ba tšoarella selekaneng se secha ka ho mamela melao e amanang le selekane seo, ba hlompha ka botlalo litokisetso tse entsoeng ka sona, ba ja lijo tse tšoanang tsa moea le Bakreste ba tlotsitsoeng ’me ba ba tšehetsa mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa.
Seo re Ithutang Sona:
40:10-14, 26, 28. Jehova o matla ’me o mosa, o matla ’ohle o bile o bohlale ka hohle ’me kutloisiso ea hae e phahame haholo hoo re ke keng ra e hlalohanya.
40:17, 23; 41:29; 44:9; 59:4. Lilekane tsa lipolotiki le litšoantšo tse rapeloang ‘hase lintho tsa sebele.’ Ho li tšepa ha ho na molemo oa letho.
42:18, 19; 43:8. Ho hlokomoloha Lentsoe la Molimo le ngotsoeng le ho hana ho mamela taeo ea hae e fanoang ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” ke ho foufala le ho thibana litsebe moeeng.—Matheu 24:45.
43:25. Jehova o hlakola litlōlo molemong oa hae. Ho lokolloa ha rōna bokhobeng ba sebe le lefu le ho fumana bophelo, ha ho bohlokoa ho feta hore lebitso la Jehova le halaletsoe.
44:8. Jehova, ea tsitsitseng le ea tiileng joaloka lefika ke eena ea re tšehelitseng. Le ka mohla ha rea lokela ho tšaba ho pakela Bomolimo ba hae!—2 Samuele 22:31, 32.
44:18-20. Borapeli ba litšoantšo ke pontšo ea hore pelo e silafetse. Ha ho letho le lokelang ho nka sebaka sa Jehova lipelong tsa rōna.
46:10, 11. Hore ebe Jehova o na le matla a ho etsa hore ‘morero oa hae o eme o tiile,’ ka mantsoe a mang, hore a o phethahatse, ke pontšo e hlakileng ea hore Jehova ke Molimo.
48:17, 18; 57:19-21. Ha re tšepa Jehova hore o tla re boloka, re atamela ho eena re bile re mamela litaelo tsa hae, khotso ea rōna e tla ba ngata joaloka metsi a nōka e phallang ’me liketso tsa rōna tsa ho loka li tla ata joaloka maqhubu a leoatle. Ba sa eleng hloko Lentsoe la Molimo ba joaloka “leoatle le ntseng le akhotsoa.” Ha ba na khotso.
52:5, 6. Ka phoso, Bababylona ba ile ba fihlela qeto ea hore Molimo oa ’nete ha a na matla. Ba ne ba sa lemohe hore lebaka leo Baiseraele ba neng ba le bokhobeng ka lona ke hobane batho ba Jehova ba ne ba mo khopisitse. Ha ba bang ba hlaheloa ke tlokotsi, ha rea lokela ho potlakela ho etsa qeto mabapi le se bakileng tlokotsi eo.
52:7-9; 55:12, 13. Bonyane re na le mabaka a mararo a ho kopanela ka thabo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. Maoto a rōna aa khahleha ho batho ba ikokobelitseng ba lapileng moeeng. Re “bona” Jehova, kapa re na le kamano e haufi le eena. Hape re thabela nala ea moea.
52:11, 12. Hore re tšoanelehele ho jara “lijana tsa Jehova”—e leng litokisetso tsa hae tsa tšebeletso e halalelang—re lokela ho hloeka moeeng le boitšoarong.
58:1-14. Lipontšo tsa boikaketsi tsa boinehelo le ho loka ke tsa lefeela. Barapeli ba ’nete ba lokela ho bontša mesebetsi e mengata ea ’nete ea boinehelo ba bomolimo le lerato la bara ba motho.—Johanne 13:35; 2 Petrose 3:11.
59:15b-19. Jehova o bona lintho tseo batho ba li etsang ’me o kenella ka nako ea hae e tšoanetseng.
E “TLA FETOHA MOQHAKA OA BOTLE”
Ha Esaia 60:1 e bua ka tsosoloso ea borapeli ba ’nete linakong tsa boholo-holo le mehleng ea rōna, e re: “Tsoha, Uena mosali, khantša leseli, etsoe leseli la hao le tlile ’me khanya ea Jehova e u chabetse.” Sione e “tla fetoha moqhaka oa botle letsohong la Jehova.”—Esaia 62:3.
Esaia o rapela Jehova molemong oa batho ba habo ba tlang ho baka ha ba le botlamuoeng Babylona. (Esaia 63:15–64:12) Ka mor’a hore a bapise bahlanka ba ’nete le ba bohata, moprofeta o phatlalatsa kamoo Jehova a tla hlohonolofatsa ba Mo sebeletsang.—Esaia 65:1–66:24.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
61:8, 9—“Selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang” ke eng, hona “bana” ke bo-mang? Ke selekane se secha seo Jehova a se entseng le Bakreste ba tlotsitsoeng. “Bana” ke “linku tse ling”—e leng batho ba limilione ba amohelang molaetsa oa bona.—Johanne 10:16.
63:5—Khalefo ea Molimo e mo tšehetsa joang? Khalefo ea Molimo ke boikutlo boo a khonang ho bo laola—ke khalefo ea hae e lokileng. Khalefo ea hae ea mo tšehetsa ebile e mo susumelletsa ho phetha likahlolo tsa hae tse lokileng.
Seo re Ithutang Sona:
64:6. Batho ba sa phethahalang ba ke ke ba ipholosa. Tabeng ea ho koaheloa ha libe, liketso tsa bona tse lokileng li itšoanela feela le liaparo tse silafetseng.—Baroma 3:23, 24.
65:13, 14. Jehova o hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, o khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa moea haholo.
66:3-5. Jehova o hloile boikaketsi.
“Thabang”
Ka sebele boprofeta ba tsosoloso bo ile ba tšelisa Bajuda ba tšepahalang ba neng ba le botlamuoeng Babylona! Jehova o ile a re: “Thabang, ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bōpang. Etsoe bonang! ke bōpa Jerusalema hore e be sesosa sa nyakallo le batho ba eona e be sesosa sa thabo e khaphatsehang.”—Esaia 65:18.
Le rōna re phela nakong eo lefifi le koahetseng lefatše le botšo bo boholo bo koahetseng lichaba. (Esaia 60:2) Hona joale ho na le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Ka hona, molaetsa oa Jehova oa poloko o fanoeng bukeng ea Bibele ea Esaia o re khothatsa haholo.—Baheberu 4:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana lintlha tse tšohlang Esaia 1:1–35:10, bona “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Esaia—I” tokollong ea Molula-Qhooa oa December 1, 2006.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Na u tseba lebaka la sehlooho leo ka lona Ezekiase a ileng a rapella hore a sireletsoe ho Baassyria?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
“A khahleha hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo!”